Lebotho la Likoankoetla la Jehova la Bahlabani ba Kamehla
“Mamella bothata ka mokhoa oa mohlabani ea molemo oa Jesu Kreste. Ea eang ntoeng ha a itšitise ka litaba tsa bophelo bona, a tle a khahlise ea mo memileng.”—2 Timothea 2:3, 4.
1, 2. Ke pitso efe e ileng ea etsoa bakeng sa baboleli lilemong tse fetileng tse lekholo, hona ka phello efe?
“HO BATLOA BABOLELI BA 1000” Sehlooho sena se ile sa hlaha nthong e ngotsoeng lilemong tse fetileng tse 100, empa tsebiso ena e sa tloaelehang e ne e se karolo ea ‘phatlalatso ea ba batlang’ ea koranta. Ho feta moo, karabelo e ile ea feta se neng se lebelletsoe ke mohatisi. Pitso e ne e etsoa ke mang, hona ke bo-mang ba ileng ba arabela? Hape, u ameha joang kajeno?
2 Ke selemong sa bobeli e qalile khatiso ea eona makasine e tsejoang lefatšeng lohle e le Molula-qhooa e bileng le pitso e susumetsang bakeng sa baboleli. Empa ho ne ho sa batloe baruti ba tla tlatsa lifalana tsa kereke. Ha ho moo Bibele e etsang kemiso e joalo bakeng sa ba tla sebeletsa e le baboleli ba molaetsa oa Molimo. Ho e-na le hoo, ka 1881 bahatisi ba Molula-qhooa ba ne ba batla batho ba utloisisang “ho ea metseng le metsaneng, e le Batsamaisi ba libuka kapa Baboleli ba Evangeli.” Pitso ea ba utloisisang ho neela nako ea bona e feletseng ho boleleng ’nete ea Bibele. Ba ileng ba arabela ba qalile ba qalikane mona le mane, qetellong ba ba 300 ka 1885. Leha ho le joalo, hona joale ba eketsehile ka likete, mashome a likete hoo ba fihlang karolelanong ea ba 151 180 selemong sa 1981.
3. Baboleli ba joalo ba se ba bitsoa joang?
3 Lipaki tsa Jehova ha li sa bitsa baboleli ba joalo ba kamehla “Batsamaisi ba libuka,” e leng ho bolelang karolo e le ’ngoe feela ea mosebetsi oa bona, ho aba Libibele le libuka tse amanang le eona. Hoo ke tlatsetso feela mosebetsing oa bona o ka sehloohong. Lentsoe le leng le fana ka tlhaloso e feletseng haholo ea mosebetsi oa lebotho lena la baboleli ba Evangeli la moea, la ba jereng ‘litaba tse molemo.’ (2 Timothea 2:3, 4; Luka 8:1; 10:1). Lentsoe ke “pula-maliboho.”
Bahlabani ba Bo-pula-maliboho Lebothong la Moea
4. Semelo le tlhaloso ea lentsoe “pula-maliboho” ke life?
4 Ke hobane’ng ha “pula-maliboho” e le lentsoe le loketseng bakeng sa Lipaki tsa Jehova tseo e ka bang baboleli ba kamehla? Lentsoe tšimolohong le ne le e-na le moelelo oa sesole, le amana le sesole, le hoja e ne e se lesole le tloaelehileng la maoto. Moelelo oa lona e ne e le ho betla likhoro tsa sesole, ea neng a etella pele sehlopha se seholo sa masole a haha marokho, litsela le mekoti eo masole a ipatang ho eona. Kahoo, ‘ho bulamaliboho’ ea e-ba ntho e bolelang ho lokisa kapa ho betla tsela, ’me “pula-maliboho” ke eena ea neng a etella pele, a fohla pele har’a maima kapa khanyetso, joalokaha ho ile ha etsa batho ba pele ba ileng ba lula ka bophirima ho Amerika e ka leboea. Lentsoe le bolela motho ea sututsang, ea hatelang pele ho fihlela a finyelletse sepheo sa hae. Ena ke tlhaloso e loketseng hakaakang bakeng sa bao e leng “masole” a itetseng a Kreste Jesu a ka mehla!a
5. Ke hobane’ng ha Bakreste ba ka bitsoa “masole”? (Filemone 2; Ba-Filippi 2:25)
5 Bakreste bohle ba tšoantšoa le masole a amehang ntoeng ea moea. (1 Timothea 6:12; 2 Timothea 4:7; Juda 3) Re na le sera se tšoanang se ratang ho re timetsa—Satane. O hlophisitse mabotho a hae a sa bonahaleng a bademona, hammoho le tsamaiso ea hae e khopo e bonahalang ea lintho, e le lebotho le sa thijoeng ho hanyetsa barutuoa ba ’nete ba Kreste. Empa, lefatšeng ka bophara, Bakreste ba ka bang 2 300 000 ba arabela taelo e bululetsoeng: “Hanang ho eena [Diabolose] ka ho tiea tumelong.” (1 Petrose 5:9) Bana ke Lipaki tsa Jehova tseo le hoja li fokola li bile li sa re letho boholong, li atlehileng ntoeng ea moea khahlanong le sera sa bona se sa thijoeng.—Jakobo 4:7, 8, 10.
