Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 2/1 maq. 8-13
  • Jehova ke Qhobosheane ea ka

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova ke Qhobosheane ea ka
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • KE LE MONYENYANE, EMPA KE THAHASELLA BOLUMELI
  • THUSO EA MOROMUOA
  • TEKO EA PELE EA TUMELO
  • HO BOLELA KA NTLO LE NTLO
  • HO KENELA KOLOBETSO LE MOSEBETSI OA BOPULA-MALIBOHO
  • JEHOVA KE QHOBOSHEANE EA KA
  • Lilemo Tse Fetang 50 Tsa ho ‘Tšelela Koana le Koana’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Bibele e Fetola Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Jehova o Mphile Matla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Ke Bile Mora ea Lehlasoa
    Tsoha!—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 2/1 maq. 8-13

Jehova ke Qhobosheane ea ka

—kamoo ho boletseng Albert Olih

LE HOJA bosiu ba Pulungoana bo ne bo le mofuthu, moea o fokang hasesaane oa riketsa hore ke ikutloe hamonate ’me oa nkoeetsa hore ke robale. Empa ka tsoha ka tšohanyetso ’me ka utloa lentsoe le makherehloa le mpotsa, “U etsa’ng mona?” Ke ne ke fumanoe ke lepolesa tlhahlobong ea lona ea bosiu.

Ka tlhaho, ke ile ka tšoha. Ka ema ’me butle-butle ka hlalosa kamoo ho etsahetseng hore ke robale tlas’a sefate sa “mango” haufi le jarete ea sekolo. Ha ke boletse joalo a re: “Ke teng, empa haeba ho ka hlaha mofere-fere leha e le ofe mona, ke tla u batla.” Hoba a tlohe, ka boela ka lula hape ’me ka nahana ka liketsahalo tse entseng hore ke be moo.

KE LE MONYENYANE, EMPA KE THAHASELLA BOLUMELI

Ho qalehile komponeng eo moholoane oa ka a neng a lula teng. E ne e le ka 1946 ’me ka nako eo ke ne ke le lilemo li 15. Ke ne ke tlohile motseng oa heso mabopong a Nōka ea Niger ’me ke tlile ho tla lula le ngoan’eso Lagos e le hore nka ’na ka kena sekolo. Mohiri e mong, ea neng a bitsoa Young Umoh, a hapa thahasello ea ka, hobane o ne a atisa ho eteloa ke batho ba neng ba bitsana “moena” le “khaitseli.” Ke ne ke ipotsa hore na ke bo-mang ’me ka ea ho Mong. Umoh kamoreng ea hae ho ea mo botsa. Kapele ka be ke nkehile puisanong e thahasellisang haholo.

Eare ha a bolela hore ke Lipaki tsa Jehova, thahasello ea ka ea tsoha. Moshemane e monyenyane le khaitseli ea hae sekolong seo ke neng ke se kena ba ne ba bitsoa Lipaki tsa Jehova. Ba ne ba itšoere hantle hoo ke neng ke atisa ho ipotsa hore na ke ba bolumeli bofe. Joale ke ne ke cheseha haholo ho utloa ka batho bana.

Mong. Umoh a mpotsa hore na ke lumela Bibele ’me ka mo bolella hore ka mehla ke ne ke etsa hantle haholo tsebong ea bolumeli sekolong. Ke ne ke nahana hore ke tseba Bibele. Leha ho le joalo, eare ha a qala ho mpolella ’muso oa Molimo le mahlohonolo ao o tla a tlisetsa batho, Bibele ea tšoana le buka e ncha ho ’na.

Ka mamela ka hloko ha a hlalosa kamoo borena ba ’muso oa Molimo bo tla fetola lefatše paradeise, kamoo thato ea Molimo e tla etsoa paradeiseng ena le kamoo ba bonolo ba tla amohela bophelo bo sa feleng. (Matt. 6:9, 10; Luka 23:43; Tšen. 20:5) Lintho tsena tsa nthabisa haholo, ’me ka itherela ho etela Mong. Umoh hape e le hore nka ithuta ho hongata ho eena.

Ke ’nete, ka lekhetlo la pele ha nka ka amohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e bua. Ke ne ke tšohile hore e se be e mong oa barutuoa ba bohata bao re neng re lemosoa ka bona kerekeng. Leha ho le joalo, le hoja ke ne ke ee ke mo phehise khang, ke ne ke ananela ka botebo lintho tse ngata tseo a neng a nthuta tsona ka Bibeleng.

Joale ka letsatsi le leng a mpolella hore ha a lumele Boraro-bo-bong. Ka nyaroha ’me ka utloa hore ke tsoe ka kamoreng ea hae. Empa a re ho ’na, “Ha ua mpotsa hore na ke hobane’ng ha ke sa lumele Boraro-bo-bong.” Eaba kea mo botsa, ’me karabelo ea hae ea qalisa letoto le ileng la isa phetohong e feletseng bophelong ba ka ba bolumeli.

A qala ka ho botsa: “Na u lekana le ntate oa hao ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ho akarelletsa letsatsi leo u tsoetsoeng ka lona?” Joale, a phetla Bibele, a mpontša moo Jesu a reng o romiloe ke Ntate oa hae le hore Ntate oa hae o moholo ho eena. (Joh. 14:24, 28) A leba tlalehong ea kolobetso ea Jesu, a mpontša kamoo ho sa utloahaleng kateng ho lumela hore Jesu ke Molimo, ha ho bonahala hore ke lentsoe la Molimo le tsoang leholimong le ileng la lumela hore Jesu ke mora oa Hae. (Matt. 3:16, 17) Mong. Umoh a boela a bontša hore lentsoe “boraro-bo-bong” ha le teng ka Bibeleng. Ka amohela litlhaloso tsena hobane bopaki bo tsoang ka Bibeleng bo ne bo utloahala.

Mantsiboeeng ao ka khumama ho rapela empa ka fumana hore kea sitoa. Ho tloha bonyenyaneng ke ne ke rutiloe ho qala thapelo ea ka ka hore ke re, “Ka lebitso la Ntate, le la Mora le la Moea o Halalelang.” Empa joale kaha ke ne ke kholisehile hore Boraro-bo-bong ha bo eo, ka fumana hore nke ke ka qala thapelo.

Hosesane ka ikutloa ke soabile haholo ’me ka rera ho bala Bibele, ke qala ka Mattheu. Ka ho etsa ka matsatsi a mangata ’me ka bala ho ea fihla qetellong ea Tšenolo. Ha ke ntse ke bala ho ea pele, ka ’na ka fumana haholoanyane hore Mong. Umoh o ntse a nthuta se tumellanong le Bibele. E ne e le ’nete!

Ka khutlela ho motsoalle oa ka, ka mo bolella hore na ho etsahetse joang ’me ka mo kōpa hore a nthute ho rapela. A thabela hore ke balile Mangolo a Bakreste a Segerike ’me a nkalima libuka tse ling le libukana tseo a ileng a re li tla nthusa. Ruri, libuka tsena tsa e-ba le phello e tebileng bophelong ba ka ba bolumeli ba kamoso.

THUSO EA MOROMUOA

Mathoasong a 1947 ka ea lula le moholoane oa ka ka malapa. Ka nako eo ke le lilemo li 16, ’me ke tsoile sekolong, ke ne kese na chelete ea ho itefella sekolong se phahameng ’me ho le thata hore ke fumane mosebetsi.

Ha re lutse lijong mantsiboeeng a mang, ha kokotoa monyako ’me, ho makaleng ha rōna, ka kena monna e mosoeu ka tlung. Ho ne ho sa tloaeleha hore motho e mosoeu a etele malapa a Maafrika, haholo a bafutsana. A ipolela, a re: “Ke Moreton ea tsoang Canada. Ke e mong oa Lipaki tsa Jehova, ’me ke le tliselitse litaba tse molemo tsa puso e tla busa lefatše lena.”

