Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 4/15 maq. 16-21
  • Boineelo—Ho Mang? Hobane’ng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boineelo—Ho Mang? Hobane’ng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “KE TLILE HO ETSA THATO EA HAO”
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Ba ne ba Tsoaletsoe Sechabeng sa Molimo se Khethiloeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Se Boleloang ke Kolobetso ea Hao
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
  • “Le Tla Fetoha ’Muso oa Baprista”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 4/15 maq. 16-21

Boineelo—Ho Mang? Hobane’ng?

Empa ha e le lōna, le moloko o khethiloeng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, [sechaba se halalelitsoeng; sechaba se ineetseng], le sechaba se ruiloeng.”—1 Petrose 2:9, “The Jerusalem Bible; The New English Bible.”

1, 2. (a) Na Abraham Lincoln e ne e le oa kereke leha e le efe ea Bojakane, empa puong ea hae ea Gettysburg o ile a bua joang ka sechaba seo e neng e le mookameli oa sona? (b) Ke bohato bofe bo hlahisang ho hong ka ho tšepa ha sechaba sena Molimo, ’me ke joang puso e tla latela khathatso ea lefatše e tlang ho ba ‘ea batho’?

HO LIKEREKE tsohle tsa Bojakane, ha ho le e ’ngoe e neng e ka bolela hore mookameli oa bo16 oa Linaha tse Kopaneng tsa Amerika e ne e le setho sa eona. Empa, ha a ne a etsa puo ea hae e tsebisahalang ea Gettysburg ka la 19 Pulungoana, 1863, monna eo ea neng a bala Bibele, Abraham Lincoln, o ile a bua mantsoe ana a matla:

“Lilemong tse fetileng tse mashome a robeli a metso e supileng bo-ntat’a rōna moholo ba ile ba tlisa lefatšeng lena sechaba se secha, se tsoetsoeng ka Tokoloho, le se neetsoeng maikutlong a hore batho bohle ba bōpiloe ba lekana . . . Empa, ka kutloisiso e khōlō, re ke ke ra neela—re ke ke ra khetha—re ke ke ra halaletsa—mobu ona. Banna ba libete, ba phelang le ba shoeleng, ba ileng ba loana mona, ba o khethile, ka mokhoa o phahametseng matla a rōna hore re ka eketsa kapa ra fokotsa . . . Ho ho rōna ba phelang, ho e-na le hoo, ho ineela mona mosebetsing o sa kang oa phethoa oo ba ileng ba loana mona ba o ntšelitseng pele ka bokhabane hakana. Ho ho rōna hore re ineele mosebetsing o moholo o saletseng ka pel’a rōna . . .”

2 Ho tloha mohla puo eo e hopolehang setšeng sa sechaba sa mabitla se Gettysburg, Pennsylvania, United States ha e-ea phelela lepetjo la pampiri ea eona ea dolara, “Re Tšepile Molimo.” Ho sa tsotellehe ho ineela ha mookameli le Moamerika leha e le ofe ea tiileng ho lona, “’muso oa sechaba, ka sechaba” o tla “fela lefatšeng.” Ka thabo, “bakeng sa batho” hona e ke ke ea e-ba tlokotsi ea ka ho sa feleng, hobane ho tla latela ’muso o moholo oa borena oa Molimo ka Morena eo o mo khethileng, Jesu Kreste, bakeng sa ho hlohonolofatsoa ha baahi bohle ba qitikoe ena, ho akarelletsa seo hajoale e leng lefatše la Amerika.

3, 4. (a) Ke “sechaba” sefe se tla hlahella joale? (b) Ke mantsoe afe a Jehova a lebisitsoeng ho Israele a neng a qotsoa ke Petrose mabapi le “sechaba” sena se secha?

3 Joale ho tla hlaha sechaba se secha. Ke sefe sona sechaba seo? Ke se ileng sa tobisoa mantsoe a latelang a bululetsoeng: “Empa ha e le lōna, le moloko o khethiloeng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le sechaba se ruiloeng.”—1 Petrose 2:9.

4 Ka mantsoe ao moapostola Petrose o qotsa lipolelo tse sebelisitsoeng ke Molimo mabapi le batho ba hae ba khethiloeng ba Iseraele bao ka nako eo ba neng ba le Thabeng ea Sinai Arabia, joaloka ha a tlalehiloe ho Exoda 19:5, 6. Moo rea bala: “’Me joale ekare ha le ka fela la utloa lentsoe la ka, la boloka selekane sa ka, le tla ba letlotlo la ka la sebele har’a lichaba tse ling kaofela, etsoe lefatše lohle e le la ka. Le tla ba ho ’na ’muso oa baprista, le sechaba se khethehileng.”

5. Leseling la tšebeliso ea Bibele na polelo ‘ho halaletsa’ le ‘ho neela’ li bolela ntho e tšoanang?

5 Ho Exoda 19:6 le 1 Petrose 2:9, tse qotsitsoeng kaholimo, liphetolelo tse ling li phahamisa polelo e reng “sechaba se khethiloeng” ka ho e fetolela e le “sechaba se halalelitsoeng” kapa “sechaba se ineetseng.”a (Bona Bibele ea Sesotho, The Jerusalem Bible; Moffatt; Knox; The New English Bible.) Ho amohela le ho phela ka litekanyetso tsa Jehova ho ne ho tla khetha Baiseraele e le batho ba halalelitsoeng kapa ba ineetseng. Molimo o ka ‘halaletsa’ kapa oa ‘neela’ motho kapa sehlopha sa batho. Ponong ea Molimo ea litaba, mantsoe a mabeli a ka ’na a bolela ntho e tšoanang. Leha ho le joalo, batho ba sa phethahalang, le hoja ba se na matla a ho ‘halaletsa’ eng kapa eng, ba e bea e hloekile ka morero o halalelang, ka tokelo le ka lerato ba ka ‘neela’ ntho e ’ngoe, ho akarelletsa le bona ka bobona.

6. (a) Ka ho re, “Tseo tsohle Jehova a li boletseng, re tla li etsa,” sechaba sa Iseraele sa nka bohato bofe, motho ka mong le hammoho? (b) Molimo oa ba kenya tokisetsong efe e se ka qobello?

6 Molimo oa etsa tlhahiso ho Baiseraele ba lopolotsoeng hore e ka ba sechaba se halalelang ho oona, ha feela ‘ka thata ba utloa lentsoe la oona le ho boloka selekane sa oona.’ Ba arabela: “Taba tsohle tse boletsoeng ke Jehova re tla li etsa.” Kahoo, e le motho ka mong hammoho leha e le bona hammoho, ntle ho ho itšiela letho ba ineela bobona ho ’Moloki oa bona, Jehova Molimo. Le hoja Jehova a ne a se a ba khethile hobane e ne e le bana ba hae ba tlhaho ba Abrahama, ’me a ba lopolotse ka mohlolo Egepeta a ba fetisa Leoatleng le Lefubelu, empa a emela Baiseraele hore ba ineele tjena e le bona ho eena le borapeling ba hae ka boithatelo. Motheong ona ba etsoa batho ba selekane ba Jehova. Ka sena, rea bala:

“Hobane Moshe, enere mohla a boleletseng sechaba kaofela litaelo tsohle tsa molao, a nka mali a manamane le a liphooko, le metsi, le boea bo takiloeng ka purepera, le hysopa, ’me a foka buka le sechaba sohle ka tsona, a re: “Ke ana mali a selekane seo Molimo o se laetseng bakeng sa lōna.”—Ba-Heberu 9:19, 20; Exoda 24:1-8.

7. (a) Boemo ba Bajode e ne e tla ba bofe melokong e latelang? (b) Ba ne ba tla lahleheloa ke boemo ba bona bo khethehileng joang?

