Ho Sebeletsa Jehova Thabeng e Halalelang ea Hae
Kamoo ho boletseng Fred Germann
LIKAROLONG tse ling tsa lefatše batho ka baka la tumela-khoela ba rapela lithaba. Ho ’na, ke tsoaletsoe Switzerland, kamehla ke ’nile ka thahasella lithaba haholo, haholo-holo tsa Alps. Ho tloha ha ke le ngoana ke ’nile ka khahloa ke botle ba tsona, ke nka bokhabane bo joalo e le bopaki bo khutsitseng ba khanya ea Molimo. Le hona joale ha ke le lilemo li 86, bophahamo ba litlhoro tse kaalo bo nkhopotsa ka boprofeta ba Mikea 4:1, 2, bo boletseng pele ho nako ho bokelloa ha banna le basali ba ikemiselitseng ‘thabeng ea ntlo ea Jehova,’ sebaka sa borapeli ba hae bo hloekileng, e phahamisoa kaholimo ho bolumeli bohle ba bohata. Ebile tokelo e kaakang ho ’na ho ba paki ea ho phethahala ha boprofeta bona! Empa joalokaha ho hloka boikemisetso le boiteko ho hloa thaba Alps, ka ho joalo ke ile ka tlameha ho hlōla litšitiso tse ngata tse kang lithaba ho phehelleng borapeling bo hloekileng. (Matt. 17:20) Na nka kopanela le uena boikhopotso bo seng bo kae?
HO HABANYA “THABA” KA LEKHETLO LA PELE
Ka 1903, ha re sa phela Bernese Oberland ea Maswiss, ’mè a habanya ka lekhetlo la pele “thaba” ea borapeli ba ’nete. A bala pampitšana e neng e tsebahatsa ka ho tla ha lilemo tse sekete tlas’a Kreste tse neng li tla nka sebaka sa tsamaiso ea hona joale e sa lokang. Molaetsa ona oa mo thabisa haholo hoo a neng a sitoa ho o patela bao a ahisaneng le bona. Mantsiboeeng a mang a eteloa ke moruti ea halefileng. Empa, a nkile Bibele, o ne a lokile ho fana ka likarabo. Ka nako eo ke ne ke le lilemo li robeli.
’Mè ka potlako a tšoantšetsa boineelo ba hae ho Molimo ka kolobetso ea metsing. Karolong ea rōna ea Switzerland ho ne ho le teng sehlotšoana sa Bakreste se nang le ‘tumelo e falatsang lithaba.’ (1 Ba-Kor. 13:2) Ke motsaneng oa Thun, moo, lilemo tse 60 hamorao, ho neng ho tla hlongoa lekala la Watch Tower Society la Maswiss. Le hoja le ne le le hole le haeso, ’mè o ne a e-ea libokeng hangata kamoo a ka khonang. Khale koo, phutheho ea Thun boholo ba eona e ne e le tlas’a taolo ea bana ba motho ka nama ba babeli, ka bobeli ba tseba ho ruta haholo. E mong ho bona o ne a bile ‘ntlong ea Bibele’ e Allegheny (hamorao karolo ea Pittsburgh), Pennsylvania, U.S.A., ’me a kopanela ho fetoleleng moqolo oa bohlano oa Studies in the Scriptures Sejeremaneng.
Ka bomalimabe, bana bana ba motho ka bobeli ba khaotsa ho latela Motsamaisi e moholo, Jesu Kreste, ’me ba qala ho ‘tšepa hlalefo ea bona.’ (Liprov. 3:5) Butle-butle ba ba le moea oa ho nyatsa. ’Mè a sa tsebe hore na joale a ka ea hokae hape, a tsoela pele ka nakoana a kopanela le sehlopha sena, empa a phakisa a felloa ke thahasello ea hae tšebeletsong ea Molimo ’me qetellong a khaotsa ho ea libokeng. Leha ho le joalo, a ’na a bua le ’na ka ’nete, ’me, ha ho qhoma Ntoa ea I ea Lefatše, ka qala ho bontša thahasello ea sebele.
Ka 1915 ha qalisoa liboka tsa Bokreste motsaneng oa rōna oa Frutigen. Motho oa moo a fana ka ntlo ea hae bakeng sa hore ho bontšoe ‘Tšoantšiso ea Lifoto ea Popo’ ea Moruti Russell. Pontšo ena ea lihora tse robeli, e likarolo li ’ne ea litšoantšo tse emeng le tse tsamaeang, e nang le molumo le e mebala, e bolela ka morero oa Molimo ho tloha nakong ea pōpo ho theosa le pale ea motho ho isa tlhorong ea ho phethahala ha morero oa bomolimo bakeng sa lefatše le batho qetellong ea lilemo tse sekete. ’Na le ’mè ra khahloa haholo ke pontšo ena e tsotehang. Kahoo ra tsosolosa kamano le Liithuti tsa Bibele, tseo kajeno li tsejoang e le Lipaki tsa Jehova. Re ne re thabile hakaakang! Maoto a rōna a ne a le mosikong oa “thaba ea ntlo ea Jehova.”
LIALP KAPA THABA EA JEHOVA
Ka nako eo ke ne ke hloa lithaba ka matla, ho isa moo ke neng ke bea le bophelo ba ka kotsing. Empa nako le nako ke ne ke ee ke ipotse: ‘Hantle-ntle morero oa bophelo ke ofe, hona ke hobane’ng ha Mohloli oa pōpo ena eohle e ntle o sa felise ho hloka toka le mahlomola?’ Ka ho ba teng libokeng le ka ho ithuta libuka tsa Watch Tower, ka utloisisa le ho ananela Bibele le Moqapi oa eona, Jehova Molimo. Kahoo, mafelong a selemo ka 1915, ka etsa qeto ea hore lerato la ka bakeng sa lithaba tsa Maswiss le tlameha ho nka sebaka sa bobeli leratong la ka ho “thaba” ea borapeli ba ’nete. Ka neela bophelo ba ka ho Jehova ’me ka kolobetsoa ke Moena Emile Lanz ka tlung eo a lulang ho eona Bern. Ka nako eo Dr. Lanz o ne a ikarabella ka mosebetsi Switzerland le France.
Ka nako eo ke ne ke le lilemo li 20 ’me ke ne ke lebelletse bokamoso bo tšepisang haholo ke sebeletsa lekala la liposo la Switzerland. Empa ho tloha ka nako eo ho ea pele ka ikhethela Jesu e le Motsamaisi oa ka ’me ka batla ho ‘hata moo a hatileng.’ (1 Pet. 2:21) Joale ka ngolla Liithuti tsa Bibele ke kōpa libuka tsa Bibele ho ea li sebelisa mosebetsing oa boevangeli. Ka romelloa sephutheloana se seholo sa lipampitšana hore ke li abe. Hona hoo feela mosebetsi oa ka oa nkisa motsaneng oa Huttwil. Joale ka ipolella ‘qalisa!’ E ne e le mosebetsi o nyolosetsang, ’me ke le mong feela, empa ka fumana matla a hlokahalang a ho o phetha ka boithuto ba letsatsi le letsatsi ba Lentsoe la Molimo le libuka tsa Mokhatlo. Hape Ba-Heberu 13:11-15 ea mpha boikemisetso bo hlokahalang. Hang ha ke qetile ho bolela motsaneng ona, ka ea metsaneng e haufi le moo, ke boela hape ha ke fumana batho ba thabelang. Leha e le hore nkile ka lebala bao ke neng ke sebetsa le bona. Ka botsa e mong ho bona hore na a ka rata ho ithuta Bibele, ’me a lumela. Mosali oa hae le eo a ahisaneng le eena le bona ba lula lipuisanong tsa rōna tsa Bibele.
Lipuisanong tsena, mosali oa eo ke sebetsang le eena le eo a ahisaneng le eena ba nkōpa hore na nka bua le ’moleli oa Moprostanta, ’me ka ho etsa. Monna enoa o ne a sa itsetsepetse thutong ea mollo oa lihele. Ka mo hlalosetsa kamoo hona ho hananang le monahano kateng, hobane ’mele oa nama o ka felisoa ke malakabe. A fetola ka bohale: “Hoo hase bothata. Mohlomong Molimo o lokiselitse ’mele oa ‘asbestos.’” Ha ke phetla Bibele ea ka ho Ezekiele 18:4 (e bolelang hore ‘moea o etsang sebe o tla shoa’), a nkena hanong, a re: “Re tlameha joang kapa joang ho lumela hore moea ha o shoe.” A hana ho nahana ka mangolo leha e le afe tabeng.
