Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 3/1 maq. 30-31
  • Na u sa Hopola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na u sa Hopola?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na u sa Hopola?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Na u sa Hopola?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Na u sa Hopola?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Na u sa Hopola?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 3/1 maq. 30-31

Na u sa Hopola?

Na u ile ua thabela ho bala litokollo tse ngata tse fetileng tsa Molula-Qhooa? Bona hore na ebe u ka hopola lintlha tsena tse latelang:

◼ Mak’hatholike le Maprostanta a baloang ka limillione a amohiloe tšepo ea lilemo tse sekete ka ho tšoanang joang?

Ka ho kenella ho silafatsang ha thuto ea Magerike ea hore moea ha o shoe, Bakreste ba koenehileng ba tlosa “paradeise” lefatšeng ba e isa leholimong kahoo ba tlohela tšepo ea Bibele ea lilemo tse sekete. Bokoenehi bona boo ba etsahala har’a Bajode pele ho Mehla e Tloaelehileng ea rōna. Ba nkela tšepo ea bona ea tsoho sebaka ka monahano oa Magerike oa moea o sa shoeng.—wSU 10/1/81, Leq. 10.

◼ Mathata bophelong ba Mokreste ho ka etsahala joang hore e be khothatso ho eena?

Ha Mokreste a thulana le mathata a letsatsi le letsatsi a kang ho theoha ha matla a chelete, tšilafalo le ho kula ’me a sebelisa keletso ea Bibele eo ho seng e kang eona, o bona hantle hore na ke e hlileng e sebetsang hakaakang. Hona ke mohloli oa khothatso e khōlō ho eena ’me ho mo ruta hore kamehla a tšepe bohlale ba Jehova ho e-na le ba hae. (Pes. 119:105)—wSU 10/15/81, Leq. 8.

◼ Mosebetsi oa ntlo le ntlo ke tlhohonolofatso e tsoang ho Jehova joang?

Ho ipha sebaka motho a bolela ka ntlo le ntlo ho sebeletsa e le tšireletso ho paki ea Mokreste ea Jehova ho lekoa ke lefatše. (1 Joh. 2:15, 16) Ka ho kopanela mosebetsing ona o etsetsa ba bang molemo ’me o ithuta ho qenehela haholoanyane le ho ipea sebakeng sa motho e mong. Ka linako tsohle o ipeela matlotlo leholimong, a fetola Jehova Molimo le Kreste Jesu metsoalle ea hae. (Matt. 6:19-21; Luka 16:9) O hlaolela boikokobetso.—wSU 11/1/81, Leq. 16.

◼ Ke lipotso life tsa botho tse ka lekang tumelo ea rōna pusong ea ’Muso oa Molimo?

Lefatše lee re le talima joang? Na re ipona re le ‘basele’ le “bajaki” ho lona? Na ba bang moo re phelang ba re bona re fapane? Na re ee re ipone re se re le bafo ba kamoso ba puso ea Molimo? Na re o buella ka botšepehi ho ba bang?—wSU 11/1/81, Maq. 17, 27.

◼ Ke hobane’ng ha e le bohlale ho inyenyefatsa?

Bibele e bontša hore tsela e joalo e bohlale e bulela kamano e ntle le Jehova Molimo, Bakreste hammoho le rōna le litho tsa malapa a rōna. Ho feta moo, ho etelletsa ba bang pele hoa re thabisa bophelong. (Lik. 20:35)—wSU 11/15/81, Leq. 25.

◼ Ho fapana le ba bangata, ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li sa ka tsa felloa ke tumelo ha li le likampong tsa mahloriso?

Ho tšepa ha bona Jehova ka ho feletseng le Lentsoe la hae ha ba nea seo ba ka se phelelang letsatsi le leng le le leng. Ha ba thusa hore ba tsitse kelellong le boitšoarong, kahoo ho ba thibela hore bophelo ba bona bo ka senngoa ke ho tšoenyeha le hore matla a bona a monngoe ke ho tsieleha.—wSU 12/1/81, Leq. 12.

◼ Molimo o ka ba le sebaka joang lenyalong la hao?

Lekunutu ke hore molekane e mong le e mong a be le kamano ea botho le Molimo, a bonahatse litšobotsi tsa Molimo tse kang mosa, ho tšoarela le tiisetso.—wSU 12/15/81, Maq. 13-15.

◼ Ke hobane’ng ha moprofeta Mikea e ne e le mohlala o motle bakeng sa Lipaki tsa Jehova kajeno?

Mikea o ne a sa fokole moeeng. O ne a tletse matla a moea, sebe a se bona hore ke sebe. Lebitso la hae, le bolelang hore “Ke mang ea kang Jah?” le ne le lumellana le molaetsa oa hae o phephetsang oa kahlolo khahlanong le melimo eohle ea bohata. (Mik. 3:8)—wSU 1/1/82, Leq. 11-13.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela