Ho Nyarela ka Litabeng
‘Mohloli oa Sechaba Merianeng’
Tabeng e tsoa hlaha haufinyane ka ‘mali a maiketsetso,’ New York Times e bua ka lero “le tšepisang bakeng sa ho tlatsetsa ka mokhoa oa bohlokoa phekong le liphuputsong.” Tlaleho e hlokomela hore “Flousol—DA,” ntho e qapiloeng Japane, haufinyane molao o ka ’na oa e lumella moo hore e sebelisoe ke batho, “ho etsa hore naha eo e be ea pele lefatšeng ho etsa joalo.” Ho latela U.S. Food and Drug Administration (FDA) ho ntse ho lokisetsoa liteko tsa litlhahlobo bakeng sa lipetlele tse ’maloa tsa Amerika.
Ho khahlisang, taba e boetse e hlokomela hore mali ana a maiketsetso “a ka ’na a e-ba molemo ho feta mali a sebele linthong tse ling ’me qetellong a ka ’na a phetha karolo ea bohlokoa haholo lintlheng tsa meriana tse kang tlhokomelong ea likotsi, ho fumana hore na motho o na le kankere le ho e phekola, le ho phekola mahloko a bakoang ke semoko le lichefu tse ling.”
‘Ho atolosoa ha liteko tsa Amerika ho bea Lipaki tsa Jehova tse 590 000 tse naheng ena boemong bo khethollehileng ba ho sebetsa joaloka mohloli oa ba tla sebelisoa litekong tsena,’ kamoo ho hlokomelang Times. “Kaha F.D.A. e lekanyelitse liteko tse joalo feela ho bakuli bao maikutlo a bona a loanang ka matla ho hana litšelo tsa mali empa ba hloka ho buuoa ho kotsi, boholo ba bakuli boithutong bo bocha ho lebelletsoe hore e tla ba Lipaki tsa Jehova.”
Boemo bo theiloeng Bibeleng ba Lipaki tsa Jehova ka mali hangata bo ’nile ba fella ka melemo ea bophelo ho tsona. Joale ho bonahala eka hona ho tla fella ka melemo le ho ba bang ba bangata.—Liketso 15:28, 29.
“Ho Thola Tu” Ka Ntoa
“Libekeng tsa morao tjena ho ’nile ha buuoa ka ho thola tu ha likereke har’a tlokotsi e tebileng ea lefatše, haholo-holo tlhōlisanong ea lihlomo le ho tšosa ha ntoa ea libetsa tse kotsi,” kamoo ho boletseng makasine ea kereke ea Canada The Observer. Mongoli a lumela hore: “Kereke e Kopaneng ea Canada, kereke ea ka, ke e ’ngoe ea tse thotseng.” Har’a mabaka a fapaneng ao a faneng ka oona ha a hlalosa ke a latelang:
“Likereke li bohlankeng ba tsamaiso ea ntoa. . . . Li amohela ho etsoa ha ntoa hobane tsona le Iitho tsa tsona tse ngata, li fumana molemo ka eona ka matsete a tsona ’me li monyebe ho itokolla litokelong tsa moruo le puso. Likereke li sebeletsa maruo ho e-na le Molimo. Phapang e-ea fokola pakeng tsa ba eang kerekeng le ba sa eeng kerekeng boikutlong ba bona ka khang ea ntoa. Batho ba bangata ba kenang kereke ke karolo ea tsamaiso ea mahoo-hoo ’me ba amohela ntoa e le kofuto e tloaelehileng e sebelisoang pontšeng, ho ke ke ha botsoa letho ka eona. . . .
“Ke tšohile hore kereke e tla ’ne e thole ka tšokelo ea ntoa ea libetsa tse kotsi ho fihlela ha litho tsa kereke li talimana ka ho toba le ho kenella ha tsona motho ka mong kapa ka kopanelo sebeng se etsetsoang sethō, li hana ntoa kahohle, li itokolla tsamaisong ea moruo e hlahisang ntoa le ho hloka toka, ’me ii utloisisa ho amohela litšenyehelo tsa botho le tsa mekhatlo tse amehang.” Seo Iitho tsena tsa kereke li hlōlehileng ho se etsa, Lipaki tsa Jehova li se li se fetotse mokhoa oa ho phela, ‘ho tea liphehla tsa ntoa mehoma, le ho tea marumo lisekele li se li sa ithute ho loana.’—Esaia 2:4.
“Litsebe” tsa Marabe
Polelo e thothokisang ea Bibele e buang ka “litsebe” tsa marabe e ’nile ea qholotsoa hangata. (Pesaleme ea 58:4, 5) Empa makasine ea Majeremane ea ba ithutileng ka bophelo ba liphoofolo Grzimeks Tier, Sielmanns Tierwelt (Phoofolo ea Grzimek, Lefatše la Phoofolo la Sielmann) e phatlalalitse taba eo e lumelang ho eona hore e “loana ka ho tobileng” le maikutlo a “hore marabe ha a utloe,” ’me e tsoela pele ho botsa: “Ho nepile mang—maikutlo a ba thuto ea mahlale kapa mongoli oa rōna?”
Mongoli o bolela ka marabe e neng e phela setšeng sa hae Sri Lanka seolong sa masetlaoke. A kōpa moupelli hore a tšoare noha ena e hlaha ’me a etse hore e tantše. Mongolli o tlaleha hore: “Hoba ke tiisetse moeti oa ka hore ho na le marabe a phelang moo, a lula ka pele ho seolo sa masetlaoke eaba o letsa phala ea hae. Hoba ho fete nako e telele, ke se ke sa kholoe hore ho na le se tla etsahala—marabe ea ntšetsa hlooho ka ntle ho mokoti ka lisenthimithara tse ngata. Pele noha e ka ahlama moupelli a e potlakela ’me a e tšoara ka hlooho pakeng tsa menoana.” Eaba Moindia o etsa hore noha e hle e tantše. Ntlheng ena, bonyane marabe e ile ea hla ea ‘mamela lentsoe la moupelli.’