7 Meloko e latellanang ea Bajode e ne e tla tsoalloa sechabeng sena se ineetseng ’me, ka baka leo, kamanong e ineetseng ho Molimo. Empa e le batho ka bomong, ha ba hōlela lilemong tsa boikarabelo, ba ne ba tla tlameha ho etsisa Bajode bane Thabeng ea Sinai ka ho ipaka ka se susumetsang lipelo tsa bona le liketso hore ruri ba ineetse ho Jehova e le hore ba ka tsoela pele sechabeng sena se halalelang boemong bo botle. Ka sebele, katleho ea bona e le sechaba le bona bophelo ba bona li ne li ameha. Hona ke ’nete hobane Molimo o ka tlosa boemo bo halalelang kapa bo khethehileng boo o bo beang holim’a batho, haeba ba ipaka ba sa tšoanelehe, ’me a bo fetisetsa ho ba ipakang ba tšoaneleha. Ke ka ba baka leo moapostola Petrose a ileng a sebelisa mantsoe a pele a Molimo ho Iseraele oa tlhaho, hore ho eena e ne e tla ba ‘’muso oa baprista le sechaba se halalelang,’ ho sechaba se secha sa Bakreste se bileng teng ka Pentekonta ea 33 C.E. Ho fallisoa hona ha tlhokomelo e halalelang ho ile ha etsahala joang?

8. (a) Ha Petrose a ngola lengolo la hae la pele le bululetsoeng, Iseraele e ne e tla tloha e oeloa ke tlokotsi efe, ’me ke kamano efe eo Bajode ba neng ba se ba se na eona ho Jehova Molimo? (b) Ke bo-mang he, ba neng ba etsa ‘sechaba se khethiloeng’?

8 Ha moapostola a ngola mantsoe a Petrose oa Pele 2:9, batho ba Bajode ba ne ba le haufi le koluoa ea bosechaba. Motse oa bona o nang le tempele oa Jerusalema o ne o le haufi le ho timetsoa ke makhotla a Baroma ’me ba ne ba tla qhalanyetsoa lichabeng, joaloka ha Jesu a ne a hlile a bolela. (Luka 21:20-24) Ka masoabi, ka 33 C.E., ba ne ba hanne Jesu Kreste ’Muelli oa selekane se secha sa Molimo, ’me ntle ho pelaelo selekane sa khale sa Molao se neng se buelletsoe ke moprofeta Moshe se ne se se se sa sebetse. “Ba-Iseraele, bao e leng bona ka nama” ba ne ba lahloa joale. (1 Ba-Korinthe 10:18; Mattheu 23:38) Sechaba se secha sa Iseraele oa moea se ne se hlahisitsoe ke Jehova Molimo. (Ba-Roma 9:6; Ba-Galata 6:15, 16) ‘Sechaba se khethiloeng’ sena se secha se ne se entsoe ka barutuoa ba Jesu Kreste bao Petrose a neng a tobisitse lengolo la hae ho bona, e leng, “ba khethiloeng ka ho tsejoa pele ke Molimo Ntate, ba halalelitsoeng ke Moea.”—1 Petrose 1:1, 2.

9. Na Molimo o hlile oa tseba pele ha nako litho tsa sechaba seo se halalelang ka bomong, ’me ba fetoha “moloko” o khethiloeng joang?

9 Hona ha ho bolele hore Molimo o ne o tseba litho ka bomong le ho li khetha ka mabitso e sa le pele. Ho e-na le hoo, o hlile a tseba hore o tla hlahisa sechaba se secha, “sechaba se halalelang,” ’me a hla a tseba lintho tse neng li tla hlokoa ho setho ka seng e le hore seo se ka khethoa le ho nkeloa ka sechabeng se halalelang. Hape, sechaba sena sa moea se ne se tla etsoa ka ho khethehileng se halalelang ka moea o halalelang oa Molimo, litho tsa sechaba li tsoaloa ka moea o halalelang hore e be bana ba moea ba Molimo. (Tite 3:4-7) Boemong bona bo halalelang, kapa bo khethehileng, ba ne ba ka sebeletsa e le ‘baprista le marena.’ E le ba tsoetsoeng ka moea, e ne e le “moloko,” “moloko o khethiloeng.”

10. Kaha Molimo o sebelisana la Bakreste e le “sechaba” kapa sehlopha, ho hlaha lipotso life ka boikarabelo ba motho ka mong?

10 Empa ho ineela ho Jehova ha setho ka seng sa sechaba se secha ho kena joang tabeng? Le hoja Molimo o ‘khetha’ kapa ‘o neela,’ bana e le sehlopha kapa sechaba, na e mong le e mong o lokela ho etsa boineelo bo sa itšieleng letho ka boeena ho Molimo e le hore a ka amoheloa e le setho sa sechaba see se secha? Na ka bonolo feela Mangolo ha a re, ha e le hantle: ‘Lumela ho Morena Jesu Kreste ’me u tla bolokeha’? Kapa, ka bonolo feela, ‘Bakang ’me le sokolohe’? Kahoo, na ho lumela ka bonolo feela, le pako le tšokoloho hase sohle se boleloang e le se hlokoang ho ba morutuoa oa Jesu, Mokreste? Na Jesu, Mora oa Molimo, ha a ka a nka bohato ba boineelo ha a le lefatšeng? A re boneng.

“KE TLILE HO ETSA THATO EA HAO”

11. Jesu o tsoaletsoe tokisetsong ea selekane sefe le Molimo, ’me ho bile joalo joang?

11 Ka ho tsoaloa ha Jesu e le motho, Ba-Galata 4:4 e-ea re bolella: “Nako ha li phethehile, Molimo o romile mor’a oona, ea tsoetsoeng ke mosali, a hlahetse pusong ea molao [oa Moshe].” Hoba a tsoaloe ka mohlolo ke moroetsana oa Mojode, ho bolotsoa ha hae ka letsatsi la borobeli ha tiisa hore ka tsoalo e ne e le e mong oa sechaba sa selekane sa Molimo, ’me ntlheng ena Josefa le Maria “ba isa ngoana [Jesu] Jerusalema, ho mo hlahisa pel’a Morena [Jehova].”—Luka 2:22-24.

12. Johanne o ne a kolobetsa Bajode ba tlang ho eena e le pontšo ea eng, empa ke hobane’ng ha pele a ile a hana ho kolobetsa Jesu?

12 Ke ho sechaba sena se ineetseng moo selelekela sa Jesu Kreste, Johanne Mokolobetsi, a ileng a rōmeloa, ho biletsa sechaba pakong. Le Jesu a re: “Ha kea romeloa ho motho, ha e se ho linku tsa ntlo ea Iseraele tse timetseng.” (Mattheu 15:24) Molaetsa o eang ho batho bana ba ineetseng ba Molimo e ne e le o khethehileng, o sa sebetse ho lichaba tseo e seng Baiseraele. Johanne Mokolobetsi a ipiletsa ho ‘linku tseo tse timetseng tsa ntlo ea Iseraele’ hore li bakele libe tsa tsona khahlanong le selekane sa Molao. (Mattheu 3:1-6) “Efela Johanne o kolobelitse ka kolobetso ea pako, a bolella batho hore ba lumele ho ea tlang ka mora’ hae, e leng Jesu Kreste.” (Liketso 19:4) Leha ho le joalo, ha Jesu a itlhahisa ho Johanne ho tla kolobetsoa ka metsi, hona ka ho totobetseng e ne e se tšoantšetso ea pako, kaha Jesu o ne a se na libe e bile e se motlōli oa selekane sa Molao seo a neng a tsoaletsoe tlas’a sona. Johanne, a tseba sena, a tsila-tsila ho kolobetsa Jesu, empa a lumellana le kōpo ea hae ha a bolelloa hore: “Ntumelle joale; hobane e ka khona re phethe joalo ho lokelang hohle.” (Mattheu 3:13-17) O ne a bolela eng?

13. (a) Jesu o phethahalitse Pesaleme ea 40:7, 8 joang? (b) Kolobetso ea Jesu e ne e tšoantšetsa eng?

13 Mona Jesu o ne a sebetsa tumellanong le boprofeta bo neng bo bua ka eena ho Pesaleme ea 40:7, 8: “Ke moo ke ‘itseng: Bona, kea tla, kamoo ho ngoliloeng taba tsa ka ’menong oa buka. Ho etsa ho ratoang ke uena, Molimo oa ka, ke sona seo ke se ratang.” Ho Ba-Heberu 10:5-10 boprofeta boo bo sebelisoa ho Jesu Kreste, ka ha tabeng ea Jesu, Molimo o ne o sa hloke mahlabelo a neng a neeloa tumellanong le selekane sa Molao oa Moshe, empa o batla e le sehlabelo ’mele o phethahetseng oo Molimo o neng o o lokiselitse Mora oa oona hore o etsoe sehlabelo motheong oa selekane se secha. Kahoo ha a kolobetsoa, Jesu o ne a sa ineele ho Molimo, kaha e ne e se e le setho sa sechaba se ineetseng ’me, a se na sebe, ho ne ho sa hlokahale hore a sokolohe. (Ba-Heberu 7:26) Ho e-na le hoo, kolobetso ea hae e ne e le tšoantšetso ea ho itlhahisa ha hae ho Ntate oa hae oa leholimo ho etsa thato ea Hae e tsoelang pele. ’Me ntlheng ena Jesu a beela barutuoa ba hae mohlala oa kolobetso.

14. (a) Hoba Johanne a kenngoe litlamong, Jesu a qala ho bolela molaetsa ofe? (b) Ka nako ee pako le kolobetso li ne li lokisetsa batho eng?

14 Hoba Jesu a utloe hore Johanne Mokolobetsi o kentsoe chankaneng, a tsoa letšolo ho ea bolela ho Baiseraele ba seng ba ineetse. “Ho tloha mohlang oo, Jesu a qala ho ruta, a re: Bakang, hobane ’muso oa maholimo o atametse.” (Mattheu 4:17) Ho kolobetsa tšoantšetsong ea pako ha tiea matla bocha. (Johanne 3:26; 4:1, 2) Ha Moshe e Moholoanyane, Jesu Kreste, a nyolohela leholimong ’me a hlahisa ho Jehova Molimo bohlokoa ba molemo oa sehlabelo sa hae sa botho, selekane sa molao oa Moshe sa etsoa lefeela, me ha raloa motheo bakeng sa ho hlongoa ha “selekane se secha” se hlileng sa boleloa. (Jeremia 31:31-34) Kahoo, ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E., barutuoa ba Jesu ba Bajode ba fallisetsoa ‘selekaneng se secha’ ho tloha selekaneng sa khale sa Molao, e le selekane seo Moshe e Moholoanyane, Jesu Kreste, e neng e le ’Muelli.b

15. (a) Ke eng e sa kang ea fela hang le ho hlakoloa ha selekane sa Molao bakeng sa Bajode? (b) Thato ea Molimo joale e ne e le efe bakeng sa Bajode ba neng ba tsotella ka kamano ea bona e khethehileng le Molimo?

15 Le hoja selekane sa Molao joale se ne se entsoe lefeela, nako ea Molimo ea mohau o khethehileng le tlhokomelo ho Bajode, motheong oa hore ke bana ba tlhaho ba Abrahama, e ne e sa fela; e ile ea fela pele ka selemo sa 36 C.E. Kahoo, le kamor’a hore moea o halalelang o tšolloe pele ka 33 C.E., moapostola Petrose ea tsoetsoeng ka moea a re ho letšoele la Bajode Jerusalema: “Bakang ke hona, ’me le sokolohe, libe tsa lōna li tle li hlakoloe, hore ho tle ho be ho fihle mehla ea khatholoho ka ponahalo ea Morena, ’me a rōme Jesu Kreste, ea boletsoeng pele ho lōna.” Ho lokisa kamano ea bona e ineetseng ho Molimo ho ne ho tla akarelletsa, e seng ho bakela libe khahlanong le selekane sa Molao seo ba neng ba ntse ba inka ba le tlas’a sona feela empa hape ho itlhahisa bobona e le ba lebelletseng ho ba litho tsa sechaba sena se secha, hoo e neng e le thato ea Molimo ka nako eo ho bohle ba fetohang barutuoa ba Jesu, Bakreste. Hona ho tiisoa ke seo Petrose a se buileng pelenyana ka letsatsi la Pentekonta ho Bajode ba neng ba ‘hlabehile lipelo’ ka karolo ea bona hore Jesu a shoe. Ho bona, Petrose a re: “Bakang, ’me e mong le e mong oa lōna a kolobeletsoe ka lebitso la Jesu Kreste tšoarelong ea libe, ’me le tla nka neo ea Moea o Halalelang.” Kahoo, ho ne ho ameha ho hong ho eketsehileng ho feta feela ho baka le qeto e akaretsang ea ho etsa hamolemo motheong oa ho lumela ho Jesu.—Liketso 3:19, 20; 2:37-40.

16. (a) Ha molaetsa oa ’Muso o fihla ho Basamaria ba bolotseng, ho kolobetsoa ha bona metsing ho ne ho tšoantšetsa eng? Hobane’ng? (b) Ke eng e ileng ea tiisa hore ba ne ba nketsoe kamanong ea selekane le Molimo?

16 Pele a nyolohela leholimong, Jesu a bolella baapostola ba hae hore ba tla atolosa bopaki bo buang ka eena ho “ea Samaria, le ho isa pheletsong ea lefatše.” (Liketso 1:8) Le hoja Basamaria e ne e se Baiseraele, batho ‘ba sechaba se seng,’ ba ne ba bolla hobane ba ne ba amohela libuka tsa Bibele tse ngotsoeng ke Moshe ’me ba mo nka e le ’muelli pakeng tsa bona le Molimo. (Luka 17:16-18) Ka mosa oa hae o sa tšoanelang, Jehova a bona ho le hotle hore Petrose a sebelise senotlolo se khethehileng bakeng sa Basamaria pelenyana ho sebelisoa sa Balichaba ba sa bollang ho ba bulela monyetla o mabapi le ’muso oa maholimo. Empa ka ha Basamaria bao ba ne ba hlile ba se selekaneng sa Molao oa Moshe, ’me ba ‘rapela seo ba sa se tsebeng,’ bona joale, ka ho kolobetsoa, ba ne ba tlameha hore pele ba ineele bobona ka kutloisiso ho Jehova Molimo ka lebitso la Messia, Jesu, e le muelli oa selekane se secha. Ho kolobetsoa ha bona hamorao ka moea o halalelang, ha emela hore ba ne ba amohetsoe ho kena selekaneng se secha.—Mattheu 16:18, 19; Johanne 4:4-42; Liketso 8:5-25.

17. (a) Ke neng hona joang Molimo o ileng oa etela bao e seng Bajode ba sa bollang ka lekhetlo la pele ‘ho khetha har’a bona sechaba se bitsoang ka lebitso la hae’? (b) Ho kolobetsoa ha bona metsing ho ne ho tšoantšetsa eng?

17 Ka selemo sa 36 C.E., ha nako ea Molimo ea mohau o khethehileng ho Bajode e fela, Jehova Molimo a lebisa tlhokomelo ea hae ho bao e seng Baiseraele ba sa bolotsoang, Balichaba, ‘ho ikhethela sechaba sa lebitso la oona.’ (Liketso 15:14-18) A sebelisa “senotlolo” se seng, Petrose a rōmeloa tlung ea molaoli oa lekholo oa Moroma Kornele, ea neng a le mosa ho batho ba Bajode. Balichaba bana e tlameha ebe ba ne ba amohetse bopaki ba Jehova Molimo le Messia oa hae ea tlotlisitsoeng, hobane moea o halalelang o ile oa theohela ho bona ’me ba qala ho bua lipuo lisele. Ka mohau Molimo o ne o qalile ho ‘nea le ba-lichaba pako, hore ba bone bophelo,’ ka Jesu Kreste, “Konyana ea Molimo e tlosang libe tsa lefatše.” (Liketso 11:18; Johanne 1:29) Le bona Jehova o ne a ba amohetse ka sechabeng sa moea motheong oa boineelo bo entsoeng ho eena lipelong tsa bona. Moea o halalelang oa tiisa sena. Kahoo ha ho lea mong ho Bajode ba entsoeng Bakreste ea neng a na le Petrose ea neng a ka fumana ho hanyetsa taelo ea hae hore “ba kolobetsoe ka lebitso la Morena [Jesu].” Hoo ha qalisa “tšokoloho ea ba-lichaba.” (Liketso 10:1-48; 15:3) Ho tloha ka nako eo bohle ba ileng ba lakatsa ho sebeletsa Molimo, leha e le Bajode kapa Balichaba, ba tlameha ho etsa boineelo lipelong tsa bona ho Jehova. ’Me, mabapi le ho kolobetsoa ha bona metsing, ba itlhahisa bakeng sa ho etsoa ha thato ea Molimo bakeng sa bona, ba etsisa Jesu.

[Mongolo o Botlaaseng ba Leqephe]

a Ponahalo ea pele ea lentsoe ‘Khethela’ ka Mangolong a Seheberu e fumanoa ho Genese 5:18-24, ka lebitso “Henoke,” le bolelang “Ea Khethetsoeng.” Temaneng ea Seheberu lebitso lena le ngoloa e le Hha nokh’, ’me le amana le lentsoe la Seheberu Hahukah, le bolelang “Khethelo.” Ho Johanne 10:22 “mokete oa khethelo” oo Jesu a bileng ho oona o-oa boleloa. (Rotherham; Authorized Version) Ho tla fihlela kajeno Bajode ba bitsa mokete ona Hanukah, e bolelang “Khethelo;” joalokaha ho ka bonoa liphetolelong tsa Seheberu tsa Johanne 10:22.

b Ha ho tlaleho ea barutuoa bana ba pele ba Jesu ba kolobetsoa hape ho tšoantšetsa ho itlhahisa ha bona ka nako e ’ngoe kamorao ho ho tšolloa ha moea o halalelang holim’a bona ka Pentekonta. Kamoo ho bonahalang ho kolobetsoa ha bona pelenyana ha pako ha ba sa le tlas’a Molao ho ne ho akarelletsa sena, e leng hoo e neng e tla be e le ho etsisa Jesu, kaha kolobetso ea Johanne e ne e etsoa ho hopoletsoe ho hlaha ha Messia le ho ba lokisetsa thato ea Molimo bakeng sa bona mabapi le ho tla ha hae.

TLHAHLOBONG NA U KA ARABELA LIPOTSO TSEE?

◻ ‘Sechaba se khethehileng’ kapa se “halalelang” se boleloang ho 1 Petrose 2:9 se entsoe ka bafe?

◻ Baiseraele ba boholo-holo ba ineela joang ho Jehova Molimo?

◻ Ha Jesu a kolobetsoa, na o ne a ineela ho Molimo?

◻ Ke eng se neng se tšoantšetsoa ka kolobetso ea metsing ea Basamaria ba lumelang le Balichaba?

◻ Ho ba balateli ba mehato ea Jesu, bao e seng Bajode ba sa bollang ba ile ba tlameha ho etsa joang?

[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 18]

“Sechaba” se secha sa tsoaloa mohla Pentekonta ka 33 C.E

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Baiseraele ba boholo-holo ba ineela ho Jehova Molimo

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela