Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 10/15 maq. 8-11
  • Ke Hobane’ng ha u Rapela, “Ho Tle ’Muso oa Hao”?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha u Rapela, “Ho Tle ’Muso oa Hao”?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Betang Lipelo!
  • ’Muso—Ke Oa Sebele
  • Thapelo ea Rōna e Chesehang
  • ’Muso oa Molimo O-oa Busa
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Seo Jesu a se Rutileng ka ’Muso oa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • ’Muso oa Molimo Ke’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 10/15 maq. 8-11

Ke Hobane’ng ha u Rapela, “Ho Tle ’Muso oa Hao”?

“Muso oa Molimo ha o tle ka ho lemohuoa. Ho ke ke ha thoe: Bonang, o mona; kapa: Bonang, o mane; hobane ’Muso oa Molimo o se o le ka hare ho lōna.”—Luka 17:20, 21.

1, 2. Tumellanong le mehloli ea litaba e tšepahalang, ke hobane’ng ha linako tsa rōna li ka ’na tsa hlalosoa e le tse tšosang?

NA RE hloka ’muso oa Molimo? Hantle haholo! Hobane rōna batho kajeno re feta linakong tse thatahali ho feta paleng eohle. Tsena ke linako tse tšabehang! Ha e hatisa sena, Manchester Guardian Weekly ea la 7 Phuptjane, 1981, eitse: “London, Paris, Bonn, Rome le Brussels kaofela li ka senngoa ka ho feletseng ke libetsa tsa SS-20 tseo Soviet Union e li qhalantseng ka makhotla a eona ho tloha mathoasong a khoeli ena. . . . Sebetsa ka seng se nkile likarolo tse tharo tse qhomang tsa boima ba lik’hilotane tse 150, e le hore kakaretso ea matla a mollo khahlanong le motse ka mong e ka ba khōlō ka makhetlo a 30 ho feta a lihetsoeng halim’a Hiroshima. Ha e thuntse ka li-SS-20 tse hlano tsa eona Soviet Union e ne e tla ’ne e salloe ke tse 210 bakeng sa lira tse ling hape, ntle ho ho bitsa sesole sa eona sa moeeng, likepe tse tsamaeang ka tlase ho metsi, kapa libetsa tse kenellang mafatšeng ’ohle tse 1 400 tse boloketsoeng mabaka a bohlokoa haholo, sebetsa ka seng se e-na le thane tse limillione tse ngata.”

2 Makasine ea Time ea la 26 Mphalane, 1981, sehloohong sa eona sa bohlokoa kantle, “Ho Hlomella Lefatše,” e hlalositse boemo “e le bo tsoileng taolong ’me ho sa bonahale khaotso.” E buile ka “ntho e tšosang le e ntseng e phahama ka ho tloaelehileng, hore, ka ho tšoanang lichabeng tse khōlō le tse nyenyane, litheko tsa libetsa tsa ntoa e bile eona kofuto e kholo ea lipuisano tsa setsoalle le linaha tse ling . . . ‘maqhama a maholo a theang lipolotiki tsa lefatše.’”

3. (a) Ho ea ka Genese 6:11, 13, ke joang mehla ea Noe e tšoanang le mehla ea rōna? (b) Ke mantsoe afe a Jesu ao joale a sebetsang ka ho totobetseng?

3 Ke ’nete, “joale ka ha ho bile mehleng ea Noe,” lefatše le se le “tletse ho bolaeana” ’me ho ntse ho lebelletsoe ka ho fetisisa pefo e khōlō bo kang koluoa. (Genese 6:11, 13; Mattheu 24:37) Ha ho makatse hore Jesu ha a ne a profeta ka “tseo tsohle tse tla etsahala” qetellong ea lefatše o buile ka ‘ho ba le matsoalo le ho tsieleha ha lichaba . . . Batho ba neela moea ke tšabo le ke tebello ea tse tla tla lefatšeng.’—Luka 21:25, 26, 36.

Betang Lipelo!

4. Ke hobane’ng ha maikutlo a rōna e lokela ho ba a tšepileng katleho?

4 Leha ho le joalo, na re ka lebella hore ’Mōpi ea lerato oa lefatše le letle la rōna a ka lumella batho kapa lichaba tse khopo le tse sebelisang lihlomo hampe ho senya ka ho feletseng mosebetsi oa oona o tsoileng matsoho? Na re ka nahana hore Jehova Molimo o tla lumella batho bao ba ‘teileng liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma’ le ba mo rapelang ka “moea le ka nete” ho timetsoa ke lira tsa hae? (Esaia 2:2-4; Johanne 4:24) Le hanyenyane! ’Me ke ka lebaka leo Jesu ha a hlalosa liketsahalo tsa mehla ea kajeno a ekelitseng ka mantsoe ana: “Etlare ha tseo li qala ho hlaha, emisang lihloho, ’me le lelale holimo, hobane topollo ea lōna e tla be e atametse.” (Luka 21:28) Jesu o re bolella hore re be le maikutlo a sebele le a nang le tšepo malebana le maemo a fapaneng a re potolohileng ‘bofelong ba tsamaiso ena ea lintho.’—Mattheu 24:3-8, 33. NW.

