Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 12/1 maq. 30-31
  • Kreste o Khutla Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kreste o Khutla Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Ka Kamoreng e Notletsoeng
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Ho Khutla Hoa Kreste
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Batho ba Makholo ba Bona Jesu Pele ho Pentekonta
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 12/1 maq. 30-31

Lentsoe la Molimo lea Phela

Kreste o Khutla Joang?

HO NE ho hlokahala hore Jesu Kreste a shoe e le hore a ka fana ka bophelo ba hae bo phethahetseng ba botho e le topollo bakeng sa rōna. O kile a hlalosa hore: “Bohobe boo ke tla [bo] nea . . . , ke nama ea ka, ee ke tla e nea lefatše, le tle le phele.” (Johanne 6:51) Ha a re neile nama ea hae, na o ne a tla ke a e nke hape? Na Jesu o tla khutla e le motho oa nama?

Bibele e bolela hore Kreste o khutla ka khanya a e-na le mangeloi kaofela, le hore ‘o lula teroneng ea khanya ea hae.’ (Mattheu 25:31) Haeba Jesu a ne a tla khutla ’me a lule e le motho oa nama teroneng ea lefatšeng, o ne a tla ba boemong bo tlase ho ba mangeloi. Empa o tla e le ea matla le ea khanyang ho feta bara bana bohle ba moea ba Molimo, ’me ka baka leo ha a bonahale joaloka bona.—Ba-Filippi 2:8-11.

Empa ho na le ba bangata ba lumelang hore Kreste o ile le ’mele oa hae oa nama leholimong, le hore o tla khutla ka ’mele oa nama le mali. Ba supa ’nete ea hore Jesu o ile a itlhahisa ho barutuoa ba hae ka makhetlo a fetang le le leng ka ’mele oa nama ho ba bontša hore o-oa phela. Ka lekhetlo le leng moapostola Thomase a kopuoa ke Jesu hore a kenye letsoho lesobeng le lehlakoreng la hae e le hore Thomase a kholoe hore o fela a tsohile. (Johanne 20:24-27) Na hona ha ho bontše hore Jesu o tsositsoe bafung ka ’mele ola oo a khokhothetsoeng ka oona sefateng?

Che, hobane Jesu o mpile a apara ’mele oa nama joalokaha mangeloi a ne a ’nile a etsa nakong e fetileng. Hore a kholise Thomase hore na ke mang, a sebelisa ’mele o nang le masoba a maqeba. A hlaha e le motho oa nama ka ho feletseng, a ja le ho noa, joalokaha ho ile ha etsa mangeloi a kileng a amoheloa ke Abrahama.—Genese 18:8.

Le hoja Jesu a itlhahisitse ho Thomase ka ’mele o tšoanang le oo a bolailoeng ka oona, o ne a boetse a ba ka ’mele osele ha a itlhahisa ho balateli ba hae. Ke kahoo Maria Magdalena ka lekhetlo la pele a ileng a nahana hore ke molemi. Ka makhetlo a mang barutuoa ba Jesu ba ne ba sa mo hlokomele ka lekhetlo la pele. Ka makhetlo ana o ne a sa khetholloe ka ponahalo ea hae ea botho, empa ka polelo kapa ketso eitseng ea hae eo ba neng ba e lemoha.—Johanne 20:14-16; 21:6, 7; Luka 24:30, 31.

Nahana ka mokhoa oo Jesu a siileng baapostola ba hae ha a ea leholimong. Bibele e re: “A nyolosoa ba ntse ba mo talimile, ’me leru la mo tlosa mahlong a bona.” (Liketso 1:9) Eare ha Jesu a qala ho nyolohela sebakeng, leru la mo pata mahlong a baapostola ba hae. Ka baka leo, Jesu ea tlohang a nyamela ho bona. Ba ne ba sitoa ho mo bona. A ea leholimong ka ’mele oa moea. (1 Petrose 3:18) Mangeloi a neng a le teng ka nako eo a re ho baapostola ba hae: “Jesu eo ea nketsoeng leholimong a le har’a lōna, o tla be a tle ka mokhoa oo le ’moneng a e-ea leholimong ka oona.” (Liketso 1:11) Kahoo Kreste o tla khutla a sa bonahale, ka ’mele oa moea.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela