Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 10/1 maq. 27-30
  • “Le Tšelise ba Pelo li Tepeletseng”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Le Tšelise ba Pelo li Tepeletseng”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ke Tepeletse Ka Sekhahla”
  • “Tšelisang”
  • “Ka Ithuta ho Nahanela”
  • Le Tiise ba Fokolang
  • Kamoo ho ka Thusoang ba Tepelletseng Maikutlo Hore ba Fumane Thabo Hape
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Matšeliso ho ba Tepelletseng Maikutlo
    Matšeliso ho ba Tepeletseng Maikutlo
  • Ba Batla ho Thusa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Leleme le Rutehileng, ‘Le Khothatsang ba Khathetseng’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 10/1 maq. 27-30

“Le Tšelise ba Pelo li Tepeletseng”

“HA HO qaleha, ka ikutloa ke tetebetse, ’me boikutlo bona ba tšoarella. Ka ikutloa hore nke ke ka ea kae kapa kae kapa ka etsa eng kapa eng, leha e le hore ke ne ke khona ho lula tabeng ka botebo. Ka nyahama, ka ferekana, ’me ka qala ho nahana hore bophelo bohle ba ka le tlaleho e ntle ea ka ea tšebeletso ho Molimo ke lefeela. Ka thothomela, ka tšoha.” Ke kamoo Paki e lilemo li 48 e neng e sebelitse ka lilemo tse telele e le moromuoa e ileng ea hlalosa boikutlo ba eona. “Ke ne ke phela hantle kamehla ’meleng le moeeng, empa ka ho panya ha leihlo feela ka ikutloa hore nke ke ka boela bothong hape.”

Moena ea hōlileng tsebong le eena a tlaleha hore: “Mosebetsi oa ka oa ntepeletsa haholo. Ke ne ke fihla lapeng ke tsoa mosebetsing ke nyahame hoo ke sitoang ho ja. Ke ne ke tloha tafoleng ke kene ka kamoreng e be kea lla—ho hang ke ne ke sitoa ho thiba meokho. Ke ne ke khopeha feela ke ba bang. Ka ’na ka nahana, “Hantle ke habile hokae? Ke hobane’ng ha ho etsahala tjee ka ’na?’ Ha tsoela pele ka likhoeli tse tšeletseng.”

Batho bana ba ne ba tepelletse ka sekhahla. Litlaleho tse ling li bolela hore ho sa na le ‘pelo tse tepeletseng’ har’a batho ba Molimo. (1 Ba-Thessalonika 5:14) Lipalo tsa liphuputso tsa lefatše li bontša keketseho e sisimosang ea batho ba tepeletseng. Le hoja batho ba amanang le Molimo hangata ba ameha ka mokhoa o tlase ke maemo a kenyelletsang ho tepella, ho hang pherekano ena e-ea ba ama. Empa na bahlanka ba tšepahalang joalo ba lokela ho hlaseloa hakaalo?

“Ke Tepeletse Ka Sekhahla”

Morena Davida ea tšepahalang oa Jerusalema o ile a tepella. Ka baka la liphoso tsa hae tse itseng kapa booatla, a ngola: “Ke tepeletse ka sekhahla; ke lla letsatsi lohle.” (Pesaleme ea 38:6, DeWitt) Lebokose le leqepheng le latelang le bontša kamoo bahlanka ba tšepahalang ba ’nileng ba ikutloa kateng ka linako tse ling, lebaka la hona. Leha ho le joalo, bohle ba thathamisitsoeng lebokoseng ba ile ba fenya ho tepella ha bona. Ho latela tlaleho ea Bibele, ba tsoela pele bohle ho sebeletsa Molimo ka botšepehi.

Mabaka a mangata a tepeletsang batho. Ea tepeletseng ha a khone ho laola a mang a oona. Phuputso ea haufi tjena ea bongaka e bontšitse hore mefuta e meng ea ho tepella ho sekhahla e bakoa ke ho se sebetse hantle ha metsoako e ’meleng ka bokong ho ka ’nang ha bakoa ke likhathatso tse itseng ’meleng.a Ka linako tse ling menahano ea rōna ka boeona e-ea tepeletsa. Mohlala o mong oa Bibele o senola sena.

Epafrodite mothusi ea sehlahlo oa moapostola ea neng a le litlamong Pauluse, a tepella. Pauluse a khutlisetsa mohlanka enoa phuthehong ea habo ea Filippi ho tloha Roma ’me mohlomong a ba a mo nea lengolo leo har’a tse ling le neng le bolela hore “[Epafrodite] o na a belaela [a tepeletse] haholo kahobane le utloile ho kula ha hae.” Ke ’nete, o ne a ile a kula, empa joale o ne a folile—empa a tepeletse. Ho tepella ho bakoa ke eng? A hlokomela hore phutheho e “utloile ho kula ha hae.” Hona ho ne ho ka mo tepeletsa hobane’ng?—Ba-Filippi 2:25-30.

Ho totobetse hore mohlanka enoa ea inehetseng o ne a le tsietsing ka boikutlo ba ba bang. O ne a amehile haholo ka ho tšoenyeha ha baena le likhaitseli ba hae ba ratoang ba phuthehong ea habo ka baka la tlaleho ea ho kula ha hae. Ho bonahala eka o ile a tepeletsoa ke ho belaella hore a phomotse likelello tsa bona—empa joale ba arotsoe ke lik’hilomithara tse makholo. Ho ka ’na ha etsahala joalo kajeno, le ho bao joaloka ka Epafrodite ba etsang ka matla mosebetsing oa Morena. Ho tšoenyeha ka matla le ho ameha ka boikutlo ba ba bang, kapa ka boikutlo ba ho soetsa ba bang ho ka tepeletsa.

Empa ba bang ba ka thusa ba tepeletseng joang?

“Tšelisang”

Mokreste e mong ea tepeletseng a ithapella ka likhapha ho monna oa hae: “Ke tla etsa joang? Nke ke ka tsoela pele ka tsela ena!” Monna ea neng a sa lumela a kharuma: “U tlameha feela ho ho mamella!” Mosali enoa a nyahama hoo a ileng a batla a ipolaea ka letsatsi le hlahlamang! Ke habohlokoa hakaakang hore bohle ba ele hloko taelo ea Bibele: “Le tšelise ba pelo li tepeletseng.” Ka linako tse ling ho ka bakoa kotsi e ke keng ea lokisoa haeba motho a sa etse joalo. Empa hangata motho a ka batla ho hlasimolla pelo e tepeletseng empa a sa tsebe hore na a ka re’ng.—1 Ba-Thessalonika 5:14.

Lengolong la hae la bobeli le eang phuthehong ea Bakreste e Korinthe, Pauluse o bontšitse hore o ile a ‘hloka phomolo,’ hobane ‘o ne a tšohile ka hare.’ A tšelisoa ke tlaleho e ntle. Tite a tla a bolela ka boemo bo ntlafetseng ba moea ba phutheho ea Korinthe le ‘cheseho’ ea bona kapa kameho ka Pauluse, ho mo ‘hloloheloa’ ha bona. Ho utloa ka lerato la bona ho eena ha hlasimolla Pauluse. (2 Ba-Korinthe 7:5-7) Ke ’nete joalo le kajeno. Mosali e mong oa Mokreste ea neng a tepeletse ka sekhahla a re: “Taba-khōlō eo u batlang ho e tseba ke hore ba bang ba u tsotella joaloka motho. U rata ho utloa e mong a re, ‘Kea utloisisa; haufinyane u tla fola. Ke ananela phihlelo ea hao ’me ke rata ho bua le uena.’”

“Ka Ithuta ho Nahanela”

’Mè e mong oa Mokreste ea neng a tepeletse o ile a lumela hore: “Thuto eo nke keng ka e lebala le ka mohla, ke ithutile ho nahanela. Pele, ke ne ke nahana hore ho hlokahalang feela ke hore u itsose ’me u ’ne u tsoele pele, ka hoo ke ne ke sa utloele ba bang ba kulang bohloko. Joale kea tseba. Ha metsoalle e meng e mpolella hore ‘ke itsose,’ ho ne ho se letho le leng leo ke neng ke batla ho le etsa, empa ntlheng eo ke sitoa ho itaola. Lipuo tsa bona li ne li ntlhaba kannete.” Batho ba tepeletseng ba hloka ‘ho hauheloa’ ke ba bang.—1 Petrose 3:8.

Lelapa le metsoalle ba ka thusa joang? ’Mè ea lilemo li 40 ea kileng a tepella o sa hopola: “Ha u ikutloe u imetsoe ’meleng le maikutlong feela, empa hape u ikutloa u le molato hobane ha u etsetse lelapa la hao seo u tloaetseng ho se etsa.” Joale a eletsa ka hore: “Le etse hore motho ea tepeletseng a hlokomele hore hoo a ho etsang ho molemo haholo. Le mo khothalletse hore a ’ne a tsoelepele.”

Le hoja lipolelo tse hahang e le tsa bohlokoa ’me li ananeloa, ba ratang ho thusa ba ka fana ka thuso e kholoanyane.

Le Tiise ba Fokolang

Pauluse ha a ka a phehella phutheho ea Thessalonika feela hore e “tšelise ba pelo li tepeletseng,” empa hape ho ‘tiisa ba fokolang, le ho mamella bohle.’ Lentsoe “tiise” le ama liketso, hobane lentsoe la mathomo la Segerikeb le na le moelelo oa hore motho a eme ka lehlakoreng le leng ho motho e mong hore a mo tšehetse.—1 Ba-Thessalonika 5:14.

Tlaleho ea se ithutiloeng ka batho ba fetang 500 e ile ea qeta ka hore: “Ho feta pelo, boikemisetso bo matla, botho bo hlasimolohileng, batho ba hloka metsoalle le malapa a atamelaneng le a tšehetsang hore ba leleke ho tepella.” Dr. L. Cammer, ngaka e tsebisahalang ea mafu a kelello, ha a lumela seo a bolela hore: “Ke habohlokoa hore motho ea tepeletseng a be le motho e mong haufi ea sa tlo mo ‘emella ka litaba,’ ea tla mamella.” E, boiteko bo sebetsang ba ho thusa, bo kang ka ho bua ka thelefono kapa ka ho chaka ka nako e khutšoanyane, bo ka ananeloa haholo.

Mosali e mong oa Mokreste o ile a botsoa hore na ke tšoaro ea mofuta ofe e ileng ea mo thusa haholo. A arabela hore: “Thuso e khōlō e bile ho ba har’a baena le likhaitseli moeeng. Ho seng joalo, nka be ke sa ka ka fola. Phuthehong ea rōna ea Lipaki lerato, ho ameha le kutloisiso li ne li le teng. E ne e tšoana le lerako la tšireletso.”

Bonneteng, ka linako tse ling hoa hlokahala ho tiea ka lerato ho thusa motho ea tepeletseng, kaha monahano oa hae mohlomong o ferekane. Mohlomong a ka hloka hore a phehelloe ka bonolo hore a thapolle maoto le uena, ho thapolla ’mele ka mokhoa o mong, hore a noe meriana ea hae, kapa hore a tsoele pele mesebetsing ea hae ea moea.

Ha motho a kenngoa sepetlele ka baka la ho kula ’meleng, hangata o fepuoa lijo hangata ka tekanyo e nyenyane ho e-na le ho fepuoa seoelo ka tekanyo e khōlō. Ho ka ’na ha e-ba joalo ha ho thusoa motho ea tepeletseng ka lijo tsa moea. Ho ka ’na ha hlokahala hore molekane kapa motsoalle ea amehang a be sebete ka sebele ho bua ka ‘lintho tse molemo’ tsa moea ka nako e khutšoanyane ka makhetlo a mang, ho e-na le ho leka ho bua halelele ka Bibele, ho ka ’nang ha imela ea tepeletseng. Leha ea kulang a sa nke bohato ka taeo, lerato leo a le bontšoang le tempa ho hong.

Ho fihlela ho kula ho ea ka litheko kapa ho lumellana le thuso ea meriana, ho tsoela pele ka sebete le kutloisiso lia hlokahala ho ba bang. Ka linako tse ling ho na le maemo ao ho seng thuso ea mofuta ofe kapa ofe ea meriana e sebetsang. Kahoo mamello le boitelo bo lerato lia hlokahala ho thusa bana ba kulang ho fihlela Jehova a phekola maloetse ’ohle—a kelello le a ’mele—taolong e ncha e tlang.—Tšenolo 21:3, 4.

Baholo ka phuthehong ba na le boikarabelo bo khethehileng. Sehlooho se reng “Leleme le Rutehileng—‘le Khothatsang ba Khathetseng,’” se sebetsanang le ntlha ena, se tla hatisoa tokollong ea kamoso.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona sehlooho “Na ho ka Kelellong Kaofela?” makasineng ea rōna e tlatsanang le ena Tsoha! ea March 8, 1982.

b Antekhesthe–“le tšoare ka ho satalla.”

[Lebokose le leqepheng la 28]

KAMOO BA ILENG BA IKUTLOA LEBAKA

JOBO ‘Molimo o mphuraletse,’ Ho kula le malimabe a

‘Ke khoboheloa ke bophelo botho. Ha bonahala eka

ba ka.’—Jobo 29:2, 4, 5; 10:1. Molimo o mo furaletse

JAKOBO A hana ho tšelisoa. “A hana Ho hlomoha ka ho

ho itšelisa.” ‘Ke batla ho nahana hore mora

theohela lebitleng.’—Genese 37:35. o shoele

ANNA ‘A lla a sa je.’ ‘Moea o bohloko Masoabi a maholo

’me a lla habohloko.’ ka baka la ho

—1 Samuele 1:7,10. hloka mora

JONASE ‘Ho molemo ha ke shoele ho Khalefo e bupelitsoeng

na leha ke phela.’ “Bohlokong.”

—Jonase 4:6, 8.

DAVIDA “Ke tsamaea ka bofifi tsatsi Ho ikutloa molato

lohle.” “Ke feletsoe ke matla.” ka phoso e tebileng

“Matla a ka a ntlohela.”

—Pesaleme ea 38:6, 8, 10.

NEHEMIA “Ka lla, ’me ka hlola bofifing Ho tšoenyeha ka

litšiu tse ngatanyana,” a baka la boemo ba batho

‘soaba pelong.’—Nehemia 1:4; 2:2. ba bang ba Molimo

PAULUSE ‘A tšoha ka hare’ le ‘ho Khanyetso le ho

kokobela.’—2 Ba-Korinthe 7:5, 6. haelloa ke phomolo

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela