Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 2/1 leq. 3
  • Ke Bo-mang ba Buang Lipuo Lisele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Bo-mang ba Buang Lipuo Lisele?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Bua Lipuo Lisele Kajeno—Na ho Tsoa ho Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Na Mpho ea ho Bua Lipuo Lisele ke Karolo ea Bokreste ba ’Nete?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Ho Bua Lipuo Lisele—Na ho Tsoa ho Molimo?
    Tsoha!—1987
  • Ho Bua Lipuo Lisele
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 2/1 leq. 3

Ke Bo-mang ba Buang Lipuo Lisele?

“KA LETSATSI le leng hona ka mona ka kamoreng ea ka ea boikhathollo, ke ne ke khumame ke rapela. Ka tšohanyetso feela ka ba le boikutlo ba ho ba motho e moholohali le ba thabo eo ho seng letho le ka e thibang. Ka qala ho roka Molimo ka Senyesemane, joale ka fetohela puong e ’ngoe. E bile phihlelo e ntle.”—Mosali oa Baptiste oa Texas.

“Joale ha etsahala hore leleme la ka le hapjoe, ’me kapele kamorao ho moo ha kea ka ka tseba letho, ha nka ka tseba letho ho hang, empa ka ’na ka ba le boikutlo ba hore ke ’ne ke bue. Ke ne ke batla ho thola, empa leleme la ka le ne le susumeletseha ka tsela ena. . . . Joale ka utloa mantsoe a ka, ha ke a utloisise, empa ke utloa leleme la ka le susumeletseha hore le bue.”—Setho se setona sa phutheho ea Boapostola Mexico.

“Ho ne ho hlalosa ho hong ho neng ho etsahala ka pelong ea ka.”—Monna oa K’hatholike oa Michigan.

Ba hlalosa eng? Ho bua ka maleme asele, kapa glossolalia.a Lilemong tse fetileng tse leshome kapa tse mashome a mabeli, batho ba baloang ka limillione ba ipolela hore ba amohetse ho Molimo neo ea mohlolo ea ho bua ka lipuo lisele. “Neo” ena ha e fumanoe feela likerekeng tsa Pentekonta empa hape le lihlopheng tsohle tsa “lineo”—Roma e K’hatholike, Baptiste, Methodiste, Lutere le Presbitheriane. Ho latela Christianity Today—phuputso ea Gallup, ho Maamerika a lilemong a limillione tse 29 a inkang a le Bopentakonteng kapa a e-na le lineo, ke ba ka bang limillione tse hlano ba ipolelang hore ba amohetse neo ea lipuo lisele.

“Neo” hangata e totobatsoa ke ho phasoloha ka thabo ha mantsoe a se nang kello kapa lipolelo. Ho motho ea shebeletseng, ho ka ’na ha utloahala e le puo e se nang kelello, empa ho Mopentekonta ea tšepahalang kapa ea nang le lineo, “ke phihlelo e hlollang ka ho fetisisa eo Mokreste a ka bang le eona,” joalokaha e mong ea buang ka lipuo lisele a ho boletse. Ke hobane’ng ha ba bangata ba bea khatiso e kana neong ea lipuo lisele?

“Pele ho tsohle,” kamoo ho hlalosang Felicitas D. Goodman bukeng ea hae Speaking in Tongues, “ho supa boteng ba Moea o Halalelang ho motho. . . . Sa bobeli, ho bua ka lipuo lisele ho talingoa e le mokhoa oa thapelo, ho susumetsoa ke boteng ba Moea o Halalelang.” Kahoo ho motho ea tšepahalang ea buang ka lipuo lisele, neo ea hae ke pontšo ea hore o amohetse moea o halalelang. A ka ’na a ikutloa hore tsebo ea hae ea mantsoe ha e-ea lekana ho hlalosa teboho ea hae ho Molimo. Kahoo, lipuo lisele ali talingoa e le “neo ea Moea e lumellang motho hore a rapele hamolemo haholoanyane” ka “mokhoa o sa utloahaleng le oa puo e sa tsebisahaleng,” kamoo ho bolelang Clark H. Pinnock, moprofesa oa tsamaiso ea thuto ea bolumeli Sekolong sa Bibele sa McMaster Ontario, Canada.

Empa, ruri, na neo ea lipuo lisele “e supa boteng ba moea o halalelang ho motho”? Na u lokela ho batla neo e u thusang hore u ‘rapele Molimo hamolemo haholoanyane’?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lentsoe “glossalalia” le tsoa mantsoeng a mabeli a Segerike, glōssa, e bolelang “leleme,” le lalia, e bolelang “ho bua.”

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela