Likopano Tsa Setereke tsa “’Nete ea ’Muso”
JEHOVA ke “Molimo oa ’nete.” (Pesaleme 31:5) Mora oa Hae, Jesu Kreste, o itse ka boeena: “Ke ’na tsela le ’nete le bophelo.” (Johanne 14:6) ’Me a bua tjena ka Lentsoe la Ntat’ae, “Lentsoe la hao ke ’nete.” (Johanne 17:17) ’Me phutheho ea Bokreste ke “tšiea le motheo oa ’nete.”—1 Timothea 3:15.
Empa ’nete ea ’Muso ke eng? Ke sehloho se leng ka Bibeleng eohle ho tloha ho Genese ho ea ho Tšenolo. Jehova Molimo o ile a bua ’nete ea pele ea ’Muso ha a ne a re ho Noha tšimong ea Edene: “Ke tla bea hloeano mahareng a hao le mosali, le mahareng a peō ea hao le peō ea hae. E tla u khoba hloho, ’me u tla e loma serethe.” (Genese 3:15) Har’a linnete tsa ho qetela tsa ’Muso tse tlalehiloeng ka Bibeleng e ’ngoe e fumanoa ho Tšenolo 21:4: “[Molimo] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”
Ke tokelo e kaakang hore rōna Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste re tsebahatse ’nete ea ’Muso ho ba bang! Ho bohlokoa hakaakang hore re etse joalo! Hobane batho ba lapetseng ’nete le ba feheloang le ho bobola ka baka la manyala a etsahalang. (Ezekiele 9:4) Ba bangata ha ba na tšepo. Ka ho kopanela phethahatsong ea boprofeta ba Jesu ho Mattheu 24:14 re ka tšelisa le ho fana ka tšepo ho bohle ba laba-labelang ’nete.
Hore re thabele hamolemo seo ’nete ea ’Muso e leng sona le hore re tlamehile ho etsa eng mabapi le oona, le hore re ka susumetsoa joang hore re bolele ka ’nete ea ’Muso, “Nete ea ’Muso” ke sona sehloho sa likopano tsa setereke tsa Lipaki tsa Jehova tse tla tšoaroa lefatšeng lohle ka 1982. Lenaneo le tla qala ka Labone thapama le fele ka Sontaha mantsiboea. Etsa litokisetso tsa ho ba ho e ’ngoe ea likopano tsa setereke tsa “Nete ea ’Muso.”
Libaka Tsa Kopano
December 16-19: BLOEMFONTEIN, GUGULETU, RUSTENBURG, WATTVILLE.
December 23-26: GABORONE, KANYAMAZANE, MASERU, NEWCASTLE, SESHEGO.
December 30-January 2: MAMELODI, MDANTSANE, UMLAZI, UMTATA.