Ho Batla Katleho
ENE E LE ka la 20 Phupu, 1969. Sefofa-sebakeng sa Apollo 11 le koloi e lulang khoeling e bitsoang “Eagle” li ne li potapota khoeli ka motsotso oa ho qetela bakeng sa ho lula ha motho khoeling ka lekhetlo la pele ho etsang pale. Ke ne ke lutse kamoreng e sebetsanang le hoo setsing sa “Manned Spacecraft” sa Houston Texas, monahano oa ka o farasitse ha ke ntse ke nahana: Na e tla lula ka katleho? Na tsamaiso eo ke ikarabellang bakeng sa eona e tla sebetsa ka katleho ’me e phethe mosebetsi oa eona o hlokahalang?
’Na hammoho le ba bang ba bangata ba neng ba sebelitse ka masene ka lilemo-lemo bakeng sa motsotso ona, re ne re letile ’me re mametse ka hloko. Ka tšohanyetso, lentsoe la hlaha le bua le le sepaka-pakeng le le hole ka limaele tse 240 000a le re: “Houston, ‘Eagle’ e lutse.” Ke ile ka thaba le ho hlolloa hakaakang ha ke utloa mantsoe ao!
Empa leha ho le joalo le hoja ke ne ke thusitse ho qapa, ho haha le ho leka sefofa-sebakeng se ileng sa bea motho khoeling, ka potlako ka hlokomela hore ha kea fumana katleho—katleho ea sebele—le thabo bophelong. Empa pele ke le bolella ho hongata kahoo, e re pele ke hlalose hore na ke ile ka ameha joang litabeng tsa sepaka-paka le hore na li bile le phello efe bophelong ba ka.
Litšusumetso tsa Pele
Ke hōletse polasing Oklahoma moo ho neng ho pheloa ka ho sebetsa ka thata. Le hoja lijo, liaparo le ntlo li ne li re lekane, ka linako tse ling re ne re hloka le chelete e lekaneng hore re ka reka setempe sa ho posa lengolo, seo ka nako eo se neng se rekoa ka lisente tse tharo (U.S.).
Ntate o ne a hōletse lelapeng le futsanehileng haholo ’me a fumane thuto e tlase haholo. Eaba o kenya ka ho rōna bana ba hae bohlokoa ba ho ruteha haholo kolecheng e le hore re ka atleha. Ka ikemisetsa ho etsa sona seo. Ke ne ke sebetsa lihora tse telele likhoeling tsa lehlabula ’me ke sebetsa hanakoana ha likolo li butsoe. Ke ne ke e-ba lihlopheng tsa sekolo letšehare lohle ’me ke ithuta ho fihlela ha meso e roalella. Ka 1961 ka qeta univesithing ea Oklahoma, ka fumana lengolo la “Bachelor of Science” botsebing ba metlakase.
Ka lilemo tse ’ne tseo ke bileng kolecheng ka tsona litaba tsa sepaka-paka li ne li sa tsoa nkeloa holimo, ’me lifeme tse ngata li ne li batla litsebi tse ithutetseng boenjiniere. Hona ha nkhahla kaha ho ne ho bonahala e le bohato bo boholo ho tloha bophelong ba mapolasi. Kaha ke ne ke ithutile hantle sekolong, ka bitsoa ke lifeme tse ngata bakeng sa mosebetsi United States. Ka amohela oa Cape Canaveral, Florida, sebakeng seo ho tsoibiloang ho sona lifofa-sebakeng tse nang le batho.
Ho Loanela Katleho
Ha hoa nkuka nako hore ke hapehe litabeng tsa sepaka-paka. Libeke tse tharo hoba ke qale ho sebetsa, sefofa-sebakeng sa pele sa United States se nang le motho ka hare se ile sa tsoibiloa. Le hoja ke ne ke sa ka ka sebetsa karolong ena ka ho toba, empa ke ile ka ikutloa ke le karolo ea eona. Moea oa bochaba o ne o phahame haholo ka nako eo kaha mookameli oa United States o ne a neetse naha pepenene kemisong ea ho bea motho khoeling a be a khutlele lefatšeng a sireletsehile lilemong tseo (tsa bo-1960). Soviet Union ho ne ho bonahala e kenella tseleng eona eo, kahoo, hona ha nkoa e le “tlhōlisano ea sepaka-paka,” ke ne ke chesehela ho phethahatsa tšoanelo ea ka ea bosechaba le ho thusa hore ho hlōloe tlhōlisanong ena.
Ke ne ke lakatsa haholo hore ke atlehe mosebetsing oa ka. Ho finyella seo ka ipha ka hloko monyetla o mong le o mong hore ke tsoele pele. Ke ne ke sebetsa lihora tse telele kamehla (ke sa lefuoe le bakeng sa nako eo) ’me ka boithatelo ke amohela maeto a eang libakeng tse ling a mosebetsi ao ba bang ba neng ba a hana ka baka la ho se lakatse ho ba hole le malapa a bona. Ka kena sekolo sa bosiu ’me ka sebeletsa ho fumana lengolo la “Masters,” hobane mookameli oa ka a ne a nkhothallelitse hona e le mokhoa oa ho tsoela pele. Kaha mookameli oa ka ea haufi o ne a thabela papali ea likarete ea “poker,” le ’na ka kena ho eona, ke ho nka e le monyetla oa ho tsoela pele.
Pele lilemo tse peli li fela ka phahamisoa hore ke be mookameli oa litsebi tse hlano ho isa ho tse supileng ’me, le hoja sehlopha se ne se le senyenyane, ho ne ho ameha boikarabelo bo boima. Nakong ena ke ne ke se ke tsebana le ba bang ba fofang ka lifofa-sebakeng, ’me karolo ea mosebetsi oa ka e ne e le ho ba tsebisa hore na lebelo la sefofa-sebakeng le laoloa joang ha se lokela ho lula. Ke ne ke thabela mosebetsi oa ka le botumo bo tlang ka ho tsebana le ho tloaelana le ba fofang sebakeng.
Kamorao ho nakoana ka phahamisoa ho okamela mosebetsi oa litsebi tse 10 ho isa ho 12 nakong ea ha ho etsoa liteko tse etsoang ka lifofa-sebakeng ha li le moo li tla tsoibileloa teng. Kaha boikarabelo ba rōna e ne e le bo bong bo amang tsamaiso e ka sehloohong ea lifofa-sebakeng ’me e le ’na hlooho ea sehlopha, hona ha nketsa hore ke ikutloe hore ruri ke oa bohlokoa haholo. Ka tsela eo ke neng ke nahana ka eona ka nako eo, ke ne ke fihletse katleho.
Qetellong ea maeto a sefofa sebakeng se tsamaeang ka batho ba babeli, ka neoa monyetla oa hore ke tlohe “Kennedy Space Center” e Florida ho ea “Manned Spacecraft Center” e Houston, Texas, ho ea sebetsa le “Apollo Lunar Landing Program” e sebetsang ka ho fofisa batho ba bararo. Kaha hona ho ile ha bonahala e ka ke mokhoa o motle oa ho tsoela pele, ka se ke ka senya nako ho amohela mpho eo.
Lilemo tse seng kae kamorao ho moo ra sebetsa ka matla leetong la pele la ho lula khoeling, re ntlafatsa mokhoa oa tšebetso oa “computer” bakeng sa ho tataisa le ho tsamaisa, ho lokisetsa mahlale a morero ona le ho tsoantšetsa re shebelletse ka “computer” hore na ho tla hle ho etsahale ke hofe sepaka-pakeng. Ke hopola ha e mong oa baokameli ba ka a mpolella hore: “Ha ho letho la bohlokoa ho feta ho atlehisa leeto lena.”
Ka baka leo, ka nkeha ke mosebetsi. Bophelo bohle ba ka ba likoloha ho atlehiseng morero oa ho lula khoeling hape le ho iketsetsa lebitso ho baokameli ba ka. Lelapa la ka le hlokomeloa hanyenyane haholo. Ruri ho ne ho totobetse boikhohomoso ho ’na, ha ka la 20 Phupu, 1969, ka lekhetlo la pele paleng, motho eo ke neng ke mo tseba ke bile ke sebelitse le eena a hata khoeling ka sefofa-sebakeng seo ke neng ke thusitse ho se qapa le ho se haha.
Ho Nahana Kahosele
Selemo kapa tse peli hoba ho luloe khoeling ka lekhetlo lena la pele, ka qala ho nahana mosebetsi oa ka ka botebo le hore na nako e tlang e ntlela le life. Ho ne ho bonahala ke atlehile ka tsela eitseng ka mosebetsi o lefang hantle, ho bona eka ke sireletsehile licheleteng, ntlo, lelapa le metsoalle e hlomphehang. Empa ho ne ho ntse ho totobala haholo hore ke hapehile tsamaisong ea lintho eo ha e le hantle ho neng ho hlile ho se moo e nkisang teng. Ha ke ntse ke finyella ho hongata, ke ne ke tlameha hore ke ’ne ke phaelle ka ho hong hape ’me ho bonahala hore ha ho khaotso ho sena. Ha e le hantle, seo ke neng ke se finyelletse e ne e le tšireletseho ka kutloisiso e fosahetseng. Katleho ea sebele le thabo ha lia ka tsa tlisoa ke seo ke se fumaneng.
Joale, lehlabula ka 1973, ra eteloa ke e mong ea amanang le mosali oa ka. Eena le mosali oa hae ba ne ba ithutile Bibele le Lipaki tsa Jehova, ’me ba itokisetsa ho ea kopanong ea Lipaki e neng e tšoaretsoe Houston, Texas. Kaha ho ne ho se letho leo re le etsang mafelong a beke eo, ’na le lelapa la ka ra ea kopanong le bona. Ka khahloa haholo ke botšepehi, le boikutlo ka mamello, le bo botle ba batho ka bomong ha ba fotse meleng ea lijo.
Nakoana kamorao ho kopano eo, ’na le lelapa la ka ra qala ho ea libokeng Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova e sebakeng sa rōna, ’me ha lokisetsoa thuto ea Bibele ea beke le beke bakeng sa rōna. Ntho ea pele e ileng ea nkhahla ka ho tebileng ho seo ke neng ke ithuta sona ke tebello ea ho phela lefatšeng le hloekisitsoeng meharo, bokhopo le ho hloka toka. (Pesaleme ea 37:10, 11, 29; Liproverbia 2:21, 22; 2 Petrose 3:13) Ka sebele hona ha ema ho fapane ka ho totobetseng ha ho bapisoa le moea oa boithati, le oa tlhōlisano oo ke neng ke o bone ’me ke le karolo ea oona ka lilemo tse ngata hakana.
Ha ke ntse ke tsoela pele lithutong tsa ka tsa Bibele, ka ananela ho amahanya boemo ba ka bophelong le seo ke ithutang sona. Ka mohlala, ka ipea sebakeng sa Morena Salomone ha ke bala mantsoe a hae a ngotsoeng ho Moeklesia 4:4: “Ke bone hobane mokhathala oohle le mesebetsi eohle e metle ea batho e ntse e hlahisa mōna le mohono. Hoo le hona ke lefeela, ke mosebetsi o nyopileng.” Hona e ne e le ’nete hakaakang tabeng ea ka! Ke ne ke sebelitse ka thata ’me ke beile haholo ho seo ke se entseng. Empa leha ho le joalo e ne e le lefeela kapa ntho e se nang thuso ho mphumanela thabo ea ka ho sa feleng le khotso ea kelello.
Ho Etsa Liphetoho Bophelong ba Ka
Ka tsebo eo ke neng ke e fumana, ka etsa qeto ea hore ke tlameha ho fetola bophelo ba ka. Ka mohlala, ka ithuta ka Ba-Galata 5:26 (NW) hore Bakreste ha baa lokela ho “batla boithoriso ba lefeela, ka ho hlōlisana, le ka ho honohelana.” Le hoja ke ne ke se ke ile ka nahana ka ho itokolla mosebetsing oa ka o nang le tlhōlisano, joale ka qala ho kholiseha hore hoa hlokahala hore ke etse joalo.
Ka ipotsa: ‘Ke tla ho esta joang ke be ke phelise lelapa la ka le nang le litho tse hlano boemong boo re neng re bo tloaetse?’ Ka khothatsoa ke mantsoe a Jesu ho Mattheu 6:33, moo a itseng: “Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele; ’me lintho tseo [tse hlokahalang bophelong] le tla li ekeletsoa.”
Ka ipotsa: ‘Metsoalle ea ka ea pele e tla nahana joang ha ke tlohela boemo bo bonahalang bo sireletsehile le bo bileng bo lefang hakana-kana?’ Empa ’na le mosali oa ka ra tiea qetong ea rōna ea ho etsa se re loketseng, ho sa tsotellehe hore na bao e neng e le metsoalle ba tla nahana joang.
Lilengoana pele re ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, re ne re ile ra reka ntlo le sebaka sa liakere tse 120b haufi le moo ke neng ke hōletse teng Oklahoma. Ka makhetlo a mangata re ne re buisane ka ho falella moo, empa re s’o ho etse. Leha ho le joalo, joale re ne re khotsoe hore ena ke ntho e molemo haholo eo re ka e etsang. Eaba kamorao ho likhoeli tse tšeletseng ke bile kopanong ea Lipaki tsa Jehova ka 1973, ka tsoa mosebetsing oa lifofa-sebakeng ’me ka fallisetsa lelapa la ka ntlong ea rōna e ncha Oklahoma.
E le hore nka bea ‘bohobe tafoleng’ hoba ke tlohele mosebetsi oa lifofa-sebakeng, ka ea sebetsa le feme e nyenyane ea motlakase mechineng, ke fumana hoo e ka bang halofo ea seo ke neng ke se fumana pele. Leha ho le joalo, kamorao ho nakoana ka boela ka talimana le qeto e ’ngoe e khōlō.
Ka hlokomela hore mosebetsi oo ke o etsang joale o amana ka ho toba le ho etsoa ha thepa ea ntoa. Ho hang ke ne nke ke ka tšehetsa boiteko bo joalo ka letsoalo le hloekileng ka ba ka phela tumellanong le seo Bibele e se bolelang ho Esaia 2:4 le 1 Johanne 3:11, 12. Eaba ke etsa qeto ea ho khaola mohloli ona oa chelete. Ho ne ho hlokahala sebete le tumelo matleng a Jehova a ho re lokisetsa se hlokahalang bophelong. Empa, ha ke hetla morao, ruri nka bolela hore ha ho mohla ’na le lelapa la ka re kileng ra haelloa ke lijo, ntlo le liaparo tse lekaneng.
Ho se ho fetile lilemo tse robeli joale esale ke ne ke etse qeto ea ho tlohela mosebetsi oa lifofa-sebakeng. ’Na le lelapa la ka ruri re fihletse bonnete ba seo Bibele e se buang ho 1 Timothea 4:8: “Borapeli bo thusa kahohle, bo tsoe bo e-na le pallo ea bophelo ba joale le ea bo tlang.” Ruri ho sebeletsa Jehova ho re file bophelo bo molemo hona joale.
Hape re fumane molemo linthong tse bonahalang ka ho ithuta ho khotsofalla se hlokahalang bophelong. (1 Timothea 6:8) Ho fapana le boemo bo lakatsoang boo ke neng ke le ho bona, hona joale ke na le mochine o fielang moo makoloi a emang teng ’me ke o sebelisa hoo e ka bang ka matsatsi a mabeli ka beke. Hona ho mpha sebaka sa ho kopanela kamehla mosebetsing oa boboleli ba pontšeng, ’me hape ho mpha nako e ngata bakeng sa ho ba le lelapa la ka, leo ke neng ke le hlokomolohile ka lilemo tse telele ha ke le mosebetsing oa lifofa-sebakeng.
Koana, ho sebeletsa Jehova ha hoa felisa mathata ’ohle a rōna. Empa ka sebele ho re hlomelletse hamolemo hore re loane le oona ka katleho. Ha ke sa tšoenyeha ka ho atleha kapa ho “tsoa ka mahetla” lefatšeng lena, kaha joale kea tseba hore tsamaiso ena ea lintho e abetsoe ho feta ’me e tla nkeloa sebaka ke taolo e ncha ea ho loka e entsoeng ke Molimo.—1 Johanne 2:17; 2 Petrose 3:11-13.
Ha ke hetla morao liphetohong tseo ke ileng ka tlameha ho li etsa bophelong ba ka, ka pelo eohle ke lumellana le mantsoe a moapostola Pauluse a tlalehiloeng ho Ba-Filippi 3:8. Bophahamo kapa botumo ba lefatše li tšoana le lithōle ha li bapisoa le tsebo e nepahetseng ea Molimo le Kreste, le tšepo e hlollang ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise.—Tlatselletso ka Wendell Marley.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a 1 maele e lekana le 1,6 km
b Akere e le ’ngoe e lekana le 0,405 ha
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
‘’Na le lelapa la ka ka sebele re fihletse hore ho sebeletsa Jehova ho fana ka bophelo bo molemo hona joale’