Ho Beleha ha Moroetsana—Na ke ’Nete Kapa Tšomo?
BATHO ba bangata ba tseba ka tlaleho ea Bibele ea ho tsoaloa ha Jesu ke moroetsana. Empa hase bohle ba e amohelang hore ke ’nete. Na u nahana hore ho beleha ha moroetsana ke ntho e utloahalang? Na hoa tsotelleha hore na ua ho lumela kapa che?
Har’a batho ba latolang tlaleho ea Bibele ke ba nkang hore ho beleha ha moroetsana ke ho sa lumelleheng tšebetsong ea tlhaho. Leha ho le joalo ba bang ho batho ba joalo mohlomong ba boetse ba nahana ka hosele ka lebaka la tsoelo pele e etsoang tšebetsong ea ho bopeha ha litho tsa ’mele. Na ho ka etsahala hore ebe ntho ea mofuta o joalo e ile ea ameha ho tsoaloeng ha Jesu ke moroetsana?
Batho ba bang ba ile ba soetsoa ke Likereke tsa Roma e K’hatholike le tsa “Orthodox” ka mekhabiso ea tsona tlalehong e bonolo ea Bibele ea ho beleha ha moroetsana. Ka mohlala, ho phahamisoa ha ho rapeloa ha moroetsana Maria ho entse hore taba ena eohle e be bosula ho batho ba bang.
Ba bang hape ba fumana maikutlo a hore ho beleha ha moroetsana ke ntho e sa lakatseheng. Ba nahana hore, ‘haeba ka ’nete Molimo o matla ’ohle ho ne ho sa hlokahale hore a sebelise mokhoa o joalo ho phetha morero oa hae.’ Ba ka ’na ba sebetsa ho beleha ha moroetsana e le feela papiso, setšoantšo.
Re tla nahana ka pono e ’ngoe le e ’ngoe ho tsena ’me re bone hore na e ama bophelo ba rona le seo re se lumelang joang. Empa pele ho tsohle ho tla ba molemo ha re ka sheba ka bokhutšoanyane ho seo Bibele e hlileng e se bolelang ka ho beleha ha moroetsana.
SEO BIBELE E HLILENG E SE BUANG
Ho na le litlaleho tse peli, ka bobeli li ngotsoe ke banna ba bohlale ba neng ba le teng ha Jesu a le lefatšeng. Ka ho loketseng, e mong ho bona ke ngaka, Luka. E mong ke Mattheu, monna ea ileng a sebelisetsoa ho ngola litlaleho ea ileng a khethoa ke Jesu e le e mong oa baapostola ba 12.
Tlaleho ea Mattheu e shebane haholo le karolo ea Josefa, “monna oa Maria eo Jesu, . . . a tsoetsoeng ke eena.” (Mattheu 1:16) Khaolo 1, temana 18, e hlalosa hore moroetsana Maria, o ile a iphumana e le moimana pele a kopana le monna oa hae, Josefa. Josefa, monna ea “lokileng,” ha a tseba hona, a rera hore ba arohane ka lekunutu e le hore a se hobose Maria. Leha ho le joalo, Molimo oa mo tsebisa hore o emotse ka matla a moea o halalelang le hore o khethile Maria ho phetha karolo ea bohlokoa e le ’mè oa ’Moloki. Ka tiiso ena, Josefa a nkela Maria lapeng, “’me ha a ka a mo tseba a e-so belehe mora oa hae.”—Mattheu 1:25.
Luka, ka lehlakoreng le leng, tlaleho ea hae e hlaha litaba ka lehlakoreng la Maria. Linnete tsa sehloho lia tšoana, empa o fana ka litaba ka puisano pakeng tsa Maria le lengeloi le ileng la mo senolela tokelo ea ho ba ’mè eo a neng a e neoa. Ka ho makala, Maria a arabela: “Taba eo e tla etsahala joang athe ha ke tsebe monna?” Ho eena ho ne ho le thata hore a ho lumele, joalokaha ho bonahala joalo ho uena. Lengeloi joale la mo hlalosetsa hore o tla emola ka mohlolo ka moea o halalelang, ka matla a ea Holimo-limo, eo ngoana e neng e tla ba mora oa hae. Maria a amohela tlotla ena ’me ka ho loketseng a beleha mora, Jesu.—Luka 1:26-38.
Bibele ha e bolele ho hongata ka Maria hoba a belehe Jesu. Ho boleloa ka eena ka makhetlo a ’maloa, empa ha ho hlahiso ea hore e ne e le ea ka sehlohong har’a barutuoa. Ka sebele o ne a sena tšusumetso hoba Jesu a hole. Ka lekhetlo le leng o ile a tlameha ho hopotsa Maria le ba bang sena. (Johanne 2:4; Mattheu 12:46-50) Le teng, o ne a ntse a rata Maria. Leha a shoa, Jesu o ile a abela moapostola Johanne hore a mo hlokomele.—Johanne 19:26, 27.
Maria o ne a le har’a barutuoa kamorao ho tsoho ea Jesu ’me ho bonahala eka o ne a le teng ka Pentakonta ha ba 120 ba tlala moea o halalelang. (Liketso 1:13, 14; 2:1-4) Ka ho hlakileng, karolo ea Maria lilemong tsa morao ebile ea ho tšepahala, hoba morutuoa ea ikokobelitseng, ho se letho le mo hlahisang e le ea tummeng, ea nang le matla kapa ho khetholloa ho khethehileng.
Ha re bone seo Bibele e se buang ka ho beleha ha moroetsana, joale re ka nahana ka lipotso tse hlahang maikutlong a ba bangata ka hore na ebe ke ho amohelehang thutong ea mahlale kapa hore na ke ho utloahalang.