Moholoane oa ka a pata ho makala ha hae ’me a re, “U ka tla ja.” Ho makaleng ha hae ho hoholo, Mong. Moreton a nka nka “yam” sekotlolong sa hae, ’me a ina ka morong o mofubelu ’me a ja, a re: “Tsena ke lijo tse ntle haholo tseo Molimo o li lokiselitseng motho.” Eaba o hlalosa molaetsa oa hae.

Moholoane oa ka a nka libuka tse tharo ho eena ’me a mpha e neng e re “’Nete e be ea Molimo.” Le hoja moholoane oa ka le mosali oa hae ba ne ba sa thabele thuto e tsoelang pele ea Bibele, ka amohela Mong. Moreton hore a boele a tle ’me a nthute.

Kamorao ho nako, ka fumana hore seroki sa rōna se na le buka eona eo le hore ha ho ea ithutang eona le eena. Kahoo kamorao ho thuto e ’ngoe le e ’ngoe le Mong. Moreton, ke ne ke ea moo a rokelang ’me ke ithuta eona khaolo eo le eena. Hoo ha nthusa hore ke tsoelepele ’me kapele ka tseba ho sebelisa Bibele ho sireletsa ’nete.

Ka letsatsi le leng ka re ho Mong. Moreton ke rata ho ba moromuoa joaloka eena. A tšeha ’me a re: “U tla ba eena. Empa u tla tlameha ho itokisetsa mathata a mangata.” A mpontša ka Bibeleng hore ke tla tlameha ho thulana le mahloriso, le a bileng a tsoang ho seng se haufi. (Matt. 10:34-38) “Empa,” a re, “Jehova a ke ke u lahla ha u tšepahala ho eena ka linako tsohle.” Ke ne ke sa tsebe ho hang hore ke tla tloha ke ithuta ’nete ea seo a se buileng.

TEKO EA PELE EA TUMELO

Bosiung bo bong ka Mphalane 1947, moholoane oa ka a ntsosa ’me a re ke etse khetho: ‘U khaotsa ho ithuta le Lipaki tsa Jehova ’me u khutlela kerekeng ea Chache, kapa ho seng joalo u ntsoela ntlo,’ ka ema le monn’a-makeneng. Ke ne ke sa sebetse ’me ho se kae kapa kae moo nka eang. Motse oa heso o le hole ka lik’hilomithara tse 500. Kaha moholoane oa ka o ne a tseba hona, ka ipotsa hore na o nahana hore ke tla ea kae har’a bosiu. Leha ho le joalo, ka etsa qeto. Ka hana ho tlohela ho sebeletsa Jehova.

Moholoane oa ka a halefa ’me a qala ho nkotla ka eng kapa eng eo a teanang le eona. Mosali oa hae a kopanela le eena. A nteleka ka tlung ’me a ntelekisa sebakana. Ka ea ho mong ka ’na e mong ea haufi motseng moo, empa a hana ho nkamohela. Mong ka ’na e mong a re: “Hase uena ea itseng Jehova ke Ntat’ao le hore phutheho ea hae ke ’m’ao? Joale, e-ea ho Jehova u re a u amohele.”

Ke ka nako eo moo ke ileng ka etsa qeto eo ke e bolokileng ho tla fihlela kajeno. Ke ne ke tla tšepa Jehova hore ke qhobosheane ea ka ’me ke mo sebeletse, leha ho ka ba joang le joang.—Pes. 27:1, 10.

Ho se moo nka lebang teng, ka ea tšimong e pel’a sekolo seo ke neng ke se kena ’me ka robala tlas’a sefate sa “mango.” Ke hona moo lepolesa le ileng la mphumana teng, kamor’a ho robala moo ka masiu a mangata.

