Ho Khahlisa Jehova le le Lelapa
“Basali, ikokobetseng ka tlase ho banna ba lōna, . . . Banna, ratang basali ba lōna, . . . Bana, utloang batsoali ba lōna nthong tsohle; hobane ke taba e khahlisang Morena.”—Ba-Kol. 3:18-20.
1. Tlhokahalo e ka sehloohong hore lelapa le khahlise Jehova ke efe, empa ke tšitiso efe e talingoang?
TLHOKAHALO e ka sehloohong ea lelapa la Bokreste le lakatsang ho khahlisa ’Mopi ke hore le utloe bohlooho bo beiloeng ka nepo. U talima bohlooho joang? Ho bala limakasine, ho shebella litaba tsa thelevishene kapa ho mamela sea-le-moea ka litlaleho tsa sona ho fana ka bopaki bo bongata hore lefatšeng lohle ba boholong ha ba natsoe. Boikutlo bona bo ka susumetsa monahano oa motho habonolo. Tekanyetsong ea lelapa ho ka baka matšoenyeho a maholo haeba tsela eo motho a talimang ho utloa ba boholong ka eona e bōptjoa ka liketsahalo tse etsahalang ho mo potoloha tsatsi le leng le le leng.
2-4. Ke lipotso life tse talimanang le malapa tabeng ea ho hlokomela bohlooho?
2 Haeba u monna u bile u ntate, u talima ho sebelisa ha hao bohlooho ka lapeng ka mokhoa ofe? Na ke boikutlo ba hao hore hlooho ea lelapa, monna, ke eena feela ea lokelang ho bua litabeng tse amanang le lelapa, le hore ke tokelo ea hao ho busa ba ntlo ea hao? Kapa, na e ka ba ho khahlisang haholo ho uena ho lumella mosali oa hao ka bohlooho e le hore u ka boloka khotso tikolohong ea lelapa?
3 Haeba u mosali u bile u ’mè, na u tenehile feela tlas’a bohlooho bo sebelisoang ke monna oa hao? Na u fumana ho le thata ho amohela tsela eo monna oa hao a sebelisang bohlooho ka eona ka lapeng? Na u iphumana u le lerabele, u batla ho lokoloha bohloohong bo joalo?
4 Haeba u ngoanana kapa moshemane, u nka bohlooho ba batsoali ba hao joang, leha e le ntate oa hao, mè oa hao kapa moholisi? Na u iphumana ka boithatelo u ikokobeletsa litaelo tsa bona? Kapa na u loantša bohlooho ba bona? Na u batla bolokolohi le ho itaola u tsoa bohloohong ba bona?
5. Ke likamano life tse angoang ke hore na motho o talima bohlooho joang?
5 Tsela eo motho a talimang bohlooho ka eona le ho ikokobeletsa bona e na le phello e tebileng le ea ka ho sa feleng kamanong ea hae le ’Mōpi Jehova, le ba bang, lefatšeng la tsatsi le leng le le leng leo re phelang ho lona le kamanong ea lelapa. Kahoo, ho hotle ho tseba hore na ba ipolelang hore ke Bakreste kajeno ba lokela ho itšoara joang ka bohlooho, haholo kamoo bo amanang le tokisetso ea lelapa. Re lokela ho rata ho khahlisa ’Mopi re le lelapa.
Tokisetso ea Lelapa
6, 7. Jehova a laela banyalani ba pele ba batho eng, ’me a rerela mosali karolo efe?
6 Ntho ea pele, Jehova Molimo, ’Mōpi oa rōna, ke Eena ea theileng lelapa. Le qalile Edeneng ka taelo ea Molimo ho monna oa pele le mosali hore “ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng, le rene holim’a lona.” (Gen. 1:28) Ho tla fihlela kajeno lelapa le ntse le nka karolo ea bohlokoa haholo ho sebetsahaleng ha morero oa Jehova ka lefatše.—Ba-Ef. 3:14, 15.
7 Re bolelloa hore, tokisetsong ea lelapa la pele e entsoeng ke Molimo, mosali o ne a etselitsoe hore e be motlatsi oa monna, e se ’mōpuoa ea tlase leha ho le joalo. Ho e-na le hoo, mosali o ne a bōpetsoe hore a phethe karolo ea ho tšehetsa joaloka mothusi oa monna oa hae. (Gen. 2:18, NW) Ba ne ba lokela ho etsa bana hammoho le ho thea lelapa.
Karolo ea Monna le Mosali
8. (a) Bohlooho bo ne bo lokela ho sebelisoa joang? (b) Monna o ne a lokela ho talima mosali oa hae joang?
8 Hore lelapa le khahlise ho ’Mōpi, hoa hlokahala hore ho be le taolo le tsamaiso. Banyalani ba babeli ba pele ba batho ba bolelloa hore ba “buse lihlapi tsa leoatle, le tse rurang tsa maholimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatšeng.” (Gen. 1:28) Monna, Adama, ke sona sebopuoa sa pele sa motho sa Molimo. Kaha Jehova Molimo ke Molimo o matla ’ohle le ’Mōpi, o na le tokelo ea ho bolela hore na bohlooho bo ka sebelisoa joang lefatšeng. Molimo oa rera hore bohlooho bo tla phalla bo tloha ho monna bo ea ho mosali joale le ho bana ba bona. (1 Ba-Kor. 11:3) Ka tlaleho ea Bibele ho totobetse hore bohlooho bona bo ne bo sa tlo sebelisoa ka mokhoa o hatellang kapa oa bompoli. Hlokomela polelo ea Adama ha a bona ka lekhetlo la pele motlatsi eo Molimo o neng o mo etselitse eena: “Joale enoa ke lesapo la masapo a ka, ke nama ea nama ea ka.” (Gen. 2:23) Polelo e monate-nate ena ha e fane ka bopaki leha e le bofe hore Adama e ne e tla ba ’m’ampoli holim’a ea tlase. A bolela hore mosali eo a mo neoang ke ‘lesapo la masapo a hae le nama ea nama ea hae,’ ntho e ’ngoe e ka hlokomeloang le ho baballoa joaloka ’mele oa hae. Makholo a mangata a lilemo hamorao, moapostola Pauluse a ngolla Bakreste, a fana ka tsamaiso ea hore na monna a rate le ho hlokomela mosali oa hae joang. A re: “Ke ka mokhoa o joalo le bona ba tšoanetseng ho rata basali ba bona joale ka ’mele ea bona. Ea ratang mosali oa hae, eba oa ithata. Hobane ha ho e-so ho be motho ea kileng a hloea nama ea hae le ka mohla o le mong; empa o ee a e fepe, a e baballe.”—Ba-Ef. 5:28, 29.
9. (a) Mosali o lokela ho ba le boikutlo bofe ho monna oa hae? (b) Batsoali ka bobeli ba lokela ho sebetsa kholiso ea bana joang ka lapeng?
9 Jehova o rerile hore monna e be hlooho ea mosali. (Ba-Ef. 5:23, 24) Mosali, e le motlatsi oa monna, o ne a tlameha ho tšoaroa ka hlompheho le lerato, e le hore le eena a ka ‘hlompha ka botebo’ monna oa hae ’me ka boithatelo a ‘ikokobeletsa’ eena. (Ba-Ef. 5:33; 1 Pet. 3:1) Ba babeli, ba sebetsa hammoho, ba ne ba tla hlahisa bana, ba fetisetsa ho bona ka polelo le ka mohlala se khahlisang Jehova e le hore tokisetso ea lelapa e ka hlohonolofala. Joalokaha Molimo o ile oa bontša hamorao, ha ba sebelisa bohlooho holim’a bana ba bona ntate le ’mè ba lokela hore ba se ke ba ba khopisa. Ho e-na le hoo, bana ba lokela ho hōlisoa le ho lauoa ka kelello e laoloang ke Jehova. Ba tlameha ho neoa taeo le khalemelo ea Bokreste. (Ba-Ef. 6:4; bapisa Liproverbia 1:8, 9.) Hape batsoali ba biletsoa hore ba sebelise thupa ea khalemelo ha ho hlokahala. (Liprov. 13:24: 29:15) Le hoja ka bokhutšoanyane re amme boikarabelo ba monna le mosali, ho hlakile hore tokisetso ea Jehova ke hore, ka lapeng, bohlooho bo lokela ho sebelisoa ka lerato le ka toka.
Boikarabelo ba Bana
10. Ka baka la takatso ea ho ipusa, bacha ba bangata ba itšoara joang, ’me morero oa boitsebiso bo latelang ke ofe?
10 Mecha ea litaba le mehloli e meng mehleng ea rōna li tlatsitse lipelo tsa batho ka takatso ea ho ipusa. Bacha ba bangata ba fetohela taolo efe kapa efe bophelong ba bona e etsoang ke batsoali ba bona kapa leha e le bafe ba boholong. Le hoja e le ’nete hore ntate le ’mè ba na le boikarabelo bo bongata ho sebeliseng bohlooho ka nepo ka lapeng, bana, le bona, ba na le boikarabelo. Ke ka baka la bohlokoa ba malapa a matla le a phelang hantle moeeng a khahlisang Jehova re tlang ho nahana ka mathata a mang a amanang le bana, hammoho le ho ananela bohlooho le boikokobetso bo tšoanelehang ho bona ka lehlakoreng la bona.
