Lentsoe la Molimo Lea Phela
Lebaka la ho Kula le ho Shoa ha Batho
Ha ho ea batlang ho kula, ho tsofala le ho shoa. Empa ke se etsahalang. Ruri Molimo o ne o sa ho rerela hore ho be tjena. Joale ke hobane’ng ha batho ba kula ’me ba shoa? Ntho e ’ngoe e ileng ea etsahala lilemong tse fetileng tse 1 900 ntlong e penyaneng haufi le Leoatle la Galilea e supa karabelo
Jesu Kreste o ne a sa tsoa khutlela motseng oa habo oa Kapernauma. (Mar. 2:1; Matt. 4:13) O ne a se a tsebisahala, haholo ka baka la mohlolo oa hae o babatsehang oa ho phekola motho ea neng a e-na le lepera. (Mar. 1:40-45) Kahoo batho ba hlahang hohle ba tla ho Jesu. Bongata bo boholo ba penyana kamoo ka tlung eo a phelang ho eona, joalokaha u bona.
Ha banna ba bane ba tlisa monna ea shoeleng litho a robetse holim’a moalo, ba sitoa ho kena ka tlung. Empa ha baa ka ba tela. Ba hloella ka holimo ho ntlo. E ne e le ntlo e marulelo a paqameng, eaba ba phunya lesoba le leholo. Eaba ba mo theolela ka tlung ka moalo oo monna ea shoeleng litho a robetseng ho oona. Ruri tumelo ea bona e ne e le ngata hore Jesu a ka thusa monna enoa.
Ha Jesu a bona tumelo eo ba nang le eona, a re ho monna ea kulang: U tšoaretsoe libe tsa hao.” Hona ho bontša hore kamano e teng pakeng tsa ho kula le sebe. Ho nahane. Ha motho oa pele, Adama, a sitoa ka ho tlōla molao oa Molimo, kotlo e bile ho se phethahale le lefu. (Gen. 2:17; 3:19) Hoba a etse sebe, Adama a ba le bana. Kahoo a fetisetsa ho bona ho se phethahale le lefu. Ke lona lebaka leo ka lona batho ba tsofalang, ba kulang le ho shoa. Re na le sebe seo re se futsitseng le lefu ho Adama kaofela ha rōna.—Jobo 14:4; Ba-Roma 5:12.
Empa na Jesu a ka hla a tšoarela libe? Ba bang ho batho bao ba neng ba bokane ntlong Kapernauma ba ne ba nahana hore ha ho joalo. Eaba Jesu o re ho bona: “Na ha e le hore ho ea omeletseng litho: U tšoaretsoe libe tsa hao, e le ho re: Ema, nka liphate tsa hao, u tsamaee, ho bonolo ke hofe na?” Ka ho rialo Jesu a bolella monna hore a nke moalo oa hae ’me a ikele lapeng la hae. Monna a etsa joalo! A folile ka ho phethahetseng!—Mar. 2:2-12.
Nahana hore na matla ana a Jesu a ka bolela eng ho rōna! Tlas’a puso ea ’muso oa Molimo, Kreste o tla ba le hona ho tšoarela libe tsa batho bohle ba ratang le ho sebeletsa Molimo. Hona ho bolela hore mahloko ’ohle le mahlaba le ho kula li tla tlosoa. Ha ho lea mong ea tla tlameha hore a boele a tsofale le ho shoa. Ke tebello e babatsehang hakaakang bakeng sa nako e tlang!—Tšen. 21:3, 4.