“Ho Fela ha Lefatše” Ntho eo re ka e Lebellang
“LITLOKOTSI tsa moruo le boitšoaro, lintoa, liteko tsa lipolao, ho koeteloa ha batho, peiso ea lihlomo, mahlomola a litlala le babalehi—ruri batho ba kula haholo. . . . Empa ho fela ha tsamaiso ea lintho ha ho hlile ha ho bolele ho fela ha lefatše.” Kamoo ho ileng ha bolela koranta ea Paris e tsoang ka letsatsi Le Monde tlas’a sehlooho (Ka Sesotho) “Qetello Hona JoaIe?”
Ka ho tseba kapa ntle ho tsebo, mongoli oa mela eo o ile a bolela maikutlo a Bibele litabeng. Mangolo a bontša hore lefatše (ka kutloisiso ea ‘tsamaiso ea lintho’) le ka fela ntle ho hore lefatše (ka kutloisiso ea qitikoe e lefatše le baahi bohle ba eona) le sa senngoe. Ho feta moo, joalokaha re tla bona, oona maemo a boletsoeng ke koranta ea Sefora e le bopaki ba hore “ruri batho ba kula haholo” a hlile a boleloa ke Bibele e le karolo ea pontšo e bontšang hore joale re phela ‘nakong ea bofelo ea tsamaiso ea lintho’ e khopo ea hona joale le hore re mesong ea ‘mehla’ eo tšobotsi ea eona e tla fapana—‘tsamaiso e ncha ea lintho.’
LEBAKA LA HORE “LEFATŠE” LA KHALE LE TLOHE
Mantsoe a hatsetsang “ho fela ha lefatše” ha e le hantle ke ho rehelloa hampe ho sebelisitsoeng ke baboleli ba Bojakane ho tšosa batho hore ba tšehetse litsamaiso tsa bona tsa kereke. Segerike sa pelepele se bolela ‘ho fela ha tsamaiso ea lintho.’ Kahoo, motho a ka ’na a botsa: Tsamaiso ea hona joale e lokela ho fela hobane’ng?
Lebaka le ka sehloohong ke hore hoo ke morero oa Molimo. Hobane’ng? Hang hoba e qalehe, nakoana kamorao ho moroallo oa mehleng ea Noe, tsamaiso ea hona joale ea lintho e ntse e senyeha ho ea pele. (Gen. 10:8-12; 11:1-9) Ha e-ea bōptjoa ke Jehova Molimo. Ho fapana le moo, bahlanka ba ’nete ba Molimo ba ’nile ba sohlokoa ka mehla le hona ho hlorisoa ke “marena a lefatše lena.” (1 Ba-Kor. 2:6) ’Me hase ho makatsang hobane moapostola Pauluse o bitsa Satane “molimo oa lefatše lena.” (2 Ba-Kor. 4:4) Ha ekaba feela ke “marena a lefatše lena” a ‘thakhisitseng Morena oa khanya,’ Jesu Kreste, tsamaiso e joalo e lokela ho felisoa.—1 Ba-Kor. 2:8.
Tokisetso ea hona joale ea lefatše e ikhethollotse ka keketseho ea sebe, bokhopo le ho fetohela Molimo le thato ea oona. E qobelletse ho hloka toka, khatello le toantšano—har’a batho ka bomong le lichaba. Bibele e e bitsa ‘lefatše la joale le lebe.’ (Ba-Gal. 1:4) Le ke ke la lokisoa. Ka baka leo, le tlameha ho sutha!
TŠABO EA BAHLALEFI HA E NA MOTHEO
Empa hoo ho ke ke ha bolela ho fela ha qitikoe e Lefatše. Joalokaha re bone sehloohong se fetileng, bahlalefi ba boletse hore ba tšohile ‘litlokotsi tse khōlō tse nyarosang lefatše.’ Tšabo e joalo, leha ho le joalo, ke likhopolo feela tse amanang le lintho tse ka ’nang tsa etsahala, empa e le tse hlokomolohang lebaka le leholo la bohlokoa: Molimo le morero oa oona ka lefatše.
Pierre-Paul Grassé, setho sa lekala la Mafora la mahlale, o re:
“Taolo ea tlhaho ha e ka ea qaptjoa ke mohopolo oa motho kapa hona ho theoa ke matla a mang a itseng a lemohang. Che, ke ntho ea sebele e ileng ea nahanoa ka ho phethahetseng ke bahlalefi ba kang Planck le Einstein. Boteng ba taoleho bo bolela pele ho nako hore ho teng bohlale bo hlophisang. Bohlale bo joalo e ke ke ea e-ba mang kapa mang ntle ho Molimo.”
E, bahlalefi ba bangata ba ntse ba fihlela qeto ea hore ke ho utloahalang haholo ho lumela hore ho teng ’Mōpi ea bohlale ho e-na le ho hlalosa hore bokahohleng bo tlile ka “tsietsi.”
Kaha Molimo o teng, joale potso ke hore na: O rerile eng ka lefatše? Lentsoe la hae, Bibele, lea arabela: “Hobane Jehova, ’mōpi oa maholimo, Molimo o bōpileng lefatše, moetsi oa lona ea le tiisitseng, ea sa ka a le bōpelo lefeela, ea mpang a le bopetse hore le ahuoe, o bolela, o re: Ke ’na Jehova, e mong ha a eo.” (Esa. 45:18) Jehova Molimo ha a ka a bopa lefatše ka boikemisetso ba hore qetellong o tla le timetsa. (Pes. 104:5) Morero oa Molimo ke hore lefatše “le ahuoe” ke moloko o lokileng oa banna le basali ba ineetseng ho etsoeng ha thato ea oona. Hona ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha Jesu a ile a ruta Bakreste ho rapela hore: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao a le ke le khethehe; ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.”—Matt. 6:9, 10.
“LEFATŠE LE LECHA” LA HO LOKA—JOANG?
Re bontšitsoe hore Jehova Molimo, “moetsi” oa lefatše, “ea le tiisitseng,” o na le morero o hlalositsoeng hantle bakeng sa lefatše leo re phelang ho lona, re salloa ke ho utloisisa hore na Bibele e bolela eng ha e bua ka “lefatše le lecha” leo “ho loka” ho tla ikahela ho lona.—2 Pet. 3:13.
Ka ho totobetseng, “lefatše le lecha” le tšepisitsoeng le ke ke la bolela qitikoe e ncha. Hore na ke eng ho ka fumanoa ka ho utloahalang ho se fuperoeng ke taba ea lengolo la bobeli la Petrose. E le mohlala oa se tla etsahala pele “lefatše le lecha” la ho loka le theoa, Petrose o bua ka moroallo oa mehleng ea Noe. O bolela ka hore “lefatše (ge, ka Segerike) le ntšitsoe metsing, la bolokoa har’a metsi; le hoba lefatše (koʹsmos, ka Segerike) la mehleng eo le timelitsoe ka ’ona, ha le koahetsoe ke metsi.”—2 Pet. 3:5, 6.
Ke “lefatše” lefe le ileng la koaheloa ke Moroallo? Pelenyana hona lengolong leo, Petrose o-oa ngola: “Me [Molimo] ha o sa ka oa hauhele lefatše [koʹsmos] la khale, oa mpa oa boloka Noe, ’moleli oa ho loka e le eena oa boroba meno e le ’meli, mohla o tlisang moroallo holim’a lefatše [koʹsmos] la banyefoli.” (2 Pet. 2:5) Kahoo ke “lefatše la banyefoli” le ileng la fela ka Moroallo. Empa qitikoe e lefatše le batho ba seng bakae ba holim’a lona ba phonyoha.a Ke batho ba ba be, ba banyefoli ba ileng ba timela, e seng qitikoe e Lefatše.
Ka ho tšoanang, ke mabapi le “lefatše” la tšoantšetso, le emelang tsamaiso e mpe ea batho e tsoetseng pele ho tloha Moroallong, moo Petrose a tsoelang pele a re: “Ha e le maholimo a joale le lefatše la joale, li boloketsoe mollo ke lentsoe lona leo, li boloketsoe letsatsi la kahlolo, le la tšenyeho ea batho ba nyefolang.” (2 Pet. 3:7) E, joalokaha qitikoe e lefatše e ile ea phonyoha bofelo ba “lefatše la banyefoli” la pele ho Moroallo, kahoo le tla phonyoha “mollo” kapa ‘timetso’ ea “banyefoli” le mebuso ea bona. Mebuso ena, le tsamaiso ea batho e khopo eo e busang holim’a eona e etsa “maholimo a joale le lefatše la joale” tsa tšoantšetso.—Bapisa Tšenolo 21:8.
Petrose o-oa phaella: “Empa re lebelletse ka pallo ea oona [Molimo], maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng.” Ka ho utloahalang, ka mantsoe ana o bua ka puso e ncha ea ho loka (’muso oa Molimo tlas’a Kreste) le moloko o nchafalitsoeng oa batho.—2 Pet. 3:13.
KAMOO U KA PHONYOHANG
Le hoja ba bangata ba ithutileng ka bokamoso ba batho ba le mahlomoleng a tšabo ka bokamoso ba lefatše le tsamaiso ea batho, Bakreste ba hlileng ba lumelang le ho latela Bibele ba na le tšepo e matla. Ba bona litlokotsing tse hlahileng lefatšeng ho tloha ka 1914 “pontšo” eo Jesu a boleletseng balateli ba hae hore ba e lebelle. Jesu a eketsa: “Etlare ha tseo li qala ho hlaha, emisang lihloho, ’me le lelale holimo, hobane topollo ea lōna e tla be e atametse. . . . etlare ha le bona tseo li hlaha, le tsebe hoba ’muso oa Molimo o haufi. Falimehang ke hona, ’me le rapele ka mehla, le tle le neoe tokelo ea ho phonyoha ho tseo tsohle tse tla etsahala.”—Luka 21:10, 11, 25, 26, 28, 31, 36; Matt. 24:3, 7-13.
Ho fapana ho hang le ho ba “baprofeta ba kahlolo,” Lipaki tsa Jehova li bolela litaba tse molemo ka ho fetisisa, e leng, hore ’Muso oa Molimo o tloha o nka puso ea lefatše. Li phethahatsa mantsoe a Jesu a boprofeta: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo [telos] bo hlahang.” (Matt. 24:14) “Bofelo” boo bo tla bolela ho timetsoa ha tsamaiso ea hona joale ea lintho e khopo, ho fela ha ho hloka toka, khatello, toantšano, lintoa, litlala, ho kula—e, ho fela ha mahlomola le lefu ka bolona!—Tšen. 21:1-5.
Kannete, “ho fela ha lefatše” hase ntho e ka tšohuoang. Ho e-na le hoo, ke ntho e ka lebelloang hobane, kaha ho tla tlisa tsamaiso e ncha ea lintho ea ho loka lefatšeng lena le letle leo ‘Molimo o le tiisitseng metheong ea lona, le ke keng la sisinyeha ka ho sa eeng kae le ka ho sa feleng.’—Pes. 104:5, The Jerusalem Bible.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa bopaki ba moroallo oa phikoloho, bona khaolo ea 3 ea buka Is the Bible Really the Word of God?, e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
’Muso oa Molimo o haufi le ho nka puso ea lefatše