Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 11/1 maq. 5-7
  • Tšepo Feela Bakeng sa Puso e Lokileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšepo Feela Bakeng sa Puso e Lokileng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova—Molimo o Tsebang se Tla Hlaha
  • Lilemo tse 6 000 tsa ho Hlōleha li Lekane!
  • Ke Mang ea ka Emang Khahlanong le Khosi ea Likhosana?
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • Ho Ema le ho oa ha Setšoantšo se Seholohali
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • Puso ea Lefatše ea Fetoha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lintho tse Boletsoeng Esale Pele tsa Bibele li Tšepahala Hakae?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 11/1 maq. 5-7

Tšepo Feela Bakeng sa Puso e Lokileng

“Empa mehleng ea marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae.”—Daniele 2:44.

PALE e senola hore marena a mangata a mehleng e fetileng a ne a nkoa e le melimo. Le lekholong la rōna la lilemo Stalin le Hirohito ba ne ba tumisitsoe joalo. Ha ho le o mong oa melimo e joalo o neng o finyella seo Bibele e se supang e le bopaki ba bomolimo—matla a ho bolela tse tlang ho hlaha. Jehova a qholotsa melimo eohle ea bohata: “Le re tsebise tse tla hlaha. Re tsebiseng tse tlang ho tla, re tle re lemohe hobane le melimo.” (Esaia 41:22, 23) Ha ho marena leha e le afe a batho a kileng a tseba ho bolela tse tlang ho hlaha, leha e le tabeng ea bobusi ba oona feela. A ’nile a bolela lintho tse khanyang tseo a tla li etsa ha a le pusong, empa a ipakile hore ke baprofeta ba bohata hangata hoo batho ba seng ba tšepa hanyenyane lipolelo tsa oona.

Ntoa ea I ea Lefatše e ile ea loanoa ‘ho etsa lefatše le sireletsehileng bakeng sa puso ea batho ka batho.’ Ha hoa ba joalo. Selekane sa Lichaba se ne se lokela ho ba ‘pontšo ea bopolotiki ea ’muso oa Molimo lefatšeng.’ Ha hoa ba joalo. Ntoa ea II ea Lefatše e ne e lokela ho felisa bahatelli lefatšeng. Ba ntse ba atleha. Machaba a Kopaneng a ne a lokela ho kopanya lichaba tšebelisanong ea khotso. Li ikarotse ka mekha ea Bochabela le Bophirimela, ’me lichaba tse futsanehileng lia tlatlapuoa ha ho rena lintoa tse totobetseng le tse sa totobalang. Marena a lefatše a bolela hore a na le tšepo empa, boholong ba taba a hlahisa ho hloka tšepo. Lipolelo tsa oona tsa hore ho tla linako tse molemo ha li phethahale. Joalokaha ho bile mehleng ea boholo-holo, ho joalo le kajeno: “Ba oka leqeba la morali oa sechaba sa ka ka bobebe, ka ho re: “Khotso! khotso! kanthe ha ho khotso.” (Jeremia 6:14) Hase ho makatsang ha batho ba se ba sa kholoe litšepiso tsa mapolotiki!

Jehova—Molimo o Tsebang se Tla Hlaha

Leha ho le joalo, Jehova Molimo o tseba puso, ’me lipolelo tsa hae ka mebuso ea batho li phethahala kamehla. Lilemo tse ka bang 150 pele Nebukadnezare a timetsa motse oa naha ea Tyre, moprofeta oa Molimo Esaia o hlile a bolela ho timela ha oona. Moprofeta oa hae Nahume a profeta ho oa ha Ninive, ’me hoo ha hoa ka ha phethahala feela empa ho bile ka tsela eo Jehova a neng a e hlalositse. (Esaia 23:1-13; Nahume 1:8; 2:6, 8; 3:13) Lilemo pele Juda e oela ho Babylona, Jeremia a ho bolela le ho tsosolosoa ha Bajode ho neng ho tla latela lilemo tse 70 tsa lesupi. Empa Esaia eena a bolela liketsahalo tsona tseo lilemo tse lekholo pele ho Jeremia a bile a bolela lebitso la ea tla liha Babylona le ho lokolla Bajode botlamuoeng.—Jeremia 29:10; 51:30, 37; Esaia 13:17-22; 44:26-28; 45:1, 2.

Ho totobetseng haholoanyane ke matla a Jehova a ho bolela pele ho nako mabapi le mebuso ea batho ha a ne a senola ponong ho Daniele ho phahama le ho oa ha mebuso ea lefatše. Ho Daniele khaolo ea 8 moprofeta o bona pheleu e linaka tse peli e phahameng, ho fihlela phooko e nang le lenaka le leholo pakeng tsa mahlo a eona e hlaha bophirima ’me e itihela ka matla holim’a pheleu e ba e khorola linaka tsa eona tse peli. Empa hang feela ha phooko e ba matla, lenaka le leholo lea khoroha ’me bakeng sa lona ho mela manaka a manyenyane a mane. (Da 8 Litem. 3-8) Ha rea sala sebakeng feela ka tlhâloso ea sena sohle.

Tlaleho e hlalosa hore: “Pheleu eo u e boneng e e-na le manaka a le mabeli, ke marena a ba-Mede le ba-Persia; phooko, ke morena oa ba-Gerike; ’me lenaka le lelelele le lipakeng tsa mahlo a eona ke morena oa pele. Lenaka le khorohileng, leo manaka a mane a melileng bakeng sa lona, le lekanya hore mebuso e mene e tla tsoa sechabeng seo, empa e ke ke ea e-ba le matla a sona.”—Da 8 Litem. 20-22.

Lilengoana hoba Daniele a sebelisoe ho bolela liketsahalo tsena tse phahameng, lichaba tse peli tse kopaneng tsa Medo-Persia, pheleu e linaka tse peli, ea fela ea liha Babylona ’me ea fetoha ’Muso oa Bone oa Lefatše. Nako e fetang lilemo tse makholo a mabeli hoba Daniele a tlalehe boprofeta bona, Alexandere e Moholo a hloella pusong ’me a liha Medo-Persia. Ka ho shoa ha Alexandere—ho khoroha ha lenaka le leholo la phooko—’Muso oa Bohlano oa Lefatše oa Magerike oa aroloa likoto tse ’nè. Karolo ka ’ngoe e busoa ke e mong oa balaoli ba bane ba Alexandere—manaka a manè a manyenyane a ileng a nka sebaka sa lenaka le leholo, empa ha ka a fumana matla a lona.

Daniele khaolo ea 7 e boetse e bontša ka pono tatelano ea libatana tse emelang ho oa le ho phahama ha Babylona, Medo-Persia, Greece le ’Muso o Moholo oa Roma. Da 8 Khaolong ea 2 toro ea Nebukadnezare e emela ho oa le ho phahama ha mebuso ea lefatše ho tla fihlela mehleng ea rōna ka setšoantšo se seholo sa tšepe se entsoeng ka ho tšoana le motho, e be joale e bontša ho timetsoa ha setšoantšo seo se seholo:

‘Lejoe la khephoha e seng ka matsoho a motho, la thesela setšoantšo maotong a sona a tšepe le letsopa, la a robaka. Eaba tšepe, le letsopa, le koporo, le silevera, le gauda, li robakoa hang, tsa e-ba joale ka mooko o fefohang seotlong, lehlabula; tsa nkoa ke moea, ’me nqalo ea tsona ha ea ka ea hlola e fumanoa; lejoe le neng le thesetse setšoantšo, la fetoha thaba e kholo, la tlala lefatše lohle.’—Daniele 2:34, 35.

Lejoe le fetohang thaba le tlala lefatše ke ’muso oa Kreste o nkang sebaka sa mebuso eohle ea batho joalokaha ho senola Daniele 2:44, 45: “Mehleng ea marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, ’me borena ba oona bo ke ke ba fetela ho sechaba se seng; o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng; joale ka ha u bone lejoe ha le khephoha thabeng e seng ka matsoho a motho, le robaka tšepe, koporo, letsopa, silevera le gauda.”

Khaolo ea bosupa ea Daniele e boetse e bua ka tatelano ea lipuso tsa batho ’me le eona e phetha mokoloko oa eona oa mebuso ka hore e nkeloe sebaka ke ’muso oa Kreste: “E mong ea kang mor’a motho a hlaha ka maru a leholimo, a fihla ho Moholo oa matsatsi [Jehova Molimo], a atametsoa ho eena; a neoa ’muso, le hlompho, le borena, hore ba mefuta eohle, le ba lichaba tsohle, le ba lipuo tsohle, ba tle ba mo sebeletse; ’muso oa hae ke ’muso o sa feleng, o ke keng oa feta, borena ba hae bo ke ke ba felisoa.” Daniele 7:13, 14.

Lilemo tse 6 000 tsa ho Hlōleha li Lekane!

Jehova Molimo ka sebete o lumelletse batho ka lilemo tse likete ho leka ka makhetlo a mangata mebuso ea mefuta eohle eo ba ka e nahanang. Ha ho le o mong o tliselitseng bafo ba oona tlhohonolofatso ea kamehla. Ba bolaisitsoe tlala, ba kenngoa bofumeng, ba hatelloa, ba tlatlapuoa ke, khethollo ea bolumeli; ea merabe, bosechaba le moruo, ba lefisoa makhetho a boima ho tšehetsa mebuso e silafetseng, ’me ba kenyetsoa mafu, ba holofatsoa le ho bolaoa ke lilemo tse makholo tsa lintoa tse se nang kelello tse loanoang ke marena a meharo le a hlanyang ke puso. Ha ho motho ea ka pheang khang hore haeba batho ba ka neoa nako e eketsehileng ba ka thea ’muso o lokileng. Ho bontšitsoe nako le nako hore “motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” (Jeremia 10:23) Ho ntse ho pakoa hape ’nete ea hore ha ho morena oa motho eo ka sebele e bileng molimo o tsebileng ho bolela tse tla hlaha, leha e le mebusong eo ba e laolang.

Ho fapana le moo, Jehova o ipakile e le eena Molimo o tsebang tse tlang ho hlaha, ho akarelletsa le mebusong ea batho. O boetse o tseba ka ’muso o lokileng tlas’a morena ea khethiloeng ke eena Kreste Jesu, ’me o boleletse batho ka oona Lentsoeng la hae Bibele. Ha puso ea motho e bile thohako ho batho, ’muso oa Kreste o tla tlisa mahlohonolo a bophelo ba ’mele, thabo le bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise.—Bapisa Luka 23:42, 43; Tšenolo 11:15.

Batho bohle ba ratang ho loka ba ke ba lumele hore Kreste Jesu ke Molopolli le Morena oa bona. Ba hlokomele hore “ha ho poloko ho e mong; hobane ha ho lebitso le leng tlas’a leholimo, leo batho ba le neiloeng, leo re ka bolokehang ka lona.”—Liketso 4:12; Mattheu 12:21.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela