Lentsoe la Molimo Lea Phela
Hlokomela Lerato le Theiloeng Takatsong Feela
MOLIMO O MATLA ’OHLE oa bea ho monna le mosali khoheli e hlollang e mong ho e mong. Empa ha khoheli ena e sa laoloe, hangata ho hlaha mahlomola a sebele. Hona ho bontšoa tabeng ea Amnone, mora oa Morena Davida.
Amnone a rata khaitseliee ka malapa ea motle Tamare haholo. Boikutlo ba hae bo ne bo le matla hoo a ileng a kulisoa ke lerato. Empa a ikutloa a tepeletse hobane o ne a ke ke a atamela Tamare. Eare ha motsoala oa Amnone Jonadabe a tseba taba ena hore na Amnone o rata Tamare hakae, a re ho eena: “U iketse ea kulang, ’me ntat’ao, ha a tla u bona, e-re ho eena: Ha ho tle Tamare, khaitseli ea ka, ’me a mphepe, a mphehele lijo pel’a mahlo a ka.”
Davida a hla a phethisa kamoo Amnone a kōpileng. Tamare a tla ’me, kamoo u bonang, a lokisetsa Amnone lijo. Leha ho le joalo, eare ha a li isa ho eena, Amnone a hana ho ja. A re: “E mong le e mong a ke a tsoe mona ho ’na.” Mohlomong batho ba ka tlung ba ile ba nahana hore Amnone o ikutloa a kula hoo a sa batleng ho ba har’a batho, ’me ba tsoa kaofela ntle ho Tamare.
Joale Amnone a re: “Tlisa lijo phaposing e ka hare, ke tle ke li je liatleng tsa hao.” Ha a etsa joalo, Amnone a mo tšoara, ’me a re: “Tlo, khaitseli ea ka, u robale le ’na.” Empa Tamare a leka ho baleha. Leha ho le joalo, Amnone o ne a mo feta ka matla, ’me a mo qobella. Joale ha etsahala joang? Na hona ho ile ha tiisa lerato la Amnone ho Tamare?
Che, phello e bile e fapaneng le moo. Amnone joale a hloea Tamare ho feta kamoo a neng a mo rata kateng. Eaba o re ho eena: “Tloha, u ikele.” Eare ha a hana ho tsamaea, a bitsa mohlanka oa hae ’me a re ho eena: “Lelekela mosali eo ntle, a tlohe pel’a ka, u mo koalle lemati.” Empa taba ha e ka ea fella moo.
Tamare a hahola kobo ea hae, a itlotsa ka molora hloohong, ’me a tsoa a lla. Eare ha eo e leng khaitseli ea hae hantle a mo bona, Absalome, a tseba hore na Amnone o entse’ng. Hona ha etsa hore Absalome a hloee Amnone, ’me a emela nako ea ho lefetsa Amnone seo a se entseng Tamare ka ho mo hobosa.
Lilemo tse peli hamorao Absalome a memela bara bohle ba Morena Davida moketeng. Empa Absalome a bolella bahlanka ba hae: “Ha Amnone a se a noele haholo, le mo bolaee.” Ba fela ba ho etsa ka taelo ea Absalome. Kamorao ho moo Absalome a baleha ka har’a naha. Kahoo, na u bona hore na ke khathatso e ngata hakaakang eo Amnone a ileng a e baka ka baka la ho se laole takatso ea hae bakeng sa Tamare ea motle?—2 Sam. 13:1-38.
Khoheli e babatsehang pakeng tsa ba batona le ba batšehali ruri ke lehlohonolo, le tlatsetsang leferehong le thabileng le lenyalong. Empa, ha litakatso tsa botona le botšehali li sa laoloe, bana ba matšeo, ho ntšoa ha limpa, le mafu a litšila, re se re sa bue ka likhathatso tse ling, li hlaha hangata. Na u tla fumana molemo litlalehong tsa Bibele tse kang ena ka ho batla thuso ea Molimo ho laola takatso?—Ba-Gal. 5:22, 23; Ba-Kol. 3:8; 1 Ba-Thess. 4:3-7.