Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 8/15 leq. 31
  • Likopano Tsa Setereke Tsa “Botšepehi ’Musong”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Likopano Tsa Setereke Tsa “Botšepehi ’Musong”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Likopano Tsa Setereke tsa “’Nete ea ’Muso”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Likopano Tsa Setereke Tsa 1986 Tsa “Khotso ea Bomolimo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • E ba Teng Kopanong ea Setereke ea 1987 ea “Tšepa Jehova”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Tlohong Kopanong ea Setereke ea “Puo e Hloekileng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 8/15 leq. 31

Likopano Tsa Setereke Tsa “Botšepehi ’Musong”

BOTŠEPEHI bo haella hakaakang kajeno! Baahi ba naha ba bontša ho se tšepahale ka ho qhekella makhethong a bona; banyalani baa qhekellana; basebeletsi ba qhekella beng ba bona ka litsela tse ngata haholo; balumeli ba qhekella Molimo ka boikaketsi ba bona. Ke ho tšelisang hakaakang ka baka leo, tiiso e tsoang ka Mangolong ea hore Jehova Molimo, ho feta tsohle, ke Ea tšepahalang!—Jer. 3:12; Tšen. 15:4; 16:5.

Joaloka baetsisi ba Molimo le rōna ka ho tšoanang re batla ho bontša botšepehi, ’me haholo re batla ho tšepahala ho Jehova Molimo le ’muso oa hae. Haeba re tšepahala ho Jehova, ha ho mohla a tla re furalla.—Pes. 18:25; 37:28; Ba-Roma 8:35-39.

Satane le lefatše la hae ba batla ho re eka hore re kene liketsong tsa ho se tšepahale, kahoo re hloka thuto eohle eo re ka e fumanang hore re tšepahale. Mehlala ea ba bangata ba khutletseng morao, kapa ho hobe ka ho fetisisa, ba khaotsoeng, hase letho ha e se feela mehlala ea ho se tšepahale.

Ho re thusa ka ho molemo ho thulana le phephetso ea ho tšepahala ho Jehova le ’muso oa hae, le tumellanong le temana ea rōna ea selemo, Pesaleme ea 145:10, 11, sehlooho “Botšepehi ’Musong” se khethetsoe likopano tsa rōna tsa setereke tsa 1981. Re ka tiisa hore likopano tsa rōna tsa “Botšepehi ’Musong” e tla ba tse khothatsang haholo, le se susumetsang moeeng le se thabelehang joaloka likopano tsa setereke tsa “Lerato la Molimo” tsa selemong se fetileng. Ho tla ba le lipuo tse hahang, ho tloha ka Labone hoseng ho theosa le matsatsi ’ohle a mane, tseo ho seng motho ea batlang ha li mo fosa.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela