Na u Tla Mamela Molimo?
‘Empa kannete Bibele e bile teng ka nako e telele, ’me lefatše le boemong bo bobe ho feta leha e le neng pele!’ Hona ke ’nete e ke keng ea latoloa, ’me lebaka ke hore batho ha baa ka ba mamela ha Molimo o ntse o bua. Hobane’ng?
Mabakeng a mang, ha ba thahaselle ho hang. Qeto e tsoa etsoa haufinyane ke ba latolang matla a phahametseng botho e re: ‘[Re] latola maikutlo a hore Molimo o kenelletse ka mohlolo paleng kapa o itšenoletse ba seng bakae, kapa hore o ka pholosa le ho boloka baetsalibe.’ Ha e le hantle, Molimo o-oa bua kajeno, e seng ho “bakhethoa” ba seng bakae feela, empa ho bohle ba tla mamela. “Molimo . . . o bolella batho bohle, naheng tsohle, hore ba bake.” (Lik. 17:30) Leha ho le joalo, mang kapa mang ea latolang maikutlo a hore Molimo oa bua ka ho totobetseng a ke ke a mo mamela. Bokamoso ba ba joalo bo tlameha ho bonahala bo le lefifi haholo.
Ke ’nete, baeta-pele ba bangata ba lefatše ba ’nile ba ipolela hore ba lumela ho Molimo. Empa ha baa thusa ho ntlafatsa lintho haholo. Ho joalo hobane’ng? Haholo-holo hobane, joalokaha mohlalefi oa Lefora Voltaire a kile a bolela, “Boholo ba banna ba baholo ba lefatše lena ba phela joalokaha eka ha ba lumele hore Molimo o teng.” Boipolelo ba bona hore ba rapela Molimo ha boa ba thibela ho bolaea ka sehlōhō, lintoa tse matla, likhatello, litlhokofatso le bolotsana tseo e bileng litšobotsi tse tsoelang pele tsa pale. Ka ho totobetseng, ha Molimo o bua, le bona ha baa ka ba mamela.
BA BANG BA UTLOA EMPA HA BA MAMELE
‘Na ke ’nete hore, leha ho le joalo, litumelo tse ngata li sebelisa Bibele litšebeletsong tsa tsona, ’me batho ba utloa mantsoe a eona Sontaha se seng le seng?’ Hona ho nepahetse. Empa le hoja ba utloa, na ba hlile baa mamela, ke hore, ba ele hloko seo ba se utloang?
Ka mohlala, likereke tse ngata li sebelisa thapelo ea “Ntat’a Rōna” (kapa, “Thapelo ea Morena”) litšebeletsong tsa tsona tsa Sontaha. Thapelo ena ke karolo ea Bibele. Phetolelong e ’ngoe ea K’hatholike, mantsoe a thapelo a pele ke hore, “Ntat’a rōna ea leng maholimong. Lebitso la hao le halaletsoe. ’Muso oa hao o tle. Thato ea hao e etsoe lefatšeng joalokaha e le joalo leholimong.”—Matt. 6:9, 10, Douay.
Thato ea Molimo e lokelang ho etsoa lefatšeng ke efe? Karolo ea eona e boleloa tšepisong ena: “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.” (Pes. 37:11) Khotso e joalo, ho ea ka thapelo ea “Ntat’a Rōna,” e tla tlisoa ke ’muso oa Molimo, puso ea oona.
Kahoo e bile ho thahasellisang khale ka 1965, kamorao ho hore Mopapa Paul VI a etele Machaba a Kopaneng, ho bala likoranteng hore o itse: “Batho ba lichaba ba retelehela ho Machaba a Kopaneng e le tšepo ea ho qetela ea tumellano le khotso.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna) Polelo ena ntle ho pelaelo ea thusa litho tsa Machaba a Kopaneng ho ikutloa hore mosebetsi oa tsona ke oa bohlokoa le o tšoanelehang. Empa haeba e ne e le tšepo ea ho qetela ea khotso, ’muso oa Molimo oona? Mopapa Paul VI ka ho totobetseng o ne a sa mamela ka ’nete mantsoe a thapelo ea “Ntat’a Rōna.”
Ho na le mehlala e meng e mengata e bontšang hore, leha batho ba utloa ho baloa Bibele, hona ho bona hangata ke tloaelo, ’me ba sitoa ho ela hloko le ho utloisisa se boleloang.
HO MAMELA LE HO HLONEPHA
“Ho mamela,” hape ho bolela “ho nahana ka botebo.” Ba bangata kajeno ba utloisisa ka botlalo se boleloang ke Molimo litabeng tse itseng, empa ha ba nke mantsoe a oona ka botebo. Ba latela maikutlo a bona. Ka baka leo, ha ba mamele ha Molimo a bua.
Mohlala oa sena ke taba ea boitšoaro. Molimo o fana ka tekanyetso e hlakileng ea boitšoaro. O re: “Ha e le ba litšila, ha e le ba rapelang litšoantšo, ha e le babōki le bafebi, leha e le basodoma, . . . ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo.”—1 Ba-Kor. 6:9, 10.
Ba mehleng ea kajeno, ho akarelletsa baeta-pele ba bangata ba bolumeli, ba hana tekanyetso ena. Ba re e fetiloe ke linako ’me ba khothalletsa bophelo bo ‘lokolohileng’ haholoanyane. Phello ke efe? Seoa sa kemaro ea bacha, ho ntšoa ha limpa, maloetse a litšila, tlhalano, le ho ferekana maikutlong.
Hona ha hoa lokela ho re makatsa. “Molimo ha o songoe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.” (Ba-Gal. 6:7) Melao ea Molimo ea boitšoaro, ho tšoana le melao ea hae ea bokahohle, e molemong oa ho re sireletsa le ho re tsoela molemo. Ho jala ho nyelisa Molimo ka ho tiileng ho tla hlahisa litholoana tse mpe. Ho hanana le litekanyetso tsa Molimo ho tšoana le ho hanana le molao o tsitsisang lintho fatše. Ho sa tsotellehe hore na maikutlo a rōna a botho ke afe, re li tlōla ka hore re ipeee kotsing e le rōna.
HA MOLIMO O BUA, NA HO NALE BA MAMELANG?
“Joale, he,” u ka botsa, ‘ha balumeli ba bangata hakana le baeta-pele ba lefatše ba sa mamele ha Molimo o bua, na ho na le ea mamelang?’ E, ba bang baa mamela. Jesu o kile a bolela ka lekhetlo le leng: “E mong le e mong eo e leng oa ’nete o utloa lentsoe la ka.” Kaha o ile a hlalosa hore sohle seo a se buang ha e le hantle se tsoa ho Molimo, ho mamela Jesu ho tšoana le ho mamela Molimo. Kahoo, “e mong eo e leng oa ’nete” o fela a mamela Molimo.—Joh. 18:37; 7:16, 17.
’Me bana ba etsa ho fetang ho mamela feela. Ba ea ’me ba thusa ba bang ho mamela, le bona. Jesu o ba laetse: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse . . . le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matt. 28:19, 20) Na ho na le ba etsang joalo kajeno?
Potso ena e ne e le kelellong ea moroetsana e mong lilemong tse fetileng. O ne a nyahame ke pherekano le khanyetsano ea litumelo tseo a neng a li tseba, ’me a fetohile ea sa tsebeng hantle hore na Molimo o teng kapa che. Ho se tsebeng ha hae, o ne a batla tšoaneleho eo Jesu a itseng e tla khetholla ‘bao e leng ba ’nete’: “Le tla ba tseba ka ho bea ha bona.” Kaha o ne a sa tsebe ka sehlopha se seng sa bolumeli se beang seo ka ho hlokomelehang e neng e le litholoana tsa bomolimo, a ikutloa hore Molimo ha o bue kajeno.—Matt. 7:16.
Ka lekhetlo le leng, ho khahlisa motsoaIle, moroetsana a etela sehlopha sa bolumeli seo a neng a e-so ho kopanele le sona le pele. Kaha e ne e le ba botsoalle, a botsa e mong potso, hore a bone hore na ho tla etsahala joang. A makala ha eo a mo arabela ka ho toba ka Bibele. Joale a ea ho setho se seng sa sehlopha, ’me a botsa potso eona eo. Ho makaleng ha hae, eo a phetla Bibele ’me a arabela ka karabelo eona eane. A pheta hape, ’me a fumana hore, bolumeling, batho bana ba kopane, ha baa ferekana.
Hona ha khahla moroetsana. Ho se tsebeng ha hae, o ne a oetse tšobotsing e ’ngoe ea batho ‘bao e leng ba ’nete’: ba loanela ho ‘phetheha boikutlong bo le bong le khopolong.’ (1 Ba-Kor. 1:10) Ba hlokomela hore ‘Lengolo lohle le bulutsoe ke moea oa Molimo.’ Kahoo, baa ithuta, baa ruta, e seng maikutlo a batho empa se boleloang ke Molimo ka Bibeleng.—2 Tim. 3:16.
Moroetsana a tsoela ho ba lekhonono ha hae ka hore na Molimo o teng kapa che butle-butle. A thabela ho mamela ha Molimo o bua. ’Me ka thabo a kopanela le ‘bao e leng ba ’nete’ ba tsoang le ho ea balla ba bang Bibele, kahoo ba thusa ba bangata kamoo ho ka etsahalang hore ba mamele ha Molimo o bua. Qetellong, ea e-ba setho se mafolo-folo sa phutheho eo ea Lipaki tsa Jehova.
SE BOLELOANG KE MOLIMO
Na u ka ‘lehlakoreng la ’nete’? Joale u tla batla ho mamela, u mamele ka ’nete, ka kutloisiso ea ho ela hloko le ho tebisa pelong se boleloang ke Molimo. Ho etsa joalo ho tla u kenya ho ba fokolang ka palo, kaha batho ba bangata kajeno ha ba mamele Molimo. Ka masoabi, ho tšoana le Baiseraele ba boholo-holo, ‘ba hlokomolohile tsela ea Jehova.’—Jer. 5:4, NW.
Leha ho le joalo, ke bohlale ho mamela bohlale ba Molimo. “Empa ha e le ea nkutloang [bohlale ba ’nete], eena o tla ikahela ka khotso, a se na ho tšoha kotsi.” (Liprov. 1:20-33) Kajeno, ba mamelang Molimo ba tataisoa hore ba qobe likotsi tse tlisoang ke ho phela lefatšeng lena le sa phethahalang. Kahoo ba qoba tlokotsi e sa hlokahaleng. ’Me kapele, ha ba ipaka ba tšepahetse, ba tla phela lefatšeng leo ho lona ‘kotsi’ e ke keng ea hlola e etsahala. Ka nako eo, “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko.”—Tšen. 21:4.
Ke lona lefatše leo Molimo o tla le lokisetsa ‘bao e leng ba ’nete.’ Na u rata ho ba karolo ea lona? Joale itloaetse hore u mamele ha Molimo o bua. Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa hore u etse joalo.
[Lebokose le leqepheng la 7]
Melemo ea ho mamela ha Molimo o bua
● Tšepo ea lefatše la paradeise
● Kholiseho ka nako e tlang
● Bophelo bo thabileng ba lelapa hona joale
● Ho thabela khotso
● Kopano ea borapeli ba ’nete
● Tumelo ’musong oa Molimo ka Kreste