Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 2/1 maq. 4-7
  • Ho Bua Lipuo Lisele Kajeno—Na ho Tsoa ho Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Bua Lipuo Lisele Kajeno—Na ho Tsoa ho Molimo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • LEBAKA LA HO FANOA HA NEO
  • NA KE KAROLO EA BOKRESTE KAJENO?
  • ‘KA LITHOLOANA TSA BONA’
  • Na Mpho ea ho Bua Lipuo Lisele ke Karolo ea Bokreste ba ’Nete?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Ho Bua Lipuo Lisele
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Ho Bua ka Maleme—Na ho Tsoa ho Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Ho Bua Lipuo Lisele—Na ho Tsoa ho Molimo?
    Tsoha!—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 2/1 maq. 4-7

Ho Bua Lipuo Lisele Kajeno—Na ho Tsoa ho Molimo?

“MANGOLO a ruta hore kolobetso ea moea, e bontšoang ka ho bua lipuo lisele, ke ntho ea kereke ea ’nete kajeno,” kamoo ho bolelang moruti oa Pentekonta Marvin A. Hicks.

“Thuto ea motheo ea ho bua lipuo lisele ha e lumellane le mangolo ’me e fosahetse,” ho hanyetsa Dr. W. A. Criswell oa Kereke ea Pele ea Baptiste ea Dallas. A phaella ka hore: “Haeba eo ke eona tumelo ea Bokreste, joale ’na ha ke Mokreste.”

Ka khang e joalo ka tloaelo ea ho bua ka lipuo lisele, u ka ’na ua ipotsa: ‘Hantlentle Mangolo a re’ng ka neo ea lipuo lisele? Na ke karolo ea Bokreste ba kajeno?’ Bakeng sa karabelo, hoa thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha neo ea lipuo lisele e ile ea neoa Bakreste ba pele.

LEBAKA LA HO FANOA HA NEO

Pele ho tsohle, moapostola Pauluse o hlalosa ho Ba-Heberu 2:2-4 hore lineo tsa mohlolo, tse neng li tla akarelletsa neo ea lipuo lisele, li ile tsa neoa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ho hlahlolla hore mohau oa Molimo o ne o tlohile tokisetsong ea khale ea Sejode ea borapeli ho kena phuthehong e theiloeng bocha ea Bokreste. Ho fetoloa ha mohau oa bomolimo ho ne ho theiloe hantle karolong e qetellang ea lekholo la pele la lilemo, ha ba bang ho baapostola ba Jesu Kreste ba sa phela.

Hore neo ea lipuo lisele e ne e boetse e sebeletsa morero o mong ho ka bonoa mantsoeng a Jesu ho barutuoa ba hae pelenyana a nyolohela leholimong ka 33 C.E. A re: “Le tla fuoa matla mohla Moea o Halalelang o tlang ho lōna, ’me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema, le naheng eohle ea Judea, le ea Samaria, le ho isa pheletsong ea lefatše.” (Lik. 1:8) Sehlotšoana se senyenyane sa barutuoa ha sea ka sa akarelletsa batho ba buang lipuo lisele tsa karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea lefatše. Empa, bonneteng ba mantsoe a Jesu a tšepiso, hoo e ka bang matsatsi a 10 hamorao, mohla letsatsi la mokete la Pentekonta, moea o halalelang oa tšolleloa holim’a barutuoa ba hae ba ka bang 120 ba neng ba bokane kamoreng e ka holimo Jerusalema. Phello ea e-ba efe? “Ba qala ho bua ka lipuo lisele” ’me kahoo ba ne ba ka tsoelapele ka potlako ho phethahatsa mosebetsi oo ba o abetsoeng oa ho paka.—Lik. 2:1-4.

Ha barutuoa bao ba fana ka bopaki Jerusalema ka mokete oa Pentekonta, Bajode le baproselite ba neng ba tsoa libakeng tse hole ba tlile moketeng ba utluoa ba re: “Ho ea ka’ng ha re ba utloa ba bua puo eo e mong le e mong oa rōna a tsoaletsoeng ho eona? . . . Re ba utloa joang ba bolela limakatso tsa Molimo ka puo tsa rōna.” (Lik. 2:8-11) Ho totobetse hore lipuo lisele tse boleloang mona e ne e le lipuo tse tsejoang, e seng puo e se nang kelello. ’Me hlokomela hore neo e ile ea sebelisoa tumellanong le morero oo Jesu a neng a itse e tla fanoa ka oona, e leng, ho pakela ba bang. E ile ea sebeletsa morero oo ka ho hlokomelehang, hobane “ba ekeletsoa tsatsing leo ka batho ba likete tse batlileng ho ba tharo.”—Lik. 2:41.

