‘Boelang ho Molisa oa Meea ea Lōna’
LITŠOANTŠO tse peli tsa Jesu tse khathollang pelo li hlalosa kameho e tebileng ea Molimo bakeng sa bao e sa ntsaneng e le batho ba hae empa ba lahlehile. Inahanele ka tsieleho ea molisa ea siang mohlape oa tse 99 ho ea batla nku e lahlehileng lefeelleng “a be a e bone.” Kapa nahana ka tieo ea mosali ea lahleheloang ke drakema e le ’ngoe, mohlomong e le karolo ea sehlopha sa tse theko e boima. Ha a senye nako o e batla hona hoo—a bonesa lebone ’me a fiela ntlo eohle ea hae “a be a e fumane.” ’Me thabo e ba khōlō ha e fumanehile!—Luka 15:4-10.
Ha ho pelaelo ea hore u hlokomela hore Jesu o ne a bua ka batho ba kamanong e inehetseng le Molimo, empa ka mabaka a sa tšoaneng ba suthetse hole kapa ba fetohile ba “lahlehileng.” Mohlomong u e mong oa bona. Boiteko bo matla bo bontšoang litšoantšong ba ho fumana ntho e ratehang le thabo ea ha e e se e fumanoe e ka ’na ea e-ba tse u amang. Bo bontša thahasello eo Molimo, Mora oa hae, mangeloi a halalelang le baena ba hao le likhaitseli moeeng ba nang le eona ho uena. Setšoantšo se latelang tsena tse peli se qaqisa haholoanyane ka tsela ea ea “lahlehileng.”
Setšoantšo sa Lehlasoa
Ka ho hlaka ho amang pelo Jesu o bontša setšoantšong sa mora ea lehlasoa (1) hore na motho o ee a khelohe hobane’ng, (2) hore na ke eng ho ka etsahalang ha a sa ile, (3) hore na ho ameha eng hore a khutle, le (4) boikutlo bo amohelang ba Molimo. Bara ba babeli ba setšoantšong ba ka ’na ba tšoantšoa le batho bao, joaloka uena, ba ileng ba tseba Ntate, ba thabela ‘bohobe bo bongata ba moea’ ka tlung ea tumelo ’me ba neela bophelo ba bona ho Jehova.—Luka 15:11-32.
Ho na le mabaka a sa tšoaneng ao ka oona ba bang, joaloka mora e monyenyane ba tlohang ‘ka tlung’ ea Ntate oa rōna oa leholimo. Hangata ho bakoa feela ke boima bo ntseng bo eketseha ba “lipelaelo tsa bophelo.” (Luka 21:34) Ka linako tse ling tšusumetso ea litloaelano tse mpe e ’nile ea sitisa ba bang ‘ho utloa ’nete.’ (Ba-Galata 5:7, 8, 10, 12) Ho khentšoa ke taba ea thuto mohlomong ho entse hore ba bang ba ‘khutlele morao.’ (Johanne 6:60-66) Ha e le hantle, ba bang ba hlokometse kapa ba sa hlokomela ba ’nile ba nka tikoloho ea ntlo ea moea ea Jehova e le e sitisang haholo. Bana, joaloka lehlasoa, ha ba sa rata ho ba tlas’a leihlo le hlokomelang la Ntate. Ba batla ho itsamaela ka bolokolohi “naheng e hole.”
Boinotšing Naheng e Hole
Lehlasoa—hoba le sebelise chelete eohle ea lona—ha lea ka la fumana bolokolohi le monyaka ho hang. Boitšoaro ba lona ba theoha hoo le ileng la “phela ka bohlola.” Ha mathata a fihla, ka ho tsieleha la “tholoa” ke e mong oa baahi ba moo ea ileng a le ‘rōmela’ ho ea lisa mohlape oa likolobe—mosebetsi o nyefolehileng haholo bakeng sa Mojode. A ba a lapela le lijo tsa likolobe!—Luka 15:13-16.
John e ne e le molebeli ka phuthehong pele a nka leeto la moea ho ea “naheng e hole.” John o-oa hlalosa: “Ruri ho latela ’nete ke tšireletso, empa ha u se u sa etse letho, ha ho sa na mokhoa oa ho itebela. Le haeba ho se letho le lebe leo u ka le etsang, u qala ho mamella lintho tse nyenyane. u ipolella hore, ‘Ha e le hantle, ha ke ee libokeng life kapa life tsa phutheho, na joale ho hlile hoa tsotelleha hore na ke etsa’ng?’” Paki e ’ngoe e neng e sa etse letho ka lilemo tse telele e lumela hore: “ka hla ka ameha boitšoarong bo bobe. Ka phakisa ka fumana hore ha ho moeli oa hore na motho o kena-kena hakae ka lebaka la ho tloaelana le batho ba lefatše. Tsela feela eo u ka thabelang botsoalle ba bona ke hore u se ke ua re letho ka Jehova. Ha u etsa joalo, u lebile khathatsong tse ngata.”