11. (a) Ho “hlonepha ntat’ao le ’m’ao” ho bolela eng? (Liprov. 1:8, 9; 4:1-3) (b) Ngoana o lokela ho itšoara joang leha a nahana hore ho khathatsanoa le litokelo tsa hae e le motho ka mong? (Liprov. 3:11, 12)
11 “Hlonepha ntat’ao le ’m’ao”: Moapostola Pauluse ha a ne a bua ka sena, oa bohlano ho Melao e Leshome, o itse ke “molao oa pele o nang le pallo,” e leng, “u tle u be le lehlohonolo, ’me u phele halelele lefatšeng.” (Ex. 20:12; Ba-Ef. 6:2, 3) Ngoana ea ipolelang hore ke Mokreste o tlamehile ho utloa molao oa ho hlonepha ntat’ae le ’m’ae. Ngoana o hlonepha le ho bontša ho tlotla batsoali joang? Ruri ngoana eo o lokela ho bontša hore o rata batsoali ba hae le ho ananela boiteko boo ba bo etsang ho mo hlokomela le ho koetlisa ngoana ea joalo. Bana ba lokela ho ithuta ho hlonepha kahlolo le liqeto tsa batsoali ba bona. (Liprov. 22:15) Le haeba bana ba nahana hore ho kenakenanoa le litokelo tsa bona tsa botho, ba tlameha ho hlonepha ‘batsoali ba bona Moreneng.’ (Ba-Ef. 6:1) Haeba bana ba tla ‘phela halelele lefatšeng’ le ho amoheloa ke Jehova bakeng sa bophelo nakong e tlang, ba tlameha ho hlonepha batsoali ba bona.
12. (a) Ke bohlooho bofe ba batsoali ba motho kapa moholisi bo lokelang ho eloa hloko ho khahlisa Jehova? (b) Lithaka tsa motho ka linako tse ling li talima ho boloka ha motho boitšoaro bo hloekileng joang? (Liprov. 1:10-16)
12 Ho hlokomela bohlooho: Ho amanang haufi le ho hlompha batsoali ba motho ke ho hlokomela bohlooho, tokelo ea batsoali ho bea meeli eitseng le ho rera hore na bana ba bona ba ka etsa eng ba se ke ba etsa eng. Hangata ho ikokobeletsa bohlooho ho thata haholo ho bana ’me ho ka baka likhohlano tse ngata ka lapeng. Joalokaha ho boletsoe pelenyana, mecha ea litaba le mehloli e meng e atisa ho fana ka boitsebiso bo nyefolang bohlooho ba batsoali, li khothalletsa bana ho batla bolokolohi bohloohong ba batsoali. Taba e ka suptjoang ke boikutlo bo nkoang ka bootsoa. Boemo bona bo tsoetse pele hoo hangata bahlankana le baroetsana ba ipolelang hore ha ba s’o kopanele likamano tsa botona le botšehali thaka tsa bona li nkang hore baa kula. Batho ba joalo ba nka ba itšoarelletseng melaong e phahameng ea Bibele ea boitšoaro ba haelloa ke ho hong, ba sa khahlehe, “ba salletse morao” kamoo bao ba ipitsang metsoalle ea bona ba amehang.—Bona 1 Petrose 4:4.
13. Ka linako tse ling, melao e meng ea motho e sebeletsa e le khothalletso ea bobe joang?
13 Melao e meng ea ’muso e hlile e sebeletsa e le khothatso hore baroetsana ba kopanele boitšoarong bo hlephileng ka ho lokisetsa ho ntšoa ha limpa ntle ho tumello ea batsoali. Ngoanana e mong ea lilemo li 15 o supa hore ngaka e hanne ho mo phunya litsebe ntle ho tumello ea batsoali empa hore Lekhotla le Phahameng la United States le entse molao oa hore ngoanana ea tlase lilemong a ka ntša mpa ntle ho tumello ea batsoali ba hae. Haufinyane ngaka e ’ngoe, e ngola ho Journal of the American Medical Association ka boiteko ba ho atolosa phatlalatso ea lithuso tsa ho thibela kemolo, ea re: “Ke tšositsoe ke ho ithaopa ha litsebi tsa bongaka ho utloisisa ho amohela boitšoaro ba bootsoa ba likamano tsa botona le botšehali—le ho bo ntšetsa pele. . . . Ke lumela hore re lokela ho bea bo bong ba bohlale ba rōna ho ithuteng ho ntšetsa pele mekhoa e nang le boikarabelo le e phelang hantle ea likamano tsa botona le botšehali, ho akarelletsa ho se kopanele ho tsona le botšepehi.”
14. Bashemane le banana ba batlang ho khahlisa Jehova ba lokela ho talima batsoali ba lekang ho ba sireletsa boitšoarong bo bobe joang?
14 Keletso e totobetseng Lentsoeng la Molimo ho Ba-Efese 6:1 ke hore: “Bana, utloang batsoali ba lōna Moreneng; hobane ke ntho e lokileng.” Kutlo e hloka ho hlokomela bohlooho. Batsoali ba jarisitsoe boikarabelo ba ho hōlisa bana ba bona ka litsela tse beiloeng ka Lentsoeng la Molimo e le hore ba ka mo khahlisa, ’me Lentsoe leo le hanela bootsoa, boitšoaro bo hlephileng ba likamano tsa botona le botšehali. (Ex. 20:14; 1 Ba-Kor. 6:9, 10) Haeba bana ba e-na le batsoali ba thahasellang ho ba sireletsa lefatšeng la boitšoaro bo bobe, batsoali bao ba loketsoe ke ho tšehetsoa ho tšepahalang ha bana ba bona. Ho e-na le ho teneha tlas’a bohlooho ba batsoali ba joalo, ngoana ea nang le kelello, le ea tšabang Molimo o tla latela keletso ea Bibele ea ho ba utloa, a tseba hore hona hoa amoheleha ho Molimo, ho molemong oa hae ’me ho na le tšepiso ea bokamoso bo sireletsehileng.—Liprov. 3:1, 2.
15. Ke eng e tebileng haholo ka ho hana ha motho ho ikokobeletsa bohlooho ba batsoali ba hae?
15 Ho hana ho ikokobeletsa batsoali ba motho ke ho se utloe Jehova Molimo. Joalokaha Jehova a beile melao ea hae le litaelo bakeng sa ho laola lelapa la motho, kahoo o neile batsoali tokelo ea ho bea litaelo tse lokileng—melao ea lelapa, kamoo re ka bolelang—bakeng sa boitšoaro ba lelapa leo bana e leng karolo ea lona. Haeba melao eo le litaelo li sa hanane le Lentsoe la Molimo, bana ba tlameha ho utloa bohlooho ba batsoali ba bona.
Lerato ka Lapeng
16, 17. (a) Bakeng sa lelapa le lakatsang ho khahlisa Jehova, lerato ke la bohlokoa hakae? (b) Ba-Kolosse 3:12-14 e na le keletso efe e tobileng? (c) Hore keletso ea Pauluse ho Ba-Kolosse e sebetse, ho khothalletsoa eng?
16 Ho rata lelapa leo motho a leng ho lona: Hore Jehova a khahlisoe ke lelapa, ho tlameha ho be le lerato le bontšoang batsoali ba motho. Banna ba bolelloa hore ba rate basali ba bona joalokaha ba ithata, ’me basali ba lokela ho hlompha banna ba bona ka botebo. Bohle, batsoali le bana ka ho tšoanang, ba lokela ho phethahatsa mong ho e mong molao oo e leng morena oa eohle oa lerato. (Jak. 2:8) Moapostola Pauluse o fane ka keletso e ’ngoe e tobileng tabeng ena ha a ngola: “Le apare ke hona, ka ha le le bakhethoa ba Molimo, ba halalelang, ba ratoang, maikutlo a mohau, a molemo, a boikokobetso, a bonolo, a mamello. Le mamellane, le rekolohelane, ’me ekare ha e mong a e-na le komang le e mong joale ka ha Kreste a le hauhetse, etsang joalo le lōna. Ka holim’a tseo tsohle le apare lerato, e leng tlamo ea phetheho.”—Ba-Kol. 3:12-14.
17 Ao hase mantsoe feela a ka baloang kapa a phetoa ntle ho morero ke molomo oa motho. Ke lipolelo tsa moea o halalelang tse lokelang ho nkoa ka ho teba. Ho khothalletsoa hore e mong le e mong ea balang taba ena a hlahlobe tlhokahalo e ’ngoe le e ’ngoe ho tsona ea Bokreste. Nahanisisa ka eona. Nahana ka oona kamanong le lelapa leo u leng karolo ea lona. Mantsoe a Pauluse a ama kamano ea hao le monna oa hao joang, mosali oa hao, ntat’ao, ’m’ao kapa litho tse ling tsa lelapa le haufi? Na u khahlisa Jehova ho e ’ngoe le e ’ngoe ea litsela tsee tse boletsoeng ke moapostola? Motho a ke ke a etsa hore bophelo ba hae bo lumellane le mantsoe ao a keletso ’me ka nako eo a be a bokollela boipuso ho laoloeng ke batsoali kapa a kopanela ho phehisana khang ka lerata le batsoali ba hae. Leha e le hore batsoali ba ka sebelisana ka tsela e joalo le bana ba bona. Lelapa le thabileng le nang le tlhohonolofatso ea Jehova ka botebo, le ka tieo le ka mehla le lokela ho nahana ka keletso e lerato e fumanoang ka Lentsoeng la Molimo, e le hore le ka etsisa “Ea utloang merapelo,” ea ileng a bululela ka moea o halalelang hore ho ngoloe mantsoe a joalo.—Pes. 65:2; Ba-Ef. 4:31, 32; Ba-Kol. 3:15-17.
18. Ke linnete life tse hlakileng tseo re talimaneng le tsona kajeno, li isa lipotsong life?
18 Hore na ho na le ntate hammoho le ’mè ka lapeng, kapa ke motsoali a le mong, keletso le boikarabelo lia tšoana. Le hoja ho le bohloko ho ho bolela, leha ho le joalo, ho na le boiteko bo matla, ’me ka linako tse ling e le bo atlehileng ba Satane ho qhala malapa, ho arola le ho hapa. Motho e mong le e mong ea balang taba ena a hopole hore Diabolose o solla “joale ka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang.” (1 Pet. 5:8) Na re tla mo lumella ho qhala kopano ea rōna ea lelapa e khahlisang hakana ho Jehova? Na re tla ineela moeeng oa boipuso, o reng: “Ha ho hlokahale hore ke mamele batsoali ba ka; ke tla etsa kamoo ke ratang”? Ho phehella tsela e joalo ho ka senya thabo ea rona le ho re tlisetsa bohale ba Molimo.
19. Lelapa la Bokreste le ee le thabele tlhohonolofatso ea Jehova joang?
19 Haeba re tla thabela ho amoheloa ke Jehova—’me, bonneteng, letsohong la hae o tšoere bophelo le lefu—re lokela ho tšehetsa bohlooho joalokaha a bo beile ka tokisetsong ea lelapa. Ho molemong oa rōna hore re ikokobeletse bona. Ke ka hoo feela thabo ea ’nete le khotsofalo li ka fumanoang. Ka baka la ho ntšetsa pele kopano le kutloano ea lelapa, re ka batla ho sebelisa ho rōna thoko eo Morena Davida oa khale a kileng a e bolela ha a re: “Ke mang ea ka nyolohelang thabeng ea Jehova, ea ka lulang sehalalelong sa hae? Ke ea matsoho a se nang molato, ea pelo e hloekileng, ea sa ineeleng leshano, ea sa hlapanyeng ho ea thetsa. Motho ea joalo o tla bona hlohonolofatso ho Jehova, le ho loka ho Molimo, ’Moloki oa hae.”—Pes. 24:3-5.
U TLA TLOHA U NKILE ENG PUISANONG EE?
• Ke hobane’ng ha pono ea hao ka bohlooho e ameha ho finyelleng thabo ea lelapa?
• Ke litemana life tsa Bibele tse thathamisang karolo ea monna le mosali ka lapeng la Bokreste?
• Ke liphello life tse ntle tse teng ha bana ba hlompha le ho tlotla bohlooho ba batsoali ba bona?
• Ho sebeletsa ho eketsa lerato la lelapa ho ka thusa ho hlōla matla a sekametseng ho arola malapa a mangata joang?
• Ho seo ho buisanoeng ka sona, ke karolo efe eo u tla sebeletsa ho eona e le hore lelapa leo u leng ho lona le ka khahlisa Jehova haholoanyane?
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Jehova a rera hore monna le mosali ba tlatsane le hore ba kopane ho mo sebeletseng
[Setšoantšo se leqepheng la 19
Bacha, na kannete le thahasella karolo ea lōna ka lapeng? Batsoali, na le sebelisana le bana ba lōna ho latela se khothalletsoang ke Molimo?