Hoo e ka bang nakong eona eo, ka teana le tichere ea sekolo, le eona e lumela mollo oa lihele. Ka mo botsa hore na o nahana hore ho ka etsahala hore motho a thabe holimo koana leholimong, moo a nang le tšepo ea ho ea teng, ha a ntse a nahana ka ba libillione ba baetsalibe ba ntseng ba e-cha tlase liheleng mahlomoleng a sa feleng. A ntlela ka karabelo ena eo ke sa e lebellang ho hang: “Molimo o tla bona hore ho hang ha re nahane le ka bona.” Monahano o fosahetseng ona oa nketsa hore ke kholoe hore hoa hlokahala ho thusa ba ‘sa tsebeng seo ba se rapelang.’—Joh. 4:22.
Likhoeli tse seng kae hamorao ka isoa Wangen-sur-Aar, moo ke ileng ka thabela ho kopanela le phutheho ea Biel. Ke hona moo moo ke ileng ka etsa qeto ea ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng, ’me ka ngola lengolo la ho itokolla lekaleng la liposo la Switzerland. Hang hoba litaba tsa ka kaofela li loke ka ea Zurich, moo liithuti tsa Bibele li neng li e-na le motebo oa libuka. Kahoo, ka Motšeanong 1916, ka ba pula-maliboho. Ho e-na le ho thabisoa ke ho hloa lithaba, joale ka tseba ho neela nako eohle ea ka mosebetsing oa ho memela batho “tlong, re nyolohele thabeng ea Jehova.”—Mik. 4:2.
MARU A MATŠO SEBAKENG
Mang le mang ea kileng a hloa lithaba leha e le efe o-oa tseba hore motho o lokela ho itlhomella bakeng sa ho fetoha ho tsometsang ha boemo ba leholimo. Joale, lilemong tseo tsa Ntoa ea I ea Lefatše, maru a matšo a ne a solla sebakeng mosebetsing oa rōna oa ho bolela Switzerland. Moena Lanz ea neng a nkolobelitse ka 1915, a qala ho bontša moea oa bofetoheli ho mookameli oa Watch Tower Society, Charles T. Russell. A tletsoe ke moea oa hore ke “Dr” Lanz, ’me a kholisehile hore mekhoa ea hae ke eona e molemo haholo, a lumella pelo ea hae hore e senyehe.
Ka Sontaha se seng, ha ke etetse phutheho ea Frutigen, Lanz a hlaha ka khanyetso e totobetseng. Puong ea hae a bolela hore Mokhatlo o fositse, ’me a etsa tlhahiso ea “litaba tse ling tse molemo.” (Ba-Gal. 1:6) Ho tla tla fihlela ka nako eo o ne a hlahisitse Moena Russell e le Mokreste ea beang mohlala, empa joale a mo nyatsa ka matla. ’Mè, a halefile ke seo a se utloileng, a re ho ’na: “Re tlameha ho lula re tiile. Ke hona mona moo re fumaneng ’nete teng, ’me ona ke mosebetsi oa Molimo!” Ho itšoarella ha hae ka Jehova le borapeli ba hae thabeng ea hae e halalelang ho ne ho fetohile ho sa sisinyeheng. Empa bophelo ba hae ba ’mele ba ’na ba senyeha. Kahoo, ka Motšeanong 1917, ka baka la boikarabelo ba lelapa, ka tlameha ho tlohela mosebetsi oa nako e tletseng ’me ke khutlele hae, moo ke ileng ka boela mosebetsing oa ka oa pele oa boipheliso. ’Mè a phetha tsela ea hae ea lefatšeng ka 1918, a tšepahetse ho isa qetellong.
Kamorao ho liteko tse joalo ha bonahala eka phutheho ea rōna ea Frutigen e ‘hlokotsoe joale ka koro,’ hobane ke ba bane feela ho rōna ba ileng ba sala ba tsoela pele ho memela batho borapeling ba Jehova thabeng e halalelang ea hae. (Luka 22:31) Har’a bona e ne e le Khaitseli Emmy Schneider, eo hamorao a ileng a nkela mosebetsi oa nako e tletseng oa boboleli le ea sa ntsaneng a tšepahala tšebeletsong ea Jehova. Moena Russell a rōmela Conrad Binkele a tsoa Brooklyn ho tla sebetsa boemo ba tlokotsi bo neng bo tlisitsoe ke Lanz le ho matlafatsa baena. Ba bangata ba tlohela thaba ea Jehova ea leseli ka nako eo ’me ba phakisa ba iphumana ‘lefifing le ka ntle.’—Matt. 25:30.
Ka 1919 tsela ea mpulehela hore ke khutlele hape tšebeletsong ea nako e tletseng. Eaba ke boetse ke itokolla mosebetsing oa ka liposong. Ka tseba ho ea thusa phutheho ea Bern hape. Ka nako eo Alexandre Freytag, moemeli oa Mokhatlo ofising ea Mafora Geneva, a fetoha mokoenehi ’me a phakisa a rōmela manqosa ho ea batla ba emelang maikutlo a hae har’a Bakreste ho potoloha le Bern. Ka maeto a botho, ba bangata har’a rōna ba tseba ho thusa baena ho lula ba tsamaea ba tiile ‘thabeng’ ea borapeli bo hloekileng ba Jehova.—Ba-Roma 16:17, 18, 25-27.
THEPA E NCHA
Ntoa ea pele ea lefatše e ne e ferekantse mokhoa oa puisano har’a lichaba haholo. Kahoo re ne re se re sa amohele libuka tse tsoang Brooklyn. Hore re thuse batho hore ba fumane “thaba” ea Jehova, re ne re e-na le lithuso tse hlokahalang tsa Bibele tse hatisoang ke feme ea mona. Empa hona ha bonahala ho lefelloa haboima haholo. Ka baka leo ra inahana hore na ho ke ke ha e-ba bonolo hore re hatise e le rōna.
Litho tse seng kae tsa phutheho ea Bern li ne li e-na le tsebo eitseng ea ho hatisa. Kahoo, ‘ha re itekantse mosikaro,’ le ka tumello ea Mokhatlo ka mookameli e mocha, Moena J. F. Rutherford, mokhatlo oa tšebelisano o bitsoang “The Watch Tower Printery” oa etsoa. (Luka 14:28) Ha etsoa likopo tsa ho fumana ka kalimo chelete e kalo ka lifranc tse lekholo, e neng e tla khutlisoa kamoo ho loketseng e bile e le ntle ho phaello, ’me ha rekoa ntlo e nang le sebaka se sengata Bern, 36 Allmendstrasse.
Moena ea nang le tsebo a jarisoa boikarabelo ba ho reka thepa. A tseba hore na chelete ea rōna e ka re bea hokae, a ea Jeremane ho ea reka mechine e metle e seng e kile ea sebelisoa le o le mong o mocha. Ka bomalimabe, mechine ena kaofela ea laeloa lekarecheng la terene le nelang. E ne e le nakoana feela kamorao ho ntoa, ’me maemo a ne a sa le thata Europe. Ea e-ba masoabi a makaakang ha thepa ee eohle e fihla! Pula e ne e kenetse ’me e le mafome kaofela!
Ho lulela ho lla ho ne ho sa thuse ka letho. Litho tsa phutheho ea Bern ho akarelletsa bo-khaitseli, tsa kena mosebetsing oa ho sebetsa ka parafine le masela a hlakolang. Kamorao ho libeke ho sebetsoa ka thata, ho ne ho se mafome a saletseng ’me, ka thuso ea mechine e khethehileng, baena ba kopanya mechine e hatisang ’me ka potlako ea imathela habonolo feela. Mohaho ona oa khatiso hamorao oa sebeletsa e le ofisi ea lekala le khatiso bakeng sa Switzerland le linaha tse buang Sefora ka lilemo tse telele. Qetellong, Bethele ea Maswiss ea isoa mohahong o moholoanyane ka mose ho tsela feela, 39 Allmendstrasse. Hamorao, ea isoa Thun.
HO HLOKA TŠABO ‘THABENG’ EA JEHOVA
Kopano ea matsatsi a robeli e neng e tšoaretsoe Cedar Point, Ohio, ho tloha ka la 1 ho ea ho la 8 Loetse, 1919, ea hatisa sehlooho se reng “Ho Lehlohonolo ba se nang Tšabo,” ea e-ba mohloli o moholo oa khothatso ho rōna Liithuti tsa Bibele. Rōna ba Europe ra boetse ra thuseha haholo ha Moena Rutherford a re etela mafelong a 1920. Mohlala oa hae le mantsoe a khothatso a re etsa hore re ikemisetse haholoanyane hore re itele hamolemo haholoanyane tšebeletsong ea ’Muso.
Ho phaella “Photo-Drama,” puo e neng e bua ka “Limillione tse Phelang Hona Joale li ke ke tsa Shoa” ea e-ba bopaki bo babatsehang. Bamameli ba ne ba e-ba bangata, ’me bukana ea sehlooho seo ea tsamaisoa haholo. Ka linako tse ling bahlanka ba libuka ba ne ba rōmela libuka ka mohala ka mantsoe a reng: “Romelang Limillione tse makholo a mabeli,” kapa, “Ka potlako. Limillione tse 150,” e leng ho neng ho makatsa ba sebetsanang le mehala haholo!
Ke bile le tokelo ea ho sebeletsa Bethele ea Bern ho tloha ha e qala, ka Mphalane 1920, ’me ke santsane ke hopola lerato le mofuthu la boena le neng le busa lelapa. Hoseng ho hong, ka Phupu 1921, molebeli oa lekala a ntsebisa hore ke khethetsoe ho okamela mosebetsi Alsace-Lorraine le Saar. Le hoja ho ne ho se ho entsoe mosebetsi o mongata likarolong tsena, liphutheho tse teng ho ne ho hlokahala hore li tiisoe ’me ho hlophisoe tse ncha. Le hona mona “thaba ea ntlo ea Jehova” e ne e tlameha ‘ho phahamisetsoa ka holimo ho maralla,’ e le hore “lichaba” tsa Lorraine, Alsace le Saar li ka “phallela” ho eona le ho rapela Jehova.—Mik. 4:1.
Ke le molebeli ea tsamaeang, le ka thuso ea baholo ba libaka tsena, ke bile le hona ho hlophisa matšolo a lipuo tsa phatlalatsa. Kaha Kereke ea Roma e K’hatholike e ne e hlile e le matla libakeng tseo ka nako eo, mosebetsi ona o ne o hloka sebete, ’me ka makhetlo a mangata sehlooho sa Cedar Point “Ho Lehlohonolo ba se nang Tšabo” ra ’na ra se hopola.
HO THUSA “LINKU”
Ka moprofeta oa hae Ezekiele, Jehova a re: “Ke tlile ho batla linku tsa ka, ’me ke tla li hlahlobisisa. . . . Ke tla li ntša har’a lichaba, . . . Ke tla li lisa makhulong a matle, metebo ea tsona e tla ba lithabeng tse phahameng tsa Iseraele; li tla botha teng metebong e metle.” (Ezek. 34:11, 13, 14) Khale koo nakong eo ea kamorao ho ntoa, Bakreste ba chesehang ba ne ba batla “linku” likhutloaneng tsohle, ’me ba li isa ‘thabeng’ ea Jehova ea borapeli ba ’nete moo li neng li fumana lijo tse matlafatsang tsa moea.—Bona Mattheu 25:31-46.
Ka ho hatisoa ha makasine The Golden Age (Tsoha! hona joale), Bakreste ba bacha Strasbourg le Saarbrücken ba betefala. Ba fana ka limakasine matlong a mangata a ho ja, ba fana ka bopaki bo botle haholo.
Ka 1922 le 1923 ha boela ha bontšoa Tšoantšisa ea Lifoto Alsace, ka lekhetlo la pele ke Moena Charles Eicher ’me hamorao ke ’na, ha Moena Eicher a biletsoa ho ea sebeletsa Bethele ea Brooklyn. Nakong eo ho ne ho se mokhoa oa lintho tse hōlisang mantsoe. Kahoo ho ne ho le hotle hore Palais des Fêtes e Strasbourg e na le mokhoa o phethahetseng oa ho tsamaisa molumo, hobane ka lekhetlo le leng le le leng ho ne ho e-ba le bamameli ba 1 800. Sebapali sa rōna sa fiolo, Charles Rohner, se ne se tlatsetsa haholo katlehong ea lipontšo tsena. Le eena a biletsoa Bethele ea Brooklyn, moo tsebo ea hae ea ’mino e ileng ea sebelisoa hamolemo haholo ho phahamisa liphatlalatso tsa sea-le-moea sa Watch Tower sa WBBR.
Baahi ba Grand Duchy ea Luxembourg le bona ho ne ho hlokahala hore ba memeloe ho rapela Jehova ‘thabeng’ e halalelang ea hae. Ka khona ho bontša Tšoantšiso ea Lifoto metseng ea Luxembourg, Esch le Differdange, le ho fana ka lipuo libakeng tse ling tse hlano. Empa Luxembourg e ne e le hole haholo le Strasbourg bakeng sa ka hore nka ea ka mehla. Qetellong, ha etsoa litokisetso tsa hore baena ba buang Sejeremane ba haufi le Trier, Jeremane, ba hlokomele mosebetsi moo.
Ka Phato 1925, hape le selemo ka 1926, ka abeloa ho ba molebeli oa potoloho ho etela liphutheho tse Switzerland e ka bochabela. Ke nakong eo moo ke ileng ka kopana le mosali eo ke neng ke tla mo nyala, Antoinette. Empa ke ne ke sa batle ha lenyalo la ka le khathatsana le tšebeletso ea ka ea nako e tletseng. Pheko ea fihla ka nako e nepahetseng hantle. Ka Motšeanong 1926 ho ne ho hlokahala e mong ho hlokomela ofisi le motebo oa libuka oa Mokhatlo o neng o entsoe Lens, France e ka leboea. Ka rōmeloa moo, pele ka ea ke le mong, ’me hamorao, ka 1927, ka nyalana le Antoinette. A ba le ’na Lens ’me a hlokomela ntlo le ho pheha, hammoho le mosebetsi o mong oa ofisi, hammoho le Moena François Jankowski, ea neng e hlokomela mangolo a sebetsanang le baena ba Mapolishe France e ka leboea.
“HO SIRELETSEHA LITHABENG” TSA BORAPELI BA JEHOVA
Ka 1928 ngoana oa rōna oa pele, Daniele, a hlaha, ’me selemo hamorao ha hlaha Frédy. Eaba joale ke tlameha ho hlophisa bophelo ba ka bocha. Ka tlameha ho batla mosebetsi oa boipheliso e le hore nka lokisetsa lelapa la ka. (1 Tim. 5:8) Potso e khōlō e le hore na “hokae?” Na ebe re tla khutlela hae Switzerland le Lialp tseo ke neng ke li rata hakana, kapa re lule France, moo ho neng ho bonahala tlhokahalo e le khōloanyane?
Ra qetella re entse qeto ea ho ba le lehae sebakeng sa Paris, moo, ka nako eo, ho neng ho le teng bahoeletsi ba ’maloanyana feela ba ’Muso. ’Me ke mona re sa le hona teng, kamorao ho lilemo tse fetang 50. Le hoja joale re se re fokotsehile matla ka baka la lilemo tsa rōna, ’na le Antoinette (Mimi) re sa ntsane re loanela ho sebeletsa Jehova ka botšepehi ‘thabeng’ ea hae e halalelang, ’me re thabela ho bona ba bang ba bana ba rōna le litloholo ba etsa ho tšoanang.
Ke tsela e kaakang ho tloha ho 1915 ho fihla ho 1982! Empa tsela ena eohle ke thusitsoe ke Jehova le phutheho ea hae, tlas’a Mora oa hae, Kreste Jesu. Ha ke atamela ho fela ha tsela ea ka ea lefatšeng, ke lakatsa ho bolela kananelo ea ka e tebileng ho “mohlanka ea khabane, ea bohlale” bakeng sa litokisetso tse babatsehang tsa moea tse etselitsoeng ho nthusa le Bakreste ba bang bohle baheso lefatšeng lohle ho ba le matla a hlokahalang bakeng sa mosebetsi o nyolosetsang le litšitiso tseo ho hlokahalang hore li hlōloe. (Matt. 24:45-47) Joaloka Habakuke oa khale, nka re: “Jehova Morena ke matla a ka; o tla fetola maoto a ka, a be joale ka a likhama; o tla ntsamaisa holim’a nqalo tsa ka tse phahameng.”—Hab. 3:19.