Ho Buella Lentsoe la Molimo ka Botšepehi
“U tiee matla ho iketsa ea lumelehang ho Molimo, mosebeletsi ea se nang ho nyatsuoa, ea rutang lentsoe la ’nete ka ho loka.”—2 Timothea 2:15.
1, 2. Tsela e ’ngoe eo ka eona Lipaki tsa Jehova li buellang Lentsoe la Molimo ka botšepehi ka eona ke efe?
“BALA LENTSOE LA MOLIMO BIBELE E HALALELANG LETSATSI LE LENG LE LE LENG.” Mantsoe ao a bonoa mohahong o moholo o Brooklyn, New York, haufi le borokho bo tsebisahalang “Brooklyn Bridge.” Mantsoe a ngotsoe mohahong oa bafe, hona hobane’ng?
2 A fektring e ’ngoe ea khatiso e tsamaisoang ke Watchtower Bible and Tract Society, mokhatlo oa bolumeli o amanang le Lipaki tsa Jehova. Pontšo e joalo ke eo ho ka lebelloang hore Lipaki tsa Jehova li e ngole ka lehlakoreng la mohaho oa tsona. Hobane’ng? Hobane ka tieo li lumela hore mopesaleme ea bululetsoeng o ne a bua ’nete ha a ngola khale hore: “Lentsoe la hao ke lebone la maoto a ka, ke leseli tseleng ea ka.” (Pesaleme ea 119:105) Pontšo ena ke e ’ngoe feela ea litsela tse ngata tseo ka tsona rōna Lipaki re bontšang hore re buella Lentsoe la Molimo ka botšepehi.
3. Baetelli pele ba rōna ba tšepahalang ba buelletse Lentsoe la Molimo joang?
3 Ka ho ba babuelli ba tšepahalang joalo ba Lentsoe re na le ba bangata ba tšepahalang ba re etelletseng pele, joalokaha ho bontša Bibele. Lilemo tse fetileng tse 3 500 Moshe o ne a le teng. Ha ho pelaelo ka hore o ne a buella lentsoe la Molimo ka botšepehi. Ka lekhetlo la pele o ile a le bolella batho ba Molimo ka molomo hamorao a le ngola. Lipolelo tsena tsa Molimo li fumanoa libukeng tse hlano tsa pele tsa Bibele. Hoba a sebelise moprofeta enoa ea ineetseng, Jehova a boela a sebelisa ba bang ba bangatanyana ba ileng ba sebeletsa e le babuelli ba Hae le bangoli, bao kaofela ha bona ba neng ba buella Lentsoe la Molimo ka botšepehi joaloka Moshe. (2 Petrose 1:21) Har’a ba joalo ke Samuele Esaia, Jeremia, Ezekiele le Daniele, ha re bolela ba ’maloanyana.
Jesu Kreste le Baapostola ba Hae
4. Ea ka sehloohong ho babuelli ba Lentsoe la Molimo ke mang, ’me o bontšitse hore ho joalo joang?
4 Empa ntle ho pelaelo ho feta mang kapa mang ho bohle ba buelletseng Lentsoe la Molimo ke Mora ea tsoetsoeng a le mong oa Jehova, ea ileng a fetoha ‘motho, Jesu Kreste.’ (Ba-Roma 5:15) Nako le nako o ne a buella Lentsoe la Ntat’ae ka botšepehi ka hore, “Ho ngoliloe,” joalokaha a ne a arabela meleko ea Satane leha a arabela bahanyetsi ba hae ba bolumeli. (Mattheu 4:5, 7, 10; 21:13; Johanne 6:45; 8:17) Ho feta moo, ka ho sebeletsa ka botšepehi e le moprofeta e moholo ho Moshe, o ne a boetse a buella ka botšepehi Lentsoe la Molimo. (2 Ba-Korinthe 1:20) E, o ne a bolela le ho phela ka molao oa motheo oa hore “Lentsoe la hao [Molimo] ke ’nete.”—Johanne 17:17.
5, 6. (a) Petrose le Pauluse ba bontšitse ho buella ha bona Lentsoe ka botšepehi joang? (b) Tabeng ena, ho ile ha hlahisoa “mohlanka ea khabane, ea bohlale” ka morero ofe? (c) Ke hobane’ng ha “mohlanka” a ile a sirela ka nakoana?
5 Baapostola ba Jesu ba latela mohlala oa hae. Ka matla, mohla letsatsi la Pentekonta moapostola Petrose a buella Lentsoe la Molimo ka ho bontša kamoo Jesu a phethahalitseng mantsoe a Davida! (Liketso 2:22-36) ’Me mangolo a moapostola Pauluse a tletse litšupiso tsa Mangolo a Seheberu, a bontšang kamoo a neng a amehile kateng ka ho buella Lentsoe la Molimo ka botšepehi. Maikutlo a hae e ne e le hore: “’Nete e be ea Molimo, ’me batho bohle ba be leshano.” (Ba-Roma 3:3, 4) Ha e le hantle, Petrose, Pauluse le balateli ba bang ba tšepahalang ba Jesu Kreste ba sebelelitse e le “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” ‘mohlahlobi ea khabane,’ ea romiloeng ke Morena oa bona, Jesu Kreste, hore a fane ka lijo tsa moea bakeng sa phutheho ea Molimo.—Mattheu 24:45-47; Luka 12:42-44.
6 Hoba baapostola ba shoe, sehlopha seo sa “mohlanka ea khabane, ea bohlale” kaofela sa fela ponahalong lefatšeng, se koahetsoe kamorao ho nako ha tšimo ea koro ea Bokreste e fetoha tšimo ea mofoka boholo ba eona.—Mattheu 13:37-43.
Mehleng ea Kajeno
7, 8. (a) “Mohlanka” o ile a boela a hlaha neng hona joang? (b) Ho buella ha hae Lentsoe ho bontšitsoe joang ho tloha ka bo1870?
7 Leha ho le joalo, hoo e ka bang lilemong tse fetileng tse lekholo sehlopha sa “mohlanka ea khabane, ea bohlale” sa boela sa hlahella e le babuelli ba tšepahalang ba Lentsoe la Molimo. Ha lilemo li ntse li feta se ntse se hlokomeleha haholoanyane le ho bonahala lefatšeng. Linnete li bontša hore kajeno “mohlanka” enoa o khetholloa le Watch Tower Society.
8 “Mohlanka ea khabane, ea bohlale” enoa o entsoe ka Bakreste ba tšepahalang, ba ineetseng ka ho feletseng ho Jehova ka Kreste ’me ba tsoetsoe ka moea oa Molimo. Ke liithuti tse tiileng tsa Bibele tseo ho tloha bohareng ba bo-1870 li futuhileng ka matla ho sireletsa Bibele joaloka Lentsoe la Molimo ka libuka, libukana, limakasine le lipampitšana, lihlooho tsa likoranta le lipuo tsa phatlalatsa. Ka 1886, tsa hatisa Moqolo oa pele oa Studies in the Scriptures. Khaolong ea 3 e reng “The Bible as a Divine Revelation Viewed in the Light of Reason,” tsa sireletsa ka matla Bibele. Tšireletso e ’ngoe e hlokomelehang ea Lentsoe la Molimo ke khaolo ea 1 ea Moqolo oa botšelela (o hatisitsoeng ka 1904). Khaolo ena e ne e re “In the Beginning,” ’me e ne e hanyetsa ka mokhoa o molemo haholo khopolo ea hore lintho li ikentse.
9-11. (a) Qetellong ea bo-1800 le mathoasong a bo-1900, ho tšepahala ha “mohlanka” Lentsoeng ho bonahalitsoe joang? (b) Ho tloha ka 1950, Watch Tower Society e tlatselitse haholo ka eng ho hasoeng ha Lentsoe la Molimo?
9 Ho ea qetellong ea bo-1800 le mathoasong a bo-1900, bana ba neng ba ipitsa Liithuti tse tiileng tsa Bibele, ba ne ba chesehela ho buella ka botšepehi Lentsoe la Molimo Bibele. Ba hatisa ho hongata ho paka bonnete ba lona, le ho hlalosa haholo ka ho phethahala ha boprofeta ba lona le kamoo ho ka sebelisoang metheo ea Bibele bophelong ba motho. Ka 1914, ba boela ba etsa Tšoantšiso ea Lifoto ea Pōpo e neng e bontšoa ka lihora tse robeli, eo ka ho khethehileng e neng e lokiselitsoe “ho sireletsa Bibele e le Lentsoe la Molimo.”
10 Ba buella Lentsoe la Molimo ka botšepehi le ho bontša hore ba tšoarehile ho le tsamaisa le hatisitsoe, lebitso la boemeli ba bona la fetoleloa ho Watch Tower Bible and Tract Society ka 1896. Ka 1902 Mokhatlo oa rua The Emphatic Diaglott ea Wilson ’me oa laola ho abjoa ha eona. Ka 1907 Mokhatlo oa hatisa khatiso ea King James Version, eo o ileng oa e bitsa Bibele ea Berea, e rehelletsoe ka Bakreste ba pele ba Berea ba ‘ileng ba hlahlobisisa Mangolo ka matsatsi ’ohle ho bona hore na lintho tseo Pauluse a ba bolellang tsona li hlile li joalo.’ (Liketso 17:11) E e-na le tlatsetso qetellong ea maqephe a 700 e nang le litlhaloso ka mangolo ka bomong, lethathamo la mangolo a tšehetsang lihlooho tse ka bang 40 tse tsebisahalang tsa Bibele le tatelano ea mantsoe e maqephe a 100. Ka 1926 Mokhatlo oa qala ho hatisa The Emphatic Diaglott khatisong ea oona Brooklyn. Ka 1942 Mokhatlo oa hatisa khatiso ea King James Version e e-na le lithuso tse ngata tsa bohlokoa tsa ho ithuta, ’me ka 1944 oa hatisa American Standard Version, ka lithuso tse tšoanang tsa ho ithuta ’me phetolelo ena e ne e ngola ka botšepehi lebitso Jehova ho latela mangolo a pele a Seheberu.
11 Ka 1950 Mokhatlo o buella Lentsoe la Molimo ka botšepehi oa susumeletseha ho hatisa New World Translation of the Christian Greek Scriptures. Phetolelo ea Mangolo a Seheberu ea latela ka likarohano tsa meqolo e mehlano, ’me Bibele e feletseng ea e-ba moqolo o le mong ka 1961. Pakeng tsa 1926 le 1980 Lipaki tsa Jehova tsa etsa Libibele tse 43 860 000.
Lebaka Leo ho Hlokahalang Phetolelo e Ncha
12, 13. Lebaka la pele leo “mohlanka ea khabane. ea bohlale” a thahaselletseng phetolelo e ncha ea Bibele ka lona ke lefe?
12 Ke hobane’ng ha “mohlanka ea khabane, ea bohlale” a ile a thahasella phetolelo e ncha, e leng New World Translation of the Holy Scriptures?
13 Pele ho tsohle, ka lebaka la mesebetsi ea baepolli ba mesaletsa ea tsa boholo-holo le liithuti tsa Bibele, lipampiri tsa khale le tse ngotsoeng ka mokhoa o tšepahalang haholoanyane tsa Bibele li fumanoe, ’me bongata ba tsona li ngotsoe ka lipuo tsa pele. Kahoo kajeno ho na le lipampiri tsa Bibele tse ntle haholo tse ngotsoeng lekholong la bone le la bohlano a lilemo a Mehla e Tloaelehileng ea rōna le likotoana tse ling tsa Mangolo a Bakreste a Segerike tsa bohareng ba lekholo la bobeli la lilemo. Hape, Meqolo ea Leoatle le Shoeleng ea libuka tsa Mangolo a Seheberu, tsa khale pele ho Mehla e Tloaelehileng ea rōna, e fane ka leseli le leholoanyane lirapeng tsa Bibele. Ha lipampiri tse ngotsoeng tsa Bibele e le tsa khale haholo, ho bonolo hore li be haufi haholo le ho ngoloa ha pele ho entsoeng ke bangoli ba bululetsoeng, bao ho seng ho se letho la bona kajeno.
14. Lebaka la bobeli ke lefe? Bontša.
14 Lebaka la bobeli leo ka lona ho neng ho hlokahala phetolelo e ncha le leo ka lona ho neng ho tla ntlafatsoa tsa pelenyana ke hore puo ea Segerike ea lekholong la pele la lilemo e ntse e hlalohanngoa haholoanyane joale. Ha nako e ntse e feta, baepolli ba mesaletsa ea tsa boholo-holo ba fumane likotoana tse ngotsoeng tse ngata tse tšoarelletseng ho tloha nakong eo ho neng ho ngoloa Mangolo a Bakreste a Segerike. Likotoana tsena tse ngotsoeng, tse sebetsanang le litaba tsa bophelo tsa letsatsi le leng le le leng, li fana ka leseli la hore na ho ne ho sebelisoa Segerike sa mofuta ofe ke bangoli ba Mangolo a Bakreste a Segerike. Mohlala o totobetseng ke lentsoe “Raka” le ho Mattheu 5:22 liphetolelong tse ling tsa khale. Ba sa tsebe hore na le bolela eng, seo bafetoleli ba neng ba ka se etsa ke ho le ngola le le joalo ka puo ea bona ka Sesotho se se nang seo se se bolelang. Empa hona joale tlhaloso ea lona e-ea tsebisahala ’me New World Translation e le ngotse e le “lentsoe la nyeliso e fetisisang.” Joalokaha u bona, tsebo e eketsehileng ea lipuo tseo Bibele e neng e ngotsoe ka tsona pele e khothalletsa phetolelo e utloisisoang haholoanyane.
15. Bontša lebaka la boraro.
15 Lebaka la boraro leo ka lona ho neng ho hlokahala phetolelo e ncha ke ’nete ea hore tsona lipuo tseo Bibele e fetoleloang ho tsona li fetoha le lilemo. Senyesemane se neng se sebelisoa ke mofetoleli oa Bibele oa lekholo la bo14 la lilemo Wycliffe se fapane hole le puo e sebelisitsoeng ke bafetoleli ba King James Version mathoasong a lekholo la bo17 la lilemo. ’Me puo ea Senyesemane e fetohile haholo ho tloha nakong eo. Mantsoe a mang a hlile a bolela se fapaneng le kamoo a neng a le teng ka nako eo. Kahoo lentsoe “let” (lumella) mehleng ea Morena James le ne le bolela “ho thibela,” empa kajeno le bolela “ho lumella.”
16. Joalokaha ho bontša Liketso 20:30 le 2 Timothea 4:3, 4, lebaka le leng e ka ba lefe la hore “mohlanka” a kene lebaleng la phetolelo ea Bibele?
16 Qetellong, ke taba ea ho utloisisa Bibele ka nepo, e leng lona lebaka le ka sehloohong leo ho entsoeng New World Translation. Re ke ke ra ho balehela, seo motho a se lumelang se tla kenella boitekong ba motho ba ho fetolela. Ha e le hantle, ho tlameha ho be joalo ha lentsoe kapa temana e ka ngoloa ka litsela tse sa tšoaneng. Hobane bafetoleli ka linako tse ling, ka boomo kapa ka ho se elelloe, ba siteloa puo ea pele litemaneng tseo ho bonahalang li hanana le lithuto tsa bona, ha tlameha hore ho etsoe phetolelo ke banna ba neng ba tšoarella ka botšepehi Lentsoeng la Molimo.
Ho Sitoa ho Tšoarella ka Botšepehi Lentsoeng la Molimo
17. Mehlala e meng ea litemana tsa bohata tse kenelletseng ka Bibeleng ke efe?
17 Kaha bangoli ba bang ba sitiloe ho tšoarella ka botšepehi Lentsoeng la Molimo ho na le litemana tsa bohata tse khukhunetseng ka “Temaneng e Amohetsoeng” eo ho theiloeng King James Version ho eona. Litemana tsena li ile tsa eketsoa temaneng ea pele e bululetsoeng. Har’a tsona ke Johanne 8:1-11 le Mareka 16:9-20. Mohlala o mong oa temana ea bohata o fumanoa ho 1 Johanne 5:7, 8. Mona mantsoe “leholimong, Ntate, Lentsoe, le Moea o Halalelang: bana ba bararo ke ntho e le ’ngoe” a bonahala a tšehetsa boraro-bo-bong. Empa phuputso e sibollotse hore mantsoe ana a ile a ekelletsoa ke mongoli ea sa tšepahaleng lilemong tse fetileng tse fetang 1 000 hoba ho phethoe mongolo oa Mangolo a bululetsoeng.
18, 19. (a) Bafetoleli ba bang ba kena-kenane le ho fetolela hampe Lentsoe la Molimo joang? (b) Hona ho etsahetse joang ka mangolo a buang ka boemo ba bafu?
18 Baetsi ba Libibele tsa kajeno tse akaretsang taba ke bona bao haholo ba inketseng bolokolohi ka litemana, ka linako tse ling litemaneng, ka tse ling ho seo ba se ngolang botlaseng ba leqephe. Ka mohlala, ho Moeklesia 9:5, 10, The Living Bible ea Taylor e baleha tjena: “Ba phelang bonyane baa tseba hore ba tla shoa! Empa bafu ha ba tsebe letho.” Hape “Eng le eng eo u e etsang, e etse hantle, hobane lefung, moo u eang, ha ho mosebetsi kapa tokisetso, kapa tsebo, kapa kutloisiso.” Ka baka la ho se lumellane le mantsoe ana a bululetsoeng, mofetoleli a phaella botlaseng ba leqephe ka tlhaloso: “Lipolelo tsena ke maikutlo a nyahameng a Salomone, ’me li bontša ho hloka tsebo ka ’nete ea Molimo lintlheng tsena!”
19 Phetolelo ena e boetse e emela Lentsoe la Molimo hampe ho Pesaleme ea 115:17. Mona King James Version e baleha tjena: “Bafu ha ba tsebe ho rorisa MORENA, leha e le mang le mang ea theohelang khutsong.” Empa mofetoleli oa The Living Bible ho bonahala a lumela hore bafu ba phela kae kae, ’me o kenyelletsa hona ka ho ngola temana tjena: “Bafu ba ke ke ba binela Jehova lithoriso mona lefatšeng.”
20. Ka Johanne 1:1, ho lumela Boraro-bo-bong ho khabisitse liphetolelo tse ling joang, empa ke phetolelo efe hape e nepahetseng e amohelehang?
20 Empa ho hlokomeloe hore le ka boikemisetso bo botle ka ho fetisisa, ntle ho kutloisiso e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo, mofetoleli oa Bibele o tlameha ho fosa ka linako tse ling. Ka mohlala, hoo e ka bang bafetoleli bohle ba lumela Boraro-bo-bong ’me ka hoo ba ngola Johanne 1:1 tjena: “’Me Lentsoe e ne e le Molimo.” Empa e ka ngoloa ka nepo ka tsela e ’ngoe esele, ho nahaneloa hore ka Segerikeng ha ho teng lentsoe le hlalosang pele ho Theos. Kahoo, An American Translation e ngola temana tjena, “’Me Lentsoe le ne le le bomolimo.” New World Translation e ngola temana ena tjena, “’Me Lentsoe e ne e le molimo.” Leha e le hore ke eona feela e etsang joalo. Ke eona tsela eo ka eona phetolelo ea Moarekabishopo Newcome e ileng ea ngola polelo ka eona ka 1807.
Ho Buella Lentsoe la Molimo ka Botšepehi
21. Liphetolelo tse ling tsa kajeno tse ngata tsa Bibele li etsa khang joang ka Molimo ka booona?
21 Leha ho le joalo, tsela e tebileng haholo eo liphetolelo tse ngata tsa kajeno li sitoang ho tšoarella Lentsoeng la Molimo ka botšepehi ke ka ho sitoa ho etsa ka toka lebitsong le khethollehileng la Molimo, Jehova. Ka Seheberu le ngoloa ka litlhaku tse ’nè. Bopaki ba hore Jehova Molimo ka boeena o nka lebitso la hae la botho ka botebo e bonoa ’neteng ea hore o bululetse bangoli ba hae ba Baheberu ho le sebelisa ka kakaretso ea makhetlo a 6 961 ka Mangolong a Seheberu. (Hona ho akarelletsa makhetlo a 134 ao bangoli ba Baheberu ba le tlohetseng ka morero.)
22, 23. (a) Ke eng e bontšang hore ho fosahetse ho fetolela lebitso la Molimo ka lereo le tloaelehileng? (b) The Jerusalem Bible e lekanya litaba ka botšepehi joang ho see? (c) Ho ea ka litsebi tse ling, ke hobane’ng ha ho le molemo ho sebelisa lebitso “Jehova” ho e-na le “Yahweh”?
22 ’Nete ke hore ho boleloa ka ’Mōpi ka Mangolong a Seheberu hangata haholo ka lebitso la hae le mo khethollang la Jehova ho feta mabitso leha e le afe a mang a bokellane. Ho feta moo, ho hang ha ho utloahale ho fetolela lebitso, le kang Jehova, ka lereo le tloaelehileng le kang Morena; joalokaha ho sa utloahale ho fetolela “Rolls Royce” (lebitso la koloi e rekoang haboima ho feta tsohle lefatšeng) habonolo ka lentsoe “koloi,” empa ho le teng likoloi tse ngata hakana. The Jerusalem Bible, le hoja e ikhethela “Yahweh” bakeng sa “Jehova,” e totobatsa ntlha e matla ea ho le sebelisa ho e-na le “Morena.” Selelekela sa phetolelo eo se re: “Ho re, ‘Morena ke Molimo’ ruri ke ho pheta ntho e le ’ngoe ntle ho mabaka, empa ho re ‘Yahweh ke Molimo’ ha ho joalo.”
23 E be joale ho ka sebelisoa “Yahweh” bakeng sa “Jehova”? E seng hakaalo. Ho ea ka Canon D. D. Williams oa Cambridge, “bopaki bo bontša hore ha ho joalo, hore Yahweh e ne e se oona mokhoa oa ho bitsa litlhaku tse ’nè.” Biblia Hebraica e hatisitsoeng ka 1951 Stuttgart, e kenya li-vowel tse kenang lipakeng tsa litlhaku tse ’nè e le tse balehang tjena “Yeh·wahʹ.” Khatiso ena e ile ea sebelisoa ke Komiti ea Phetolelo ea Bibele ea Lefatše le Lecha. Moprofesa oa Tübingen Gustav Oehler o re: “Ho tloha ntlheng ena ho ea pele ke sebelisa lentsoe Jehova, hobane, kamoo ho leng kateng, lebitso lena le tloaelehile haholo puong ea rōna, ’me le ke ke la tlosoa.” Mofetoleli oa Bibele Rotherham o bile har’a ba pele ba ileng ba sebelisa “Yahweh” ho Emphasized Bible ea hae. Leha ho le joalo, ho Studies in the Psalms ea hae e hatisitsoeng ka lekhetlo la pele hoba a shoe, o ile a khutlela ho “Jehova,” a bolela hore o entse joalo hobane “hoa lakatseha ho kopana le mahlo a bohle le litsebe.”
“Jehova” ka Mangolong a Bakreste a Segerike
24. (a) New World Translation e sebelisa lebitso la Molimo Jehova ka makhetlo a makae ka Mangolong a Bakreste a Segerike? (b) Mehlala e meng ea liphetolelo tsa pelenyana tse entseng joalo ke efe?
24 Empa ho thoe’ng ka ho sebelisoa ha “Jehova” ho seo ho thoeng ke Testamente e Ncha, Mangolo a Bakreste a Segerike? Ho New World Translation le hlaha ka makhetlo a 237. Le hoja hona ho ka bonahala ho sa tloaeleha, ho hang phetolelo ena hase eona ea pele e sebelisang lebitso lena karolong ena ea Bibele. Ho sebelisoa ha lona ho qalile hoo e ka bang ka 1796, ha mofetoleli oa Lejeremane Brentano a sebelisa “Jehova” ho Mareka 12:29. Hape ho na le Emphatic Diaglott, phetolelo ea pakeng tsa mela ea Mangolo a Bakreste a Segerike, e hatisitsoeng pele ka 1864. Hangata e sebelisa “Jehova” moo e qotsang ka Mangolong a Seheberu moo lebitso le hlahang ka makhetlo a 18. Ka mohlala, bona Mattheu 22:37, 44; Mareka 12:29, 30; Luka 20:42.
25. (a) Ke bopaki bofe ba haufi bo bontšang hore lebitso la Molimo le ne le hlaha litemaneng tsa pele ka Mangolong a Segerike? (b) Ke phetoho efe e habeli e bonahalang e etsahetse lekholong la bobeli la lilemo C.E.?
25 Lebaka leo ka lona ho bonahalang ho sa tloaeleha hore lebitso “Jehova” le hlahe ka Mangolong a Bakreste a Segerike ke hore, ka makholo-kholo a lilemo ho ne ho nahanoa hore lebitso lena le ne le sa hlahe ho Septuagint Version mehleng eo. Empa liphuputso tsa morao haholo li tiisa kannete hore litlhaku tse ’nè li ne li le teng ho Septuagint mehleng eo. Ke kahoo Moprofesa Howard oa Univesithi ea Georgia a reng: “Re tseba kannete hore Bajode ba buang Segerike ba ’nile ba ngola [litlhaku tse ’nè] ka Mangolong a Segerike. Ho feta moo, ha ho bonolo hore Bajode ba pele ba buang Segerike ba Bakreste ba tšoarelletseng mekhoeng ea habo bona ba ne ba fapohile mokhoeng ona. . . . e ne e ka ba ho sa tloaelehang haholo ho bona hore ba lahle litlhaku tse ’nè litemaneng tsa Bibele ka boeona.” Joale o qeta ka hore: “Kaha litlhaku tse ’nè li ne li sa ngotsoe ka Libibeleng tsa Segerike tse neng li bōpa Mangolo a kereke ea pele, hoa utloahala ho lumela hore bangoli ba Testamente e Ncha ha ba ne ba qotsa Lengolong ba ile ba boloka litlhaku tse ’nè ka litemaneng tsa Bibele.” “Ka lebaka la ho tšoana ha mokhoa oa Bajode oa pele ho Bokreste re ka nahana hore Testamente e Ncha e ile ea kenyeletsa litlhaku tse ’nè ha e qotsa ho Testamente ea Khale.” Moprofesa Howard le eena o hlokomela hore ha ho tlosoa litlhaku tse ’nè ho Septuagint li ile tsa boela tsa tlosoa ho se neng se qotsitsoe ho Mangolo a Seheberu ho hlahang Mangolong a Bakreste a Segerike. Phetoho ena ho bonahala e qalehile qalehong ea lekholo la bobeli la lilemo C.E. Ha ho pelaelo ea hore lebitso Jehova lea tšoaneleha ka mangolong a Bakreste a Segerike, joalokaha re le fumana ho New World Translation.
26. New World Translation e etelletsoe pele ke eng bakeng sa tšebeliso ea eona e atolositsoeng ea Lebitso?
26 New World Translation e boetse e sebelisa lebitso “Jehova” le moo lebitso le hlahang le sa qotsoa Mangolong a Seheberu. Hobane’ng? Ho thusa ’mali hore a tsebe hore na ho boleloa ka Jehova Molimo kapa Jesu Kreste ha ho ngotsoe “Morena” (Kyrios) temaneng ea Segerike. Na ho na le mohlala o motle oa ho etsa joalo? E, hobane liphetolelong tse ka bang 20 tsa Seheberu tsa Mangolo a Segerike re fumana hona e le tloaelo. Hape, ho na le liphetolelo tse ngata tsa baromuoa tsa Mangolo a Bakreste a Segerike tse etsang joalo. Ka mohlala, e ’ngoe ea liphetolelo tsa pele tsa Mangolo a Bakreste a Segerike ka Sejapaneng e sebelisa ka bolokohi lebitso “Ehoba” (Jehova).
27. Ho sa tsotellehe eng, hona ka lebaka la eng, bahlanka ba Molimo ba tšepahalang ba lokelang ho sebelisa New World Translation ka botlalo?
27 Ho sa tsotellehe hore na liithuti tsa Seheberu le Segerike tsa Bojakane lia rorisa kapa li nyefola New World Translation of the Holy Scriptures kapa che, ’ne te e sala hore e entsoe ke banna ba tšepahalang ka ho feletseng ho itšoarelleng Lentsoeng la Molimo. Ruri ke thuso e khōlō ho ‘re hlalefisetsa ho bolokeha le ho re thusa ho hlalefa ka ho feletseng, le ho re hlomella ka ho feletseng bakeng sa mesebetsi eohle e molemo.’ (2 Timothea 3:15-17) E se eka rōna bohle ba nang le phetolelo ena e ntle ka puo ea habo rōna re ka hlohonolofatsoa ka ho e sebelisa ka botlalo.
KA HO BUELLA LENTSOE LA MOLIMO KA BOTŠEPEHI, BAA BA EME JOANG, HONA HOBANE’NG?
□ Mehaho ea ntlo-kholo ea Lipaki tsa Jehova
□ Jesu Kreste le baapostola ba hae
□ “Mohlanka ea khabane, ea bohlale” oa kajeno
□ Bangoli ba ’nileng ba kopitsa litemana tsa Bibele
□ Bafetoleli ba pelenyana ba lipuo tsa kajeno
□ Bafetoleli ba liphetolelo tsa morao haholo tsa Bibele
□ Komiti ea Phetolelo ea Bibele ea Lefatše le Lecha
[Lebokose le leqepheng la 22]
Ka lekhetlo le leng mofetoleli oa Amerika o ile a halefeloa ke ’mali oa Bibele ka ‘ho senya Senyesemane se setle’ sa King James Version, ’melaeli ntle ho pelaelo a khahloa ke Senyesemane sa eona sa khale. Ha mofetoleli a hlalosa hore botle ba molaetsa ke ba bohlokoa ho feta botle ba puo, monqosi a arabela: “Ha ke tsotelle letho ka molaetsa. Ha ke lumele ho Molimo.”
[Lebokose le leqepheng la 22]
Ha e le hantle sepheo sa ho fetoleloa ha Bibele har’a liphetolelo tsohle, e lokela ho ba ho thusa ’mali oa lentsoe le fetoletsoeng ho fumana matla, kelello le boikutlo, e, moea, joalokaha eka o bala Mangolo ka puo ea oona ea pele.
[Lebokose le leqepheng la 23]
Mofetoleli oa Bibele Edgar Goodspeed o ile a ngolla e mong oa Lipaki tsa Jehova mabapi le New World Translation of the Christian Greek Scriptures: “Ke thahasella mosebetsi oa batho ba lōna, le ho tlala ha oona lefatšeng lohle, ’me ke khahliloe haholo ke phetolelo e lokolohileng le e matla. E bontša boahlamo bo boholo ba thuto e utloahalang e tebileng, joalokaha ke le paki ea seo.”
Seithuti sa Seheberu le Segerike sa Brithani A. Thompson, ha a ngola ho The Differentiator, o boletse tjena ka karolo ea New World Translation of the Hebrew Scriptures: “Ke e buella e le boiteko bo tšepahalang le bo tobileng ba ho ngola Buka e Halalelang ka Senyesemane sa kajeno. Ha ho bonahale ho entsoe boiteko ba ho hatella lithuto kapa likhopolo leha e le life tse khethehileng.”
Eerdman’s Handbook to the Bible thathamisa New World Translation har’a ‘liphetolelo tse ka sehloohong tse 14 tsa lekholo la bo20 la lilemo tsa Senyesemane.’
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Litlhaku tse ’nè likotoaneng tsa Septuagint tse tsoang Egepeta (Fouad Papyri 266)
Likotoana tsena li phatlalalitsoe pelenyana ke Lipaki tsa Jehova ’me ho bonahala ha lebitso la Molimo mona ha fana ka motheo oa ho sebelisa “Jehova” ho “New World Translation”