Ho Nyarela ka Litabeng
Tšusumetso ea Ntate
● “Makalo e khōIō kamor’a tekanyo ea [phuputso ea Jeremane ea bana le bolumeli] ke karolo ea ntate,” kamoo ho tlalehang “The German Tribune.” Phuputso e bontšitse hore ke boikutlo bo botle ba bolumeli ba ntate bo fanang ka tsebo ea bolumeli ho bana ba baholoanyane le ho ntšetsa pele kamano le bolumeli.”
“Tribune” e hlokomela hore pele ho boithuto ba Gisela Pannen oa Sekolo sa Koetliso ea Matichere se Neuss, haufi ie Cologne, ho ne ho nkoa hore ’mè ke eena ea nang le tšusumetso e khōIō bolumeling ba ngoana ka baka la karolo e khōIō eo a e nkang khōlisong ea hae.”
Ntle ho pelaelo, e le Mothei oa lelapa, Jehova o tsebile hore na a ka bea boikarabelo hokae ha a bululela moapostola Pauluse hore a re: “Lōna bontat’a bana, . . . le ba hōlise [bana ba lōna] ka ho ba laea le ka ho ba rutela Moreneng.” (Ba-Ef. 6:4) Koana, bo-’mè le bona ba na le karolo e khōIō ho hōliseng bana, ’me maemo a ka ’na a hloka hore ba phethahatse boikarabelo bohle. Ke kahoo hangata Bibele e amahanyang boikarabelo ba botsoali hammoho joalokaha e re: “Mora oa ka, mamela thuto ea ntat’ao, u se ke ua furalla taeo ea ’m’ao.” ’Mè oa Timothea, Eunice, ruri e bile motsoali ea atlehileng le ntle ho thuso ea monna ea lumelang.—Liprov. 1:8; 2 Tim. 1:5; 3:14, 15.
Tokoloho Ea Bolumeli ‘Ea Atolosoa’
● Molaong o neng o hlalosoa ke Mokhatlo oa Khatiso e le “tokoloho ea bolumeli e ntseng e atoloha haholo mosebetsing,” Lekhotla le Phahameng la U.S. le ile la bolela hore mosebetsi ea tlohelang mosebetsi oa hae ka baka la bolumeli o lula a tšoanelehela meputso ea ba sa sebetseng. Mosebeletsi oa sehlopha sa litšepeng oa Indiana, e mong oa Lipaki tsa Jehova, o ne a ile a isoa moo ho kopanngoang litanka tsa ntoa a tlosoa moo a neng a sebetsa teng pele. Ha a tlohela ho sebetsa hobane ho se mesebetsi e sa amaneng le sesole femeng eo, a haneloa ka melemo ea ba sa sebetseng e fanoang ke molao. Khano ea phahamisoa ke Lekhotla le Phahameng la Indiana hobane lekhotla le ile la ikutloa hore mabaka a hae a ho tlohela mosebetsi ha a finyelle “lebaka le letle.”
Leha ho le joalo, ba robeli ho baahloli ba robong ba Lekhotla le Phahameng la U.S. ba hana: “Ha ho ho rōna hore re bolele hore moeli oo ao seileng ke o se nang mabaka,” kamoo ho ngotseng Moahloli e Moholo Warren E. Burger ha a lia nyeoe. “Makhotla hase oona a tla hlalosa se boleloang ke Mangolo.” Lekhotla la bolela hore ha ’muso o hana ka molemo oa bohlokoa “ka baka la tsela e susumelletsoang ke bolumeli, kahoo e bea khatello ho ea lumelang ho lokisa boitšoaro ba hae le ho fosana le seo a se lumelang, ho imetsoa bolumeli” e leng ho sa lumellaneng le molao oa motheo.
Makasine ea “Time” ea tlaleha ka kahlolo ea lekhotla e qala ka ho qotsa Lengolo: “Ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma.—Esaia 2:4.” Ruri ho letsoalong la motho ka mong, e seng makhotla, joalokaha Moahloli e Moholo Burger a boletse, ho ba ‘motoloki oa se boleloang ke Mangolo’ ha ho fihloa ho sebeliseng metheo e joalo bophelong ba motho.
Ho Inkela Hase Sebe?
● ‘Komello e kholo’ ea Brazil, e mpe ka ho fetisisa ho tloha ka 1877, e nka karolo ea karolo e ka leboea le ka bochabela ea naha e khōlō le ho feta France le Italy li kopane ’me e amile ka matla bophelo ba ba limmillione tse 13 ho baahi ba eona. Ka Tlhakubele, metse e 39 linaheng tse ’ne e ile ea futuheloa ke makholo a ba lapileng ka baka la komello ba batla lijo. Metseng e meng moo ba sa kang ba fumana lijo, ba ile ba utsoetsa mabenkele le matlo a polokelo.
Mok’hadinale Aloisio Lorscheider oa Fortaleza, motse moholo oa Naha ea Ceara o amehileng, o itse: “Motho ea iphumanang a qakehile haholo ka molao a ka nka lintno tse bonahalang tseo ba bang ba tlamehileng ho mo nea tsona ka tšoanelo ea lithuso.”
Mok’hadinale Lorscheider ha a ka a bontša motheo oa polelo ea hae hore maemo a ka etsa hore ho inkela e be ntho ea molao. Leha ho le joalo, haeba a ne a theile keletso ea hae ho ea “Mohalaleli” Petrose, a ka be a itse: “Ho se be lea mong ho lōna ea tšoaneloang ke ho utloa bohloko hobane e le ’molai, lesholu, senokoane kapa moetselletsi.” ’Me haeba hona ho ka fella ka mahlomola a tlala ho fihlela phallelo ea ’muso e fihla, Bakreste ba tla be ba ntse ‘ba mamela marena a busang,’ kamoo Bibele e laelang.—1 Pet. 4:15; Ba-Roma 13:1, “Jerusalem Bible” ea K’hatholike.