Lipotso Tse Tsoang ho Babali
● Mokreste a ka talima ho sebelisoa ha mali e le monontša, e le lijo tsa liphoofolo kapa ka tsela e ’ngoe e sa ameng ho a ja ha hae joang?
Litabeng tsa mofuta ona monahano oa Mokreste le liketso li lokela ho bontša hlompho e theiloeng Bibeleng ka ho halalela ha mali.
Batho ba bangata ba sa tsebeng kapa ba sa tsotelleng ka monahano oa Molimo ba khothalletsa ho sebelisoa ha mali bakeng sa tšelo ea mali. Hape, libakeng tse ling, batho ba ja mali a liphoofolo lijong, tse kang nameng e tsoakiloeng e sitsoeng. Leha e le hore tšebeliso e mpe ea mali e khaotsa hona moo. Bahoebi ba bang ba leka ho fumana phaello ka mali a liphoofolo tse bolailoeng ka ho etsa menontša e meng ka ona, ba a kenya lijong tsa lintja kapa lijong tsa likatse kapa ba a sebelisa linthong tse ling tsa khoebo.
Leha ho le joalo Bakreste baa tseba ka Bibele hore mali hase feela ntho ea bophelo e ka sebelisoang ka tsela efe kapa efe e teng kapa ea phaello. Bibele e bontša hore mali a emela bophelo. Kahoo Molimo oa bolella batho ka Noe hore ba se ke ba ja mali. (Gen. 9:3, 4) Hamorao, Jehova Molimo a etsa thibelo ena karolo ea molao oa Moshe. (Lev. 17:12; Deut. 12:23) Hoba Molao o behelloe thōko, A laela Bakreste hore ba ‘tele . . . mali.’ Ka ho loketseng, Lipaki tsa Jehova ha li je mali kapa ho amohela litšelo tsa mali. Leha e le hore li emela tšebeliso ea oona e sa tšoaneng khoebong.—Lik. 15:19, 20, 28, 29.
Re ka ananela hore na ke hobane’ng ha ena e le pono e loketseng ha re nahana ka potso ena: Iseraeleng ea boholo-holo, ho ne ho etsoa joang ka mali a phoofolo e hlabiloeng?
Molimo oa bolella Baiseraele hore mali a ka sebelisoa aletareng e le sehlabelo. (Lev. 17:11) Ha a ne a sa sebelisoe ka tsela eo, mali a phoofolo a ne a lokela ho tšolleloa fatše. Hona, ka kutloisiso eitseng, ho ne ho khutlisetsa mali ho Molimo, kaha lefatše ke bonamelo ba maoto a oona.—Lev. 17:13, 14; Esa. 66:1.
Moeli oa Molimo ka tšebeliso ea mali oa boela oa hatisoa ho ea pele ho Baiseraele ka seo a ileng a ba bolella sona ka mafura. Ho fapana le se neng se hlokoa ho barapeli ba ’nete pele le kamorao ho molao oa Moshe, Baiseraele nakong ea molao oa Moshe ba ne ba sa tšoanela ho ja mafura. Mafura a phoofolo ea sehlabelo a ne a talingoa e le karolo ea eona e enneng haholo kapa e ntle ho feta tsohle, ’me kahoo a ne a chesoa aletareng e le sehlabelo ho Molimo. (Lev. 3:3-5) Ntlheng ena ho tšoana ho ne ho le teng kamoo ba tlasa Molao ba neng ba talima le ho sebelisa mali le mafura. Empa hape phapang e ne e le teng. Bonyane ka phoofolo e neng e ipolaile kapa e bolailoe ke phoofolo e ’ngoe, molao oa Molimo o ne o bolela hore mafura a eona ba ne ba “ka itšebeletsa ho hong hofe le hofe ka ’ona, empa le ’ona le se ke la a ja.” Na u utloisisa taba? Le hoja ba ne ba ke ke ba ja mali leha e le mafura, Jehova a bolela hore ba ka sebelisa mafura linthong tse ling ntle ho mahlabelong. Empa Molimo ha o ka oa bua joalo ka mali. Haeba mali a ne a sa tšolleloe aletareng, a ne a tlameha ho tšolleloa fatše, kahoo ho khutlisetsoa bophelo ba phoofolo ho Monei-Bophelo.—Lev. 7:22-27.
Bakreste ha ba tlas’a molao oa Moshe. (Ba-Roma 7:6; Ba-Kol. 2:13-16) Leha ho le joalo, re laetsoe ka ho toba ho ‘tela . . . mali.’ ’Me ruri re lokela ho hlompha khalalelo ea mali, re hlokomela hore poloko ea rōna ho etsahetse hore e be teng ka mali a Kreste. (Ba-Ef. 1:7; Ba-Kol. 1:13, 14, 20) Mokreste ea ananelang hona ka ho teba ha ho hlokahale hore a be le melao e se nang palo ka hore na a ka etsa joang mabapi le tšebeliso ea khoebo ea mali.
Nahana, ka mohlala, ho sebelisoa ha mali e le monontša. Ha setsomi sa Moiseraele se tšolla mali a phoofolo fatše e ne e se ka ho nontša mobu. O ne a a tšollela fatše ho hlompha khalalelo ea mali. Kahoo, na Mokreste ea nang le kananelo e joalo ea bohlokoa ba mali ka boomo a ka a khakeletsa liphoofolong tse bolailoeng e le hore a ka a sebelisa e le monontša? Le hanyenyane, hobane khoebo e joalo e etsoang ka mali e ke ke ea e-ba tumellanong le hlompho e tebileng ea bophelo bo emeloang ke bohlokoa ba mali.
Bonneteng, Bakreste ba ke ke ba bolella bao e seng Bakreste hore ba se ke ba sebelisa mali ha ba etsa menontša kapa litlhahisoa tse ling tsa khoebo. Kahoo, haeba boholo ba menontša e rekisoang e na le mali, Mokreste o tla tlameha ho iketsetsa qeto hore na o tla etsa joang. A ka nahana ka mabaka a kang keletso ea bibele ka ‘ho tela . . . mali,’ ho fumaneha ha litlhahisoa tse ka nkang sebaka, ho lōma ha letsoalo le koetlisitsoeng ka Bibele le boikutlo ba ba bang.—Bapisa 1 Ba-Korinthe 8:10-13.
Boemo bo bong bo hlahang ka linako tse ling bo ama ho fepa Iiphoofolo mali. Ke ’nete hore hona joale liphoofolo tse ngata tse hlaha ha li phele ka limela kamoo Bibele e reng li ne li etsa qalehong. (Gen. 1:30) Ho e-na le hoo, li ja libopuoa tse ling, mali le tsohle. Leha ho le joalo, na Mokreste ea tsebang molao oa Molimo ka mali ka boomo a ka fepa liphoofolo mali tlas’a tlhokomelo ea hae? Na hoo ho ka lumellana le seo a se tsebang ka hore na mali a ne a tšoaroa joang tlas’a Molao?
Qetellong, ho ’nile ha hlaha li potso ka ho hleka litopo tsa liphoofolo tse nang le mali. Iseraeleng motho ea neng a fumana setopo sa phoofolo e ipolaileng o ne a ka e rekisetsa molichaba ea neng a sa thahaselle ho boloka molao oa Molimo. (Deut. 14:21) Hoa hlokomeleha, leha ho le joalo, hore tokisetso ena e ne e sa etsoa hore Moiseraele a ka ho fetola khoebo ho rekisa mali kapa nama e sa fophisoang mali. Leha e le hore Moiseraele ka boomo o ne a ka bolaea phoofolo ’me a se ke a e ntša mali hobane feela batho ba bang ba rata tatso ea nama e sa tsoang mali kapa hobane setopo sa eona se ne se le boima haholoanyane. Ho e-na le hoo, o ne a mpa a hleka setopo sa seo a ke keng a se ja ’me se tlameha ho hlekoa.
Ka ho loketseng, kajeno molemi a ka ’na a tlameha ho hleka setopo se sa ntšoang mali, se kang khomo eo a e fumanang e shoele hoo ho seng ho se bonolo hore e ka ntšoa mali. Kapa setsomi se ka fumana phoofolo e shoeleng e tšoasitsoe lerabeng. Se ka etsa joang ka phoofolo e sa ntšoang mali joalo? A e rekisetse ba silang? A rekisetse eo e seng Mokreste phoofolo ea sebelisang ka boeena kapa ka khoebo nama e joalo? Mokreste ka mong o tla tlameha ho inahanela e ie eena kamor’a ho nahana ka kamoo molao oa naha o hlokang kateng ke mabaka a kang ao ho buisanoeng ka oona kaholimo, ho akarelletsa bohlokoa ba ho ba le letsoalo le letle pel’a Molimo le batho.—Lik. 24:16.
◼ Ke hobane’ng ha New World Translation e fetolela Liproverbia 11:16 ka tsela e sa tšoaneng le liphetolelo tse ling, hona temana ee e ka utloisisoa joang?
Ho ea ka New World Translation, Liproverbia 11:16 e baleha tjena: “Mosali ea khabane ke eena ea hapang khanya; empa batubi, karolong ea bona, ba ikhapela matlotlo.”
Hona ke ho ngola temana ena ka hloko joalokaha e bolokiloe temaneng ea Seheberu ea “Masoret,” ’me e fetoleloa joalo liphetolelong tse ling tse ngata tsa kajeno.—Revised Standard Version, The Jerusalem Bible, Moffatt, Darby.
Leha ho le joalo, ka baka la ho thatafalloa ke ho utloisisa temana ena, bafetoleli ba bang ba Bibele ba lekile ho e nolofatsa. Ba entse joalo ka ho latela mohlala oa Septuagint Version, phetolelo ea pele ea Seheberu ho ea Segerikeng. Ho se qotsitsoeng serapeng se latelang ho tloha phetolelong eo re ngola ka mongolo o motšo haholo karolo e sa ngoloang temaneng ea Seheberu.
“Mosali ea khabane o tlisetsa monna oa hae khanya: empa mosali ea hloileng ho loka ke sehlooho sa lihlong. Ba botsoa baa hloka: empa ba masene [tlase ho leqephe, “ba bonna”] ba iphelisa ka matlotlo.”—Liproverbia 11:16, Septuagint Version ea Bagster.
Today’s English Version le New American Bible ea K’hatholike ke Iiphetolelo tse ling tse peli tsa kajeno tsa puo ea Senyesemane tse atolosang temana ena ka tsela ena. Göttinger Bibelwerk ea puo ea Sejeremane le eona e etsa joalo, empa e re: “Phetolelo ea Segerike eo re e latetseng e ekelitse mela e ’meli ’me kahoo e entse maele a mabeli a arohaneng, ao ka bobeli ba oona a fanang ka tlhaloso e hlakileng; leha ho le joalo, hore na a lumellane le temana ea pele, e sa ntsane e le pelaelo.”—Moqolo 16, leqephe 51.
Leha ho le joalo, ha ho hlokahale ho latela phetolelo e ‘balaetsang.’ Se boleloang ke temana ena se ka utloisisoa ka temana ea Seheberu, e kang ea Biblia Hebraica ea Rudolf Kittel eo New World Translation e theiloeng ho eona. Temana e hlahisa phapang pakeng tsa khanya ea kamehla eo mosali oa morapeli a ka e fumanang le matlotlo a nakoana a fumanoang ke motubi.
Bibele e bontša hore bohlale bo sebetsang, matla a ho nahana le tšebeliso e nepahetseng ea leleme li tlatsetsa molemong le bokhabaneng tseo motho a nang le tsona. (Liproverbia 2:21, 22; 4:7-9; 22:11; Pesaleme ea 45:1, 2) Ruri hona e ka ba ’nete ka mosali joalokaha re bona ka Abigaile, mosali oa Nabale oa leoatla. Le hoja “e ne e le mosali ea kelello e elileng ea sebopeho se setle,” Davida ka ho khethehileng a rorisa Abigaile ka “kelello” ea hae.—1 Samuele 25:3, 33.
Mosali ofe le ofe oa morapeli ea fumanang bokhabane ka bohlale, kelello le masene ao a sebelisang leleme la hae ka oona o tla fumana “khanya.” O tla finyella “khanya” mahlong a monna oa hae haeba a nyetsoe, ’me ba bang ba mo bue hantle. Hona ho hlahisa lelapa lohle hantle le ho le tlisetsa “khanya.” Leha e le hore khanya ea hae e ka ba e fetang. Liproverbia 22:1 e re: “Botumo bo fetisa maruo a maholo, hlompheho [khanya] le eona e fetisa silevera le gauda.” Botumo bo botle ba morapeli oa ’nete bo na le molemo oa ka ho sa feleng mahlong a Molimo oa rōna le Monehi-Bophelo—Bona Liketso 9:36-39.
Bapisa hoo le motubi joaloka ha maele a ho etsa. Mangolo a bea batubi sehlopheng se le seng le ‘batho ba khopo’ le batho bao e leng “lira” tsa barapeli ba Jehova. (Jobo 6:23; 27:13) Batubi ha baa “bea Molimo pel’a mahlo a bona.” (Pesaleme ea 54:3) Motho ea joalo, ka ho hatella le ho iketsa hantle ka ba se nang molato, a ka ’na a ‘bokella silevera joale ka lerōle.’ Empa ka nako efe kapa efe a ka ’na a robala a ke ke a hlola a tsoha hape. Kapa letsatsi lefe kapa lefe leo a tutubollang mahlo a hae ka lona e ka ’na ea e-ba la ho qetela ho eena. Joale leruo lohle la hae la seo a se finyelletseng tsa fetoha lefeela.—Jobo 27:16, 19; bapisa Luka 12:16-21.
Le hoja motubi mohlomong a ikhapetse matlotlo a beile le tšepo ho oona, tšepo ea hae e sebakeng sesele. Hamorao hona khaolong eo ea Liproverbia, rea bala: “Ea itšepisang maruo a hae o tla oa.”—Liproverbia 11:28.
Kahoo, Liproverbia 11:16 e lokela ho re hlakisetsa thuto ea bohlokoa. Matlotlo a motubi, a ka ’nang a bonahala e le letšoao la katleho eitseng lefatšeng lena, molemo oa oona ke oa nakoana ho Molimo. Leha ho le joalo ho bonolo ho hapa kamohelo ea Oona. “Khanya” e fumanoang ke ba tšabang Molimo—e bontšoang hantle ka mosali oa Mokreste—e tla tlisa tlhohonofatso e sa feleng.—1 Petrose 3:1-6.