Leha ho le joalo ba bangata ba sa etseng letho ha ba khutlele “bophelong ba bohlola” joaloka mora ea lehlasoa oa setšoantso sa Jesu. Empa bohle ba hlokomela ho ikarohanya le kamano e haufi le Molimo. Banyalani ba bang ba neng ba sa etse letho “ha baa ka ba tšoara Bibele ka lilemo tse 15,” empa ba lula ba ntse ba hloekile boitšoarong. Mosali o hlalosa hore: “Ha re bua ka lintho tse bonahalang, lintho li ne li itsamaela hantle haholo bakeng sa rōna ka lilemo tseo. U ka etsoa hore u kholoe hore ha ho hlile ha ho hlokahale ho khutlela ho Jehova. Bophelo bohle ba rōna ra bo tlamella mesebetsing ea rōna le ho icheba borōna. Ra leka ho itebatsa ’nete kahohle ho isa moo re bileng ra fallela sebakeng seo ho seng motho ea re tsebang ho sona. Empa thabo ena eohle e ne e le ea boikaketsi. Maikutlo a rōna a ne a farasitse. Monna oa ka a tepella ka lilemo. Ra khaotsa ho rapela, leha e le pele ho lijo. Ke ne ke sitoa ho robala hangata bosiu ke tšoenyehile ke ’nete le ho ikutloa ke le molato.” Monna a phaella: “Ra ikutloa hore re tseleng e isang lefung.”
Ho khaohana le Jehova, u ikutloa u hlorile moeeng, ke boemo bo bohloko. Mosali e mong oa Mokreste ea neng a sa etse letho ka nako e ’ngoe o itse: “Ha ho letho le tšoanang le ho ba mohaung oa Jehova. Ha u ikutloa u hloname ’me u sitoa ho mo rapela, kapa ha u belaela hore na o tla arabela lithapelo tsa hao, ke boemo bo bohloko ka ho fetisisa.”
‘A Ikhopola’
Lehlasoa la hlokomela boikutlo ba lona bo kahare ’me la nka bohato. Jesu o itse: ‘A ikhopola.’ Eaba joale o hlokomela boemo ba hae ba sebele moeeng. A nahana ka khotso le nala eo a neng a e thabela ka tlung ea ntat’ae.—Luka 15:17.
Le hoja lehlasoa le ile la hlokomela sena ka bolona, hangata tlhokomelo e joalo e ee e lateloe ke lipuisano tse ngata tsa moea tse tsosang boikutlo bo robetseng. Ka mohlala, Diane, ha a sa ntsane a sa etse letho a ipolela ho Paki e ’ngoe eo a ileng a tloaelana le eona hore: “Ke sitoa ho khutlela ho Jehova. Ha ke mo rate ’me kea tseba hore seo ke sona tšusumetso.” Paki ea botsa: “Na eitse ha monna oa hao a qala ho u fereha u ile ua mo [ratela hore le nyalane]?” Diane a arabela, “Che. Ke ne nka ho etsa joang? Ke ne ke sa mo tsebe [hore na ke motho oa mofuta ofe],” Diane a ipolela hore, “Eaba joale kea hlokomela hore ho rata Jehova ho tla tla ka ho mo tseba hape. Hamorao ka kopana le phutheho ’me ka kōpa thuso. Ka tsamaiso ea baholo, banyalani ba babeli ba ithuta Bibele le ’na le monna oa ka nako e fetang selemo, ’me ra boela ra ba mafolo-folo hape.”
Leha ho le joalo, e ’ngoe ea litšitiso tse khōlō tsa ho khutla ke ho re motho a ikutloe ka matla hore o molato.
E Be Ke Fetelletse Haholo?
Lehlasoa hoba ‘le ikhopole’ la ikutloa hore “Ntate, ke sitetsoe leholimo le uena: ha ke sa tšoanela ho bitsoa mora oa hao.” Ba bang ba ee ba ikutloe ka tsela eona eo—ba sa tšoanelehe hore ba ka bitsoa e le ba bang ba lelapa la Molimo.—Luka 15:17-19.
Virginia a lumela: “Ua hlokomela hore u furaletse Jehova ka tsebo. Boikutlo bona ba ho ikutloa molato ba nkulisa. Ha ke qala ho ba mafolo-folo hape, ka loana ka matla hore ke boele ke qalise ho rapela. Ka ’na ka nahana, ‘Ekaba Jehova o sa mpatla ka eng, kaha ke ile ka mo furalla.’” Ba bang ba ’nile ba ikutloa hore ba entse ‘sebe se sa tšoareloeng.’
Na ntate ea neng a tseba hore na libe tsa mora oa hae ke tse khōlō hakae o ile a li talima e le tse sa tšoareloeng? Na o ile a hlokela moshemane sebaka le ho iphapanyetsa eena ha a hlaha hape? Le hanyenyane! O ne a ntse a batla mora oa hae. Jesu o re: “Eare ha a sa le hole, ntat’ae a ’mona.” (Luka 15:20) Bao a ahisaneng le bona mohlomong ba ile ba bona feela likatana, litšila, maoto a sa roalang lieta, empa ntate a “’mona.” O ne a tseba hore na mora o tsoa hole hakae. Ho ne ho totobetse hore o tlohetse ‘bophelo ba hae ba bohlola’ ’me o bakile kannete.—Liproverbia 28:13.
Ntate a matha ho ea kopa mora oa hae. Sohle seo mora a neng a se lebelletse ke hore e be ‘mohlanka,’ e mong eo e hlileng e seng setho sa lelapa ’me lintlheng tse ling a bile a le boemong bo bobe le ho feta lekhoba. Ho hang o ne a sitoa ho nahana karabelo ea ntata’e: “Phakisang, le tlise seaparo se selelele sa bohlokoa, le mo apese sona; le mo kenye lesale monoaneng, le be le mo roese lieta maotong; ’me le tlise namane e nontšitsoeng, le e hlabe, re tle re je, re nyakalle.” Jesu o bapisa ka ho babatsehang hakaakang karabelo e tlohang botebong ba pelo ea ntate.—Luka 15:22, 23.
Ntate o ne a tseba hore lehlasoa le se le lefile moputso o boima—maoma a boikutlo ba “ho phela ka bohlola” le ho lahleheloa ke chelete eohle ea lona, bohloko ba ho hloka metsoalle le lijo le ntlo nakong ea tlala, lihlong tsa ho ja le likolobe, ’me ho qetella tsohle ho nka leeto le lelelele ho ea hae. Kahoo, le Jehova o hlokomela hore motho o ba mahlomoleng a ’nete ha a “lahlehile” le hore ha ho bonolo ho khutla. Empa Ntate oa rōna ea qenehelang oa leholimo, ea ‘ruileng mehauhelo,’ ‘ha a tsekise ka mehla, hlonamo ea hae hase e sa feleng. Ha re etse kamoo libe tsa rōna li leng kateng’ haeba re bakile kannete ’me ‘re lokisa litaba’ le eena. Ba bang ba bileng ba etsa libe tse mpe haholo ha ba sa arohane le phutheho ea Bokreste, empa ba khutla ba bakile kannete, ba ipolela libe tsa bona ho baholo, ba ka lebella tšoaro e lerato le e nahanelang e isang ho hlaphoheloeng ka ho feletseng.—Pesaleme ea 103:8-10; 130:3; Esaia 1:18, 19.
Ke ’nete, Bibele e bua ka Bakreste ba bang ba sa tšepahaleng ba ke keng ba tšoareloa libe tsa bona. Leha ho le joalo, Pauluse o bontša hore bana ke “bahanyetsi” ba ’Nete ’me ba hatakela ka boomo sehlabelo sa topollo ba nka hore hase sa bohlokoa ba letho. (Ba-Heberu 10:26-31) Empa na u kile ua nka bohato bo fetelletseng hakaalo? Ho inahana ka tieo ka taba ena, ho e-na le ho e nyelisa, ho bontša hore u sa ntsane u rata lintho tsa moea. ’Nete ea hore u ikutloa u le molato u bile u tšoenyehile pelong e bontša hore ha u e-so ho fetelle. Tiisa hore Jehova o tla arabela kōpo ea hao e entsoeng ka thapelo joalokaha a ile a arabela ea Davida, ea itseng: “U ntšoarele bokhopo ba ka, leha bo le boholo.”—Pesaleme ea 25:11.
‘U Se Ke Ua Tšaba. Ke Tla U Thusa’
Baholo ba babeli ba etela banyalani ba babeli ba seng ba sa etse letho bao nakong e fetileng e neng e le Lipaki tse chesehang ka ho fetisisa. Le pele moqoqo o qala monna ea sa etseng letho ka ho itšireletsa a bolela hore o-oa tseba hore o lokela a be a tsoile a le tšebeletsong ea tšimo a ruta ba bang. Ka mohlolo, Russell, e mong oa baholo, a arabela ka hore: “Hona joale ha ke lumele hore u tlamehile ke hoo. Haeba setho se seng sa lelapa la hao se kula, na u ka re se ee ho kuta mohloa? Ha e le hantle le rōna, re ke ke ra re ‘u kute mohloa.’ Re rata hore u fole. E be re ka thusa ka eng?” Thuso e lerato, ho akarelletsa ho amohelana boeting ho mofuthu ha baholo, ha thusa banyalani hore ba fole moeeng, ’me hang hape monna o sebeletsa e le moholo.—Bapisa Jakobo 5:14, 15.
Ba bang ba bakileng ba tsila-tsila ho kopanela hape hobane ba ikutloa hore ba sitoa ho jara ka nako e le ’ngoe boikarabelo bo feletseng e le Lipaki. Leha ho le joalo, Jehova o-oa utloisisa. Ho hlaphoheloa bohato ka bohato ke eona ntho ea bohlokoa. Pauluse o boletse hore ba bang bao mehleng ea hae ba neng ba fetohile ba “botsoa” moeeng ba ne ba hloka hore e mong a boele a ba rute hape lithuto tse qalang tsa ’Nete. (Ba-Heberu 5:11, 12) Lijo tsena tsa moea li haha matla ’me li etsa hore mehato e meng e be bonolo. Lipuisanong tse ’maloa le Lipaki tseo ka nako e ’ngoe li neng li sa etse letho empa li ile tsa hlaphoheloa hamorao, bongata bo boletse hore bo ile ba hloka thuso ea kamehla. Empa ba ka phuthehong ba utloisisa haholo ho fana ka thuso e joalo. Ba ikutloa joaloka Jehova ea ileng a re ho sechaba seo a se khethileng: “U se ke ua tšaba, hobane ke na le uena; u se ke ua tšoha, hobane ke Molimo oa hao; ke tla u fa matla, ke u thuse [ka sebele].”—Esaia 41:10, bapisa NW.
E, Molimo o re: “Ke u thuse ka sebele.” Mohlomong u tla tlameha ho khaotsa setsoalle se sebe. Mohlomong u betefalle khanyetso e matla e tsoang ho beng ka uena ba hananang le ho ba teng ha hao libokeng tsa Bokreste. Mohlomong ho tla ba le litaba tse ling tseo u tla tlameha ho ipolela tsona ho baholo. (Pesaleme ea 32:3-5) Empa le ka mohla u se lebale hore Jehova o teng ho thusa. Pake ’ngoe e ileng ea hlaphoheloa eitse: “Jehova o ile a ntumella hore ke bone bohato bo le bong ka nako ’me a nthusa haholo.” E ’ngoe ea phaella ka hore: “Eare feela ha ke kena Holong ea ’Muso metsoalle eohle ea ka ea khale ea nkopa le ho nkaka. Thabo ea eona ea nkoahela. Ka nahana ‘Ke ne ke tšaba hobane’ng?’” Le hoja ba bang ba ka ’na ba e-ba le boikutlo bo tšoanang le ba moholoane oa lehlasoa, bongata bo tla thabela ho u bona u khutla.—Luka 15:25-32.
Ke hobane’ng ha u sa ikutloele e le uena? Mosali e mong oa Mokreste ea ileng a fola hoba a khelohe ka nakoana o itse: “Ha ho sebaka se seng seo u ka fumanang khotso e tebileng ho sona. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea khutlela malulong hang ha ke boela ke e-ba mafolo-folo moeeng. Lefatše lena ha le fane ka letho le molemo. U ba le boikutlo bo monate haholo ha u tseba hore u khahlisa Jehova le hore u sirelelitsoe ke eena. Bosiu u-ua khaleha. Bophelo ba hao boa khotsofatsa ’me u ka hōlisa tšepo ea sebele ea bophelo Taolong e Ncha.”
Haeba u nku e lahlehileng, ke eng ha u sa meme Paki e u tliselitseng makasine ena hore e u thuse hore u kopane le baholo phuthehong ea heno. Utloa thabo le khotsofalo tse tlisoang ke ho nka tsela e hlalositsoeng ke Petrose: “Hobane le ne le le joale ka linku tse lahlehileng; empa joale, le boetse ho eo e leng molisa le molebeli oa meea ea lōna.”—1 Petrose 2:25.