Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 10/15 maq. 24-28
  • Molaetsa oa Johanne o Lokela ho u Ama Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molaetsa oa Johanne o Lokela ho u Ama Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kenyelletso e Bakang Khang
  • Leseli le re Ama Joang?
  • Ho Neelanoe ka Bophelo bo Tšoanelehang Hakae?
  • Tšepo ea Bafu ke Efe?
  • Lerato la Kreste le u Ama Joang?
  • Buka ea Bibele ea 43—Johanne
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Latela Leseli la Lefatše
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • “Leseli le Tlile Lefatšeng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Bontša Lerato le Tumelo Kamehla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 10/15 maq. 24-28

Molaetsa oa Johanne o Lokela ho u Ama Joang?

KE HOBANE’NG ha ho ile ha ngoloa melaetsa e mene ea Bokreste? E le feela ka morero oa ho tlaleha bophelo ba Messia? Kapa na ho ne ho e-na le sepheo se tebileng haholoanyane? Taelo ea ho qetela eo Kreste a e fileng barutuoa ba hae e fana ka leseli lipotsong tsena: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; . . . ’me le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.”—Mattheu 28:19, 20.

Ka ho hlakileng molaetsa oa Bokreste o ne o tlameha ho susumetsa batho lefatšeng ka bophara hore ba etsise mohlala oa Jesu. Ba ne ba hlile ba tlameha ho lumela hore Kreste ke ’Moloki. Kahoo moapostola Johanne o bolela hore o ngotse ka pale ea bophelo ba Jesu ‘hore le tle le lumele hore Jesu ke Kreste, Mor’a Molimo, le hore, ka ho lumela, le be le bophelo ka lebitso la hae.’—Johanne 20:31.

Kenyelletso e Bakang Khang

Johanne o re tsebisa Jesu ho tloha hokae? Ho tloha tsoalong ea hae joaloka bangoli ba bang ba Melaetsa Mattheu le Luka? Che. O etella hoo pele ka lilemo tse se nang palo. O re khutlisetsa morao qalehong ea pōpo ka kenyelletso e bonolo empa e le e tebileng: “Lentsoe le ne le le tšimolohong, ’me Lentsoe le ne le le ho Molimo, ’me Lentsoe e ne e le Molimo [le e-na le bomolimo, Schonfield]. Le ne le le ho Molimo tšimolohong. Lintho tsohle li entsoe ke lona, ’me har’a lintho tse leng teng, ha ho letho le entsoeng ka ntle ho lona.”—Johanne 1:1-3.

Ntle ho ho itsebela pele Bibele ka kakaretso, ho ka ba thata ho utloisisa kenyeletso ena. Ka mohlala, ho Liproverbia 8:22-31 (NW) Lentsoe (Kreste bophelong ba hae pele e e-ba motho oa nama) ho boleloa ka lona ka tšoantšiso e le bohlale e le ‘mosebetsi ea ka sehloohong’ ea sebelisanang le Molimo mosebetsing oa Oona oa popo. (Bona le 1 Ba-Korinthe 1:24) Moapostola Pauluse o tiisa mohopolo ona lengolong la hae le eang ho Ba-Kolosse, moo ho boleloang ka Kreste e le “sentšoantšo o sa Molimo o sa bonoeng, letsibolo la tsohle tse hloliloeng. Hobane ka ho eena ho hloliloe tsohle.” Ka sena rea bona hore Lentsoe le ileng la ‘etsoa nama, ’me la aha har’a rōna’ ke sebopuoa sa pele sa Molimo ’me eaba se sebelisoa ke Ntate oa sona ho phethahatsa mosebetsi o mong ’ohle oa pōpo.—Ba-Kolosse 1:15, 16; Johanne 1:14.

Tsebo ee e lokela ho re ama joang? Na ha rea lokela ho leboha ’Mōpi Jehova ka hore e be re teng? Hona na re ananela karolo eo Lentsoe le e phethileng ho see? Molimo o file monna le mosali matla a ho ikatisa a felletseng ka lelapa le teng hona joale la motho la batho ba fetang libillione tse ’nè. Leha ho le joalo, ho na le mabaka a mang a mangata a ho leboha Molimo le Mora oa hae ’me ana ruri a amana le sehlooho se seholo sa Molaetsa oa Johanne—leseli, bophelo, lerato le botšepehi.

Leseli le re Ama Joang?

Litemaneng Jn 1 ea boraro le ea bone tsa khaolo ea pele ea Molaetsa oa hae, Johanne o re kenya ho tse peli tsa lihlooho tseo tse ka sehloohong tse lohelletsoeng tlalehong ea hae e bululetsoeng ka hore a re: “Bophelo bo ne bo le ho lona [Lentsoe], ’me bophelo e ne e le leseli la batho.” Johanne o fetisa eng ka polelo ena? Hore Lentsoe, kapa Kreste, e ne e le Moemeli e Moholo oa Molimo bakeng sa ho fetisetsa bophelo le le seli ho batho. (Liketso 3:15) Johanne o tsoela pele ka ho re bolella hore Johanne Mokolobetsi o hlahile ho paka “leseli la ’nete, le bonesetsang motho e mong le e mong.” (Johanne 1:9) E, motho e mong le e mong, hobane Kreste ha a ka a tla lefatšeng hore e be Messia oa Bajode feela. O tlile molemong oa batho bohle, joalokaha a hlalositse ka boeena hore: “Molimo o ratile lefatše [la batho ho tloha ka Abele] hakalo, o bile oa le nea mora oa oona [Kreste, Lentsoe] ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16.

Joale, temana ena e atisang ho qotsoa e lokela ho re ama joang? Haeba Molimo o rometse Mora oa oona lefatšeng ho sebetsa joaloka leseli lefifing la moea la lefatše, na ha rea lokela hore bonyane re bonahatse leseli leo ho ba bang? Bohato ba Molimo bo se nang boithati bo lokela ho ama lipelo tsa rōna hore li nke bohato. Ke mang har’a rōna ea neng a ka utloisisa ho tela ka lefu le lihlong motho eo re mo ratang haholo ebile e le lebitsong la batho bao haholoholo e leng ba iphapantseng? Kahoo lerato la Molimo le lokela ho re susumelletsa ho etsa joang? Ho lumela ho Jesu Kreste ka mafolo-folo le molemo oa sehlabelo sa hae sa bohlokoa se lopollang bophelo. Phello ke bophelo hobane Jesu o itse: “Ke ’na leseli la lefatše; ea ntatelang a ke ke a tsamea lefifing, empa o tla ba le leseli la bophelo.”—Johanne 8:12.

Ho Neelanoe ka Bophelo bo Tšoanelehang Hakae?

A sa iketsa ea kang o na le tsebo e tebileng ea metheo ea mahlale, Johanne o bolela o mong, hore bophelo ba lefatšeng bo itšetlehile ka leseli. ’Me ka tsela e tšoantšetsang hoo ke ’nete ka ho tšoanang. Kreste ke leseli le isang bophelong. Empa bophelong ba mofuta ofe? Karabelo ea Jesu ho mosali oa Mosamaria selibeng sa Jakobo e re nea leseli: “E mong le e mong ea noang metsi ao ke mo neang ’ona, a ke ke a hlola a nyoroa le ka mohla o le mong, ’me metsi ao ’na ke mo neang ’ona, e tla ba ka ho eena seliba sa metsi a phallelang bophelong bo sa feleng.” (Johanne 4:7-15) Kreste o ile a neela ‘bophelo ba sebele,’ bophelo bo sa feleng ka tlhohonolofatso ea Molimo.—1 Timothea 6:19, NW.

Bophelo boo bo sa feleng bo ne bo tla thabeloa hokae? Ho sehlotšoana se senyenyane se bōpang “mohlatsoana,” Jesu o-oa arabela: “Meaho e mengata ka tlung ea Ntate; hojane ha ho joalo, nka be ke le boleletse; ke ea ho le lokisetsa bolulo.” Ka ho totobetseng o ne a bua ka bolulo ba leholimo.—Luka 12:32; Johanne 14:2.

Empa hape Kreste a re: “Ke sa na le linku tse ling, tsee e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka khona ke li tlise, ’me li tla utloa lentsoe la ka, ’me mohlape o tla ba mong, molisa le eena a be mong.” Johanne o ne a tsebile ka buka ea hae eo a neng a e ngotse pele ho moo ea Tšenolo hore “mohlatsoana” o tla etsoa ka litho tse 144 000, ha “linku tse ling” li ne li tla akarelletsa “bongata bo boholo” le bafo ba bang ba lefatšeng tlas’a puso ea ’Muso oa Kreste.—Johanne 10:16; Tšenolo 7:4, 9, 10.

Joale, tebello eo ea bophelo bo sa feleng e lokela ho re ama joang, le haeba ke leholimong kapa lefatšeng? Ho bua u re “bophelo bo sa feleng” ho bonolo haholo, empa a k’u nahane ka motsotsoana hore na ho hlile ho bolela eng le hore na ho akarelletsa eng. Ho phela ka ho sa feleng! Ho nyakallela bophelo ka ho feletseng ka tlhohonolofatso ea ka ho sa feleng ea Molimo. Ho lokoloha matšoenyehong a hore na motho o lilemo li kae kapa ka bophelo ba hae. Potso “U lilemo li kae?” ha e sa tla hlola e e-ba khathatso.

Ho ba bilelitsoeng leholimong, ba tla thabela bophelo bo sa feleng e le karolo ea puso e sa bonahaleng ea Kreste e tsamaisang litaba tsa lefatše le ho sebelisa bohlokoa ba sehlabelo sa hae molemong oa nama le oa moea oa batho ba mamelang. Ke tokelo e khanyang hakaakang! Ntle ho pelaelo molaetsa oa Johanne o lokela ho re susumelletsa ho ananela mosa o sa tšoanelang oa Jehova.—Tšenolo 20:4-6.

Tšepo ea Bafu ke Efe?

Ho hlaha potso e ’ngoe joale ka neo ea bophelo bo sa feleng. Bafu ba tla fumana bophelo boo bo tšepisitsoeng joang? Jesu o arabetse seo ka mokhoa o kholisang ka hore a hle a tsose batho ba sa tšoaneng, ho akarelletsa motsoalle oa hae ea haufi. Lazaro ea neng a e-na le matsatsi a mane a shoele. Tlaleho e khethehileng ea Johanne e re tsebisa hore ka lekhetlo leo Jesu o itse: “Ke ’na tsoho le bophelo; ea lumelang ho ’na, leha a shoele, o tla phela.” Sehlooho sena se hōlisoa hape le khaolong ea bohlano, moo Jesu a bolelang hore: “Se makaleng ke hoo; hobane nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae [Mor’a Molimo]; ’me ba tla tsoa ho ’ona.”—Johanne 11:1-44; 5:25-29.

Tšepiso eo ea tsoho e u ama joang? Ak’u nahane ka baratuoa ba hao ba seng ba sa phele. Na u ke ke ua thabela ho ba bona hape le ho qoqa le bona? Jehova Molimo o tšepisitse mohlolo o joalo. Ke ka baka leo Maretha, khaitseli ea mofu Lazaro, a ileng a kholiseha ka tšepo e joalo le pele Jesu a tsosetsa khaitseli ea hae bophelong, hobane o itse: “Kea tseba hobane o tla tsoha mohl’a tsoho, letsatsing la bofelo.” Na rōna joaloka Bakreste re kholisehile ka matla joalo?—Johanne 11:24.

Lerato la Kreste le u Ama Joang?

Haeba re ne re ka fokotsa Molaetsa oa Johanne ho o etsa lentsoe le le leng feela, e ne e tla ba lefe? Leseli? Bophelo? Tsoho? Che, e ne e tla ba LERATO. Hobane’ng? Hobane mahlohonolo ana kaofela a tsoa leratong la Molimo. Jesu o boletse a ba a bonahatsa lerato leo. Ke kahoo a itseng: “Joale ka ha Ntate a nthatile, le ’na ke le ratile joalo; lulang leratong la ka. Ha le boloka melao ea ka, le tla lula leratong la ka.” Molao o totobetseng ka ho fetisisa oa Jesu e ne e le ofe? “Molao oa ka ke hoba le ratane, joale ka ha ke le ratile. Ha ho motho ea nang le lerato le fetang la ea tellang metsoalle ea hae bophelo ba hae.”—Johanne 15:9-14.

Na Kreste ka boeena o ile a phethahatsa mantsoe ao? Na o ile a bontša lerato le fetisisang lebitsong la metsoalle ea hae? Tlaleho ea Johanne e qaqileng e arabela ka E, e lumelang! Ka likhaolo tsaJn 1 18 le 19 tlaleho e hlalosa kamoo Jesu a ileng a tšoaroa eaba o chochisoa ka lipotso le ho hlokofatsoa ’meleng matsohong a baholo ba Bajode le Baroma. Tlhekefetsong ena eohle Jesu a paka ka ’muso oa Molimo, A tiisa: “’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena; . . . ’muso oa ka hase oa mona.” Lerato la hae ho Ntate oa hae le batho le ne le le matla hoo a sa kang a batla tsela e bonolo ea ho lokoloha kapa a leka ho hlapolla molaetsa oa hae. “Ke tsoaletsoe hona, . . . ke tle ke pake ’nete.” A maketse, Pilato o ne a ka mpa a araba hore: “’Nete ke eng?”—Johanne 18:36-38.

A lahliloe ke bongata ba Bajode bo etelletsoeng pele ke baruti Jesu a ahloleloa lefu ’me a khokhotheloa sefateng sa tlhokofatso. Ea e-ba nyeliso e fetisisang ho eena joaloka Mojode hore a shoe a rohakiloe sefateng. (Deuteronoma 21:22, 23; Ba-Galata 3:10-13) Leha ho le joalo o ne a hlōtse. Tumelo ea hae tsohong ea phahamisoa. A tsosoa bafung ka letsatsi la boraro. Morutuoa Maria Magdalena, a mo bona a ba a bua le eena. Na u ka inahanela ka kamoo a ileng a thaba kateng ha a tlisetsa barutuoa litaba tsa hore: ‘Ke bone Morena!’—Johanne 20:18, NW.

E be joale sehlabelo sa Kreste le tsoho ea hae li lokela ho re ama joang? Na ha lia lokela ho re tlatsa kholiseho, tšepo le cheseho? Re tseba ’nete ka Kreste motheong oa tlaleho ea pale ea melaetsa. Ke tlaleho ea lerato ketsong. Na re tla susumeletseha hore re bontše lona lerato leo le fetisisang la Bokreste e be re nea ba bang molaetsa oa ’Muso?—Johanne 20:31; Mattheu 24:14.

Tlhahlobong ea ho qetela ea tlaleho ea Johanne, re ka ithuta eng hape? Thuto ea botšepehi—ho tšepahala ha Kreste sepheong sa Ntate oa hae; ho tšepahala ha hae ho balateli ba hae ho sa tsotellehe hore ba ile ba mo tlohela. (Mareka 14:50; Johanne 18:15-27) Qalehong, baapostola ba 12 le bona ba ne ba bontšitse botšepehi. Hamorao ha barutuoa ba bangata ba tlohela Jesu, karabelo ea Petrose e bile e khahlehang hakaakang potsong ea Jesu e tobileng: “Na le lōna le rata ho ikela na?” Simone Petrose a mo arabela: “Morena, re ka ea ho mang? Ke uena ea nang le mantsoe a bophelo bo sa feleng. ’Me re lumetse, ra ba ra tseba hobane ke uena Kreste, Mokhethoa oa Molimo!”—Johanne 6:66-69.

Na u lumela hore Jesu ke “Mokhethoa oa Molimo,” “Mor’a Molimo”? Haeba ho joalo, le uena u ka tsamaea leseling le isang bophelong. Le uena, u ka bontša lerato le botšepehi ho Jehova Molimo le ’muso oa hae ka Kreste. Le uena u ka fumana molemo ka Molaetsa oa Johanne o susumetsang moea.—Johanne 20:31.

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Jesu o fana ka metsi a fanang ka bophelo bo sa feleng

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela