Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 11/1 maq. 8-9
  • Letsatsi la Kahlolo le Tla ba Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Letsatsi la Kahlolo le Tla ba Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Letsatsi la Kahlolo ke Eng?
    Tsoha!—2010
  • Letsatsi la Kahlolo ke Eng?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Letsatsi la Kahlolo—Nako ea Tšepo!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ho Tla Etsahala’ng Letsatsing la Kahlolo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 11/1 maq. 8-9

Lentsoe la Molimo Lea Phela

Letsatsi la Kahlolo le Tla ba Joang?

BIBELE e fana ka setšoantšo sa Letsatsi la Kahlolo se fapaneng haholo le tsela eo batho ba bangata ba le nahanang ka eona. Hase letsatsi le ka tšajoang kapa la tšohuoa. Sheba, litšoantšo tsena. Li fana ka leseli la hore na Letsatsi la Kahlolo e tla ba le babatsehang hakaakang bakeng sa batho.

Mangolo a bontša hore Molimo o khethile Jesu Kreste hore e be Moahloli ka Letsatsi la Kahlolo. (Liketso 17:31) ’Me re ka tšepa hore o tla ahlola ka ho loka le ka toka kahlolong ea hae.—Esaia 11:3-5.

Ho fapana le maikutlo a tsebisahalang, Kreste a ke ke a ahlola ba tsohang motheong oa libe tsa bona tsa nakong e fetileng, tseo mohlomong boholo ba tsona li entsoeng ka ho hloka tsebo. Bibele e hlalosa hore lefung motho o lokolloa libeng tseo a ileng a li etsa. E re: “Ea shoeleng o lokolotsoe sebeng.” (Ba-Roma 6:7) Hona ho bolela hore ha motho a tsosoa o tla ahloloa ka seo a se etsang ka Letsatsi la Kahlolo, e seng motheong oa seo a se entseng pele a tsosoa.

Ka baka leo, Letsatsi la Kahlolo hase letsatsi la sebele la lihora tse 24. Le tla nka lilemo tse 1 000. Ke nako e le ’ngoe le nako ea lilemo tse 1 000 eo Kreste le marena a nang le eena ba tla busa holim’a batho ba lopolotsoeng. (Tšenolo 20:4, 6) Ka nako ena batho ba tla sebelisana hammoho ho etsa lefatše paradeise. Ka nako ea teng ho tla amoheloa bafu bophelong ba lefatše hape.—Luka 23:43.

E tla ba thabo e kaakang ha malapa ao e leng khale a arotsoe ke lefu a boela a kopana hape! E, e tla ba thabo e kaakang ho phela khotsong, ho thabela ho phela hantle ’meleng le ho fumana taeo e amanang le merero ea Molimo! Ka Letsatsi la Kahlolo bohle ba tla beng ba phela lefatšeng ba tla ithuta ka Jehova Molimo le litsela tsa hae. Ba tla ba le sebaka sa ho mo mamela le ho mo sebeletsa.

Ba ikhethelang ho sebeletsa Jehova ka Letsatsi la Kahlolo ba tla ba moleng oa ho amohela bophelo bo sa feleng. Empa, le tlas’a maemo ana a matle haholo, ba bang ba tla hana ho sebeletsa Molimo ’me ba tla retelehela bokhopong. Joalokaha lengolo le re: “Motho e mobe ha a ka hauheloa, a ke ke a ithuta ho loka; esita leha a le naheng ea toka, e ea ’ne e be motho ea khopo.” (Esaia 26:10) Kahoo batho ba khopo ba hanang ho fetola litsela tsa bona ba tla timetsoa. Ke ba lokileng feela ba tla lumelloa ho thabela lefatše la paradeise.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela