Boineelo le Tšoantšetso ea Bona
1. Ke joang letšoao la boitsebahatso ba motho e ka bang ntho e ntle, joaloka tabeng ea Bajode ba tšepahalang pele Jerusalema e timetsoa ka 607 B.C.E.?
LETŠOAO kapa pontšo ea seo motho a itsebahatsang eena kapa boemo ba setulo seo a leng ho sona e ka ba ntho e ntle, e, ntho e hlokahalang. Ka mohlala, ha Jerusalema e tla tloha e timetsoa ka 607 B.C.E., “monna” oa tšoantšetso o ile a rōmeloa ho ea tšoaea liphatla tsa Baiseraele ba pelo li lokileng e le hore a ka ba sireletsa polaong. Ke feela ba seng ba kae ba neng ba feheloa ke ‘lintho tse manyala tse neng li etsoa’ ka har’a seo e neng e lokela hore e be ke motse o halalelang oa Molimo ba neng ba tšoaeloa poloko.—Ezekiele 9:1-7.
2. Ke mabaka afe a tsebahatsang ao ho buoang ka oona ho Tšenolo khaolo ea 7. ’me ana a amana joang le poloko?
2 ‘Mahlomola a maholo’ a tloha a otla lefatše kaofela. Kahoo Tšenolo 7:1-8 e re bolella hore “mangeloi a mane” a emeng likhutlong tse ’ne tsa lefatše a laetsoe ho tšoara meea e mene hore e ka foka ’me ea tsosa sefefo se senyang ka ho fetisisa kapa “mahlomola” ho fihlela ha palo e hlomamisitsoeng ea bakhethoa ba Molimo e tšoailoe liphatleng. Hape, hona ho lumella nako bakeng sa “bongata bo boholo” hore bo ka ‘itlhatsoa maling a Konyana’ e le hore bo ka khetholloa e le barapeli ba tšoaneloang ke ho bolokoa ‘mahlomoleng ana a maholo.’—Tšenolo 7:9-14; Mattheu 24:21, 22.
3, 4. Tabeng ea Moprista e moholo oa Mojode, ‘pontšo ea khethelo e tukung ea hae e ne e tla ba khopotso ea eng?
3 Iseraeleng ea boholo-holo ho ne ho beiloe baprista. Moshe o ne phethile litaelo tse tobileng tse tsoang ho Jehova ka ho etsa liaparo tse khethehileng bakeng sa moprista e moholo. Ka tuku, ho ngoliloe: ‘Qetellong ba etsa lebenyane, pontšo e halalelang ea khethelo, ba le etsa ka gauda e hloekileng ’me ba ngola ho lona ka mongolo oa tiiso: “Khalalelo ke ea Jehova.” Joale ba bea leqhoele la khole e putsoa ho lona hore ba le tlamelle holim’a tuku.’a—Exoda 39:30, 31; 29:6; Levitike 8:9, New World Translation.
4 ‘Pontšo ena ea khethelo’ e ne e tla ba khopotso ho moprista e moholo le ho bohle ba shebelletseng hore o ‘khethiloe’ kapa o khethetsoe sebaka ke Molimo tšebeletsong e halalelang lebitsong la batho ba khethiloeng. Eena le baprista ba bang ba ne ba tla etella pele ho laea batho le ho etsa mahlabelo a amohelehang a phekolang libe, a neng a tla ba thusa hore ba phelele boineelo ba bona ho Molimo. Hona ho ne ho tla tlatsetsa boemong bo khethehileng bo halalelang ba sechaba, kaha se ne se lemositsoe hore ha se ka furalla Jehova le eena, o tla se furalla, a se lahle le ho se neela ho lira tsa sona.—Deuteronoma 28:15, 25, 63.
5. Le hoja kajeno ho se Mojode ea bitsoang Cohen ke mang ea ka itsebahatsang joaloka moprista e moholo oa mofuta oa Aarone, ke hobane’ng ha taba ea rōna e na le tšepo?
5 Pale e bohloko ea Baiseraele e tletse ka litlokotsi tseo ba fetileng ho tsona ka baka la ho furalla melao ea Molimo le tšebeletso ea bona e khethetsoeng eena. Hoba Jerusalema e ripitloe ka lekhetlo la bobeli le tempele ea eona ka 70 C.E., moprista e moholo ka pontšo ea khethelo tukung ea hae a se ke a hlola a bonahala. Kajeno ha ho Mojode ea nang le lebitso la lelapa la Cohen (le bolelang “Moprista”) a ke ke a ipaka hore ke moprista e moholo oa Iseraele. Na boemo ba rōna, ka baka leo, bo feletsoe ke tšepo? Che! Hobane ka Mora ea tlotlisitsoeng oa Molimo, rea bala: ‘Ho no ho tšoaneleha hoba re be le moprista e moholo ea joalo, ea halalelang, ea se nang molato, ea se nang letheba, ea ka hosele ho baetsalibe, ea phahamisitsoeng ho fetisa leholimo; . . . o ikentse sehlabelo.’—Ba-Heberu 7:26, 27.
6, 7. Na Jesu o ile a tsoalloa lelokong la boprista la Iseraele, ’me e ne e ka ba moprista e moholo joang?
6 Kaha Jesu e ne e le Mora oa Molimo, ho ne ho sa hlokahale hore e be setho sa leloko la Levi kapa lelapa la boprista la Aarone hore e be moprista oa Molimo. Ho ne ho ka ba joalo ka tokisetso e babatsehang ea Jehova Molimo. Morena Davida o ile a bululeloa ke moea oa Molimo hore a profete ka ngoana enoa ea tsebisahalang, eo e neng e tla ba e moholo ho feta baholo-holo ba hae: “Jehova o itse ho Morena oa ka: Lula letsohong la ka le letona, ke tle ke be ke bee bao e leng lira ho uena bonamelo ba maoto a hao. Jehova o ea otlolla Sione molamu oa matla a hao: hloma ’muso oa hao har’a lira tsa hao. Sechaba sa hao e tla ba se mafolo-folo letsatsing la ho futuha ha hao; ka bokhabane bo khethehileng, ba bacha ba hao ba ea tsoa pel’a hao joale ka phoka e tsoang popelong ea mafube. Jehova o hlapantse, a ke ke a koeneha; o itse: U moprista ka ho sa eeng kae, ka mokhoa oa Melkisedeke.”—Pesaleme ea 110:1-4.
7 Kahoo, ho tla fihlela mehleng ea rōna, Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng e ntse e le moprista e Moholo oa borena, ea phahameng ho feta baprista ba baholo ba Iseraele ea boholo-holo ka pontšo ea bona e bonahalang ea khethelo. Ha a setulong ka baka la hobane e le moprista oa Molevi empa ka tlhapanyo ea Jehova Molimo.
PONTŠO EA BA INEELANG KA ‘MAFOLO-FOLO’
8. Ke hobane’ng ha lee e le letsatsi la “ho futuha” ha Kreste, ’me joale ba ineetseng ka boithatelo joale ba tsoela pele joang ntlheng ee?
8 Barutuoa ba Moprista e Moholo eo oa borena, Kreste Jesu, joale ba ‘ineela ka mafolo-folo’ ka letsatsi la ‘ho futuha ha hae.’ Ba ineetse ho Jehova Molimo ka lebitso la Moprista e Moholo enoa oa hae oa morena, ba kolobetsoa metsing pontšong ea boineelo boo. Bana ke bona bao palo e feletseng ea bona e tlamehang ho tiisoa qetellong pele ho qhoma ‘mahlomola a maholo.’ Bona, hammoho le metsoalle ea bona ea “bongata bo boholo,” ba ‘ineela ka mafolo-folo’ joaloka phoka ha ba tlisa molaetsa o khathollang oa Molimo oa poloko ho batho.—Tšenolo 7:2-4, 9, 10, 14.
9. Ho Ba-Roma 12:1, 2, Pauluse o eletsa Bakreste ba tlotsitsoeng joang?
9 Ha a ngolla barutuoa ba lilemong tse fetileng tse 1 900, moapostola Pauluse a re: “Banab’eso, kea le rapela hle ka mehauhelo ea Molimo, hore le ke le o beele ’mele ea lōna, e be sehlabelo se phelang, se halalelang, se khahlisang Molimo; ke eona tšebeletso e le tšoanetseng. Hape le se ke la ipapisa le lefatše lena, le mpe le fetohe ka nchafalo ea kelello ea lōna, le tle le lemohe ho ratoang ke Molimo, hore na ke hofe, ho molemo, ho khahlehang, ho phethehileng.”—Ba-Roma 12:1, 2.
10, 11. (a) Kahoo Pauluse o tobisa thapeli ea hae ho Bakreste ba Balichaba ba Roma a latellisa eng eo ho neng ho buuoa ka eona? (b) Ke ka tsela efe tokisetso ena e neng e le pontšo ea qenehelo e khōlō ka lehlakoreng la Molimo?
10 Thapeli e ka holimo e tla hang kamor’a hore Pauluse a bue ka sefate sa mohloare sa tšoantšetso. Ho tšoana le makala a tšimong ea lifate tsa mohloare, sechaba se ineetseng sa Iseraele e ne e le bana ba tlhaho ba “motsoalle” oa Molimo Abrahama. Ba le joalo, e ne e le bona ba pele ho fetoha ‘peō ea Abrahama’ ho latela tšepiso eo a e etselitsoeng. (Genese 12:3; 22:17, 18; Ba-Galata 3:16, 29; Jakobo 2:23) Empa ke feela masala a Bajode ba tlhaho a ileng a amohela Jesu e le Messia le ho fallisetsoa peōng ea moea ea Abrahama e moholo, Jehova, ho tloha peōng ea tlhaho ea Abrahama oa lefatšeng. (Ba-Roma 11:5, 7) Ba bang ba rengoa e le “makala.” Ho nka sebaka sa bona, Molimo oa retelehela ho bao e seng Bajode kapa, kamoo ho bileng kateng, sefateng sa naha sa mohloare, ho nka “makala” a lekaneng ho a khoesa sefateng sa tšimo ea moea ea mohloare e neng e tla etsoa ka makala a 144 000 a metseng ho Abrahama e Moholoanyane, Jehova Molimo, Mohloli oa mahlohonolo ’ohle.—Ba-Roma 11:13-33; Tšenolo 14:1.
11 Kahoo e bile pontšo ea qenehelo e khōlō ka lehlakoreng la Molimo bakeng sa Baroma bao le ba bang bohle bao e seng Bajode ba bolotseng ho fetoha karolo ea peō ea moea ea Abrahama bakeng sa ho hlohonolofatsa malapa ’ohle a lefatše ka ’muso oa Molimo. (Ba-Efese 2:12; Ba-Galata 3:26-29) Hona ha ba jarisa tsela ea boitelo. Empa ena ke eona tokelo feela eo Molimo o ileng oa e bea ka pel’a libopuoa tse batho, ’me e ne e le tokelo e khethehileng hakaakang! A sa tlōle meeli e loketseng, moapostola Pauluse a ngola ’me a re ho bona: “Le se ke la neela sebe litho tsa lōna ho ba litho tsa ho sebetsa bokhopo; le mpe le ipee ho Molimo, joale ka ba phelang ba neng ba shoele, ’me le bee litho tsa lōna ho Molimo, e be lintho tsa ho sebetsa ho loka. Hobane sebe se ke ke sa le busa, kahobane ha le pusong ea molao [molao oa Moshe], empa le le pusong ea mohau.”—Ba-Roma 6:13, 14.
12. Ho ne ho tla akarelletsoa eng bakeng sa barutuoa ba tsoetsoeng ka moea ba Kreste ha ba bolelloa, “le mpe le ipee ho Molimo, joale ka ba phelang ba neng ba shoele”?
12 Le hoja Pauluse a ne a ngolla bao e neng e sentse e le Bakreste ba ineetseng, “ba halalelang,” ha a hlokomolohe seo ba neng ba se entse pele ba neela bophelo ba bona, ha a re: “le mpe le ipee ho Molimo, joale ka ba phelang ba neng ba shoele.” Empa ba tlameha ho phelela boineelo bona tseleng ena ea boineelo. Haeba ho ne ho sa etsoe ho joalo, bona, e le makala a nkileng sebaka, ba ne ba tla rengoa le bona. (Ba-Roma 1:7; 11:21, 22) Ho feta moo, mantsoe ana a ngotsoeng tlas’a pululelo a ne a tla baloa ke barutuoa ba nakong e tlang ba Jesu Kreste ’me a fane ka khothatso e matla ho bona ho nka mehato eohle e hlokahalang ho kena le ho hlola kamanong ena e khethehileng le e kolobelitsoeng le Molimo. Ho boloka kamano ea bona e khethehileng le Molimo, hang ha e se e entsoe, ba ne ba tla ba ntoeng e tsoelang pele hore litho tsa ’mele ea bona tsa nama e be lihlomo tsa ho loka ho e-na le ho li neela pusong ea sebe. Hona e ne e tla ba ho utloeng mantsoe a Jesu: “Ekare ha motho a rata ho ntatela, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, ’me a ntšale morao.”—Mattheu 16:24.
“BONGATA BO BOHOLO” BA BATŠOANTŠISI”
13. Na ho loketse bakeng sa ba nang le tšepo ea leholimo lefatšeng hore ba ineele ho Molimo le ho tšoantšetsa hoo ka kolobetso ea metsing?
13 Lefatšeng lohle kajeno batho ba fetang 2 300 000 ba kopanetse ho phatlalatseng litaba tse molemo tsa ’Muso, ’me bongata bo boholo ba bana bo itlhahisitse bakeng sa ho kolobetsoa metsing e le pontšo ea boineelo ba bona. Moketeng oa selemo le selemo oa Sejo sa Morena sa Mantsiboea, ba ka tlase ho palo ea 10 000 ho bana bohle ba ja bohobe le veine tsa tšoantšetso ho ipolela hore ke barutuoa ba Kreste ba nang le tšepo ea leholimo. Empa na ba bang bohle ka nepo ba ineela le ho tšoantšetsa hona ka kolobetso ea metsing? Ka ho tiileng haholo baa ho etsa, hobane le bona, ba tlameha ho kena kamanong e loketseng le Molimo ka Molisa ea Molemo, Kreste Jesu, e le hore ba ka pholoha ‘mahlomola a maholo’ a leng haufinyane ’me ba fumane lefa e le karolo ea “lefatše le lecha” la Molimo.—2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:1-4.
14. Ke kamano efe e ntle e teng ka toka ka har’a “mohlape” oa Molisa ea Molemo, Kreste Jesu?
14 Kahoo bongata bo boholo haholo ba lipaki tse ineetseng tsa Jehova ha bo na tšepo leha e le efe ea leholimo ea majalefa hammoho le Jesu Kreste ’Musong oa holimo. Ha ba ipolele hore ke Baiseraele ba moea ba tsoetsoeng ka moea oa Jehova. Empa ba matahane le masala a Baiseraele ba moea ka setsoalle e le litho tsa ‘mohlape o le mong’ tlas’a ‘molisa a le mong,’ Jesu Kreste. (Johanne 10:16) Hona ho hotle haholo ka lehlakoreng la bona ’me ho nepahetse ho ea ka Mangolo.
15. (a) Ke bafe, ho ekelletsa Bajode ba tlhaho, ba ileng ba tloha Egepeta ’me ba qetella ba kene ‘naheng ea Pallo, ’me ba ne ba nkoa e le eng moo? (b) Ba tšoantšetsa bo-mang kajeno?
15 Mona re ke re etse seo mangolo a re bolellang hore re se etse ho 1 Ba-Korinthe 10:18, “bonang, ba-Iseraele, bao e leng bona ka nama.” Ha ba tloha Egepeta ba etelletsoe pele ke Moshe hase bohle ba ileng ba tloha bao e neng e le Baiseraele ba tlhaho le ba bolotseng. “Letšoele le kopakaneng la ea le bona, le mehlape ea manku le ea makhomo a mangata haholo.” (Exoda 12:38) Eare ha Baiseraele ba kena Naheng ea Pallo, ba joalo ba fetoha ‘mojaki ea ka hare ho menyako ea hao.’ (Exoda 20:10, NW; Numere 35:15; Levitike 19:9, 10) Letšoele leo le leholo le kopakaneng le ne le tšoantšetsa “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” tsa Molisa ea Molemo, Jesu Kreste, ba kajeno.—Johanne 10:14, 16; Tšenolo 7:9-17.
16, 17. (a) Ke ka tsela efe “letšoele le kopakaneng” le ileng la kolobetsoa le Baiseraele, ha ho boleloa ka tšoantšetso? (b) Ke bafe ba pholohileng ho se neng se tšoantšetsoa ke Egepeta ea kajeno, ’me ke bafe ba tla hlokofala ke ho timetsoa tlas’a maemo a kang a Leoatleng le Lefubelu?
16 Mehleng ea Moshe “letšoele le kopakaneng” la bao e seng Baiseraele la kopanela liphihlelo tse tšoanang le Baiseraele ba bololitsoeng, ho akarelletsa kolobetso e babatsehang. Ka kolobetso eo, moapostola Pauluse a ngola, ho 1 Ba-Korinthe 10:1-4: “Banab’eso, ke rata ha le ka tseba hoba bo-ntate moholo ba bile bohle ka tlas’a leru, ’me bohle ba ne ba tšele leoatle; ba kolobelitsoe bohle ho Moshe lerung le leoatleng; ba jele bohle sejo se le seng sa moea; ba noele bohle seno se le seng sa moea; hobane ba ne ba e-noa metsi a lefika la moea le ba latelang, ’me lefika leo e ne e le Kreste.” Kahoo, ka tsela e tšoantšetsang, Baiseraele hammoho le “letšoele le kopakaneng” ba kolobetsoa le hoja ba sa ka ba koloba ka sebele.
17 Kolobetso eo ea mohlolo ea Jehova Molimo ea ba tlamella ho Moshe e le moeta-pele ea fanoeng ke Molimo, joalokaha eka ba ne ba hlile ba kolobelitsoe ho eena. Empa hona e ne e se ho kolobelletsoa lefung, joalokaha ho bile joalo tabeng ea Baegepeta ba neng ba ba lelekisa. (Exoda 14:1–15:21) Kajeno re haufi le boemo bo joalo. Masala a tšepahalang a Baiseraele ba moea le “bongata bo boholo” ba bona ba metsoalle ba tlohile ho se neng se tšoantšetsoa ke Egepeta. (Tšenolo 11:7, 8) Ba nkile leoto ho ea Taolong e Ncha ea lintho tlas’a puso ea ’muso oa lilemo tse sekete oa Kreste. Moshe e Moholoanyane, Morena Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng, o ba etella pele. Ho ba lelekisang ke lefatše la sera, le ikemiselitse hore ba ke ke ba fihla polokehong. Ba neng ba tšoantšetsoa ke Baegepeta ba lebile lebaleng la ntoa la Molimo, Harmagedone, moo ba tla kolobetsoa ka mollo, timetso. Ha ho lea mong ho bona ea tla sala a phela ho pheta taba e sisimosang. (Tšenolo 16:14-16; Mattheu 3:11, 12) Joalokaha ho bile joalo ketsahalong ea Leoatle le Lefubelu, polao ea Harmagedone e ke ke ea akarelletsa leha e le bafe ho Baiseraele ba moea kapa “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” tsa Moshe e Moholoanyane.
18. Ba “bongata bo boholo” ba tla tsoella joaloka “letšoele le kopakaneng” joang kamor’a ho tloha ha lona Egepeta tlas’a boeta pele ba Moshe?
18 Ba tšepahalang ba “bongata bo boholo” ha ba tle ba hulana feela, ka pelo e tsila-tsilang ba lakatsa ho khutlela Egepeta ea sebele e otliloeng ka likotlo tlas’a Faro oa eona, Satane Diabolose. Ka lifahleho tse shebileng pele, ba kopana ka ho tsoetseng pele le masala a Baiseraele ba moea joaloka “mohlape o le mong.” (Johanne 10:16) Joalokaha “letšoele le kopakaneng” le ile la pholoha Leoatleng le Lefubelu, kahoo bao ba kajeno ba “bongata bo boholo” ba tla iphumana ba le kamose o mong ho mabōpo a poloko kamorao ho ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle.’
19. Ke ho tloha neng haholo-holo ba etsang “bongata bo boholo” ba kajeno ba ipeileng tlas’a kolobetso ea metsing, ’me ba hloekisa ho tsebahala ha bona joang le ho neela borapeli bo hloekileng ho Molimo?
19 Ebile haholo ho tloha ka 1935 bao ba etsang “bongata bo boholo” hona joale ba ileng ba ipea tlas’a kolobetso ea metsing e le ho tšoantšetsa boineelo ba bona bo sa itšieleng letho ho Molimo ka Moshe e Moholoanyane, Jesu Kreste. Ba hlatsoitse liaparo tsa bona tsa boitsebahatso le ho li ‘soeufatsa maling a Konyana,’ Moshe e Moholoanyane. (Tšenolo 7:9-14) Ba neelana ka borapeli bo hloekileng ho Molimo.
20. Ba “bongata bo boholo” ba rapela Jehova hokae, ’me hona ho hlile ha boleloa joang ho Zakaria 8:20-23?
20 “Bongata bo boholo” bona ba barapeli ba hloekileng bo tempeleng ea Molimo ea moea motšehare le bosiu. (Tšenolo 7:15-17) Ba hlile ba tšoantšetsoa ke bao moprofeta Zakaria a hlileng a ba bona ba rapela tempeleng ea Jehova kamor’a hore e tsosolosoe Jerusalema kamor’a hore Baiseraele ba lopolloe Babylona ka 537 B.C.E. Ka sena, rea bala ho Zakaria 8:20-23:
“Ho itsoe ke Jehova oa makhotla: Ho sa tla tla lichaba le baahi ba metse e mengata; baahi ba motse o mong ba tla ea ho ba o mong, ba ntse ba re: A re eeng! re eeng ho rapela sefahleho sa Jehova le ho batla Jehova oa makhotla! le rōna, re tla ea! Lichaba tse ngata le merabe e matla e tla tla ho batla Jehova oa makhotla Jerusalema, le ho rapela sefahleho sa Jehova.
“Ho itsoe ke Jehova oa makhotla: Tšiung tseo, banna ba leshome ba lipuo tsohle tsa lichaba ba tla itšoarella ka moseho oa kobo ea monna oa mo-Jode, ba re: Re tla ea le lōna, hobane re utloile hoba Jehova o na le lōna.”
21. Ke ka tsela efe “bongata bo boholo” bo ‘itšoarellang ka moseho oa kobo ea monna oa Mojode,’ ’me ke ka lebaka la eng ba nang le tšepo ea ho pholoha ‘Mahlomola a maholo’?
21 Boikutlo ba ‘banna bao ba leshome ba lipuo tsohle tsa lichaba’ bo bolela boineelo ho Molimo o le mong o phelang oa ’nete, Jehova Molimo! Kajeno boineelo bo joalo bo amoheleha ho Eena ka “Mojode” e moholo ho bohle ba kileng ba ba lefatšeng, Jesu Kreste, “Konyana,” e kileng ea etsoa sehlabelo. Ka botšepehi ba etsisa Jesu ka ho ipea tlas’a kolobetso ea metsing tšoantšetsong ea hore ha ba itlhahise feela empa ho phaella moo, tabeng ea bona, ea boineelo ba bona ba pelo eohle ho Molimo oona oo. ‘Ba itšoarella ka moseho oa kobo’ ea masala a ba 144 000 ba Bajode ba moea, ba bōkana le batho bao Jerusalema ea holimo, Jerusalema ea leholimong. Tempeleng ea eona ea moea, e emeloang ke masala a sa ntsaneng a le lefatšeng ba neelana ka ‘tšebeletso e halalelang’ ho Molimo o Holimo-limo motšehare le bosiu. Tšepo ea bona ke ho pholoha ‘mahlomolo a maholo,’ ho ntšetsa pele tšebeletso ea bona e ineetseng ho Molimo ka ho sa feleng lefatšeng. Ho tsebahatsoa ha bona ka nepo e le bahlanka ba ineetseng ka ho sa itšieleng letho le ba kolobelitsoeng ba Molimo ho ba bea moleng oa sena, ba tiisetsoa hore “Ntate o batla ba mo rapelang joalo . . . ka moea le ka ’nete.”—Johanne 4:23, 24.
[Mongolo o Botlaaseng ba Leqephe]
a Polelo “pontšo ea khethelo” e fetolela lentsoe la Seheberu nezer, leo Strong’s Exhaustive Concordance of the Bible e le hlalosang ka mokhoa o latelang: “Ntho e arotsoeng ka nepo, kapa (e khethehileng) boineelo (ba moprista kapa Monazari); ’me hape e hlalosoa e le (tlamo e tiileng) kapa (ho sebelisoa ha “lirosari”) (haholo-holo bakeng sa borena):—ho halaletsa, moqhaka, karohano.”
NA TLHAHLOBONG U KA ARABELA LIPOTSO TSEE?
□ Ke ka tsela efe ho iloeng ha lebisoa hlokomelo ka ho khetha ha Jehova boprista bo phahameng bakeng sa tšebeletso ea hae e halalelang?
□ Jesu o ile a khona joang ho ba moprista ea phahameng?
□ Ho ea ka Ba-Roma 12:1, 2, ho tla etsoa‘ng ka ba fetohang barutuoa ba Jesu?
□ Tabeng ea kolobetso, “bongata bo boholo” bo bapisoa joang le “letšoele le kopakaneng” le neng le e-na le Baiseraele ha ba tsoa Egepeta?
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng ke Moprista e Moholo oa borena, ea phahameng le ho feta baprista ba baholo ba Iseraeleng ea boholo-holo ka pontšo ea bona e bonahalang ea ho khetheloa tšebeletso e halalelang
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
“Bongata bo boholo” bo kolobelitsoe metsing ho tšoantšetsa boineelo ba bona bo sa itšieleng letho ho Jehova Molimo ka Jesu Kreste. Na le uena ka ho tšoanang u entse le ho tšoantšetsa boineelo bo sa itšieleng letho ho Molimo?