Motšehare ke ne ke ea merung ke roalle patsi, eo ke neng ke e rekisa hore ke fumane ho ja. Matsatsi hamorao, Mong. Moreton a mphumana. Eare ha a utloa taba ea ka, a bua ka ho nkhothatsa, a nkhopotsa ka seo a ileng a mpolella sona ka ho thulana le mathata haeba ke batla ho sebeletsa Jehova. A ’memela hore ke mo etele moo a lulang teng.

Hona ha mphetlela tsela ea hore ke kopanele le sehlopha sa baromuoa se bitsoang lelapa la Bethele, le ho thusa ka mosebetsi lelapeng la boromuoa. Hape ka thabela ho ja le lelapa. Ha e le hantle, ka ikutloa ke le karolo ea lelapa ’me ka pele ka qala ho ba bitsa “moena” le “khaitseli.”

HO BOLELA KA NTLO LE NTLO

Ka letsatsi le leng Moena Moreton a nkōpa ke sa lebella hore ke ee le eena boboleling ba ntlo le ntlo. A bua ka bokhutšoanyane ka taba ea Bibele ntlong ea pele ’me a fana ka buka e le thuso ea ho ithuta Bibele.

Eaba joale Moena Moreton o ’nea mokotlana oa hae ’me a re: “Na u bona monna eane ea emeng mola? E-ea u mo bolelle.” Pelo ea ka ea tlōla-tlōla. Empa ka etsa thapelo e khutsitseng ’me ka ea ho monna eo, ke hopola se ileng sa boleloa ho monna oa pele, kaha se ne se boletsoe ka bonolo. Ka qotsa temana eona eo Bibeleng, ’me a arabela hantle. Ke ne ke kentsoe mosebetsing oa ho bolela ’me ke tseba hore ha ho letho le tla nthibela.

HO KENELA KOLOBETSO LE MOSEBETSI OA BOPULA-MALIBOHO

Ke ne ke ithutile hore, ke neetse bophelo ba ka ho Jehova, ke lokela ho kolobetsoa metsing, joalokaha ha ho bile joalo ka Jesu. Ka kolobetsoa ka Tšitoe 1947, kopanong ea pele ea Lipaki tsa Jehova eo ke bileng ho eona. Joale litho tsohle tsa sehlopha sena se hōlang sa Lipaki ruri e ne e le banab’eso ba moea.

Likhoeli tse seng kae hamorao ka ngolisa ke le pula-maliboho (’moleli oa nako e tletseng). Hona ha mpulela menyetla e mengata mosebetsing oa ho bolela ’me ha eketsa lebelo leo ke fumanang phihlelo ka lona ho pakeng ka ntlo le ntlo.

E ’ngoe ea lipuisano tsa pele tse thata tseo ke bileng le eona e bile ha ke teana le moruti oa Sabatha. A phakisa a kena tabeng ea Sabatha ’me a nthuta, a phea khang hore Sabatha e tlameha ho bolokoa beke e ’ngoe le e ’ngoe. Litaba tsa mphetohela. Ka fumana e le mong a ntlo ena ea mpolellang, ke bala litemana tseo a li bolelang ’me ke mametse tlhaloso ea hae. Ka mo bolella hore ha ke tsebe hakaalo ka Sabatha empa ka tšepisa hore ke tla etsa lipatlisiso ’me ke khutle.

Ha ke khutla, ka fumana a e-na le litho tse ling tsa kereke ea hae. O ne a e-na le tšepo ea hore o tla sebelisa monyetla oo ho iphahamisa holim’a phutheho ea hae. Ha a ntsebisa bona, a re: “Ke Paki e nyenyane ea Jehova e khelositsoeng ke baboleli ba bang ba bohata. Ke thabela hore o ile a mamela thuto ea ka ’me o tlile ho tla fumana tlhaloso e tsoelang pele.” Ka kōpa hore ke lumelloe hore ke bue pele. Ke qala ka eona temana eo a neng a e qotsitse molaong oa Moshe, ka supa ka Mangolong a Bakreste a Segerike ’me ka hlalosa hore na ke hobane’ng ha Bakreste ba sa tlameha ho boloka Sabatha sa beke le beke.—Ba-Roma 10:4; Ba-Gal. 4:9-11; Ba-Kol. 2:16, 17.

A makalitsoe ke tsebo ea ka e eketsehileng, moruti a re: “U sebelisitse mangolo hantle haholo. Ke sona seo litho tsa kereke ea ka li lokelang ho tseba ho se etsa. Li lokela ho ba le hona ho ea ka monyako le monyako ’me li sireletse tumelo ea tsona, joalokaha u entse.” Mantsiboeeng ao eena le litho tse kereke ea hae ba amohela libuka tsa ho ithuta Bibele tse 29.

JEHOVA KE QHOBOSHEANE EA KA

Hore ke tsebe ho hlokomela litlameho tse itseng tsa lichelete, ka fumana mosebetsi ho ba literene ba Nigeria, ke lula le moholoane e mong. Mona ka thulana le teko e ’ngoe ea ho tšepa ha ka Jehova.

Ke ne ke fumane kabelo lenaneong la kopano ea setereke ea Lipaki tsa Jehova e neng e tla tšoareloa Nigeria e ka bochabela mathoasong a 1950. E ne e tla ba lekhetlo la pele hore ke kopanele lenaneong la kopano, ’me ruri ke ne ke sa batle ho e fosa. Eaba mosebetsing oa ka ke kōpa ho tlelereke e khōlō ea lefapha, ke kōpa matsatsi a mane a phomolo ntle ho patala. Empa a nkhanela. Ka sareloa hoo ke ileng ka felloa ke takatso ea lijo. Ha nka ka ja letšehare leo lohle, nako eo ke e sebelisetsa ho rapela Jehova hore a mphetlele tsela.

Hoseng ka le hlahlamang, ka toba ho mookameli oa lefapha la rōna, le hoja basebeletsi ba tlase ba ne ba haneloa ho etsa joalo. Eare ha ke mo bolella hore ke e mong oa Lipaki tsa Jehova, a re: “Nka be ke tsebile. Ke bone hore na u hlokolosi hakaakang ka mosebetsi oa hao, ’me u nkhopotsa ngoan’eso England eo e leng setho feela sa Lipaki tsa Jehova lapeng leso. Re ’mona e le ‘lehlanya’ kaha o hanne ho kenela sesole le ho loana ntoeng. Empa ke eena feela ka lapeng eo re mo tšepang. Ho hotle ho ba le e mong oa Lipaki tsa Jehova a sebetsa le rōna.”

Joale ka mo phetela takatso ea ka ho ea kopanong le kamoo ke kōpang matsatsi a mane a phomolo ntle ho patala. A re: “Ruri u tla ea kopanong. Empa u hloka ho feta matsatsi a mane ka baka la leeto le amehang. Ke tla u nea beke kaofela. Tlo le ’na.” A nkisa ho tlelereke e khōlō ’me a re: “U tla thabela ho tseba hore re na le e mong oa Lipaki tsa Jehova har’a rōna. Ke batho ba tšepahalang, ba tiileng le ba sebetsang ka matla. Kahoo nea Mong. Olih matsatsi a supileng hore a ee kopanong ea hae, a tla pataloa.”

Nakoana kamorao ho moo ha tla memo ea ho sebeletsa ofising ea lekala ea Watch Tower Bible and Tract Society e Lagos. Mokhatlo ona o sehlopheng se kentsoeng molaong se sebeletsang Lipaki tsa Jehova. Kahoo, ka ’Mesa 1951, ka ba e mong oa litho tsa lelapa la Bethele la Lagos.

Ha a bontša hore o hanyetsa sena, moholoane oa ka a re: “Ha e le mona u rerile ho tlohela mosebetsi oa hao ’me u eo sebeletsa Jehova oa hao, haeba u ka hlaheloa ke eng kapa eng nakong e tlang, u se ke ua khutlela ho ’na, hobane ruri nke ke ka u thusa.” Ka mo tiisetsa hore ke na le tšepo ea hore Jehova o tla ntlhokomela. Hona ruri o ho entse ho theosa le lilemo tse 30 tseo ke bileng tšebeletsong Bethele. Tsena e bile lilemo tsa thabo e khōlō, tse tletseng menyetla le litokelo.

Ho tiisa tumelo ho hetla morao le lilemo le ho bona kamoo Jehova e bileng qhobosheane ea ka le kamoo a ’nileng a mpha seo ke se hlokang. Ke ho e ’ngoe ea likopano tsa rōna ka 1953 moo ke ileng ka kopana le Francisca, khaitseli e monyenyane oa Togo. Kamor’a ho ngollana ka lilemo tse tharo ra nyalana. O ’nile a sebeletsa lehlakoreng la ka ’me, ho sa tsotellehe mathata a bophelo, e bile khothatso e khōlō ho ’na. Tšebeletso ea ka e re tsamaisitse ka bolelele le bophara ba Nigeria. Ke bile le tokelo ea ho bua le bamameli ba bangata likopanong tsa rōna le ho ruta bahlanka ba tsamaeang (balebeli ba setereke le potoloho) likolong tse lokiselitsoeng ho ba koetlisa.

Ke hopola lekhetlo la pele leo ka lona ’na le Francisca re ileng ra ea mose ho maoatle. E ne e le ho ea ba teng kopanong ea lichaba ea London ka 1969. Hoo ka ho nka e le thuso ea ho ea ithuta eo ke e neoang ke phutheho ea Jehova. Ne nka ea London ka eng sa ka, hoja phutheho ea Jehova ea se ke ea mpulela monyetla? Ho tloha nakong eo re bileng likopanong linaheng tse ngata tsa Europe, Amerika le Afrika. Ka 1976 le 1978, e bile thabo e kaakang ho rōna ho phela ka nakoana le lelapa la Bethele la Brooklyn ntlo-kholo ea lefatše ea Watch Tower Bible and Tract Society e New York! Hammoho le litho tse ling tsa komiti ea makala tse tsoang lefatšeng lohle, ke ne ke memetsoe libokeng tse khethehileng le lenaneong la koetliso le neng le tsamaisoa tlas’a Sehloha se Busang sa Lipaki tsa Jehova. Ekaba ke ne ke sa batla eng, haese feela hore ke lule ke tšepahetse ho Molimo oa rōna o lerato, Jehova.

Tsela ea ka ea tšebeletso ha e-ea ba bonolo kamehla. Ke bile le mathata, liteko, ho kula, ’me ka ba likotsing tse ileng tsa nyarosa bophelo ba ka. Tumelo ea ka e lekiloe. Empa hape ke fumane letlotlo la tsebo ea Bokreste le matla a moea, hammoho le thabo e ke keng ea hlalosoa ho sebeletseng Jehova le banab’eso.

Tšepiso ena ea Jesu ke ’nete tabeng ea ka: “Ha ho motho ea ka tlohelang ntlo, kapa banab’abo, leha e le bo-khaitselie, kapa ntat’ae, leha e le ’m’ae, kapa bana, leha e le masimo, ka baka la ka le la Evangeli, ea ke keng a neoa halekholo, joale, mehleng ena, matlo, le banab’abo, le likhaitseli, le bo-’m’ae, le bana, le masimo, hammoho le lihloriso; ’me mehleng e tla tla, a neoe bophelo bo sa feleng.” Maikutlo a ka a tšoana le a mopesaleme, ea itseng: “Ke re ho Jehova: U setšabelo sa ka le qhobosheane ea ka, Molimo oa ka oo ke o tšepang.”—Pes. 91:2; Mar. 10:29, 30.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela