Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 9/1 leq. 30
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Le se Ikenye Jokong e le ’Ngoe le ba sa Lumelang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Na ho Nyala “Feela Moreneng”—E sa Ntse e le Ntho e Utloahalang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Tataiso ea Molimo ho Khetheng Molekane oa Lenyalo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 9/1 leq. 30

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

■ Bakreste ka bomong le phutheho ka kakaretso ba lokela ho talima temoso ea Bibele ea ho nyala “feela Moreneng” joang?

Ka mosali ea shoetsoeng ke monna, moapostola Pauluse o elelitse: “O lokolotsoe, a ka nyalana le eo a mo ratang, e mpe e be Moreneng.” (1 Ba-Korinthe 7:39) Ena hase keletso feela ea botho e tsoang ho motho. Pauluse o e ngotse tlas’a pululelo; kahoo keletso ena e lerato le e bohlale e simoloha ho Molimo. Kahoo, Bakreste ba lokela ho e talima ka botebo e se ntho e ka hlokomolohuoang kapa ea nkoa ka bobebe. Tlaleho ea pale ea Bibele e tiisa sena.

Ha Abrahama a batlela Isaaka mosali, ha a ka a mo khethela mosali har’a ba nang le bolumeli ba bohata, Bakanana ba mo potolohileng. Ho e-na le hoo, a ikhathatsa ho batla naheng e hole, a batla mosali har’a bahabo ba neng ba hlokomela Molimo oa ’nete. Ka ho tšoanang, Isaaka a re ho Jakobo: “U se ke ua inkela mosali ho barali ba Kanana.” (Genese 28:1; 24:1-67) Abrahama le Isaaka ba ne ba hlokomela hore lenyalo hase feela kamahano ea “menahano e monate ea lerato ka kelellong.” Ho ne ho ameha boineelo ho Jehova, hobane ho nyalana le ea sa lumelang ho ne ho ka hlahisa mathata a tebileng le ho tlosa motho borapeling bo hloekileng.

Empa hase Baheberu bohle ba ileng ba ikarola ka tieo ho ba sa rapeleng Jehova. Ka mohlala, Dina a tloaelana le baroetsana ba haufi le eena ba neng ba sa sebeletse Molimo oa ’nete. Ka phello efe? mohlankana e mong a mo lakatsa ’me a mo silafatsa. Ho bonahala eka ka nakoana Juda o ile a tloha lapeng la hae ’me a inkela mosali oa Mokanana. Hoo ha sebetsa joang? Ho ile ha hlaha bara ba bararo kopanong eo e sa tsitsang, empa Jehova a tlameha ho bolaea ba babeli ho bona ka baka la bobe ba bona. Simeone le eena o ne a e-na le mora ka mosali oa Mokanana. Hona ka ho totobetseng ho ne ho sa ratehe hoo ho hlokomelisoang ka hona letotong la litloholo tsa Jakobo.—Genese 34:1, 2; 38:1-10; 46:8-10.

Ha Molimo o fana ka melao e tla tataisa Iseraele, a ba lemosa ka ho thea litumellano tsa manyalo le batho ba sa rapeleng Jehova. (Deuteronoma 7:2-4) Bohlale ba sena ba hatisoa ke se ileng sa oela Salomone. Mohlomong o ile a ikutloa hore, kaha o ne a le bohlale bo tsotoang, o ne a tla loana ka katleho le bothata bofe kapa bofe kapa teko e hlahisoang ke basali bao a ba nyalang ba sa sebeletse Jehova. Empa ha a hlokomoloha keletso ea Molimo, le eena Salomone a oela masoabing.—1 Marena 11:1-6.

Qetellong, ka Mangolong a Bakreste a Segerike Molimo oa boela oa pheta keletso: U se ke ua nyala ea sa sebeletseng Morena. Keletso e bululetsoeng e ne e sa re, ‘ha u fumana motho ea hloekileng le ea hlomphehang, hoa lumelleha ho ferehana le eena le ho mo nyala ka tšepo ea hore qetellong e tla ba Mokreste.’ Ho e-na le hoo, ka ho hlakileng Lentsoe la Molimo le re: “Se sikareng joko e le ’ngoe le ba sa lumelang.” (2 Ba-Korinthe 6:14) Ho nyalana le motho eo e seng Mokreste ea kolobelitsoeng e ka ba ho hlokomoloha keletso eo e tebileng.

Kaha Lipaki tsa Jehova li nka keletso ena e le e bohlale le e tebileng ha li tlatsetse hore mang kapa mang a ee khahlanong le eona. Ka mohlala, haeba ka lebaka la ho fokola moeeng moena kapa khaitseli a qala ho ferehana kapa ho laetsana le motho eo e seng paki ea Jehova, ba bang ba ka phuthehong ho hang ba ke ke ba lumela ho ba botsoalleng le ea sa lumelang. Ba lumellana le Bibele hore eo e seng Mokreste hase motsoalle e motle. (1 Ba-Korinthe 15:33) Empa ba ’ne ba bontše thahasello ho ngoan’abo bona. Mohlomong ba ka ba le hona ho fana ka keletso e bohlale le e tobileng ho thusa Mokreste ea khelohang hore a qobe tsela e bohloko e ileng ea lateloa ke Salomone.—Bapisa 2 Bathessalonika 3:14, 15.

Empa ho thoe’ng haeba Paki e ka lokisetsa ho hlokomoloha keletso ea Molimo ’me ea nyalana le eo e seng Paki e kolobelitsoeng? Ntle le haeba ho ne ho e-na le lebaka le sa tloaelehang, baena ka phutheho ba ke ke ba rata ho chatisa ba kopaneng kopanong e sa tsitsang joalo. Leha e le hore Holo ea ’Muso e ka fumaneha bakeng sa lenyalo. E fumaneha bakeng sa manyalo a Bakreste ba babeli ba kolobelitsoeng ba nyalaneng ‘feela Moreneng.’ Kapa e ka sebelisoa ka linako tse ling ke batho ba babeli ba sebeletsang Molimo kamehla e le karolo ea phutheho empa ba tla kolobetsoa haufi. Ka ho se lumelle hore Holo ea ’Muso e sebelisoe ke Paki e lokiselitseng ho ‘sikara joko le ea sa lumelang,’ baholo ba phutheho ba hatisa botebo ba keletso ea Molimo ea ho ‘nyala feela Moreneng.’

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela