Na Molimo o Tla Bolaea ba Khopo? Habakuke o Arabela ka E!
LEFATŠENG lohle batho ba ’nile ba botsa, ‘Na Molimo o tla ke o lihe kahlolo holim’a ba khopo?’ Boprofeta bo bululetsoeng ba Habakuke bo re kholisa ka ho feletseng hore Molimo haufi o tla nka bohato ka ba khopo lefatšeng ka bophara. Joale, ’me e le nakong eo feela, lefatše le tla “tlala tsebo ea Jehova, joale ka metsi ha a aparetse leoatle.”—Hab. 2:14.
Ha e le hantle, boprofeta bo bokhutšoanyane ba Habakuke ke letoto la ho phethahatsoa ha likahlolo tse tharo tse entsoeng ke Molimo oa leholimo le lefatše. Tse peli ho tsona li se li etsahetse; ea boraro e tla tloha e phethahala. Ho sheba ka likahlolong tsena ho tla re kholisa ka tlhaloso ea Habakuke le pheletso ea ntoa e tlang ea lefatše lohle, Harmagedone.
HO AHLOLOA JUDA
Kae kapa kae moo moprofeta Habakuke a neng a sheba teng naheng ea Juda o ne a fumana toantšano, khatello, likomang, qhoebeshano le ho hloka toka. Hona ha mo susumelletsa hore a bolele: “Jehova, ke tla hoeletsa ho le hokae, u sa nkutloe? Ke tla bitsa ho uena ho le hokae ka baka la ho tsoheloa matla, u sa mpholose?” (Hab. 1:1-4) Habakuke a fumana karabelo eo ho neng ho bonahala e sa kholehe. E bile ea tšosa le eena moprofeta. (Hab. 1:5) Kahlolo ea Jehova e ne e le efe?
Molimo oa arabela: “Ke se ke ea tsosa ba-Kalde, sechaba seo se bohale, se mafolo-folo, se haholang bophara bohle ba lefatše, ho hapa linaha tseo e seng tsa sona. Sea tšabeha, sea tšoheha.”—Hab. 1:6, 7.
Kahoo Bakalde, kapa Bababylona, ba ne ba tla sebelisoa ke Molimo ho otla Baiseraele ba sa tšepahaleng, ’me hose letho le ka thibelang Babylona ho phetha taelo ea Molimo. E, sechaba sena se ne se tla hapa “liqhobosheane”! ’Muso oa Juda, ka motse moholo oa oona o Jerusalema, ho hang o ne o ke ke oa tšepa ho pholoha.—Hab. 1:10.
Bonneteng ba lentsoe la Jehova ho Habakuke, Bakalde ba fela ba futuhela Jerusalema naheng ea Juda. Bibele e re bolella hore morena oa Babylona, Nebukadnezare, “a bolaea bahlankana ba bona ka lerumo, ka tlung ea sehalalelo sa bona, ’me ha a ka a qenehela mohlankana, leha e le moroetsana, kapa leqheku, kapa motho ea moriri o moputsoa . . . A isa Babylona kholehong bohle ba neng ba phonyohile lerumong.”—2 Likron. 36:17-20.
Ruri Jehova a phethahatsa kahlolo holim’a bohle ba khopo naheng ea Juda.
HO AHLOLOA BABYLONA
Babylona ba sebetsa ho latela litakatso tsa bona ’me, ho se tsebeng ha bona, ba sebeletsa e le mokhoa oa Molimo oa ho phethahatsa kahlolo ea ho loka khahlanong le batho ba sa tšepahaleng. Babylona eona ho thoe’ng ka eona? Habakuke o ne a thatafalletsoe ho utloisisa hore na Molimo o ka sebelisa Bababylona ba khopo joang ho phethahatsa kahlolo ea Oona. Hase feela hore e ne e se barapeli ba hae empa hape ba ne ba le sehlōhō, ba futuhile feela ho ea hapa. Ba talima batho e le ‘lihlapi le lihahabi’ tse ka hapuoang le ho busoa.—Hab. 1:14-17.
Ha a arabela khanyetso ea Habakuke ka hore ho sebelisoe Bakalde, Molimo oa tsebahatsa hore ba ne ba tla otloa ka baka la sehlōhō sa bona le molato oa bona oa mali. A bua tjena ka Babylona: “Kahobane u lobetse lichaba tse ngata, masala ’ohle a lichaba a tla u lobela, ka baka la mali a batho, le ka baka la ho tsohela lefatše matla.”—Hab. 2:8.
Ho feta moo, Bababylona ba ne ba rapela litšoantšo. Eaba Jehova o bua tjena ka moprofeta oa hae: “Ho thusoa’ng ke setšoantšo se betliloeng, ha ’metli oa sona a se betlile; le ke setšoantšo se tšolotsoeng, le ke moruti oa leshano, ha ’metli a itšepela se betliloeng ke eena, a tle a etse melimo e limumu? Ho malimabe ea reng ho lehong: Tsoha! le ho lejoe le semumu: Ema.”—Hab. 2:18, 19.
Bababylona ba rapelang litšoantšo joale ba ne ba le moleng oa ho ahloloa ke Molimo. Hoo ho etsahetse ka 539 B.C.E., ha Babylona e lihuoa ke Bamede le Bapersia. Ba utloileng kahlolo ea Juda le Babylona ba nahana hore ke ntho eo motho a ke keng a e kholoa, e bileng e nyarosang. Empa lentsoe la boprofeta le builoeng ka Habakuke la phethahala.—Hab. 2:2, 3.
Bibele e bontša hore liketsahalo tsa mofuta oo li tloha li etsahala khahlanong le ba khopo lefatšeng ka bophara.
HO FUTUHA HA MOLIMO LEFATŠENG LOHLE KHAHLANONG LE BA KHOPO
Mangolo a Bakreste a Segerike a qotsa boprofeteng ba Habakuke ’me a bea ho phethahala ha bona ha ho qetela nakong e tlang, molokong oa rōna. (Ba-Heb. 10:36-39; Hab. 2:3, 4.) Ke ka baka leo re bo thahasellang ka ho khethehileng. Khaolong ea boraro ea boprofeta ba Habakuke, o rapela Molimo hore o boele o phelise mosebetsi oa oona o hlōlang oa khale. (Hab. 3:1, 2) Habakuke joale o tsoela pele ho hlalosa Molimo o futuhile khahlanong le lira tsohle tsa hae. Ke phutuho e nkang ‘lefatše ka bophara. Tsela ea Molimo ea ho timetsa lira tsa oona e tla ba e sa tšoaneng hakaakang!
Moprofeta o re: “O etelloa pele ke lefu la seoa, lefu le chesang le mo sala morao.” (Hab. 3:3-5) Haufinyane, ha Jehova a futuha ho ea “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle,” ka Harmagedone, o tla bolaea lira tse ngata tsa hae ka mekhoa ea polao e sa befang, le e khutsitseng—lefu la seoa. Ka nako eo ho tla ba kotsi, e be ho bolaeang. ho tsamaea tseleng ea Jehova ea tlhōlo. Hobane o tla etelloa pele ke lefu la seoa; a saloe morao ke babolauoa ba lefu le chesang.—Tšen. 16:14, 16.
Thapelo ea Habakuke ea koli’a-malla e tsoela pele: “Oa ema, ’me o thothometsa lefatše; oa talima, ’me o tlakaselisa lichaba; lithaba tsa khale lia qhalana, ho pharama le maralla a boholo-holo.”—Hab. 3:6.
Ho ema ha Jehova ho baka mofere-fere lefatšeng la tšoantšetso le ka pel’a hae. Kamoo ho leng kateng, ho baka tšisinyeho ea lefatše, phuthehong ea lefatšeng ea sera. Ha ho totobala hore kannete ke Jehova ea atametseng ’me a eme ka pel’a bona, phutheho ea lefatšeng e thothomela kahohle pele e oela tšenyehong. Qetellong lichaba li hlokomela hore Molimo o matla ’ohle oa li ‘bona.’ Ruri li tšohile. Lia tlōla, e seng ka baka la thabo empa ka baka la ho nyarosoa ke ho qhoma ha pherekano. Ha ho phutheho e kang thaba e ka thibang ho futuha ha Jehova ho ea hlōla. E joalo e tla robakoa likoto. Ho sututsa ha Jehova ntle ho tšitiso ho kenya tšabo ho bohle ba utloang tlaleho ea hona, bana e se metsoalle ea Jehova le batho ba hae.
Ka ho timetsa ha hae ba khopo, Jehova o na le lihlomo tsa mefuta e fetang lihlomong tsa hae tse halalelang. Habakuke o re bolella ka hona, a re: “Ho feta sekhohola sa metsi; boliba bo phahamisa lentsoe la bona, bo emisetsa matsoho a bona holimo. Letsatsi le khoeli li ema nqalong tsa tsona ke ho tšoha leseli la metsu ea hao e fetang, le khanya ea lerumo la hao le phatsimang.”—Hab. 3:7-11.
Tšebelisong ea ’Mōpi ho na le likhohola tsa mahalima ho kopela lira. Metsi a tšolohang a tsoa holimo a na joaloka sefefo. Ho feta moo, metsi a bolibeng ba lefatše a ka etsoa hore a khapatsehe, joalokaha eka boliba bo phahamisa matsoho a bona ho nka karolo ho timetsoeng ha ba khopo.
Lihlomo tsa Jehova tse phahametseng matla a botho li tiisa hore ha ho sera se tla pholoha. Ha ho lea mong ea khopo ea tla baleha. Lialuma tse rorang le mahalima a tsekemang li sebelisoa ke Jehova. Ka ho halima ha mokhoa oa Molimo oa ho bolaea lira tsa oona, leseli le tla ba matla hoo motšehare le bosiu letsatsi la tlhaho le khoeli, kamoo ho leng kateng, li tla ikutloa li sa hlokahale ho bonesa. Ho tla tšoana leha li eme feela, li sa sebetse joale ka tse jarang leseli, empa li tlohetse lihlomo tsa Jehova tse khanyang li bonahatse matla a khanyang. Sehlomo se seholo sa Jehova, ho tšoana le lerumo, se tla romeloa ho khanya moeeng le ho bonesa lebala la ntoa. Nahana ka phello kelellong tsa lira tsa Jehova le batho ba hae!
HO PHOLOSOA BARAPELI
Moprofeta o tsoela pele: “U haola lefatše ka khalefo, u hatakela lichaba ka bohale. U tsoela ho pholosa sechaba sa hao, ho pholosa motlotsuoa oa hao! U thuhaka hloho ea ntlo ea e mobe, u bo u koaholle metheo ea eona, u e senye ho isa marulelong.”—Hab. 3:12, 13.
Batho ba Jehova ba ka kholoa hore o tla ba loela ntoeng ea Harmagedone. Barapeli ba Jehova ka nako eo ba tla hlaseloa ke lichaba tsohle tsa lefatše, tseo kaofela ha tsona ka nako eo li tla beng li sa lumele hore Molimo o teng. Ha li lumele hore Molimo o teng hobane’ng? Hobane lichaba li tla be li fetohetse bolumeli bo hlophisitsoeng ba bohata ’me li bo tlositse lefatšeng. Ke kahoo tlhaselo ea tšohanyetso ea barapeli ba ’nete ba Molimo e tlang ho etsahala kamorao ho timetso ea tšohanyetso ea “Babylona e moholo,” ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, ho akarelletsa Bojakane. (Tšen. 17:1-5, 16-18) Lichaba tse se nang bolumeli tse tla beng li felisitse ka tsela ena joale li tla ipha sebaka sa ho leka ho felisa lefatšeng borapeli bo hloekileng ba Molimo o le mong o phelang le oa ’nete, Jehova. Le hona joale ho se ho lokisoa sethalla sa timetso ena ea bolumeli bo hlophisitsoeng ba bohata. Lichaba tse ling, ha e le hantle, li se li boletse sepheo sa tsona sa ho ntšetsa pele hore Molimo ha o eo.a
Hore a se ke a lumella lichaba tse se nang Molimo li atlehe morerong oa tsona oa bokhopo, Jehova o tla tlameha ho hatela pele bakeng sa ho pholosa batho ba hae. Kahoo, ‘ka khalefo’ ho lichaba tse rerileng bobe, o tla futuha lefatšeng ’me ka bohale a otle lichaba, a li hatakela tlas’a maoto joaloka lijo-thollo seotlong.
Bohato bona ka lehlakoreng la Jehova bo tla pholosa “batho” ba hae. “Batho” ba hlaseloang Harmagedone ke masala a barutuoa ba tlotsitsoeng ba Jesu Kreste. Ke bona ba etsang “motlotsuoa” oa Jehova ka Harmagedone. Hammoho le “motlotsuoa” oa Jehova ho tla ba teng “bongata bo boholo” ba barapeli ba bang ba tla pholosoa ka Harmagedone.—Tšen. 7:9-17.
Ka ho se tšoane ho totobetseng ha ho pholosoa ha “motlotsuoa” le “bongata bo boholo” ‘ntlo ea e mobe’ e tla timetsoa ka ho feletseng. Ho tšoana le ntlo e sentsoeng le ho sala e le feela ho tloha marulelong ho fihlela motheong oa eona, tsamaiso ea lintho e khopo e theiloeng tlas’a tšusumetso e sa bonahaleng ea Satane Diabolose e tla robakoa likoto. ‘E moholo’ kapa moeta-pele oa “ntlo” ena ea lichaba o tla robakoa, a silakanngoe likoto. Bao e leng motheo oa mohaho oa lefatše ka bophara ba ke ke ba pholoha, hobane ba joalo ba tla heletsoa ho ea fihla motheong. Le oona “motheo” o ke ke oa tloheloa ka tlas’a mobu e le motheo oa mohaho o mocha. ‘Ntlo ea e mobe’ e ke ke ea hlola e bonoa lefatšeng.
Moo lebaleng la ntoa la Harmagedone lira tsa “motlotsuoa” oa Jehova le metsoalle ea bona ba tla akheloa pherekanong ea ho ipolaea. Ponong ea boprofeta ea sena, moprofeta Habakuke o bua tjena ka thapelo ea hae ho Jehova e le Mohlabani:
“Ka libetsa tsa hao, u hlaba hloho tsa bahlabani ba hae, ba tlang joale ka sefefo ho tla re hasanya, ba bileng ba nyakalla joale ka hoja eka ba se ba ea ja mafutsana sephiring. U tsamaea holim’a leoatle, le pere tsa hao holim’a qubu tsa metsi a maholo.”—Hab. 3:14, 15.
Ha a bua ka boiteko ba lichabo ho “hasanya” ka matla a sefefo, Habakuke o bua ka boeena e le ea emelang “motlotsuoa” oa Jehova, batho ba Hae bao ho hlokahalang hore ba pholosoe ho bahlaseli. Ho tšoana le baleleri ba larileng sebakeng se ipatileng bakeng sa eo ba ka mo fumanang, lichaba tse bokaneng li larile Harmagedone li tla oela “motlotsuoa” oa Jehova le “bongata bo boholo” ba barapeli ba bang ho timetsa bana bohle Joalokaha ba timelitse “Babylona e moholo” oa bolumeli. ‘Ka nyakallo’ sera se tla kholoa hore se tla felisa barapeli ba Jehova ba bonahalang eka ke “mafutsana.”
Jehova a ke ke a tšohanyetsoa ka letho. A ke ke a lebisa “motlotsuoa” oa hae ea hlomohileng le metsoalle ea hae e tšepahalang selaong sa sera. Ha lichaba tse hananang le Molimo li ikonka ka makoko ho hasanya ba sebelisang bolumeli ba ’nete, Molimo o tla etsa hore lichaba tse hlaselang li tsohelane matla ka lihlomo tsa tsona ho loantšana. Lira tsa Jehova li tla sebelisa melamu ea tsona ea ntoa ho choatlana lihlooho. Molimo o tla etsa ho fetang hoo: O tla sebelisa matla a fetang a botho ho ntšetsa pele timetso ea tsona hore e phethehe. Ka “lipere” tsa makhotla a hae a leholimo tlas’a Jesu Kreste, o tla hatela pele ka tlhōlo ho kena “leoatleng” le ‘metsing a maholo’ a lira tse bilohang le tse rorang. (Tšen. 19:11-21) Kahoo batho ba hae e tla ba lipaki tse boneng ka mahlo tlhōlo e khōlō ea Jehova!
Ho tla beng ho ile joale e tla be e le bokhopo bohle! ’Me ho isa ka ho sa feleng hohle ha ho le eo ka nepo a tla belaella ka nepo ho timetsoa hona ho feletseng ha makhotla a futuhileng a hananang le Jehova.
Boprofeta ba Habakuke bo re kholisa ka matla hore haufi Molimo o tla phethahatsa kahlolo holima bohle ba khopo. Ha ho letho le ka ho thibelang. Kaha ho tjena, na u tla emela Molimo oa ’nete hona joale ha nako e sa le teng? Jehova, Mohlabani e Moholo, o tla hlōla ntoa e loantšang ba khopo. Hona joale ke nako ea ho nka bohato e le hore u ka ba ka lehlakoreng le hlōlang!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a National Geographic ea Mphalane 1980 e re: “Linaha tse ling tsa Bokomonisi li sitisa bolumeli: Albania e-ea bo hanela, e ipolela ka 1967 e le “’muso oa pele o sa lumeleng ho Molimo oa lefatše.’ Mehaho eohle e 2 169 ea likereke le boitlamo le ‘litsi tse ling tsa mehlolo le liphiri’ e koetsoe, ea qhaqhoa, kapa ea fetoloa litsi tsa boikhathollo, metebo ea litlhare, matlo a polokelo, kapa litala. . . .moloko o mocha oa Albania o tseba ho se lumele ho Molimo feela.”
Hape, makasine ea Time ea la 17 Pulungoana, 1980, e buile tjena ka Cambodia, eo joale e bitsoang Kampuchea: “Khmer Rouge o qalisitse ho senngoa ho hlophisitsoeng ha mosaletsa o mong le o mong oa bolumeli. Baruti ba Bokreste ba bolailoe ’me mehaho ea Masolomane ea senngoa. Lihlōhō tse fetisisang leha ho le joalo, li ne li boloketsoe Mabuddha, bao e leng karolo ea 90 lekholong ea baahi ba Kampuchea. Marabele a macha a tsoang likhoeng a phahla litempele tsa naha tse 2 800, ‘Bo-buddha ba akheloa ka linōkeng, kapa ba sebelisoa e le patsi,’ kamoo ho hopolang Oum Soum, 62, motlatsi oa mookameli oa Mokhatlo oa Phnom-Penh oa Buddha. ‘Liwat [litempele] tse sa kang tsa senngoa tsa fetoloa matlo a polokelo a menontša.’ ‘Bonzes [ba monke] ba nyelisoa ka hore ke linoa-mali.’ Ba lehlohonolo ba ile ba lelekoa feela litempeleng tsa bona ho ea masimong. Ho bamonke ba 80 000 ba Cambodia, ha fenethoa ba 50 000.”—Leq. 90.