Molimo oa Lerato O Hloile Hlalano
“Iponeleng hle meeeng ea lōna; u se ke ua etsa ka bolotsana ho mosali oa bocha ba hao. Hobane ka hloile hlalo [’na Jehova].”—Mal. 2:15, 16.
1, 2. (a) Ke tsela efe e nyatsehang e tsoa nkoa ke e mong eo e neng e le moholo? (b) Ho buuoa ke se latelang e le ho fokotsa phetoho efe?
MONNA eo ka lilemo tse telele a ileng a sebeletsa e le moholo ka phuthehong ea Bokreste a qala ho ba le mathata lenyalong la hae. A feba le mosali oa lefatše, a nahana hore joale mosali oa hae o tla mo hlala ebe joale o lokoloha ho nyalana le ea lumelang. Ho makaleng ha hae, mosali o ne a utloisisa ho mo tšoarela le hore ba boelane. Empa, a ikemiselitse ho lokoloha, a hlala ka molao eaba joale o nyala mosali e mong qetellong ea nyeoe. Ka ho etsa joalo, leha ho le joalo, a khaoloa phuthehong ea Bokreste.
2 Re lakatsa haholo hakaakang eka ho na ho ka tlalehoa hore ketso e nyarosang joalo ke eona feela har’a ba ipolelang hore ba ineetse ho Jehova! Empa, ka masoabi, ha ho joalo. Ha e le hantle, ho bonahala ba bangata ba ntse ba ikhethela menyaka ea boikhabi kapa tsela e bonolo ea ho tsoa boemong bo bosula ba lenyalo ho e-na le ho khomarela metheong ea Bibele le ho shebella ho Jehova Molimo ka thapelo, ba ea Lentsoeng la hae le ho batla thuso ho balebeli ba ka phuthehong. Tšepo e teng ea hore se tla boleloa mona se tla etsa hore Bakreste bohle ba ineetseng ba tiise mehopolo ea bona tabeng ena le ho etsa hore leha e le bafe ba nahanang ka ho nka tsela ea boikhabi joalo ba boele ba nahane litaba kahosele.
3. Ka hlalano, boikutlo ba lefatše ka kakaretso ke bofe?
3 Joalokaha phetoho ena e lokela ho ikoahlaeloa le ho hlouoa, hantle-ntle ha e-ea lokela ho re makatsa ha re talima sohle seo re bonang se etsahala lefatšeng kajeno. Ha ho pelaelo ea hore ke banyalani ba ntseng ba eketseha ba ntseng ba hlalana. Linaheng tse kang United States le Russia, lenyalo le leng le le leng ho a mararo le fella ka hlalano, ’me linaheng tse ling likarolelano ke le le leng ho a mabeli. Linaha tse ling li na le [molao] oa hlalo “ntle ho phoso,” oo ntle ho pelaelo o nkang karolo ea ona hlalanong e ntseng e phahama. Ka sebele, palo ea hlalano e ka be e le khōlō haholo hoja e se ka ’nete ea hore banna le basali ba bangata ba ntse ba iphelela feela ntle ho molemo oa lenyalo. Ka mohlala, litlaleho li senola hore Brazil feela ba fetang limillione tse ’ne ba phela ka tsela eona eo hammoho.
KAMOO JEHOVA A TALIMANG HLALANO
4, 5. (a) Jehova Molimo o talima ho hlalana ka mano joang? (b) Jesu o ile a itlhalosa joang tabeng ea tlhalano?
4 Jehova Molimo o talima hlalano joang? Na o e robela leihlo ka tsela eo baruti ba bangata hakana ba Bojakane ba etsang ka eona? O thōko haholo le moo! Rea bala ho Malakia 2:15, 16: “Iponeleng hle meeeng ea lōna; u se ke ua etsa ka bolotsana ho mosali oa bocha ba hao. Hobane ke hloile hlalo, ho bolela Jehova, Molimo oa Iseraele; . . . Iponeleng hle meeeng ea lōna, le se ke la etsa ka bolotsana.” Jesu Kreste o buile ka maikutlo oona ao. Ha baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae ba mo botsa ka ho lokela ha hlalo, Jesu arabela: “Na ha lea ka la bala hobane ea be entseng tšimolohong, o ba entse e le e motona le e motšehali, a re: Ka baka leo, monna o tla tlohela ntat’ae le ’m’ae, a khomarele mosali oa hae, ’me ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe feela? Ha ho le joalo, ha ba sa hlola ba e-ba babeli, empa e le nama e le ’ngoe feela. Ke moo ke reng: Seo Molimo o se kopantseng hammoho, se se ke sa aroloa ke motho.”—Matt. 19:4-6.
5 Hoba ba arabeloe joalo, Bafarisi bao ba botsoa: “Moshe eena o laetse ke’ng ho nea mosali lengolo la hlalo, le ho mo hlala?” Jesu a arabela: “Moshe o le lumeletse ho hlala basali ba lōna ka baka la bothata ba lipelo tsa lona; empa tšimolohong, ho no ho se joalo. ’Me ke re ho lōna, E mong le e mong ea hlalang mosali oa hae, ha e se ka baka le bofebe, a nyala e mong, oa feba.” (Matt. 19:7-9) Mangolo aa a re bolella eng? Hore leha e le Jehova Molimo kapa Mora oa hae Jesu Kreste ha ba nke ho tlōloa ha melao ea Molimo ka lenyalo le hlalano habobebe. Hlalo e arola seo Jehova Molimo a se kopantseng hammoho. O nka lenyalo e le tlamo ea bophelo bohle.
6. Molao oa Moshe o ne o re’ng ka bofebe?
6 Ke ka baka leo oa bosupa ho Melao e Leshome o bolelang hore: “U se ke ua feba.” (Ex. 20:14) Ho feta moo, molao oa Moshe o ne o laela hore Baiseraele ba tlepetse ka majoe ho isa lefung monna ofe kapa ofe ea febang le mosali oa monna e mong, hammoho le eena ea febiloeng. (Lev. 20:10) Ka ho loketseng haholo, ho Ba-Heberu 13:4 moapostola Pauluse o lemosa hore Jehova Molimo o tla ahlola bafebi le lihlola.
7. Ke hobane’ng ha bofebe bo nyatseha ho feta bohlola?
7 Bonneteng ba taba, bofebe bo tebile ho feta bohlola, hobane ke likamano tsa botona le botšehali pakeng tsa batho ba sa nyalanang. Empa bofebe bo na le lebaka le eketsehileng la ho tlōla, kapa ho qhala, kapa ho silafatsa tlamano ea lenyalo. Ke kahoo lentsoe la Sejeremane bakeng sa bofebe e leng ehebruch, eo, ha e fetoleloa joalokaha e le joalo, e bolelang ho qhala tlamano ea lenyalo.
KE HOBANE’NG HA JEHOVA A HLOILE HLALANO?
8, 9. (a) Le leng la mabaka a mang ao Molimo o nyatsang ho hlala ka mano ka oona ke lefe? (b) Lebaka le leng hape la hore o etse joalo ke lefe?
8 Jehova Molimo o hloile ho hlalana ka mabaka ao e seng a Mangolo hobane, pele ho tsohle, ke ho mo siteloa. O tsetetse thahasello motheong oa lenyalo ’me kahoo mang kapa mang ea tsamaeang khahlanong le thato ea hae ntlheng ea lona o hlile o siteloa Molimo. Hore bofebe ke ho siteloa Molimo ho ka bonoa ho seo Josefa a ileng a se bolella mosali oa Potifaro ha a leka ho mo eka hore a kopanele bofebeng: “Nka etsa joang bobe bo boholo hakalo, ka siteloa Molimo na?” (Gen. 39:9) Hona Morena Davida o ile a re’ng ho Jehova ha a bolela pako ea sebe sa hae sa bofebe le mosali oa Uria? “Ke sitetsoe uena, uena u inotši; ke entse ho leng hobe mahlong a hao.”—Pes. 51:4.a
9 Lebaka le leng leo ka lona Jehova Molimo a hloileng hlalano ke hobane o thahasella toka, kotloloho. Ka mohlala, ho Jakobo 5:1-6 ka matla Lentsoe la hae le nyatsa banna bao ba barui ba hatellang ba ba sebeletsang. Ho hlala (ho sa theoang Mangolong) le hona ka ho tšoanang ho bolela ho sebetsana ka bolotsana le molekane oa motho, joalokaha Molimo o boletse ka moprofeta oa oona Malakia. Ho ntša kotsi molekane ea se nang molato. Joalokaha molaong oa Moshe Jehova Molimo a pheta hore o hloile tsela ea ho hatella khutsana le mosali oa mohlolohali, le hore o tla otla ba tlatlapang bana, kahoo Jehova Molimo o tla iphetetsa ho ba phunyang menyetla molaong hore ba arohane le balekane ba bona e le hore ba ka nyalana le ba bang.—Deut. 10:17, 18; 27:19.
10. Ke hobane’ng ha ho ka thoe mofebi o ichebile boeena feela?
10 Ha e le hantle, mofebi ho ka boleloa hore ke motho ea ichebileng boeena a le mong. Ea ichebileng boeena a le mong? E, hobane haholo-holo o phelela menyaka le boikhotsofatso ba botho. Ea tsubang koae, le hoja a tseba ka ho feletseng hore ho kotsi hakae, ho ka boleloa hore ke ea ichebileng boeena a le mong. (Luka 8:14; Tite 3:3, Kingdom Interlinear Translation) Kahoo ba etelletsang pele menyaka e tlisoang ke hlalo le ho nyalana le e mong ka pe’la tlamo ea ho khahlisa Jehova Molimo ho ka boleloa hore ke ba ichebileng bobona. Ruri ke ba ratang menate ho e-na le ho rata Molimo.—2 Tim. 3:1, 2, 4.
11. Ntle ho ho siteloa Molimo le molekane oa motho, ea hlalang ka baka la bofebe o siteloa mang hape?
11 Ho phaella ho siteloeng Jehova Molimo le molekane oa motho, mofebi ea hlalang hape o siteloa phutheho eo a kopanelang le eona, kaha hona ho silafatsa lebitso la eona le letle. Hape o siteloa batho ka bomong ba ka phuthehong ka mohlala oa hae o mobe. Ke kahoo phuthehong e ’ngoe ea Motse oa New York mosali ea neng a batla a tsebisahala haholo a ileng a nka tsela ena e fosahetseng ’me nakoana kamor’a moo baroetsana ba bang ba babeli ba bileng sebete hore ba latele mohlala oa hae. Ke ka lebaka le letle moapostola Pauluse a hlokomelisang ka ho se khopise ba bang.—Ba-Fil. 1:9, 10.
12. Ke lipotso life tse batlisisang moea tseo Mokreste e mong le e mong ea lenyalong a lokelang ho ipotsa tsona?
12 Bibele e hlakisa hantle hore na Jehova Molimo le Jesu Kreste ba ikutloa joang ka tlhalo. Ba e hloile. Empa uena u ikutloa joang ka eona? Maikutlo a hao ke afe ka khalalelo ea lenyalo? Na u e talima joaloka Molimo, kapa na u itumelletse hore u susumetsoe, joalokaha lefatše ka kakaretso le le joalo, ke moqhali enoa ea mano oa lenyalo, Satana Diabolose? Na u sekametse ho buelleng boitsoaro ba ba tlōtseng melao ea Molimo ka lenyalo, bofebe le bohlola? Na u balelloa har’a bao, ka ho “matha” le batho ba batona kapa ba batšehali ho fapana le bona, ba bapalang ka boitsoaro bo bobe? (Matt. 5:28; 15:19) Na u alositse pelo ea hao litabeng tsee, kapa na u tloaetse ho kena boithabisong bo se nang molao?—Liprov. 4:23.
13. Ke eng se bontšang hore hangata bofebe le mano li tsamaea hammoho?
13 Ho hlala le bofebe hangata li tsamaea hammoho. Haholo moo ho hlala ka molao ho fumanoeng ntle ho bofebe ka lehlakoreng la mang kapa mang, teko e matla bakeng sa ea se nang molato ‘ho febisoa.’ (Matt. 5:32) ’Me ha ho pelaelo ea hore bofebe ba leha e le ofe ho balekane bo ka mo sia a se na letsoalo le molato pe’la Jehova Molimo. Ho ke ke ha e-ba joalo hobane’ng ha ho entsoe ka bolotsana, joalokaha re bala: “Mahlo a mofebi a lebeletse shoalane; o re: Ha ho leihlo le ka mponang; hape o ikoahela sefahleho ka lesira.” (Jobo 24:15) Hore na bofebe bo ka etsa motho ea mano hakae ho boletsoe qalehong ea sehlooho sena.
14. Ke joang mantsoe a ho Pesaleme 36:1-4 a lokelang hantle ea hlalang ka baka la bofebe?
14 Ho re thusa ho sheba hlalo ea bofebe leseling le nepahetseng ke mantsoe a Davida ho Pesaleme ea 36:1-4: “E mobe o mamela bolotsana pelong ea hae, ho tšaba Jehova ha ho eo pel’a mahlo a hae; hobane ka mokhoa oa ho bona ha hae, o iqeka e le eena hore ho ke ke ha fihleloa bokhopo ba hae e leng ho hloea. Litaba tsa molomo oa hae ke bokhopo le thetso, o lesitse ho hlalefa le ho etsa botle. O rera bokhopo liphateng tsa hae; o ea ka tsela e seng molemo; ha a na ho hloea bobe.” Tlhaloso eo e lokela ea hlalang ka baka la bofebe hakaakang!
15. Bao ka bofebe ba hlalang ebe ba nyala hape ba lokela ho nahana ka botebo metheo efe ea Mangolo?
15 Nako le nako ba febileng ba ’nile ba hlala balekane ba bona, ba kena lenyalong hape, ’me ba khaoloa, e le hore feela ba khutlisetsoe hape kamor’a selemo kapa nako eitseng. Ka ho totobetseng baholo ba sebetsang taba e joalo ba thea qeto ea bona ho se boleloang ke Lentsoe la Molimo ka ho bontsa mohau. Ke ’nete, Jehova Molimo o mohau ’me le baholo ba lokela ho ba joalo. Leha ho le joalo, ho monna ofe kapa ofe le mosadi bao ka mano ba lokisitseng bohato bo joalo e le hore ba ka nyalana ho ka boleloa feela hore le hoja baholo ba ba khutliselitse ho hang taba ha e-ea fella moo. Baholo ba thea qeto ea bona feela ho se bonahalang eka ke pako, empa ba sitoa ho bala pelo ka ho feletseng. Ba sena hona ho bontšisa sepheo, ba ka khutlisetsa bao ba seng ba nyalane joale. Empa banyalani bao le ka mohla ba se lebale mantsoe a Pauluse hore “Molimo o tla ahlola babōki le bafebi.” (Ba-Heb. 13:4) Kahlolo e qetellang litabeng tsohle tse joalo e matsohong a Jehova Molimo, ea tsebang maemo ’ohle. O hlile o bala lipelo joalokaha Jeremia 17:9, 10 e bolela. O tseba sepheo ’me kamehla o hlokomela bolotsana leha e le bofe kapa mano ka lehlakoreng la batho ba tlōlang molao oa hae ka lenyalo. E, empa “tsohle li senohile mahlong a eo re nang le litaba le eena.” Ruri Mangolo a joalo a lokela ho re etsa hore re ke re re khefu ’me re inahane.—Ba-Heb. 4:13.
16. Ke hobane’ng ha molekane ea se nang molato ho ka etsahala hore a se hlale ea molato?
16 Leha ho le joalo, ntlheng ena ho ke ho hlokomeloa hore molao oa Molimo ha o hloke molekane ea seng molato hore a hlale. Maemo a ka ’na a ho etsa hore ho be hotle bakeng sa ea se nang molato hore a tšoarele ea molato, haholo haeba eo a bakile ka boikokobetso le ka tieo. Ke ’nete, ho hloka botšepehi ha molekane oa motho e ka ba phihlelo e kokobetsang—hore molekane oa motho o ile a sheba sebakeng se seng bakeng sa ho khotsofala le ho ithabisa. Empa basali ba bangata ba lerato le bo-’mè ba ile ba mamella monna ea sa tšepahaleng le oa moikhabi ka baka la bana ba bona.
MABAKA LE LIPHEKO
17. Le leng la mabaka a ka ‘nang a etsa hore ba bang ba hlale ka bofebe le ho nyala hape ke lefe?
17 Ke hobane’ng ha ba bang ba hlōleha tekong ea ho tšepahala ka ho lula ba le khabane selekaneng sa bona sa lenyalo? Ntle ho pelaelo ho na le mabaka a mangata. Ebe lebaka le leng ke hobane Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste ha li na tšabo ea tlhokofatso e sa feleng, li tseba hore ha ho sebaka se kang lihele tse tukang? Moruti oa Lutere ka lekhetlo le leng o kile a bolella Paki e nyenyane hore haeba e sa lumele liheleng tse tukang e tla etsa bobe ka mefuta eohle ea bona. Ntle ho pelaelo ba bangata Bojakaneng ba ikutloa ka tsela eo ka hona. Joaloka Bakreste ba ’nete, re lokolohile tšabong ea tlhokofatso ea ka ho sa feleng, empa ha re batle ‘ho etsa tokoloho ena sebaka sa ho phela ka nama,’ ha ke re?—Ba-Gal. 5:13.
18. Ke eng se etsang hore e be ho hlokahalang ho ikalosa ka linako tsohle mehopolong le liketsong mabapi le litaba tsa botona le botšehali?
18 Kajeno, lefatše lea hlanya ke likamano tsa botona le botšehali. Bootsoa ke oona molao oa kajeno. Ha ho pelaelo ka ho phahama ha tlōlo ea molao. (Matt. 24:12) Mokreste o lahleloa tseleng ea moleko moo a sebetsang, a likiloe ke batho ba sa laoloeng ke metheo ea Bibele le bao ho ka ’nang ha bonahala ba khahleha ’meleng. Kahoo motho o lokela ho ikalosa ka linako tsohle, a itšoara le ho kopana le ba batona kapa ba batšehali ho fapana le eena, ntle ho molekane oa hae, motheong oa mosebetsi feela. Ho hong hape hoo ho ka ikalosoang ho hona ke mecha ea litaba—likoranta, limakasine, televishene le libaesekopo. U se ke ua leka, ka TV, ha e le hantle ua memela ka tlung ea hao lihlola, bafebi le batho ba joalo. Leha e le hore re ka hlokomoloha hore ho ja le ho noa ka mokhoa o tlōtseng lijo tse enneng ho ka bakela Mokreste, haholo moena, hore a tsoheloe ke takatso habonolo. Sebelisa boitšoaro litšobotsing tsohle tsa bophelo! “Hloeang bobe.” “Hloeang ho hobe.”—Pes. 97:10; Ba-Roma 12:9.
19. Bao manyalo a bona a siang ho hong ho neng ho lakatseha ba lokela ho talima litaba joang?
19 Joale hape, ho ka ’na ha etsahala hore ebe mohlomong balekane ba bang ba lenyalo ha ba ka ba lekanya litaba hantle ha ba khethana. Mohlomong ba ka fumana hore ha ba tšoanelane joalokaha ba ne ba rata, kapa mohlomong ba sareloa likamanong tse haufi haholo tsa lenyalo. Tabeng eo, ke taba ea hore boemo bo teng bo sebelisoe hamolemo kamoo ho ka khonehang, kahoo ba hlompha le ho phahamisa tokisetso ea Jehova. Bibele e bua ka kananelo bakeng sa ‘ea hlapantseng ka se sebe bakeng se hae empa a sa fetohe.’ (Pes. 15:4) Ka mantsoe a bonolo, ke taba ea ho koenya mathe le mali. Hona ho hopotsa ka moholo ea neng a tsebisahala haholo ’me ba bangata ba mo rata haholo har’a baena le likhaitseli. O ne a nyetse pele e e-ba Paki ’me mosali oa hae ea sa lumelang a etsa sohle se matleng a hae ho mo sulafaletsa bophelo. Ha a botsoa ka hona ka lekhetlo le leng, a arabela ka hore, “O nkentse monna.” Ho ’na a mo mamella, a ithuta ho ba sebete le ho itšoara haholo. ’Me a khotsofalla ho tseba hore o mamela khothalletso ea moapostola Pauluse.—1 Ba-Kor. 7:12-16.
20. Ke maemo afe a ka ’nang a khannela hore motho e mong a tlatsetse hore e mong a hlale molekane ka baka la bofebe?
20 Leha ho le joalo, ho bonahala hore ka linako tse ling tlhalano ka lebaka la bofebe e ne e ka ’na ea qojoa hoja molekane ea “seng molato” o ile a bontša ho nahanela haholoanyane, bohlale, lerato le kutloisiso. Mosali a ka ’na a theola thahasello le ho nahanela ho khahlisa monna oa hae ’meleng, kelellong, boikutlong, lintleng le moeeng, kahoo a mo bakela hore a shebe hosele bakeng sa ho khotsofala ho e ’ngoe kapa ho tsona kaofela. Kahoo monyebe oa mosali ho mo nea tšoanelo ea lenyalo ho kile ha bakela mosebeletsi e mong oa nako e tletseng hore a retelehele ho khaitseliee bakeng sa ho khotsofala. Koana, ho sa tsotellehe hore na mosali o ile a hlōleha hakae ntlheng ena, ho hang ha ho kamoo bofebe ka lehlakoreng la monna bo ka lokafatsoang.
21. (a) Ke hobane’ng ha e le phoso ho hlala molekane oa motho ka mano? (b) Empa, ka ho hlala ka mano, ho ka boleloa eng ka Lipaki tsa Jehova ka kakaretso?
21 Kannete ke ka lebaka le letle Molimo oa lerato o hloileng hlalano. Ho hlala ka mano ke ho siteloa Molimo, molekane oa motho, phutheho ea Bokreste eo motho a kopanelang le eona le khahlanong le batho ka bomong ba ka ho eona, kaha hona ho ka ’na ha khopisa ba bang. Empa ke ho hotle hakaang hore Lipaki tsa Jehova ka kakaretso ke batho ba sa sekamelang ho hlaleng! Li tsejoa e le batho ba loanelang ka matla ho sebelisa keletso ea Molimo mabapi le lenyalo. Hona ho ba etsa batho ba thabileng haholoanyane. ’Me lenyalo la bona le matla le le thabileng hangata ke le hlokomelehang har’a ba bang, ho hulele ba bang linneteng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hape Davida o ile a siteloa Uria, empa sebe sa hae ha Molimo e ne e le se seholo hoo ho siteloa Uria ho neng ho bonahala ho ka hlokomolohuoa ha ho bapisoa.
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Ho Hlala ka Mabaka ao e seng a Mangolo ke ho siteloa ba bang
Jehova
Molekane
Batho ka bomong
Phutheho