6. Ke joang hape lentsoe “lesole” le loketseng Bakreste?
6 Lesole le ntoeng le hopotse ntho e le ’ngoe feela, ntoa e loanoang. Le ke ke la tseba ho ikhathatsa ka litaba tseo e seng tsa bohlokoa. Moapostola Pauluse o buile tjena ho mohlankana oa Mokreste, motsoalle oa hae Timothea: “Mamella bothata ka mokhoa oa mohlabani ea molemo oa Jesu Kreste. Ea eang ntoeng ha a itšitise ka litaba tsa bophelo bona, a tle a khahlise ea mo memileng.” (2 Timothea 2:3, 4) Koana, Pauluse le Timothea e ne e se masole a sechaba se seng kapa ’muso oa lefatše. An Expository Dictionary of New Testament Words ea W. E. Vine e bolela hore “lesole” mona le bolela “ka tšoantšetso ea mamellang mathata tseleng ea Kreste.
7. Bo-pula-maliboho ba bile le karolo efe lebothong la Bokreste la bahlabani ba moea?
7 Har’a limillione tsena tsa bahlabani ba atlehileng ba Bakreste ke lebotho le tsoelang pele, basebeletsi ba kamehla. Ba bangata ho bona kannete ba “butse maliboho” ka kutloisiso ea hore ba ile ba etella pele sehlopha se seholo, ba phetla tsela. Hangata bo-pula-maliboho ba ile libakeng tseo litaba tse molemo tsa ’muso o hlomiloeng oa Molimo ho seng mohla li kileng tsa boleloa. Baromuoa ba bang ba bo-pula-maliboho ba kene linaheng lisele moo ba tlamehang ho ithuta mekhoa e sa tloaelehang le lipuo tse thata, ba talimana le likhoreletso, maloetse le bolumeli ba bademona. Ba hahela mekoallo ena kaofela marokho, ba etsa litsela tse kenellang ka lihlomo tsa moea ’me ba hloma “liqhobosheane” tse fetohileng liphutheho tse matla. Ba butse tsela libakeng tseo lilemong tse seng kae tse fetileng lebotho lohle la bahlabani ba Bakreste le bolelang molaetsa oa Kreste oa tokollo ea moea.—Esaia 60:22.
8. Molemo oa baithaopi ke ofe lebothong lena la moea? (Baahloli 7:3)
8 Ngohola, ka karolelano ho bile le bahlabani ba kamehla ba 151 180 lebaleng la lefatše lohle khoeli le khoeli. Kaofela ke baithaopi ’me ha ho ba lefuoang. (Pesaleme ea 110:3) Hoo ho loketse, hobane masole a kenngoang lebothong lefe kapa lefe a sa rate, kapa a sebeletsang chelete feela, hangata ke oona a eeng a bonahale a tsilatsila ha ntoa e le mahlo a mafubelu. Ba felloa ke sebete ’me ba ineele kapa ba balehe. Empa ke hobane’ng, haeba bo-pula-maliboho e le baithaopi ba se nang meputso e bonahalang, ba ka neela nako eohle ea bona ha Bakreste ba bang ba ineetseng ba limillione ba sa etse joalo? Na ho bolela hore ba bula-maliboho hobane ba lebelletse moputso o mong o moholoanyane ho feta bao maemo a bona a sa ba lumelleng empa ba sebetsa lihora tse 10, 20, 30 khoeli le khoeli tšebeletsong ea bona? Che, bo-pula-maliboho ba tiileng ba itšebelisa ka tsela ena e le pontšo ea boineelo ba bona ba moea ’ohle ho Jehova Molimo. Joalokaha ho le joalo ka Mokreste e mong le e mong ea ineetseng, ba batla ho etsa sohle se matleng a bona ho sebeletseng Molimo oa rōna o lerato. Ke bomang, ba ka bulang maliboho? Ak’u nahane ka boemo ba hao le pono.
