Teboho Bakeng sa Thuso ea Bongaka
Jesu Kreste, Mora oa Molimo, o ile a phekola ka mohlolo ka makhetlo a mangata. Ka lekhetlo le leng a phekola balepera ba 10. Empa ba itšoara joang?
Ngaka Luka oa bolela: “E mong oa bona, eitse ha a fihlela hobane o folile, a khutla le mehlala ea hae, a ntse a rorisa Molimo . . . ’me a itihela maotong a Jesu ka sefahleho, a mo leboha.” Eaba Jesu o phahamisa lipotso tsena tse nahantšang ka matla: “Na ha baa ka ba ntlafala ba le leshome na? Ba robileng mono o le mong ba kae?”—Luka 17:11-18.
Le hoja kajeno Molimo o sa lumelle batho hore ba etse lipheko tsa mohlolo, reee re arabele joang ha re fumana thuso e sebetsang ea bongaka ea ngaka e nang le tsebo? Na re tšoana le balepera ba robileng mono o le mong, kapa a le mong? Ke ho loketseng hore motho a bolele kananelo ea hae haeba, ka baka la khanyetso e theiloeng Bibeleng ea Bokreste ea ho hana ho amohela mali, ngaka e bua ntle ho ho sebelisa mali.—Lik. 15:28, 29.a
Haufinyane monna ea seng a hōlile o ile a sebetsoa ka matla Brooklyn, New York. Kamorao ho moo, a ngola lengolo la kananelo le eang ho lingaka tse ileng tsa mo buoa,’me le leng le ea sepetlele. Ka karolo lengolo le neng le e-na ho sepetlele la re:
‘Benghali,
‘Ho se ho fetile libeke tse ’maloa ke tsoile sepetleleng sa lōna. Ke rata ho le leboha le ho bolela kananelo ea ka bakeng se ho khutlisetsa noka ea ka malulong ka katleho.
‘Ke lilemo li 83. Ke bile e mong oa Lipaki tsa Jehova ka lilemo tse ngata. Ke ne ke hlokomela ka ho tletseng ’nete ea hore lilemo tsa ka le kholiseho ea ka Bibeleng ka thibelo ea ho amohela mali li thatafatsa taba ea ka haholoanyane. Koana, ha rea lebella mehlolo ho lingaka le lipetlele, empa re ananela kutloisiso ea tsona, tšebelisano le qenehelo. Sepetlele sa lōna, basebeletsi ba sona le lingaka Ii fana ka tsena.
‘Ke nahana lintho tse ntle feela tseo nka li buang ka baoki ba lōna. Ke bile seapehi ka lilemo tse ngata ’me ka baka leo ke babatsa le basebeletsi ba lōna ba phehang. Hape nka eketsa hore ho bona batho ba hloekisang ba ntse ba tsamaea le sepetlele ho phaella kholiseho ea mokuli, kaha o tseba hore basebetsi ba hlokomela le tsamaiso e etsa ka ho tšoanang.
‘Lefapha la lōna la thuso ea hore mokuli a tsebe ho sebelisa ’mele oa hae le ile la nkemisa ka maoto, ke pota-pota, ’me ho hang ke ne ke sitoa ho lumela hore na lintho li tsoella hantle hakaakang. Lingaka tse neng li ntšebetsa, e leng, Lingaka Scalafani, le Vitali, ke li hlompha haholo.
‘Thahasello ea lōna ho lelapa la motho ka ho etsa tšebeletso ea mofuta ona e-ea babatseha. Le hoja nke ke ka etsa mosebetsi o tšoanang le oo le u etsang, ke leka ka matla ho thusa batho moeeng. Hona joale ke ikutloa hamolemo haholo ’meleng ho tsoela pele ho bontša lerato bakeng sa bao ke ahisaneng le bona. Sepheo sa ka ke ho ba hopotsa hore na re na le ’Mōpi e Moholo hakaakang Jehova Molimo.
‘Ka tieo, G. P.’
Kananelo e joalo e ema e fapane ka ho hlokomelehang le ho hloka teboho ho atileng kajeno. E bontša hore motho ea e bontšang o nahanela ba bang. ’Me ha Mokreste a bolela teboho bakeng sa thuso ea bongaka, ho ka haha moea o mofuthu bakeng sa nako e tlang ha ngaka kapa basebeletsi ba bongaka ba kopuoa ho sebelisa bohlale ba bona empa ba ntse ba hlonepha boemo ba Bibele ba mali.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona bukana Jehovah’s Witnesses and the Question of Blood, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.