Ketsahalo e ’ngoe eo ho eona ho tšolloa ha moea o halalelang ho ileng ha tsamaea le neo ea lipuo lisele e tlalehoa ho Liketso 10:44-46. Ha u bala tlaleho u tla hlokomela hore ha moea oa Molimo o oela holim’a Molichaba Kornele le ba ntlo ea hae, le bona, ba “qala ho bua ka lipuo lisele.” Ha a hlalosa ka seo a neng a se hlokometse ka lekhetlo leo, moapostola Petrose a re: “Eitse hobane ke qale ho bua, Moea o Halalelang oa theohela holim’a bona, joale ka ha ho entsoe ho rōna ho qaleng.” Kahoo, ho ea ka Petrose, neo ea lipuo lisele e ileng ea fanoa mohlang oo e ne e le neo e tšoanang le e neng e fumanoe lilemong tse fetileng pele ho moo ka Pentekonta—matla a mohlolo a ho bua lipuo lisele. Bibele e bontša hore neo ea lipuo lisele e ileng ea neoa Kornele le ba ntlo ea hae e ile ea kholisa Petrose le ba nang le eena hore Molimo joale o amohela bao e leng Balichaba ba sa bollang ka phuthehong. Molimo joale o ne o sebelisa phutheho ea Bokreste.—Lik. 11:15-18.

Ba bang ba botsa: ‘Joale le hlalosa joang mantsoe a Pauluse a ho 1 Ba-Korinthe 14:2? Na Pauluse ha a ka a re, “efela ea buang ka puo, ha a bue le batho, o bua le Molimo feela”?’

Pele ho tsohle, ho ke ho hlokomeloe mona hore Pauluse ha a bue ka thapelo ea motho ka mong, empa, ho e-na le hoo, ho sebelisoa ha neo ea lipuo lisele sebokeng sa phutheho. (Bona 1 Ba-Korinthe 14:23) Ho feta moo, mantsoe a Pauluse a tumellanong e feletseng le morero oo neo ea lipuo lisele e fanoeng ka oona le tlhaloso ea neo e fanoeng bukeng ea Liketso. Haeba u bala khaolo ea 14 kaofela ha eona ea 1 Bakorinthe, u tla hlokomela hore (1) lipuo tseo ho boleloang ka tsona e ne e le lipuo tse tsejoang, e seng lipuo tse se nang kelello, ’me (2) neo e ne e sa lokela ho sebelisoa, lekunutung, empa molemong oa ba sa lumelang.

A re ke re baleng temana ea 2 kaofela ha eona. E re: “Efela ha e le ea buang ka puo, ha a bue le batho, o bua le Molimo feela, hobane ha ho ea mo utloang, ’me o bolela li sa tsejoeng ka moea.” Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “puo,” glōssa, ke lentsoe le tšoanang le le sebelisitsoeng ho Liketso 2:4, 11, moo ho totobetseng hore ho supuoa lipuong tse tsejoang. Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “utloang” mona le ka hlokomeloa ho supa ntho e ’ngoe ntle ho ho utloisisa se boleloang. Hona ho ka utloisisoa hamolemo leseling la litemana 13, 16 le 17 tsa 1 Ba-Korinthe, khaolo ea 14, moo re balang: “Ka baka leo ke re: Ea buang ka puo a rapele hore a tsebe ho fetola. Ha ho se joalo, ekare ha u leboha ka moea, ana ea lutseng setulong sa ea sa tsebeng a [kapa, ea sa lumelang; bona litemana 22-25.] ka tiisa joang teboho ea hao ka amen ea hae, ha e le mona a sa tsebe seo u se bolelang? Efela uena u leboha hantle, empa e mong ha a hahisoe ke hona.”

Ka mantsoe a bonolo, ea buang ka puo esele o bua le Molimo ho e-na le batho haeba batho ba mametseng ba sa utloisise seo a se bolelang. Mona Pauluse o ne a sa hopola ka puo e se nang kelello empa puo esele eo habohlokoa e neng e ka utloisisoa ke ba bang. Empa haeba, ha e le hantle, ho se e mong ho ba teng ea neng a ka utloisisa puo ’me ho se ba tolokang joale ea buang puo a ke a rapele hore a e toloke ’me kahoo a hahe ba bang, haholo ba sa lumelang. Haeba ho se ea ka tolokang, joalokaha lengolo le bolela, ho ka ba molemo ho eena hore a khutse.—1 Ba-Kor. 14:28.

Kajeno teng? Na lineo tse kang lipuo lisele ha li hlokahale ho ‘bontša boteng ba moea o halalelang’ ho motho?

NA KE KAROLO EA BOKRESTE KAJENO?

Mangolo a supa hore lineo tsa mohlolo tse ileng tsa neoa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo e ne e le tsa nakoana feela. “Lerato ha le ka ke la timela le ka mohla o le mong. Athe ha e le boprofeta, bo tla fela; leha e le lipuo, li tla lesa ho ba teng.” (1 Ba-Kor. 13:8) Na Bibele e bontša leha e le ka eng hore na lineo li ne li tla khaotsa neng? E, e-ea ho etsa.

Ipalle liketsahalo tse tlalehiloeng tsa ha neo ea lipuo lisele e neng e tsamaea le ho tšolloa ha moea o halalelang: Liketso 2:1-4, 14; 10:44-48; 19:6. U tla hlokomela hore tabeng e ’ngoe le e ’ngoe a le mong kapa ho feta moo oa baapostola ba Jesu Kreste o ne a le teng. Ho ea ka Liketso 8:18, ‘Moea o Halalelang o ne o neoa ka peo ea matsoho a baapostola.’

Ka ho utloahalang, ka ho shoa ha baapostola, ho fanoa ha lineo tsa moea, ho akarelletsa neo ea lipuo lisele, ho ile ha khaotsa. Neo ea lipuo lisele e ne e sebelitse morero oa eona. Ho ne ho qalile hore mohau oa Molimo le tšehetso li phuthehong ea Bokreste. Ho feta moo, Bakreste ba ne ba eketsehile ka palo ’me ba qhalanyelitsoe linaheng tse ngata, ba ile le ‘litaba tse molemo.’—Bapisa Ba-Kolosse 1:23.

Ba bang ba ka ’na ba botsa: ‘Haeba lineo li khaolitse, ke eng se ikarabellang bakeng sa se bonahalang kajeno?’

“Hape rea hlokomela hore phetoho e joalo e ka etsahala tlas’a tšusumetso ea liphiri/bodemona,” kamoo ho ileng ha lumela polelo e kopanetsoeng ea Lekhotla la Boevangeli la “Fountain Trust” le Kereke ea Chache. (Mongolo o tšekaletseng ke keketso.)

Na ho ka etsahala hore neo ea kajeno ea lipuo lisele ekaba ha e tsoe ho Molimo? Kamoo ho lumeloang, ho lumela sena ho ka thatafalla ba ipolelang hore ba na le neo. Ho Maamerika a lilemong a 5 000 000 a ipolelang hore a bua ka lipuo lisele, karolo ea 33 lekholong ea bona ha e lumele le hore Diabolose ke boleng bo teng le hore a ka susumetsa ba bang. Joale, u ka nepisisa joang hore na se bonoang kajeno se tsoa hokae?

‘KA LITHOLOANA TSA BONA’

Jesu o fane ka senotlolo sa ho khetholla Bakreste ba ’nete ha a re: “Sefate ka seng se monate se bea litholoana tse monate.” (Matt. 7:17) E, litholoana li ne li tlameha ho ba teng, kapa li bonahale, hore moea o halalelang oa Molimo oa ba tšehetsa. Hoa senola ho nahana ka bopaki ba Mangolo ba tse joalo leseling la Christianity Today—phuputso ea Gallup, e hatisitsoeng tokollong ea Tlhakola 22, 1980 ea Christianity Today.

Leha e le ka lekhetlo le le leng ka tlalehong ea Mangolo moo ho tlalehoang neo ea mohlolo e neoa ho motho ea ananelang kapa ea itloaelitseng sebe. Phutheho ea lekholong la pele la lilemo e Korinthe e ne e akarelletsa batho bao ka nako e fetileng ba neng ba itšoere hampe empa ba fetohile hoba e be Bakreste. Ba ne ba se ba sa kopanele bophelong ba boitšoaro bo bobe ba botona kapa botšehali. (1 Ba-Kor. 6:9-11) ’Me, leha ho le joalo, ho latela phuputso, karolo ea 19 lekholong ea ba buang ka lipuo lisele kajeno e ananela likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo.

Bakreste ba ’nete ba ne ba tla hlonepha Bibele e le Lentsoe la Molimo. Jesu Kreste o ile a qotsa Mangolo ’me a a talima e le lentsoe la Molimo. (Joh. 17:17) Empa, ho latela phuputso, karolo ea 44 lekholong ea ba buang ka lipuo lisele mehleng ea rōna ha e nke Bibele e le oona matla a bohlokoa a bolumeli.

Jesu o laetse hore, “e-eang ke hona le lichaba tsohle, le li etse barutuoa.” (Matt. 28:19, 20, phet. e ncha) ’Me a hla a bolela hore ‘litaba tse molemo’ tsa ’muso oa Molimo li tla boleloa ‘lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona e le bopaki.’ (Matt. 24:14, NW) Bakreste ba ’nete ba lokela ho ba mafolo-folo ha ba etsa sena. Leha ho le joalo, ho latela phuputso, karolo ea 51 lekholong ea ba buang ka lipuo lisele hona joale ha e bue ka tumelo ea eona beke le beke bonyane, ’me karolo ea 58 lekholong ho hang ha e etelletse pele ho thusa ho hapela ba bang ho Kreste.

“Hase ba lefatše,” kamoo ho boletseng Jesu ka balateli ba hae. (Joh. 17:16) Empa hole le ho ‘se be ba lefatše,’ ‘litšekamelong tsa bopolotiki’ ba buang ka lipuo lisele ‘ba lumellana haufi haholo le mokhoa oa batho ka kakaretso,’ kamoo ho tlalehang Christianity Today.

Jesu o itse, “seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” (Joh. 13:35) Moapostola Johanne a phaella: “Re ratane, ’me re se ke ra ba joale ka Kaine, e neng e le oa e mobe, ’me a bolaile ngoan’abo.” (1 Joh. 3:11, 12) Bakreste ba ’nete ba ratana ka ’nete. Ha ba aroloe ke khethollano ea bochaba, morabe kapa tsoelopele. Le linakong tsa ntoa, ba hana ho bolaea balumeli bahabo bona linaheng tse ling. Na hoo ke ’nete ka batho ka kakaretso? Kapa ba ipolelang hore ba na le neo ea lipuo lisele?

Kahoo, he, bopaki bo bontša eng? Joale, kaha ba buang ka lipuo lisele e le sehlopha ha ba bee “litholoana” tse khethollang Bakreste ba ’nete, ho hlakile hore ba ipolelang hore ba na le neo ea lipuo lisele ha baa li fumana mohloling o le mong le Bakreste ba pele.

Mangolo a na le litemoso tse matla tse bontšang hore mohloli o mong oa ikarabella. Jesu o hlile a bolela hore: “Ba bangata ba tla re ho ’na: Morena, Morena, na ha rea ka ra profeta ka lebitso la hao na? Na ha rea ka ra leleka bademona ka lebitso la hao na? Na ha rea ka ra etsa mehlolo e mengata ka lebitso la hao? Mohlang oo, ke tla ba bolella pepeneneng, ke re: Ha kea ka ka le tseba le mehla.” (Matt. 7:22, 23) Moapostola Pauluse o lemositse hore nako e tla tla ha “liketso tse matla” le “limakatso tse thetsang” li ne li tla etsahala e le “mesebetsi ea Satane.”—2 Ba-Thess. 2:9, 10.

Ke joang, he, re ka tsebang balateli ba ’nete ba Kreste haeba e se feela ka ho ba le lineo tsa mohlolo tsa lipuo lisele? Ka “litholoana,” bopaki ba Mangolo, boo re buisaneng ka bona.

Re u mema hore u hlahlobisise Bibele ebe joale u e bapisa le lithuto le mekhoa ea Lipaki tsa Jehova. Iponele e le uena hore na seo u se bonang se tla u susumelletsa hore u re ka tsona, “Molimo o har’a lōna ka sebele.”—1 Ba-Kor. 14:25.

[Lebokose le leqepheng la 7]

“Phihlelo ea ka e ne e sa Tsoe ho Molimo”

‘Lengolo le ho 1 Ba-Korinthe 14:27, 28 la . . . nkholisa hore phihlelo ea ka ha e tsoe ho Molimo. . . . keletso ea Pauluse moo . . . e ne e hanana hantle le seo ke se fihlelang. Ho e-na le ho lekanyetsoa feela lihlopheng ho ba babeli kapa ba bararo bonyane, re ne re e-na le Iihlopha tse khōlō. Leha e le hore re ne re e-na le ba tolokang, joale ekaba ke mang ea neng a hahuoa?’

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela