Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 4/15 maq. 4-7
  • Ho Beleha ha Moroetsana—Na U ka ho Kholoa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Beleha ha Moroetsana—Na U ka ho Kholoa?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ke ho ka Etsahalang?
  • Mekhabiso ea Bolumeli
  • Na Jesu e ne e le Molimo/Motho?
  • Ho Beleha ha Moroetsana—Na ke ’Nete Kapa Tšomo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Maria (’M’ajesu)
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Maria?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • E Bile ea Hauhetsoeng Haholo ke Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 4/15 maq. 4-7

Ho Beleha ha Moroetsana—Na U ka ho Kholoa?

HAEBA JESU mora oa Molimo, kannete a tsoetsoe ke Maria, u tlameha ho tiisa hore e ne le mohlolo paleng. Empa na u lumela hore ho etsahetse?

Ba bang ho ba sa lumeleng ho beleha ha moroetsana ba bolela hore ho hanana le thuto ea mahlale le “melao oa tlhaho.” Na bahlalefi ba nahana joalo? Na se sibollotsoeng haufinyane ka ho bopeha ha litho tsa ’mele ho fana ka leseli leha e le lefe tabeng ee?

Na ke ho ka Etsahalang?

Morao tjena bahlalefi ba ’nile ba etsa liteko tse atlehileng ka ho emola ntle ho peo e tona lihahabing. The Economist ea 1 Phato, 1981, e tlaleha hore: “Ho hōla ha lehe ntle ho peo e tona ke mokhoa oa tlhaho oa ho ikatisa mefuteng e mengata ea liphoofolo. . . . Ho emola ntle ho peo e tona ho ntse ho ithutoa lipatlisisong tse etsoang ka litoeba. Ho na le mekhoa e mengata ea maiketsetso ea ho etsa hore lehe la toeba le emole ntle ho peo e tona.”

Ka ho tšoanang, Dr. M. B. V. Roberts oa kholeche ea Marlborough Engelane, oa ngola: “Lehe le sa emolisoang le ile la tlosoa toebeng e tšehali, la matlafatsoa ka ho hlahlojoa, eaba joale le khutlisetsoa ka popelong. Tšebetso ea maro e ne ile ea etsoa nakong e fetileng toebeng e tšehali e le hore lehe le khutlisetsoe popelong ea eona. Lehe le ile la hōla ka mokhoa o tloaelehileng me ha hlaha toeba e phetseng hantle.”

Na ka sena re ka etsa qeto ea hore Molimo o ile oa susumeletsa kemolo ea Maria ka ho sebelisa lehe le sa emolisoang? Che. Chateng e tlase mona u ka bona hore na ke hobane’ng. Haeba letsibolo la Maria le ne le ile la amohela litšobotsi tsa peleho tsa mofuta o le mong (X) ho Maria, ngoana joang kapa joang e ne e tla ba e motšehali.

Ka hoo, ho hlokahala hore ebe ho ile ha ameha ho hongata ho emoloeng ha Jesu. Lengeloi le ile la hlalosetsa Josefa sena: “Se emotsoeng ke eena ke sa moea o halalelang.” (Mattheu 1:20) Ha re nepisise hore na hona ho entsoe joang. Empa re tlameha ho lumela hore haeba motho feela tjee ka tsela e lekanyelitsoeng a ka ntšetsa pele tšebetso ea kemolo matlong a hae a lipatlisiso, kannete ha se ho phahametseng matla a ’Mopi le Monei Bophelo oa bokahohleng hore a etse joalo leho tlosa matla a bophelo a mora oa hae leholimong ho a kenya leheng la ngoanana oa moroetsana.

Mekhabiso ea Bolumeli

Joaloka ha re hlokometse, leha ho le joalo, khanyetso eo ba bang ba nang le eona ea ho emola ha moroetsana e hlaha sebakeng se seng. E amana le mekhabiso ea bolumeli ea tlaleho ea Bibele e ileng ea ntšetsoa pele ho theosa le makholo a lilemo. Ho bonahala hore Likereke tsa Roma e K’hatholike le tsa “Orthodox” li ne li sa ikemisetsa ho lumela hore, ha a phethile karolo ea hae ka ho jara Mora oa Molimo, Maria o ne a sena sebaka se khethehileng ka phuthehong ea Bokreste. Ho theosa le makholo a lilemo ba ile ba bua ka ho ke keng ha hanyetsoa ho mo phahamisa ho mo isa moo a neng a tla lekana le maikutlo a bona a thuto ea Boraro bo bong ka Molimo.

Selemong sa 553 C.E. Lekhotla la Bobeli la Constantinople la bolela hore Maria ke “moroetsana oa ka ho sa feleng,” e leng ho bolelang hore ho nyalana ha hae le Josefa e ne e le ho sa ameng likamano tsa botona le botšehali le hore ha ho mohla ba kileng ba ba le likamano tsa botona le botšehali kapa bana ba bang. Joale ka 1854 Mopapa Pius IX a bolela hore Maria o Lokolotsoe Sebeng. Thuto eo e bolela hore ha a na kabelo sebeng se futsitsoeng ho Adama; ha e le hantle, hore ho hang e ne e se moetsalibe. Ka 1950 Mopapa Pius XII o ile a bolela e le karolo ea tumelo hore Maria, qetellong ea bophelo ba hae ba botho, o ile a nkeloa leholimong ka ’mele. ’Me ho tloha ka 1950 Vatican e ’nile ea batlisisa hore na ebe Maria moroetsana o kile a shoa na.

Ho sa tsoetellehe thuto ea molao ea Kereke, re ka ’na ra botsa hore na ebe kamorao hore Maria a belehe Jesu o ile a lula “e le moroetsana ka ho sa feleng.” Kapa hore na o ile a ba le bana ba bang ka Josefa hoba Jesu a tsoaloe? Na hoa tsotelleha? E, haeba ’nete e tsotelleha. Ka hoo mangolo a reng?

Mattheu o tlaleha hore Josefa “ha a ka a robala le [Maria] ho fihlela a beleha mora,” Jesu. (Mattheu 1:25, Phet. e Ncha) Ha e hlalosa ka bohlokoa ba ho “fihlela” mona, The Revised Standard Version khatiso ea K’hatholike, e hatisitsoeng ke “Catholic Truth Society, London,” e ea bolela: “Hona ho bolela feela hore Josefa ha ho moo a ileng a amana kae kapa kae le ho emoloa ha Jesu. Ho kenyelletsoa hore ha ho letho le ileng la ameha kamorao ho moo.”

Leha ho le joalo, ha ho motheo oa mangolo oa ho nka hore ha ho letho le ileng la etsahala kamorao ho hona hore Josefa le Maria ha ho mohla ba bileng le lenyalo le tloaelehileng. Ha ho boprofeta bo fanang ka maikutlo a joalo, ha ho tlhokahalo ea bomolimo e biletsang ntho e joalo. Bophelo ba bona bo atamellaneng hammoho, le botsoali leha e le bofe bo ileng ba hlahisoa ke hona ha ho moo bo neng bo amana le tšebeletso ea Jesu ea lefatšeng kapa mesebetsi ea hae e ileng ea latela maholimong. Ka sebele, ho fapana le ho tšehetsa maikutlo a hore Maria e bile moroetsana ka mehla, Evangeli e bolela hore Jesu e bile letsibolo la Maria le hore o bile le baena le likhaitseli. Mareka o tlaleha hore Jesu o ile a bolela motseng oa habo Nazaretha, a bolela synagogeng ho batho ba mo tsebang. Ba bangata ba ile ba hlolloa ke ho ruta ha Jesu ’me ba re: ‘Na eo ha se ’metli! Na hase mor’a Maria, ngoan’abo Jakobo le Jose le Jude le Simone? Bo-khaitselie na ha ba moo ho rōna na?’—Mareka 6:2, 3; Luka 2:7.

Baruti ba bolumeli ba K’hatholike ba bolela hore “baena le likhaitseli” bana e ne e le beng ka eena. Athe New Catholic Encyclopedia (Moq. 9, leq. 337) e lumela hore “mantsoe a Segerike a sebelisitsoeng ho bolela kamano pakeng tsa Jesu le beng ka eena a bolela bana ba bo motho ka mali.” Ana ke mantsoe adelphos le adelphé. Leha ho le joalo, lentsoe bakeng sa motsoala ke anepsios ’me bakeng sa beng ka motho ke syggenon. (Ba-Kolosse 4:10; Luka 1:36) Ha ho lebaka le utloahalang la ho nahana hore bangoli ba Evangeli ba ile ba ferekanya mantsoe ana. (Bapisa Mareka 6:4; Luka 14:12.) Leha e le hore ho na le lebaka la ho latola hore Josefa le Maria ba bile le lelapa hoba Jesu a tsoaloe.

Na Jesu e ne e le Molimo/Motho?

Mokhabiso oa morao oa tlaleho e bonolo ea Bibele ea ho beleha ha moroetsana ke hore lesea le ileng la tsoaloa e ne e se motho ka ho feletseng empa e ne e le molimo o entsoeng motho. Ka hoo, ho ea bobeli ho “Articles of Faith” ea Kereke ea Chache e bolela hore: “. . . Molimo hloho le Botho, li ile tsa kopanngoa hammoho Mothong a le mong, ho se mohla li tla aroloa, hoo ka baka leo e leng Kreste, oona Molimo, le eena Motho.”

Bolumeli bo rutang hore Molimo ke Boraro bo bong bo lumela hore Jesu ha a le lefatšeng o ne a bopehile habeli ka boeena. Empa Bibele ha e tšehetse maikutlo a joalo. Moapostola Pauluse o bua sena ka Jesu: “Me ka hobane bana ba na le kabelo nameng le maling, le eena o ile a ba le kabelo teng joaloka bona, . . . ka baka leo, ho no ho tšoanetse hobane a ka etsoa ea tšoanang kahohle le bana babo.” (Ba-Heberu 2:14, 17) O ne a ka tšoana le banaabo ka ho feletseng joang haeba e ne e le Molimo/motho? Pauluse o ngoletse Ba-Fillipi ka hore “Jesu Kreste; eo leha a na a ema ka sebopeho sa Molimo, . . . o ifelisitse ka ho nka sebopeho sa mohlanka, ka ho iketsa ea tšoanang le batho.” (Ba-Fillipi 2:5-7) Ka hoo Mora enoa oa Molimo a itlhobolisa ho hang “sebopeho sa Molimo” ho nka sebopeho sa botho, hore e be motho. Hore na ke hobane’ng ha a ne a tlameha ho ba motho ho hang, e seng Molimo/motho, hore na ho no ho amehang ho belehuoeng ke moroetsana, ke seo re tla buisana ka sona.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Lehe la mosali le na le litšobotsi tse peli tsa X. Peo ea monna e na le X le Y. Motsoali ka mong o hlahisa tšobotsi e le ’ngoe. Haeba Ii X tse peli li kopana, ho tla hlaha ngoanana. Haeba e le X le Y, ngoana e tla ba moshemane.

Matlo a lipatlisiso a bua hore ho emola ntle ho peo e tona ho etsa hore lehe la mosali le arohane le ho hōla, ’me phello e ba (XX) tse hlahisang motho e motšehali.

Mofuta o joalo oa ho emola ntle ho peo e tona o ne o ke ke oa etsahalla Maria, hobane letsibolo la hae (Jesu) e ne e le e motona. Kaha Maria e ne e le moroetsana, tšobotsi ea Y e lokela hore ebe e hlahile ka mohlolo, joaloka ha Bibele e bontša.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela