Ngaka Luka o Etsa Mosebetsi o Molemo Haholo
BOIKUTLO ba hao ke bofe ka lingaka? Ho theosa le pale batho ba ’nile ba hlompha lingaka. Batho ba boholo-holo ba ne ba hlompha lingaka tsa bona haholo joalo ka ka kajeno. Hobane’ng?
Le hoja ’mele ea rona matla a eona a ho iphekola a loantša ho e ka bang likotara tse tharo tsa ho kula ha rona ntle ho thuso ea meriana, lingaka tse seli hangata li phahamisa tšepo, e leng e thusang mokuli hore a fole. Hape, lingaka li tsebile hore thusa ka tsebo ea tsona ea meriana e sebetsang le mekhoa ea ho phekola. Ka hoo, batho ba bangata ba hlompha lingaka e le batho ba finyellang mosebetsi o babatsehang o motle.
Leha ho le joalo Bibele e re bolella ka ngaka e neng itetse e ileng ea fetola mosebetsi oa eona e le hore e ka etsa molemo o moholoanyane. E re beela mohlala oa kamoo re ka etsang molemo bophelong ba rona.
Monna enoa, Luka, o phetse lekholong la pele la lilemo C.E. Pauluse, moapostola oa Mokreste o bitsa Luka “ngaka e ratoang,” le kamoo re tla bona mangolo a Luka a fana ka bopaki ba hore e ne e le ngaka. (Ba-Kolosse 4:14) Hoa hlokomeleha, leha ho le joalo, hore botumo ba Luka bo ne bo sa tla ka lebaka la ho phekola ba kulang kapa ba tsoileng kotsi. Ho e-na le hoo, ho tlile ka lebaka la hore ebe Mokreste.
Le hoja mohlomong Luka a ne a ka lula motseng o le mong ’me a phela ka mokhoa o mofuthu e le ngaka, o ile a ikhethela ho amohela mathata ka ho tsamaea le Pauluse maetong a borumuoa. ’Me hamorao Luka a itšebelisa ho etseng lipatlisiso le ho ngola tlaleho ea Evangeli ea bophelo le tšebeletso ea Jesu. “Evangeli” e bolela “litaba tse molemo.” Ka boiteko ba hae ho jaleng litaba tse molemo tsa Bokreste, ho akarelletsa ho ngola Evangeli ea hae le Liketso tsa Baapostola, Luka a bontša molemo oo motho a ka o finyellang mosebetsing oa Bokreste e le o phahametseng seo ngaka e ka se etsang ka ho folisa batho ka nakoana ba mahlomoleng. Re ka ananela hamolemo mosebetsi oa Luka ka ho hlokomela lintho tse ling le tlaleho ea hae ea Evangeli.
MONGOLI
Ba bang ba ’nile ba tseka hore Luka e ne e le Molichaba ka lebaka la lebitso la hae la Segerike, mokhoa oo a ngolang ka oona le ’nete ea hore ho Ba-Kolosse 4:10-14 Pauluse o bua ka “ba lebollo” ’me hamorao o bolela Luka. Leha ho le joalo, hoo ke botoloki ’me ho hanana le se bontšoang ho Ba-Roma 3:1, 2. Moo re bolelloa hore Molimo o no o tšepetse lipolelo tsa oona tse halalelang ‘Bajode.’ Ka hoo Luka e tlameha ebe e ne e le Mojode ea buang Segerike ea nang le lebitso la Segerike.
Ho ngola ha Luka ho tiisa hore o ne a rutehile haholo. O ngotse ka Segerike se hlakileng le se balehang habonolo. Lipolelo tsa hae li rarahane ho feta tse li Evangeling tse ling ’me o sebelisa mantsoe ka bongata.
Ho kena ha Evangeli ho boetse ho bonahatsa ho ruteha ha Luka haholo. Hoa qaleha: “Ereka ha ba bangata ba se ba lekile ho phetha hlomahanyo litaba tse phethahetseng har’a rōna kamoo re li neiloeng ke ba iponetseng tsona ka sebele . . . , le ’na eitse hobane ke botsisise litaba tsohle ho hlaheng ha tsona, ke re, hoa ntšoanela hore ke u ngolle tsona ka lenaneo la tsona, . . . u tle u tsebe ho tiea ha litaba tseo u li rutiloeng.” (Luka 1:1-4) Hona ho emela ho kenyelletsoa ha litaba mongolong oa Segerike.
Mona Luka o tiisetsa babali ba hae hore o ne a sa nka bohato ka taba eo a e utloileng ka neano ea bare. Hobane’ng? Kaha Luka ka ho totobetseng e ne e se morutuoa ha Jesu a sa le lefatšeng, ha Luka a ne a lokisa Evangeli ea hae o ile a batlisisa ka hloko ho ba “boneng ka mahlo.” Hape, a batlisisa litlalehong tsa nako eo, “a botsisisa litaba tsohle ho tloha ho hlaheng ha tsona.” Hona ho lokela hore etsa hore re tšepe se ngotsoeng ke Luka.
Empa ke joang Luka a ileng a fumana litaba tsa hae ka ho qaqileng? Ntlheng e ’ngoe tlalehong ea maeto a Pauluse, buka e tlohela ho bua ka motho oa boraro (“eena,” “bona”) ho bua ka motho oa bobeli (“re,” “rona”). Hoa utloahala ka sena hore Luka o ile a tsamaea le Pauluse leetong la bobeli la hae la borumuoa. (Liketso 16:10) Ka ho totobetseng ka ho tsamaea le Pauluse ho tloha Jerusalema qetellong ea leeto la boraro, Luka o ne a tla tseba ho buisana le banna le basali ba boneng ka mahlo tšebeletso ea Jesu. (Liketso 21:1, 7, 15-18) Moo Luka hape o ile a hlahloba lingoliloeng, tse kang tse sebelisitsoeng ho lokisetseng moloko o ho Luka 3:23-38.
Moapostola Pauluse o ile a kenngoa litlamong Cesarea ho tloha ka 56 ho ea ho 58 C.E. Kaha Luka o ngotse Evangeli ea hae pele buka ea Liketso (e phethiloe ho e ka bang 61 C.E.), ho bonahala hore Luka, ka ho sebelisa nako ea hae hantle, o ngotse Evangeli ha Pauluse a le litlamong.
U LOKELA HO BATLA ENG?
U tla fumana ho putsa haholo ho bala buka e ngotsoeng ka hloko e mofuthu le e nang le litaba ea Luka. Ka ho etsa joalo, u ka batla litšobotsi tse itseng tse thahasellisang kapa tse khethehileng. Re thathamisa tse ’ne.
Ea pele Luka o sebelisa lipolelo tsa bongaka le litlhaloso. Basali le thapelo li ne li eloa hloko ka ho khethehileng Evangeling ea Luka, ka hoo ela hloko litšobotsi tsena tse peli. Ntlha ea bone ke hore Luka o ngoletse batho bohle. Ho tsosa thahasello ea hao bukeng, a re hlokomeleng mehlala e meng ea litšobotsi tsena tse ’ne.
KA PONO EA NGAKA
Evangeli tsohle li tlaleha ka mehlolo ea Jesu, empa ha u bala Luka u hlokomele kamoo a bolelang ka ho phekola ha Jesu. ’Me u hlokomele puo eo a e sebelisang.
Ka mohlala, hangata Luka o fana ka pono ea bongaka eo Mattheu le Mareka ba e hlokomolohang. Ha bao ba babeli ba re bolella ka ho khaola ha Petrose tsebe ea Malkuse, Luka o qaqisa hore e ne e le tsebe e tona le hore Jesu o ile a busetsa tsebe e khaotsoeng. Na hoo ha ho utloahale ho e-na le bongaka? (Mattheu 26:51; Mareka 14:47; Luka 22:50, 51) Ka ho tšoanang, Luka o tlaleha ka nepo hore mohoehali oa Petrose “o ne a tšoeroe ke feberu e kholo, hore Jesu o ile a phekola monna ea tletseng” lepera le eo “letsoho la hae le letona le neng omelletse”—Luka 4:38, 39; 5:12-14; 6:6-10.
Hona le bopaki bo bong bo bongata ba pono ea Luka ea bongaka. Ha a tlaleha hore Jesu “o ne a folisa ba bangata maloetse, le mafu a bona, le meea e mebe,” Luka o qolla ho neng ho phekoloa e le ho khethollehileng le ho neng ho amana le bodemona. (Luka 7:21) Ke Luka feela ea re bolellang hore ha Jesu a ntse a rapela pele a tšoaroa, a ‘kena matsoalong a maholo,’ le hore “likhororo tsa hae tsa ba joale ka marotholi a mali.” (Luka 22:44) Thahasello ea ngaka ea ba ea fetela le tlalehong ea litšoantšo tsa Jesu. Ke Luka feela ea re bolellang ka setšoantšo sa ‘Mosamaria ea molemo,’ Na u hopola kamoo Mosamaria a ileng a sebetsa maqeba a monna ea fumanoeng ka thoko ho tsela? Seo Luka a se hlalosang se tumellanong le se neng se etsoa ke lingaka mehleng eo. (Luka 10:29-37) Ke Luka feela ea ngolang tlaleho ea “morui le Lazaro.” Hona na u hopola mantsoe a sebelisitsoeng ke Luka ka bothata ba ho kula ha Lazaro? A shebe ho Luka 16:20. Re sa le moo, hlokomela temaneng ea 24 mohoo oa morui, “ke utloa bohloko bo boholo.” Luka o sebelisitse lentsoe la Segerike bakeng sa bohloko leo ho seng mongoli e mong oa Bibele a le sebelisang, empa leo hangata le neng le sebelisoa ke lingaka tsa Magerike Hippocrates, Aretaeus le Galen.
HO AMEHA KA BASALI LE THAPELO
Ha u bala buka ea Luka u batle bopaki ba qenehelo ho basali, mohlomong e leng ho bontšang sebopeho sa qenehelo se ileng sa mo hohela hore a nkele bongaka. Ka mohlala, khaolo ea pele ke eona feela e bolelang ka Elizabetha, ’mé oa Johanne Mokolobetsi, ebile e tlaleha le hore o ile a utloa ngoana a thala ka mpeng. Khaolo eona eo e fana ka pono e mofuthu boitšoarong ba Maria khopolong ea hore e tla ba ’mé oa Messia.
Hamorao Evangeling ea Luka u tla ithuta ka: Moprofeta oa mosali Anna; mohlolohali oa Naine; mosali oa moetsalibe ea ileng a hlatsoa maoto a Jesu ka meokho ea hae; basali ba ileng ba sebeletsa Kreste ka tsa bona; ho phekola ha Jesu mosali ea neng a na le phallo ea mali ka nako e telele; ho kenella pakeng tsa Maria le Maretha; “morali oa Abrahama” ea neng a holofetse ka lilemo tse 18 le litšoantšo tsa Jesu tsa mosali ea ileng a lahla chelete le mohlolohali le moahloli.—Luka 2:36-38; 7:11-15, 36-50; 8:1-3, 43-48; 10:38-41; 13:11-16; 15:8-10; 18:2-8.
Na u nahana hore letoto leo le nka basali bohle ba boletsoeng bukeng ea Luka? Bonneteng haeba u mosali, u thahasella basali kapa u rata ho bona kamoo ngaka Luka a neng a qenehela kateng, bala tlaleho eohle ’me u bone hore na u tla fumana ho hongata hakaakang. Ha u etsa joalo, hlokomela kamoo Luka hangata a buang ka thapelo.
U tla fumana hore ke Luka feela ea bolelang ka lithapelo tse ngata. Ka mohlala, ke Luka feela ea re bolellang hore Jesu o ne a rapela ha maholimo a phetloa ’me moea o halalelang o tšolleloa holim’a hae le hore hamorao Kreste o ile a qeta bosiu bohle a rapela. (Luka 3:21; 6:12) Ha u rata ho hlokomela mehlala e meng, phetla Luka 5:16; 9:18, 28; 11:1; 23:46. Hape, Luka o re bolella ka mehlolo e mengata ea Jesu ka thapelo, e kang ea motsoalle ea fihlang har’a bosiu, moahloli ea sa lokang le mofarisi le molekhetho.—Luka 11:5-13; 18:1-8, 10-14.
“LITABA TSE MOLEMO” BAKENG SA BATHO BOHLE
Ho bonahala Mattheu a ngotse Evangeli ea hae ka ho khethehileng bakeng sa Bajode, Mareka a ngolla Ba-Roma, empa Luka a ngola “litaba tse molemo” bakeng sa batho bohle. Pontšo e ’ngoe ea hoo ke hore Luka o latellisa moloko oa Jesu ho fihlela ho Adama, ntate oa batho bohle. (Luka 3:23, 38; bapisa Mattheu 1:1, 16.) Evangeling ea hae ho na le boipiletso ba bokahohle, Luka o re thusa ho bona hore molaetsa oa Kreste le mesebetsi ea hae li ne li ka tlisa molemo ho sa tsotellehe hore na motho o ne a etsa’ng nakong e fetileng—molepera oa Mosamaria, molekhetho oa morui leha e ne e le lesholu le shoetseng sefateng. (Luka 17:11-19; 19:2-10; 23:39-43) Hape u tla utloa boipiletso ba Luka ho bohle ba ‘lahlehileng’ tabeng ea hore o tlaleha litšoantšo tsa Jesu ka nku e lahlehileng, chelete e lahlehileng, ngoana ea lehlasoa le mofarisi le molekhetho. (Luka 15:4-32; 18:9-14) Ha u bala Evangeli ea Luka, falimehela mehlala e meng ea tšepo eo Luka a fanang ka eona ho bohle.
Bonneteng, ho na le lintho tse ling tse ngata tsa bohlokoa tseo u ka li hlokomelang Evangeling ea Luka. Empa maikutlo a akaretsang e lokela hoba a buka e ngotsoeng ke mongoli ea rutehileng le ea hlokolosi, leha ho le joalo e na le tlaleho e mofuthu le e phollatsi ea bophelo ba Jesu. Ke tlaleho ea Evangeli e etelletsang pele “litaba tse molemo” tseo ha joale li fumanehang ho bohle.
Haholo-holo nakong ea rona “litaba tse molemo” joalo lia ananeloa. Ngaka Luka ke eena mongoli feela oa Evangeli ea tlalehang boprofeta ba Jesu hore nako e ne e tla tla, ka lebaka la ho tsieleha ha lefatše bofelong ba tsamaiso ea lintho, ha, ‘batho ne ba tla neela moea ke tšabo le ke tebello ea tse tla etsahala.’ E tlameha ebe Luka hape o ile a thabela ho tlaleha mantsoe a khothatsang a Jesu a ho Luka 21:25-28!
LIKEREKE HA LI ETSE BARUTUOA
Ho ba morutuoa oa Jesu ho bolela ho mo etsisa ho ruteng ha hae le ka boitšoaro. Buka ea evangeli “Christianity Today” e lumela hore litho tsa likereke tsa Bojakane li hlolehile linthong tseo tse peli. (Matt. 28:19, 20) Makasine oa tlaleha: “Likereke tsa bochabela tsa letatše ha lia ka tsa etsa borutuoa boemo ba ho ba Mokreste. Ha ho hlokahale hore motho e be . . . morutuoa e le hore a fetohe Mokreste, motho a ka ’na a lula e le Mokreste le hoja a sena matšoao a tsoelo-pele ka borutuoa. Likereke tsa Amerika ka ho khethehileng ha ho hlokahale hore li latele mohlala oa Kreste, moea, le lithuto tsa hae joale ka boemo ba ho ba setho.”
Makasine o ile ea hlokomela hape hore ho hlokahala hore ho etsisoe Jesu “joaleka ha a ile a tsamaea tulo tsohle a bolela, a bontša, a bua ka ’muso oa Molimo. Baruruoa ba lokela ho etsisa tsela ea hae.” Kajeno, bongata ba batho ba eang kerekeng ha bo etsise Jesu ka ho bolella ba bang ka merero ea Molimo.
Ka lehlakoreng le leng, e mong le e mong ea kolobelitsoeng oa Lipaki tsa Jehova o utloisisa hore o lokela ho etsisa Jesu e seng feela ka thuto le ka boitšoaro, empa le ka ho kopanela “ho boleleng litaba tse molemo tsa ’muso lefatšeng lohle hore e be bopaki pele bofelo bo hlaha.”—Matt. 24:14; 1 Pet. 2:21.