5. Re tlameha ho phela lefatšeng la mofuta ofe, empa leha ho le joalo re lokela ho ba le kelello ea mofuta ofe?

5 Likarolong tse ngata tsa lefatše ho kotsi ho tsamaea literateng. Tekanyo ea tlhalano e-ea phahama, malapa aa qhalana ’me tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le likamano tsa botona le botšehali tse sa lumelleheng ke seoa se tšabehang. Lena ke lefatše leo barapeli ba Jehova ba tlamehang ho phela ho lona. Empa leha re le lefatšeng, ha re batle ho kopeloa ke lefatše. Kaha re ka ba le kelello e tšoanang le ea Jesu, ea boletseng: “Le tla ba le mahlomola lefatšeng; le mpe le bete lipelo; ke hlōtse lefatše.”—Johanne 16:33.

6. (a) Ka ‘ho hlōla lefatše,’ Jesu o beile mohlala ofe o motle? (b) Ke hobane’ng ha Jesu a re rutile ho rapela, “Ho tle ’muso oa hao”?

6 Ke hobane’ng ha Jesu a ile a khona ho ‘hlōla lefatše’? E bile ka lebaka la tumelo ea hae e tiileng ’musong o tšepisitsoeng oa Molimo. O tsebile hore Jehova o tla tlisa ’Muso ka nako ea Hae e loketseng le ka tsela ea Hae. Jesu ka ho teba a nka kabelo ea hae e le ea khethetsoeng borena e le ea bohlokoa. Hore a rue ’Muso, a tela sohle seo e bang o ne a ka ba le sona joale ka motho ea phethahetseng. O batla le rōna re thabele mahlohonolo a ’Muso. Ke ka lona lebaka lena Jesu a rutileng barutuoa ba hae ho rapela: “Ho tle ’muso oa hao.” (Mattheu 6:10) Ka makholo a lilemo, batho ba limillione tse makholo ba ’nile ba etsa thapelo eo. Empa ke ba fokolang hakaakang ba utloisisitseng se hlileng se boleloang ke ’Muso!

’Muso—Ke Oa Sebele

7. (a) Ke papiso efe e re thusang ho ananela hore ’muso oa Molimo ke oa sebele? (b) Babusi ba ’Muso ba khethoa joang, ’me ke hobane’ng re ka tiisang hore kannete ba tla hlokomela se thahaselloang ke batho?

7 ’Muso oa Molimo e hlile ke ’muso oa sebele. Feela joale ka ha re e-na le mebuso ea batho, joale ka United Kingdom, ’Muso oa Nepal, ’Muso oa Denmark, le e meng e mengata, le ’muso oa Molimo ke tokisetso ea sebele ea puso. Ho tšoana le mebuso e lefatšeng e nang le liparamente tsa eona, le matlo a senate, le baemeli ba khethiloeng, le ’muso oa leholimo o na le Jesu e le Morena ea khethiloeng ke Molimo, hammoho le babusi ba khethiloeng e le batlatsi. Empa tabeng ena, ba khethiloe ke Molimo ka seqo har’a batho ba tšepahalang. Ke “bakhethoa ba Molimo ba halalelang, ba ratoang.” (Ba-Kolosse 3:12) Molimo ka booona o tseba hamolemo melemo e lakatsehang ho babusi ba lokileng, e le hore ba ka hlokomela kannete se thahaselloang ke batho. Hoba ba tsosetsoe ’musong oa leholimo, babusi bana ba leholimo ba 144 001 ba tla ba boemong ba bohlokoa bakeng sa ho tsamaisa litaba tsa puso ea ’Muso holim’a lefatše.—Tšenolo 14:1.

8, 9. (a) Ke hobane’ng ha Bojakane bo hlōleha ho ruta hore ’Muso o na le bafo? (b) Empa bafo bao ke bafe, ’me ba ka thabisoa ke litšepiso life tsa Bibele? (c) Ke bo-mang feela kajeno ba tsebahatsang ‘litaba tse molemo,’ ’me u ka thabela eng kajeno?

8 Ke bo-mang, he, bao e tla ba bafo ba ’Muso? Haeba u ka batla karabo bolumeling ba Bojakane, bo ne bo tla u bolella hore ha ho na ho ba le bafo ba joalo. Bo latela bohlale ba Magerike ba hore meea eohle ha e shoe, le hore e ea “leholimong” kapa “liheleng.” Ha bo lumele tšepiso e babatsehang ea Bibele ea tsoho ea lefatšeng, le hore Molimo o tla “aha” le batho le ho “hlakola meokho eohle mahlong a bona; [le] lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko.” (Johanne 5:28, 29; Tšenolo 21:3, 4) E, bafo ba ’Muso e tla ba batho ba libillione ba tla phela ka ho sa feleng paradeiseng e akaretsang hona mona lefatšeng lena. ’Me ho bolumeli bohle holim’a lefatše, ke Lipaki tsa Jehova feela kajeno tse bolellang batho ka litaba tsena tse molemo holim’a lefatše.—Pesaleme ea 37:9, 29.

9 Haeba u se u amohetse litaba tse molemo, na ha u-ua thaba hore ho bile le ea kopanelang tšepo ee le uena? Na ha u-ua thaba ka ho fetisisa ho tseba seo ’muso oa Molimo o tla se etsetsa batho? Na ha u-ua thaba hore tebellong ea tsohle tseo ’Muso o tla li phethahatsa, u ka ’na ua ba le karolo ho halaletseng lebitso le khethehileng ka ho totobala la Jehova, Molimo oa rōna ea faneng ka ’muso oo. Kajeno ha ho tokelo e khōlō ho feta ho bolela “litaba tsena tse molemo tsa ’muso” ho batho ba bang ba hlokang!—Mattheu 24:14, NW; Pesaleme ea 145:10, 11.

Thapelo ea Rōna e Chesehang

10. Malebana le ’Muso, ke hobane’ng ha re lokela ho etsa lithapelo tse chesehang, ’me e le ka tšepo efe?

10 Re lokela ho chesehela hakaakang, he, ho rapella lebitso la Molimo hore le halaletsoe ka ho tla ha ’muso oa oona! Re lokela ho ba le tšepo hakaakang hore ’Muso o tla ‘tla’ haufinyane ho tla tla ntšetsa pele thato ea Molimo lefatšeng! Ka ho ba bahlanka ba Molimo ba inehetseng le ba kolobelitsoeng, re ka tšepa le hore Jehova o tla arabela lithapelo tsa rōna bakeng sa tšehetso ea letsatsi ka leng, bakeng sa tšoarelo ea libe tsa rōna le bakeng sa tšireletso khahlanong le maraba a “noha” ea khale, Diabolose. Tseo ke lintho tseo Jesu a re rutileng ho li rapella.—Mattheu 6:9-13; Tšenolo 12:9.

11. Ka baka la mathata a lefatše, ke keletso efe ea Pauluse e nakong, hona hobane’ng?

11 Ka sebele ke lefatše le sehlōhō le le thata, leo ho lona lihlooho tsa malapa li thatafalloang ho feta leha e le neng ho tobana le theko ea lintho e phahamang le mathata a mang a moruo. ’Me re batla ho lebela kamehla e le hore re se ke ra oa moeeng kapa boitšoarong ha re le tlas’a litlhaselo tsa sera. Tumellanong le keletso ea moapostola Pauluse ho Ba-Efese 6:11-18, ha re ‘rapeleng ka moea ka mehla, ka merapelo eohle.’ Hobane Molimo ka sebele o tla arabela lithapelo tsa ba inehetseng ba hae—lithapelo tse lumellanang le thato ea hae.—Pesaleme ea 65:2, 4, 5.

12. Ke hobane’ng ha ’Muso e lokela ho ba oa pele lithapelong tsa rōna?

12 E se eka re ka rapela ka pelo eohle, “Ho tle ’muso oa hao.” Hona ke hobane’ng ha ’Muso o lokela ho tla pele lithapelong tsa rōna? Hobane ke mokhoa oa Molimo, kofuto ea hae bakeng sa ho tlosa kahohle sera se seholo le bohle ba beang bophelo ba bona bobusing ba Satane. ’Muso oa Messia ke tokisetso ea oona e tla hloekisa lebitso la oona le babatsehang thohako eohle eo esale e phaelloa holim’a lona ka lilemo tse makholo a 60. ’Muso oa Mora oa Molimo, Jesu Kreste, o tla busa batho ka matla a topollo ea sehlabelo sa Jesu, le ho tsosetsa bophelong ba libillione bao hajoale ba robetseng mabitleng. (1 Timothea 2:3-6; Tšenolo 20:12) Na u utloa bohloko ke baratuoa ba lahlehileng? Na u hlomoloa ke ho mpefala ha maemo a lefatše? Na joale ha u-ua thabela hore u ka ’na ua ba karolo ea batho bao e leng bona feela lefatšeng bao tšepo ea bona e leng ho Jehova le litšepiso tsa ’Muso oa hae tse khanyang. (Pesaleme ea 144:15; 146:5) U lokela ho ba joalo! ’Me u lokela ebe u rapela ka tšepo ho re, “Ho tle ’muso oa hao.”

SEO ‘HO TLA’ HA ’MUSO HO TLA SE FINYELLA

□ Ho tlosa bobe, ntoa, khatello

□ Ho pholosa bohle ba rapelang Molimo ka “moea le ka ’nete”

□ Ho fana ka puso ea sebele ka babusi ba khethiloeng ke Molimo

□ Ho tsosa bafu, ho kopanya merabe eohle joale ka bafo ba lefatšeng ba ’Muso

□ Ho nkela bofuma le tšenyeho sebaka ka nala, tōka bakeng sa bohle

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Joale ka ha mebuso ea batho e le ea sebele, ho joalo le ka puso ea ’Muso oa leholimo

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela