Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 10/15 leq. 28
  • Na u sa Hopola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na u sa Hopola?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na u sa Hopola?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Na u sa Hopola?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Na u sa Hopola?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Na u sa Hopola?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 10/15 leq. 28

Na u sa Hopola?

Ke joang u thabetseng ho bala limakasine tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa? Mohlomong u tla hopola lintlha tse ling tseo ho buisanoeng ka tsona:

□ Ke hobane’ng ha Mokreste a tlameha ho tšepahala?

Hobane botšepehi bo bontša lerato ho Molimo le ho moahisani oa hao. Ho tšepahala ho u tlisetsa kamohelo ea Jehova, ho hōlisa kamano ea hao le baahelani ba hao le ho u nea letsoalo le letle. Botšepehi bo hlokahala haholo taolong e ncha ea Molimo. (Ba-Kolosse 3:9; Tšenolo 21:8)—8/1, maq. 4, 5.

□ Evangeli ea Mareka e fana ka moelelo ofe tabeng ea bophelo le botho ba Jesu?

Ha Mareka a ngola tlaleho ea mesebetsi ea Jesu o fana ka boikutlo ba ho potlaka. Empa hape o hlalosa liketsahalo tsa boboleli ba hae le mehlolo ea pholiso, hape o hlalosa Jesu e le motho ea nang le kutloisiso le kutloelo-bohloko. (Mareka 10:13-16)—8/1, maq. 27-30

□ Lipesaleme e ka ba matšeliso a maholo joang ho bahlanka bohle ba Molimo?

Ho sa tsotellehe hore mohlanka oa Jehova o boemong bofe, a ka sebelisa mehopolo e bululetsoeng ea Lipesaleme tse ling ha a ntse a rapela hore a fumane thuso le tataiso. Ho etsa joalo ho ka mo nea matšeliso a maholo le khothatso. 4/1, leq. 16.

□ Ke litšobotsi life tse kholo bukeng ea Luka?

Luka o hlalosa mehlolo ea Jesu le liketsahalo tse ling, empa o ngola tsena ka leihlo la bongaka, o sebelisa lipolelo tse ngata tsa bongaka. O bontša thahasello lithapelong tsa Jesu. ‘Litaba tse molemo’ tseo a Ii ngolileng li ngoletsoe batho bohle; ka baka leo Evangeli ea hae e ipiletsa ho batho lefatšeng lohle.—4/15, maq. 12-15.

□ Ho bolela eng ho ba moahelani ea molemo?

Moahelani ea molemo o lokela ho nahanela, a utloisise boemo ba batho ba bang le ho ba le kameho ea botsoalle ho batho bohle, haholo ha a bona motho e mong a hloka. (Luka 10:29-37) Empa, moahelani ea joalo a be bohlale le ho lekanyetsa lintho hore a se tloaelane haholo le batho hoo a qetellang a seba ka ba bang. (1 Timothea 5:13)—9/1, maq. 3-8.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela