Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 10/1 maq. 10-14
  • ‘Le Lehlohonolo ha ba le Hlorisa’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Le Lehlohonolo ha ba le Hlorisa’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Lebelloe Mahloriso
  • Ho Hlorisitsoe Bakreste ba Pele
  • Mahloriso “Mehleng ea Qetello”
  • Ho Thaba Leha re Hlōrisoa!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Baa Hlorisoa Empa ba Thabile
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Ho Mamella ka Thabo Har’a Mahloriso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Ho Hlorisetsoa ho Loka
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 10/1 maq. 10-14

‘Le Lehlohonolo ha ba le Hlorisa’

“Le tla ba lehlohonolo, ha ba le hlapaola ka baka la ka, ba le hlorisa, ba le bea bobe bohle ka bohata. Thabang, le hlasimolohe ka ho nyakalla; hobane moputso oa lōna o tla ba moholo leholimong.”—Mattheu 5:11, 12.

1-4. Ke phihlelo efe e ka memang lipotso likelellong tsa rōna ka ho thaba mahlorisong?

NA U ka hla ua ikutloa u le lehlohonolo ha batho ba u etselletsa ba bile ba leka ho u tlatlapa ka mekhoa eohle? Nahana ka mosali oa Finland ea ileng a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova lilengoaneng tsa ho feta. A phakisa a thabela lintho tse molemo tseo a ithutang tsona ka morero oa Jehova ka batho, ’me kananelo ea hae bakeng sa molemo oa hae le lerato tsa teba.

2 Eaba joale monna o qala ho hanyetsa ha a ithuta Bibele ’me a tšoara mosali hampe ha a hana ho tlohela. Qetellong monna a kōpa hore lekhotla le ba arole ka molao. Kapele mosali a iphumana a lelekiloe lapeng ha hae ’me a qobelletsoe ho sia bana ba hae ba bararo ba banyenyane ba akhang lesea le sa tsoa qeta selemo, ha lekhotla le ba abela monna. Hobane’ng? Na o ne a ba hlokomolohile? Che, hobane bonneteng ho ithuta ha hae Bibele ho ne ho mo rutile hore e be mosali le ’mè ea molemo haholoanyane.

3 Libeke hamoraonyana monna oa hae a susutlella hore a tlosoe mosebetsing a isoe setsing sa bophelo hore ho tiisoe hore ke “lehlanya” e be joale o isoa sepetleleng sa mafu a kelello. Ka lekhetlo la pele ngaka e neng e mo hlahloba ea hana ho fana ka taelo e joalo, empa hoba e hatelloe ke monna, ea fana ka taelo e joalo e mo koallang lehaeng la mafu a kelello. Ka nako ena mosali enoa o ne a se a kolobelitsoe e le e mong oa Lipaki tsa Jehova a bile a tlohile motseng ona ho ea ho o mong, moo a ileng a ea ho ngaka e ’ngoe. Hoba e mo hlahlobe, ngaka ena ea hla ea mo nea bopaki ba hore o phela hantle kelellong.

4 Empa hona ha se ke ha hlakola taelo ea ngaka ea pele. Eaba o tlameha ho ipata ka libeke tse telele ho fihlela taelo e felloa ke nako. Kamorao ho sena ngaka [ea pele] ea hana ho fana ka taelo e ncha; eaba khaitseli o tseba ho khutlela motseng oa habo. Kamorao ho nako monna oa hae a hlala motheong oa taelo ea karohano ka molao ’me lekhotla la mo abela bana.

5, 6. (a) Na phihlelo ee le tse kang eona e ka ba lebaka la thabo? Hobane’ng? (Mareka 10:29, 30) (b) Joalokaha ho bontšitsoe mangolong a boletsoeng, Jobo o ile a thaba ka mabaka afe hoba a hlorisoe?

5 Na u ka re phihlelo e joalo ke lebaka la ho thaba? Ruri ha ho mosali kapa ’mè ea ka thabelang ho lelekeloa ka ntle ho ntlo ea hae e be o amohuoa bana ba hae ba banyenyane. Leha e le hore a ka thabela ha baratuoa ba leka hore a bolokoe lehaeng la mafu a kelello feela hobane a batla ho ithuta Bibele le ho sebelisa metheo ea eona e metle. Empa hlokomela lebaka leo Jesu a reng lea thabisa tlas’a maemo a joalo: “Thabang, le hlasimolohe ka ho nyakalla; hobane moputso oa lōna o tla ba moholo leholimong.”—Mattheu 5:12.

6 E, haeba lebaka la ho hlorisoa kannete le le joalokaha Jesu a le boletse temaneng e tlang pele ho ena, “ka baka la ka,” re ka nyakallela ho ba le monyetla oa ho bontša ho tšepahala ha rōna ho Jehova le ho ba le kabelo ho tumiseng lebitso la hae joaloka Jesu. Kahoo re paka hore Diabolose o leshano ha a tseka hore a ka etsa hore batho bohle ba furalle Molimo. Ho ema ka lehlakoreng la Jehova Molimo joalo hoa mo khahlisa ’me ho tla ba le moputso joalokaha ho bontšitsoe tabeng ea Jobo.—Jobo 1:9, 10; 42:10-16; 1 Petrose 2:19, 20.

Ho Lebelloe Mahloriso

7. (a) Ke hobane’ng ha Bakreste ba ka lebella ho hlorisoa? (b) Na hona ho sebetsa ho Bakreste kaofela, kapa ho ba bang feela?

7 Empa ke hobane’ng ha motho a ka hlorisoa feela hobane a batla ho ithuta Lentsoe la Molimo Bibele, e be e ba Mokreste? Jesu o arabetse potso ka tsela ena: “Ekare ha lefatše le le hloea, le tsebe hobane le ntlhoile pele ho lōna. Hoja ne le le ba lefatše, lefatše le ka be le rata se sa lona; ereka ha le se ba lefatše, ke mpa ke le khethile lefatšeng, ka baka leo lefatše le le hloile. Hopolang lentsoe leo ke le boleletseng lona, ha ke ne ke re: Mohlanka ha a moholo ho morena oa hae. Ha ba ntlhorisitse, ba tla le hlorisa le lōna; ha ba bolokile lentsoe la ka, ba tla boloka le la lōna. Empa ba tla le etsa tsohle tseo ka baka la lebitso la ka, kahobane ha ba tsebe ea nthomileng.” (Johanne 15:18-21) Joalokaha moapostola Pauluse a totobalitse lengolong la hae la bobeli le eang ho Timothea, mahloriso ke ntho eo Bakreste ba ka e lebellang. A ngola: “Bohle ba ratang ho phela ka borapeli bo ho Jesu Kreste, ba tla hlorisoa.”—2 Timothea 3:12.

8. Hantle-ntle mohlohlelletsi oa ho hlorisoa ha Bakreste ke mang, hona sepheo sa hae ke sefe?

8 Re se lebale hore mohlohlelletsi oa mahloriso hase mang kapa mang ha e se Satane Diabolose mohanyetsi e moholo. Ho ema ha hao u tiile joaloka Mokreste le lerato la hao ho Jehova Molimo li paka hore Diabolose o leshano, kaha o bolela hore ha ho ea hlileng a ratang Molimo le hore haeba motho a ka Mo sebeletsa, ke ka baka la seo a iphumanelang sona ka hoo. Satane a ithorisa hore haeba feela a ka lumelloa, a ka sokolla Jobo hore a furalle Molimo ’me kahoo a se a shabella le batho ba bang kaofela. (Jobo 1:8-11; 2:3-5) Le hoja a sitiloe ho furallisa Jobo botšepehi ba hae, ha ho mohla Diabolose a kileng a tela.—2 Ba-Korinthe 4:4.

Ho Hlorisitsoe Bakreste ba Pele

9. Fana ka mehlala ea Mangolo e bontšang hore na Bakreste ba pele ba ile ba tlameha ho mamella mahloriso a mofuta ofe?

9 Tumellanong le temoso ea Jesu, Bakreste ba pele ba ile ba hlorisoa, hoo ka linako tse ling ho neng ho feteletsoa. Ba bangata ba lelekoa matlung a bona ’me ba qobelloa ho balehela libakeng tse ling, Joaloka tabeng ea phutheho ea Jerusalema. (Liketso 8:1) Ba bang, joaloka moapostola Johanne, ba isoa litlamong hosele. (Tšenolo 1:9) Moapostola Pauluse le ba neng ba sebetsa le eena tšebeletsong ea pontšeng ba tlepetsoa ka majoe ba ba ba shapuoa. (Liketso 14:19; 16:22) Bakreste ba bangata ba pele ba kenngoang litlamong, ba bang ba tlatlapuoa thepa ea bona ’me ba bang ba ba ba bolaoa. (Ba-Kolosse 4:3; Filemone 9, 10; Ba-Heberu 10:34; 13:3; Liketso 12:1, 2) Empa ba ’na ba thaba, hobane ba ne ba utloisisa ka botlalo hore na ba hlorisoa hobane’ng.

10. Ke eng e bontšang hore balateli ba Kreste ha baa ka ba tšosoa ke mahloriso lekholong la pele la Lilemo?

10 Na ho hlorisoa joalo ho ile ha ba tlohelisa kapa hona ho khoehlisa mosebetsi oa ‘ho bua ka Molimo le ho paka ka Jesu’? Che, hobane Bakreste ba pele ha baa ka ba lumela ho tšosoa. Tlaleho ea Liketso 5:40-42 e re bolella hore baholo ba Lekhotla le Phahameng la Bajode ba ile ‘ba bitsa baapostola, ba ba shapa, ba ba laela hore ba se ke ba boela ba ruta ka lebitso la Jesu; ba ntoo ba lokolla.’ Eaba Bakreste baa joale ba etsa joang? “Ba tloha khotla, ba thabile kahobane ba entsoe ba tšoaneloang ke ho hlabisoa lihlong ka baka la lebitso la Jesu. Ha ba ka ba phetsa ka matsatsi ’ohle ho ruta le ho bolela tempeleng le ka matlung, hore Jesu ke Kreste.”

11. Petrose le Johanne ba itšoara joang ka ho sokeloa?

11 Pelenyana baapostola Petrose le Johanne ba ne ba bile ka pel’a Lekhotla le Phahameng ka baka la ho phekola monna ea kulang le ka baka la ho ruta ka lebitso la Jesu. Tlaleho e re bolella hore: “Eaba [babusi le baholo) ba boela ba ba bitsa, ba ba laela hore ba se ke ba bolela le hanyenyane, leha e le ho ruta, ka lebitso la Jesu. Empa Petrose le Johanne ba ba fetola ba re: “A ho ahlole lōna hore na ke taba e lokileng pel’a Molimo ho utloa lōna ho fetisa Molimo na? Hobane ha e le rōna, ha ho kamoo re ka lesang ho bolela tseo re li boneng le tseo re li utloileng. Joale, ba ba lokolla ba ntse ba ba sokela, ba sa bone kamoo ba ka ba otlang kateng ka baka la sechaba.”—Liketso 4:18-21.

12. Baapostola le barutuoa ba rapella thuso efe ho Jehova ha ba hlorisoa?

12 Ha baa ka ba tšosoa ke litšokelo. Tlaleho e bontša hore ka nepo baapostola le barutuoa ha baa ka ba rapella hore Jehova a tlose mahloriso empa hore a ba matlafatse ka moea oa hae hore ba ’ne ba bue lentsoe la hae ka sebete. ’Me a ho etsa.—Liketso 4:29, 31.

13. Ho latela seo Pauluse a se ngoletseng Ba-Filippi, ho tlangoa ha hae Roma ho hlahisitse melemo efe?

13 Ho kenngoa litlamong ha Pauluse Roma ho felletse ka molemo, joalokaha a hlalositse ha a ngolla ba-Filippi: “Banab’eso, ke rata ha le ka tseba hoba tse ntlhahetseng li thusitse haholo ho ntšetsa Evangeli pele. Ho tlangoa ha ka ka baka la Kreste ho bile ha tuma hohle tlung ea borena, le ka nqa tsohle tse ling. ’Me joale, ba bangata ho banab’abo rōna Moreneng ba ekelelitsoe matla a ho bolela lentsoe la Molimo, ba se na tšabo, ka ho khothahala ke litlamo tsa ka.” (Ba-Filippi 1:12-14) E, ho hlorisoa ha Pauluse ha hoa atolosa bopaki feela ka baka la ho phatlalla le menyetla eo a bileng le eona ho pakela baholo ba makhotla, empa hape hobane Bakreste ba bang ba ile ba khothalla ho atolosa tšebetso ea bona ka baka leo.

Mahloriso “Mehleng ea Qetello”

14. Jesu o fane ka lebaka lefe la hore re hlorisoe kajeno?

14 Joalokaha baprofeta ba Molimo ba boholo-holo le joalokaha Jesu Kreste le baapostola le baruruoa ba hae ba ile ba hlorisoa lekholong la pele la lilemo, le Bakreste ‘mehleng ena ea qetello’ ea tsamaiso ena ea lintho ba ka lebella ho mamella ho hlorisoa. Jesu o hlile a bolela hore “le tla neeloa ho tšoenngoa, le tla bolaoa, ’me le tla hlouoa ke lichaba tsohle ka baka la lebitso la ka” e le karolo ea “pontšo” e entsoeng ka lintho tse ngata tsa bofelo ba tsamaiso ena ea lintho.—Mattheu 24:9.

15, 16. (a) Ke boprofeta bofe hape bo amanang le mehla ea rōna bo bontšang hore ho ka lebelloa mahloriso ka baka la ho paka ha rōna? (b) Ho hlahisoa lipotso life hore re nahane ka tsona?

15 Hamorao, Jesu a bontša moapostola Johanne hore na balateli ba hae ba ka lebella eng lefatšeng kamor’a ho tsoaloa ha ’muso oa leholimo. A bua ka puo e tšoantšetsang, a re: “Drakone [e tsebahatsoang ho temana ea 9 e le “noha ea khale, e bitsoang Diabolose le Satane”], eitse ha e bona hobane e lihetsoe lefatšeng, ea ea ho hlorisa mosali [phutheho ea Molimo ea bokahohleng] ea neng a belehile ngoana e motona [’muso oo Kreste e leng morena ho oona]. . . . Drakone ea halefela mosali, ’me ea tloha ho ea loantša masala a leloko la hae, e leng ba bolokileng litaelo tsa Molimo, ba nang le bopaki ba Jesu Kreste.”—Tšenolo 12:13, 15-17.

16 Na ho phethahetse ‘mehleng ee ea qetello’? Ke ka tsela efe Bakreste ba ’nete ba mamelletseng mahloriso mehleng ea rōna, ’me ba thabile joang har’a oona? Mahloriso a bile le phello efe ho bona le ho ba bangata ba shebelletseng? Ho tla inahaneloa lipotso tsena sehloohong se latelang.

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Ba shanofatsang Diabolose joaloka Jobo, ba tla putsoa

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Petrose, Johanne le Bakreste ba bang ba pele ha baa ka ba tšosoa ke baholo ba neng ba hanyetsa mosebetsi oo ba o filoeng ke Molimo

[Litšoantšo se leqepheng la 14]

‘Drakone ea halefa ’me ee ea loantša ba sebeletsang ho paka ka Jesu.’—Tšenolo 12:15-17

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela