Letsatsi la Kahlolo ea Melimo
“Molimo ke ofe o joale ka uena?”—Mik. 7:18.
1. Le hoja boteng ba Jehova bo latoloa, batho ba bangata ba lumela ho eng e le bohlale bo phahametseng motho?
KAJENO batho ba bangata ba ntse ba re: “Molimo ha o eo!” Hore na lebaka la bona la ho bua joalo ke lefe, Bibele eona e re: “Lehlanya le itse pelong ea lona: Molimo ha o eo.” (Pes. 14:1) Le hoja ba bangata ba latola hore Jehova ha a eo, boholo ba batho bo lumela melimo e se nang palo. India feela Mahindu a lumela ho melimo e makholo a limillione.
2. Nakong ena ea ha bomolimo ba bohle ba bitsoang melimo bo hlahisoa e le khang, Moahloli ke mang?
2 Bibele e hlokomela hore ho hongata ho bitsoang melimo kapa ba lekang ho iketsa melimo ka bobona. Pesaleme ea 82:1, 6 e re: “Molimo o kene phuthehong ea melimo, o ahlola mahareng a melimo. Ke itse: Le melimo, ’me bohle le bara ba Mookameli ea phahameng.” Hape, Pesaleme ea 97:1, 7 e re: “Jehova oa busa. . . . Ba hlabiloe ke lihlong, bona kaofela ba sebeletsang litšoantšo, ba ithorisang ka melimo ea leshano; melimo kaofela e tla khumama pel’a hae.” Bomolimo ba bana bohle bao batho ba ba rapelang bo qhololitsoe. Letsatsi la ho ahloloa ha bona le tlile. Jehova oa ahlola.
3. Lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., ke lebitso la moprofeta ofe oa Mojode leo e neng e le phephetso ho melimo eohle ea lefatše, hona hobane’ng?
3 Lekholong la borobeli pele ho Mehla e Tloaelehileng ea rōna, ho bile le moprofeta eo lebitso la hae ka bolona e neng e le phephetso ho melimo eohle ea lefatše. Lebitso la hae, Mikea, le bolela “Ke mang ea tšoanang le Jah?” ke hore, ea tšoanang le Jehova.—Mik. 1:1; Jer. 26:18.
4. Buka ea boprofeta ea Mikea le eena ka boeena o sebetsana le potso efe e phephetsang le bohle ba bitsoang hore ke melimo?
4 Ka ho ipapisa le batho ba lichaba tsa Balichaba, moprofeta Mikea o ipuella le ba bang hape ba tšepahalang joaloka eena ha a re: “Lichaba kaofela li tsamaea se seng le se seng ka lebitso la molimo oa sona, empa rōna, re tla tsamaea ka lebitso la Jehova, Molimo oa rona, ka mehla le mehla.” (Mik. 4:5) Ka ho loketseng haholo, ho fihlela qetellong ea buka ea hae ea boprofeta ke hona moo Mikea a hlahisang potso ea hae e phephetsang, “Molimo ke ofe, o joale ka uena, o tlosang bokhopo, o tšoarelang libe tsa masala a lefa la hao?”—Mik. 7:18.
5. Ho ea ka Mikea 1:2-4, Jehova o bea taba ea hae pepeneneng ho mang, hona e le ka khang efe?
5 Khang ea bomolimo ke e inahaneloang lefatšeng ka bophara, ’me Jehova o beile taba ea hae pepenene pela bohle, haholo pel’a ba ipolelang hore baa mo emela lefatšeng. ’Nete ena e totobetse mantsoeng a hae a qotsitsoeng, ho Mikea 1:2-4: “Utloang, lōna lichaba kaofela! Sekeha tsebe, uena lefatše le seo u tletseng sona, Morena Jehova e be eena ea pakang tsa lōna, Morena a le tlung ea hae e khethehileng! Hobane, bonang, Jehova o ea tsoa nqalong ea hae, o tla theoha, a tsamaee holim’a liphahameng tsa lefatše, lithaba li tla qhibiliha ka tlas’a hae, likhohlo li petsohe, joale ka makheha a linotši ha a le pel’a mollo, le joale ka metsi a tšolletsoeng motheong.”
6. Ho Mikea 1:12; 2:3, 4; 4:10, Jehova o hlalosa se boleloang ke lipolelo tseo tse sisimosang joang?
6 Bopaking ba hae bo tsoelang pele, Jehova o hlalosa se boleloang ke puo eo e sisimosang ka hore a re:
“Kotsi e tsoile ho Jehova, e fihlile monyako oa Jerusalema.” (Dan. 1:12) “Ka baka leo, ho itsoe ke Jehova: Bonang, ’na ke rerela moloko ona bobe boo le ke keng la ntša melala ea lōna ho bona, ha le sa tla hlola le tsamaea le sataletse hobane nako ena ke e mpe. Ka tsatsi leo, ho tla etsoa pina ea sesomo holim’a lōna, ho binoe le pina ea mahlomola e reng: Ho felile! Re sentsoe, re sentsoe ruri. Jehova o nea ba bang lefa la schaba sa heso! O nkamoha lona joang?” (Mik. 2:3, 4) . . . “Meneka, u utloe bohloko, morali oa Sione, joale ka ea belehang, hobane . . . u tla lula naheng, u be u fihle Babylona.”—Mik. 4:10.
7. Ha re bala mabaka ao ka oona Jehova a nkang bohato bo matla hakaalo, re lokela ho hopola ka eng ea kajeno e neng e tšoantšetsoa, hona e le ka lintho life tse mpe ka ho khethehileng?
7 Ha re hlahloba mabaka ao Jehova a a beang bakeng sa ho nka bohato bo matla hakaalo, a re hopoleng ka Bojakane ba kajeno, hobane ke bona bo neng bo tšoantšetsoa ke Iseraele e sa tšepahaleng ea mehleng ea Mikea. Joalokaha Jehova Molimo a bea bopaki pepeneneng, oa hlalosa: “Hona hohle ho tla etsahala ka baka la bokoenehi ba Jakobo, le ka baka la libe tsa ntlo ea Iseraele.” Har’a libe tseo Jehova o bolela borapeli ‘liphahameng’ ho e-na le tempeleng e Jerusalema, le ho rapela ha bona melimo ea “litšoantšo tse betliloeng.”—Mik. 1:5-7.
8, 9. (a) Ho latela Mikea 2:1, 2; 3:1-3, Baiseraele ba ne ba tlatlapa Baiseraele bahabo bona joang? (b) Mikea o ne a sebeletsa e le paki e bonahalang ea mang, hona ka mekhoa efe?
8 Ntle ho sena, Jehova o bolela ‘ba rerang bolotsana,’ ‘le ba etsang bobe, mealong ea bona.’ A phaella: “Ba bo etsa leseling la meso, hobane matsoho a bona ho bona ke molimo. Ba lakatsa masimo, ho a hapa, le matlo, ho inkela ’ona; ba hatakela monna le ntlo ea hae, motho le lefa la hae.” (Mik. 2:1, 2) “Na hase lōna le tšoanetseng ho tseba se lokileng, lōna le hloeang botle, le ratang bobe, le buhang batho letlalo, le be le ba tlose le nama holim’a masapo a bona? . . . Ba ja nama ea ba sechaba sa ka, ba buha letlalo la bona, ba be ba pshatle masapo a bona, ba a khaole likoto, joale ka eka ba a nokela pitseng, ba khabele le nama ea bona joale ka hoja ba ea e kenya har’a pitsa e kholo.”—Mik. 3:1-3.
9 Ka mantsoe ao Morena ’Musi Jehova a sebetsa joaloka “paki” e tsoang ’muso oa boholo-holo oa Juda. Moprofeta oa hae Mikea o ne a tlameha ho sebeletsa e le paki ea Hae e bonahalang, ’me hona ho ne ho mo hloka a be sebete haholo, e, matla a maholo a moea. Empa Mikea o ne a lekane se hlokoang ke tšebeletso ena. Joang? O re bolella ka mantsoe ana: “Ha e le ’na, ke tletse matla, ke tletse moea oa Jehova, le ho loka le bonatla, ke tle ke bolelle Jakobo bokoenehi ba hae, ke tsebise Iseraele sebe sa hae.”—Mik. 3:8.
10. Iseraele e ne e tlatlapa Molimo ka boona ka tsela efe, ’me, e le mohlala ho rōna, Mikea o ne a sa fokole moeeng ka tsela efe?
10 Oona moea oa Jehova o ileng oa nea Mikea matla a ho bolela molaetsa o matla oa kahlolo ka molomo oa boela oa mo susumetsa hore a ngole molaetsa ona o tiileng o tsoang ho Molimo oa ’nete. Mikea o ne a e-na le seo baprofeta ba bohata, liboni le linohe tsa mehleng eo li neng li se hloka, ’me kahoo o ne a e-na le karabo ea Jehova mathateng a sechaba, e leng, “bokoenehi” ba Jakobo le “sebe” sa Iseraele. Ka boeena, Mikea o ne a e-na le kelello ea toka, hoo ka ho teba a neng a ananela hore batho bahabo ba sebetsa Jehova ka bolotsana, ka sehlōhō ba tlōla molao oa Molimo le ho fosa selekane sa bona sa bosechaba le eena ka mokena lipakeng Moshe. E le mohlala o motle bakeng sa Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste tsa kajeno, Mikea e ne e se ea fokolang bolumeling, empa o ne a tletse matla a moea ho bona sebe e le sebe!
BOIKARABELO BA MELIMO EA BOHATA BAKENG SA MAEMO
11. Boikarabelo joale bo lebisoa ho mang bakeng sa maemo a mabe a boitšoaro le a bolumeli Iseraeleng ea boholoholo le Bojakaneng hona joale?
11 Jehova oa makhotla e ne e se eena ea ikarabellang bakeng sa maemo a mabe sechabeng sa Iseraele sa boholo-holo. Leha e le hore o ikarabella ka maemo a mabe boitšoarong le bolumeling ka hare ho se neng se tšoantsetsoa ke Iseraele ea khale, Bojakane. Ba ikarabellang ba mehleng ea Mikea, le ho tšoana le kajeno, e ne e le ’me e sa ntsane e le “molimo oa lefatše lena,” Satane Diabolose, le melimo eohle ea bademona e kopanelang le eena. (Matt. 4:3, 4; 2 Ba-Kor. 4:4) Tumellanong le sena ho ngoliloe: “Lichaba kaofela li tsamaea se seng le se seng ka lebitso la Molimo oa sona.” (Mik. 4:5) ‘Ho na le ba bitsoang melimo maholimong le lefatšeng . . . le marena a mangata.’ (1 Ba-Kor. 8:5) Melimo ena eohle ea bohata e bile le nako ea eona, hore e senye kahohle kamoo e neng e ka khona.
12. Jehova o tla phethahatsa kahlolo e bonahalang holim’a melimo eo eohle ea bohata joang hona joale?
12 Hona joale, leha ho le joalo, ho fihlile nako bakeng sa Jehova Molimo o matla ’ohle hore o e ahlole le ho felisa borapeli bohle ba eona bo etsoang ka litempele, baprista, litšoantšo le melao ea litšebeletso le mahlabelo. Morero o ke keng oa etsolloa oa Jehova oa ho etsa sena tabeng ea Iseraele ea boholo-holo o ile a o bolela ka moprofeta oa hae Mikea, a re: “Ke tla tlosa boloi letsohong la hao, ’me linohe ha li sa tla ba teng ha hao. Ha e le litšoantšo tsa hao tse betliloeng le tse tšolotsoeng, ke tla li felisa mahareng a hao, ’me ha u sa tla khumamela mosebetsi oa matsoho a hao. Ke tla fothola liashera tse ho uena, ke timetse metse ea hao; ’me ke tla iphetetsa ka bohale le ka khalefo holim’a lichaba tse sa kang tsa utloa.”—Mik. 5:12-15.
13. Ke ho tloha neng melimo ea bohata e ileng ea pepesoa ka matla, ’me ke hobane’ng ha hona ho akarelletsa Bojakane?
13 Lilemong tse fetileng tse 100 ho ile ha senoloa melimo ea bohata ea lefatše lena, le eona ea Bojakane. Ho pepesoa hona ha ho ho lekanang le hona paleng ea lichaba ho tloha ho timetsoeng ha Jerusalema ke Bababylona selemong sa 607 B.C.E., kapa hoo e ka bang lilemo tse 109 hoba moprofeta Mikea a qete ho ngola boprofeta ba hae. Hona ho akarellelitse ho pepesoa ha molimo oa Bojakane, hoo ho thoeng ke Boraro-bo-bong, oo ka ho ke keng ha hlalosoa o entsoeng ka melimo e merero ho o le mong ’me o mong le o mong ho melimo ena o bile teng ka nako e lekanang, o bileng o lekanang ka matla le ho ba oa ka ho sa feleng joale ka e meng e ’meli. Molimo ona o hlooho li tharo ka nako e ’ngoe o tšoantšetsoa ka ’mele oa motho o nang le lihlooho tse tharo kapa hlooho e nang le lifahleho tse tharo. Ho sebelisoa ha litšoantšo tse entsoeng ke motho borapeling ba bolumeli ho bonoa pepenene litempeleng, likerekeng tse khōlō le likerekaneng tsa Bojakane.
14. (a) Ke mang ea ileng a nka karolo ka ho totobetseng lefatšeng mosebetsing ona oa ho pepesa? (b) Ke neng hona joang sehlopha sena sa Mikea se ileng sa inkela lebitso “lipaki tsa Jehova,” kahoo se nka boikarabelo bofe?
14 Nakong ena ea kahlolo ea melimo eohle ea bohata ea lefatše lena, ke bo-mang ba entseng mosebetsi oa ho pepesa? Bakreste ba ineetseng le ba kolobelitsoeng ba tlotsitsoeng ka moea oa Jehova Molimo ka Jesu Kreste. E le sehlopha, bana ba hlile ba tšoantšetsoa ke moprofeta oa Jehova Mikea. Mesebetsi e kang ea Mikea e entsoe sekajeno, haholo ho tloha bofelong ba Ntoa ea I ea Lefatše ka 1918 C.E. Joale sehlopha sa Mikea ka boikemisetso sa tsoela pele ho kena ponong ea kamor’a ntoa ’me ka ho totobetseng sa nka bohato e le lipaki bakeng sa Molimo oa Mikea khahlanong le litsamaiso tse rapelang melimo ea litšoantšo tsa Bojakane le bohetene. Ka mabaka a utloahalang sehlopha sena sa Mikea, ha se bōkana hammoho kopanong ea lichaba tsohle Columbus, Ohio, ka 1931, sa etsa qeto eo ka eona se ileng sa ipolela ho ba “lipaki tsa Jehova” ’me sa itlama ho phetha tlamo ena ea ho ba lipaki tsa Hae. Ho latela mohlala oo, liphutheho tsa Bakreste ba ineetseng lefatšeng lohle, tse neng li itlhokomela hore ke tsa “Iseraele oa Molimo,” ka kopano tsa lumellana le qeto eo ea 1931 ’me tsa inkela lebitso le theiloeng Bibeleng “lipaki tsa Jehova.” (Esa. 43:10-12; Ba-Gal. 6:16) Le hoja le qhololitsoe ke Bojakane, lebitso le tšoarelletse!
15. (a) Ka polelo ea hae, paki e khōlō ea Jehova ke mang? (b) Kahoo Satane o ne a tla rata ho etsa joang ka paki ena ha e sa ahile lefatšeng?
15 Bana ba neng ba jere lebitso lena le lecha ba hlokomela hore moeta-pele oa bona, Jesu Kreste, e ne e le ’me e sa ntsane e le paki e khōlō ho tsohle tsa Jehova. Bukeng ea ho qetela ea Bibele, Tšenolo eo Jehova Molimo a sebelisitseng Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng hore a e fetisetse ho moapostola Johanne ea tsofetseng, Mora ea tsoetsoeng a le mong oa Molimo o re ka eena ka boeena: “Ke tsena tse boleloang ke eo e leng Amen, paki e tšepehang, ea ’nete, hloho ea libopuoa tsa Molimo.” (Tšen. 3:14) Ho tšoana le Ntate oa hae, Jehova, Morena Jesu o beile bopaki bo tsoang maemo a bosula a neng a le Iseraeleng ea mehleng ea hae, a tšoanang le a hlalosoang ke Mikea. Ka ho totobetseng, ke eena Jesu eo Jehova joale a mo sebelisang letsatsing lena la kahlolo bakeng sa melimo eohle ea bohata. Ha ho makatse hore Satane Diabolose e le “molimo oa lefatše lena” o ne a ka rata ho timetsa Mora oa Molimo ea tsoetsoeng a le mong ha a sa ahile lefatšeng. Ho tsoaloa ha Mora enoa oa Molimo e le motho ha nanabeloa e le monyetla o motle oa ho etsa sena. Ha ho pelaelo ea hore, ka boprofeta ba Mikea 5:2, Satane Diabolose o ne a tseba hore na o tla tsoalloa hokae.
16. Mikea 5:2 e bontšitse joang moo Messia a neng a tla tsoalloa teng?
16 Mikea 5:2 e baleha tjena: “Ha e le uena, Bethlehema Efrata, leha u baloa u le monyenyane har’a meloko ea Juda, ho uena ho tla ntsoela eo e tla ba morena oa Iseraele, e leng eena ea leng teng e sa le tšimolohong, e sa le mehleng e sa qaleng.”
17. (a) Se potolohileng taba ea Mikea 5:2 se bontša hore tsoalo e tšepisitsoeng e ne e tla etsahala kamor’a ketsahalo efe? (b) Ha nako ea tsoalo e fihlile, moroetsana oa Mojode o iphumane hokae, hona joalo joang?
17 Ho latela se suptjoang ke litemana tse potileng Mikea 5:2, boprofeta bo ne bo tla phethahala kamor’a ho khutla ha Bajode botlamuoeng ba lilemo tse 70 naheng ea Babylona. (Hlokomela Mikea 1;16; 4:10.) ’Me ruri e bile kamor’a lilemo tse 535 hoba Bajode ba lokolotsoeng ba boele ba hahe naheng ea Juda, eo ho eona ho neng ho tsosolositsoe motsana oa Bethlehema. Ka nako e loketseng Jehova a rōmela lengeloi la hae ho moroetsana oa Mojode oa lesika la lelapa la Morena Davida ho bolela hore e tla ba ’mè oa Messia ea tšepisitsoeng, Kreste. Joale ka nako e loketseng tsoalo, Maria a iphumana a le motseng oa habo oa Bethlehema, hore a ngolisoe ho latela taelo ea Sesare Augustus. Moo, hoo e ka bang bohareng ba khoeli ea bosupa ea Sejode, Tishri, kapa mathoasong a Mphalane, mora oa Maria oa letsibolo a tsoaloa ’me a reoa Jesu, joalokaha lengeloi le ne le laetse. Hore Satane Diabolose o ne a thahasella tsoalo ena ea bohlokoa boprofeteng ho bontšoa ke ’nete ea hore barapeli ba hae, e leng, balepi ba linaleli ba bahetene, ba ile ba thahasella taba ena ka mokhoa o bonahalang. Ka sena mongoli oa lipale, moapostola Mattheu, oa ngola:
18. Tumellanong le leano la hae le lebe, Satane o ile a hlokomelisa Morena Heroda oa Judea ka tsoalo ea Jesu joang?
18 “Eitse [Jesu] ha a tsoaletsoe Bethlehema oa Judea, mehleng ea morena Heroda, . . . morena Heroda a utloa, a tšoha, le ba leng Jerusalema bohle ba tšoha le eena. Hobane a bokelle baprista ba baholo kaofela le bangoli ba sechaba, a ba botsa moo e ka khonang Kreste a tsoalloe teng. Ba ’molella, ba re: Ke Bethlehema oa Judea; hobane ho ngoliloe joalo ke moprofeta, ho thoe: Le uena Bethlehema, fatše la Juda, ha u monyenyane har’a metse e meholo ea Juda, hobane ho tla tsoa ho uena motsamaisi ea tla lisa sechaba sa ka sa Iseraele.”—Matt. 2:1-6.
19. Ho bolaoa ha masea a Bethlehema ka taelo ea Morena Heroda ho ile ha hlōleha sepheong sa hona joang?
19 Eaba Morena Heroda o rōmela balepi Bethlehema. Empa hoba bana ba hlokomelang litoro ba sitoe ho khutlela ho eena le ho mo bolella hore na a ka fumana Jesu ea tsoetsoeng bocha hokae, Morena Heroda a rōmela masole a hae Bethlehema ’me a etsa hore bana bohle ba masea ba bashemane ba lilemo li peli le ba ka tlase ho moo ba bolaoe. Empa Maria le monna oa hae, Josefa, ba ne ba hlile ba lemosoa le ho tloha Bethlehema ba balehela Egepeta hore ba ka boloka ngoana e monyenyane Jesu a phela. Ha ho pelaelo ea hore Morena Heroda ea mōna le ea nyoretsoeng puso o ne a susumelitsoe ke molimo oa hae, Satane Diabolose, Noha ea tšoantšetso eo hlooho ea eona e tla pshatloa ke “peō” ea “mosali” oa Molimo. (Gen. 3:15) Kahoo ha hoa ka ha soetseha Morena Heroda feela empa le morena ea sa bonahaleng oa melimo eohle ea bademona.—Matt. 2:7-18.
20. Satane le melimo ea hae ea bademona ba ne ba lokela ho ahloloa ke mang, ’me, nakong ena ea kahlolo, Satane le mangeloi a hae ba se ba sebelitsoe joang?
20 Ho leka-lekanya litaba, Satane Diabolose le melimo eohle ea hae ea bademona, ba lokeloa ke ho ahloloa ke eo ba neng ba batla ho mo felisa. Hona ho se ho ntse ho sebetsoa, ho tloha bofelong ba ‘linako tsa lichaba’ ka 1914, e leng lichaba tseo Satane Diabolose e leng molimo oa tsona. (Luka 21:24; 2 Ba-Kor. 4:4) Tumellanong le mantsoe a Molimo ho Genese 3:15, boprofeta ba Mikea 5:1 bo hlile ba bolela: “Ka molamu ba oahlela moahloli oa Iseraele lerameng,” ke hore, Jesu Kreste. Empa joale ha e le mona letsatsi la ho ahloloa la melimo eohle ea bohata ea lichaba le se le qalile, lengeloi le leholo Mikaele, eo lebitso la hae le bolelang “Ke mang ea tšoanang le Molimo?”, le loanne le Satane Diabolose le mangeloi a hae a bademona ’me o ba lelekile maholimong.
21. Nakong ea ntoa ea leholimong, lefatšeng ho ne ho etsahala joang, ’me ke neng Kreste a tla busa batho bohle ntle ho khathatso ea Satane le melimo e meng ea bademona?
21 Ka ho oelana ha litaba ntoa eo ea maholimong a sa bonahaleng ea oelana le ho loanoa ha ntoa ea pele ea lefatše ea pale ea motho ka 1914-1918. Kaha Diabolose ea kokobelitsoeng le melimo e meng eohle ea bademona ba thibelletsoe lefatšeng la rōna le lenyenyane, ruri e bile nako e khethehileng ea ‘malimabe lefatšeng le leoatleng.’ (Tšen. 12:7-12) Letsatsi lena la ho ahloloa ha melimo eohle ea bohata le tla tsoela pele ho fihlela “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle” ka Harmagedone ha e fetile ’me Satane le melimo e meng eohle ea bademona ba lihetsoe sekoting ka lilemo tse 1 000 tsa puso ea Kreste. (Tšen. 16:14-16; 20:1-3) Kahoo morena ea tlotlisitsoeng ea tsoang Bethlehema, Jesu Kreste, o tla busa batho bohle ntle ho ho sitisoa ke melimo eohle ea bohata ’me o tla ruta malapa ’ohle a lefatše borapeling bo phelisang ba Molimo o le mong o phelang le oa ’nete.