Ho Itekanya Mosikaro
9. Ke hobane’ng ha Bakreste ba bang ba ka sitoa ho bula-maliboho?
9 Ha motho a ntse a lokolisa hore na a ka ba mosebeletsi oa pula-maliboho kapa che, ho lokela ho nahanoe ka mabaka a itseng. Maemo a hae a botho bophelong ka tlhaho aa bua. Ho na le litlameho tse lokelang ho etella pele boboleli ba nako e tletseng. (Deuteronoma 24:5) Moapostola Pauluse o boletse hore Mokreste ea sa lokisetseng lelapa la hae lintho tse hlokahalang nameng ‘o latotse tumelo ’me o fetisoa le ke motho ea sa lumelang.’ (1 Timothea 5:8) Kahoo, ba bang ba ka thatafalletsoa ho bula maliboho ke litlameho tsa lelapa hona joale. Maemo a sebopeho se fapaneng a ama bophelo le lilemo. Tsena li lokela ho nahaneloa, le hoja ho e-na le ba bangata ba sa pheleng hantle, kapa ba hōlileng ba sebeletsang e le bo-pula-maliboho.
10. Tumelo e kenella joang ho buleng maliboho?
10 Hape, lesole la pula-maliboho le tlameha ho ba le tumelo e feletseng hobane ho sebeletsa boemong boo ha ho bonolo. Ka ho tobileng Pauluse o amahanya tumelo e joalo le ho bolela ha Mokreste ’nete pontšeng, a ngola: “Loana ntoa e ntle ea tumelo, u hape bophelo bo sa feleng, boo u bo bilelitsoeng kamoo u seng u ipoletse ka bokhabane pel’a lipaki tse ngata.” (1 Timothea 6:12) Le hoja ho hlokoa tumelo ho bohle ba lebothong la Molimo, phapang e teng pakeng tsa ho bontša tumelo mosebetsing oa ho bolela ka linako tse itseng le ho etsa joalo ka lihora tse ngata letsatsi ka leng. Leha ho le joalo, ho ka ’na ha boleloa hore ho bolella ba bang ’nete hangata ho hōlisa tumelo ea motho.—2 Ba-Thessalonika 1:3.
11. (a) Bakreste bohle ba nehelana ka sehlabelo sa mofuta ofe? (b) Ke sehlabelo sefe se eketsehileng se ka hlokahalang ho buleng maliboho?
11 Hape ho na le taba ea boitelo. Ka kutloisiso e ’ngoe tšebeletso eohle e etsetsoang Molimo ka tlhoeko le ka tieo e ka nkoa e le ho o etsetsa sehlabelo. (Ba-Heberu 13:15) Kahoo, ho bula-maliboho ka sepheo se nepahetseng—ho rorisa Molimo le ho thusa batho ba bang ho baleha bohlankeng ba tsamaiso ea Satane—ruri ke sehlabelo se setle. Empa bopula-maliboho bo ama sehlabelo ka tsela e ’ngoe hape. Nako eo Mokreste a kileng a e sebelisetsa lintho tse ling tsa botho ha a fetoha pula-maliboho e tlameha ho lebisoa boboleling le ho ruteng. Nako e neng e sebelisetsoa ho fumana le ho lefella lintho tse bonahalang joale e ka fokotsoa. E, ho ameha boitelo ho buleng maliboho. Bo-pula-maliboho ba baloang ka likete ba ’nile ba khotsofala ho lekanyetsa boemo ba bona ba moruo le ba lintho tse bonahalang—ba sebetsa mesebetsi ea nama ka letsatsi, a mabeli kapa mohlomong a mararo ka beke ho iphelisa empa ba ntse ba boloka nako e lekaneng bakeng sa tšebeletso ea bona.—2 Timothea 2:4.
Ho Etsa Haholoanyane Joaloka Banazare
12. Ke hobane’ng ha ba bang ba bula-maliboho, ’me ke joang Baiseraele ba bang ba boholo-holo ba neng ba e-na le hona ho etsa ho hoholoanyane borapeling ba bona?
12 Ba bangata ba nketseng tšebeletso ea bopula-maliboho ba ne ba tlangoa ke takatso ea ho etsa haholoanyane. Hase takatso ea tlhōlisano kapa ea boikakaso, ea ho etsa ho fetang baena ba bona le likhaitseli ba Bakreste, empa takatso ea ho etsa haholoanyane ho bontšeng lerato ho Jehova le eo ba ahisaneng le eena. (Mattheu 22:37-39) Re na le mohlala o khahlisang oa Bibele oa Banazare. Banna le basali ba Iseraele ea boholo-holo ba ne ba ka ithaopela ho ba Banazare, e leng lebitso le tsoang lentsoeng la Seheberu na·zirʹ, le bolelang ea ineetseng, ea ikhethollotseng. Ho ba Monazare ho ne ho hloka ho nka kano, empa re ke ke ra lekantša hona le qeto ea Mokreste hore e ba pula-maliboho, hobane hoo ha ho ame kano e fellang ka litlameho tse ikanetsoeng. Le teng, re ka nahana ka ho tšoana ho itseng ho laeang pakeng tsa Banazare le bo-pula-maliboho.
13, 14. (a) Hlalosa e ’ngoe ea lithibelo ho Banazare. (b) Ho tšoana joang le bo-pula-maliboho?
13 Moiseraele ea neng a ithaopela ho sebeletsa e le Monazare o ne a lumela lithibelo tse itseng tse neng li thusa ho hatisa karolo ea hae ea ho ba “ea ikarotseng” kapa ea “ikhethollotseng” ho rapeleng Jehova. Thibelo e ’ngoe e ne e ama lijo le ho noa, joalokaha ho hlalosoa ho Numere 6:3, 4. Monazare o ne a sa noe seno se tahang kapa se beoang ke morara. (Pesaleme ea 104:15) Le hoja ho itelisa ho itseng ho ne ho le teng, ha ho lijo tse loketseng tse neng li haneloa. Kahoo thibelo ena e ne e sa hlokofatse ka letho.
14 Bo-pula-maliboho ba atlehang bophelong ha ba tšetlehe bophelo ba bona linthong tse bonahalang tse kang lijo kapa matlotlo a phahameng empa tšebeletsong ea bona e rorisang Molimo. Hona ke karolo ea bohlokoa ea thato e tebileng le e hlolang e lakatsoang ke batho ba bangata bao ponong ea nama ho ka ’nang ha bonahala ba thabela bophelo bo “molemo.” (Bapisa Luka 12:16-21.) Ho phela bophelo bo bonolo kapa bo nang le lintho tse lekanyelitsoeng tse bonahalang le hona ho ka tlisa melemo e hlokomolohuoang habonolo. Litsebi tsa bophelo li tlaleha ka likotsi tse ngata tse sa hlokomeleheng tsa lijo tse enneng haholo le lino. Empa pula-maliboho ea nang le lijo tse itekanetseng feela, le hoja li haha, ’me a kopanya hoo le ho tsamaea haholo boboleling ba hae ba ntlo-le-ntlo, ho bonolo hore a phele hamolemo haholoanyane. Batho ba nang le matlo a maholo, lintho tsohle tsa morao-rao tse sebelisoang, le matlotlo a mang a mangata, baa tseba hore lintho tsena li tla le ‘bohloko ba hlooho e opang’ joalo-joalo, kapa mathata. Ho tšoana ho pakeng tsa Numere 6:3, 4 le bopula-maliboho ho lokeloa ke hore re nahane ka hona.
15. Ke mohlala ofe o teng thibelong ea moriri oa Banazare?
15 Thibelo ea bobeli ea Banazare ke hore ba ne ba sa kute moriri oa lihlooho tsa bona. (Numere 6:5) Moriri oa bona o molelele e ne e le pontšo e ka sehloohong eo ba bang ba neng ba ba hlokomela ka eona. Pauluse hamorao a bolela hore moriri o molelele oa mosali oa Mokreste e ne e le khopotso ea boemo ba hae ka boikokobetso. (1 Ba-Korinthe 11:3-15) Re hopotse moriri o molelele oa Banazare, na re ke ke ra lumela hore moena kapa khaitseli oa Mokreste ea ithaopelang ho bula maliboho o bontša ho ikokobeletsa Jehova Molimo ho isa tekanyong eitseng? Ho behelloa kathoko lithahasello tse ngata tsa botho kapa li beoa sebakeng sa bobeli e le hore tšebeletso e ka neoa sebaka sa pele. Pula-maliboho o ithuta ho itšetleha ka Molimo, ho ikokobeletsa Molimo.
16. Re ka ananela eng ka boemo ba Banazare ka litopo?
16 Tlhokahalo ea ho qetela ea Banazare e ne e le hore ba se ke ba ama setopo, leha e le sa mong ka bona ea haufi ea kang motsoali ea shoeleng. (Numere 6:6, 7) Kahoo Monazare o ne a lokela ho lula a halalela a bile a hloekile, a sa silafala. (Bapisa se neng se hlokoa ho moprista e moholo ho Levitike 21:10, 11.) Kajeno ha ho Mokreste lea mong, ho akarelletsa pula-maliboho leha e le ofe, ea haneloang ho lokisetsa kapa ho ba teng phupung ea mong ka eena ea haufi. Empa ho tšoana le Banazare, bo-pula-maliboho ba batla ho qoba mokhoa leha e le ofe o belaetsang kapa tsela e ka ’nang ea ba etsa ba sa tšoaneleheng. Ba batla ho bea mohlala. ’Me haeba pula-maliboho ea ratang lelapa la hae, a le kabelong e hole ’me kahoo a sitoa ho ba etela haholo kamoo a neng a ka ’na a etsa haeba ho ne ho se joalo, o khotsofatsoa ke ho tseba hore Jehova o ela hloko sehlabelo sena.
17. Ke hobane’ng ha ho ba Monazare e ne e se feela tšebeletso eitseng? Bopula-maliboho bona?
17 Bibele e bontša hore Moiseraele ea neng a fetoha Monazare o ne a sa fete feela tšebeletsong eitseng ea bolumeli. Ho e-na le hoo, o ne a nka tsela ea bophelo ea bohlokoa le e khotsofatsang, hobane Molimo o buile ka motho ea joalo e le ‘ea phelang joaloka Monazare ho Jehova.’ (Numere 6:2) Ka ho tšoanang, tšebeletso ea bopula-maliboho kajeno ke tsela ea bophelo ebile e le e thabileng!
‘Na Nka Bula-Maliboho?’
18. Bohle re lokela ho botsa potso efe? Hobane’ng?
18 Bakreste bohle ba kopane borapeling ba Molimo. Re lebotho le le leng la bahlabani ba ’nete. E be takatso ea rōna ho etsa sohle se matleng e rōna ntoeng eo. Ke takatso ea rōna ho etsa sohle seo re ka se khonang. Kahoo e mong le e mong ho rōna a ka botsa potso e nakong: ‘Na nka sebeletsa ke le pula-maliboho?’ Ha u nahana ka seo, sehlooho sa latelang se tla u thusa ho bona kamoo Jehova a ka u tšehetsang ha u na le hona ho kopanela tšebeletsong ea bopula-maliboho.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E le e ’ngoe ea litlhaloso tlas’a lentsoe “pula-maliboho,” Webster’s Third New International Dictionary e re: “mosebeletsi oa nako e tletseng oa Lipaki tsa Jehova.”
NA U UTLOISISITSE . . .
◻ Hore na ke hobane’ng ha basebeletsi ba nako e tletseng ka nepo ba bitsoa bopula-maliboho?
◻ Hore na ke hobane’ng ha Bibele e tšoantša Bakreste le masole?
◻ Hore na ke mabaka afe ao u lokelang ho nahana ka oona ka ho ba pula-maliboho?
◻ Hore na ke joang Banazare ba fanang ka mohlala mabapi le bo-pula-maliboho?
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Ke hobane’ng ha ka nepo Bakreste ba tšoantšoa le likoankoetla tsa masole?
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Ke joang ho sebeletsa u le pula-maliboho ho ka tlatsetsang thabong le bophelong bo botle?