Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 6/1 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U Tla Tšepahala Joaloka Elia?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • O Ile a Tšelisoa ke Molimo oa Hae
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • O Ile a Tšelisoa ke Molimo oa Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Na U Kile Ua Ikutloa U se na Metsoalle U Bile U Tšohile?
    Ruta Bana ba Hao
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 6/1 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

▪ Ke hobane’ng ha Bajode ba bang ba ile ba nahana hore Johanne Mokolobetsi ke Elia, joalokaha ho boleloa ho Johanne 1:21?

Pele Jesu a kolobetsoa, baprista ba bang le Balevi ba tla Bethania ka mose ho Jordane, moo Johanne a neng a kolobetsa, ’me ba mo botsa hore na ke Kreste. Ha Johanne a itatola, ba botsa; “Ke ho re’ng? A u Elia na?”—Johanne 1:19-28.

Ke hobane’ng ha Bajode bao ba ne ba nahana hore Johanne e ka ’na ea e-ba moprofeta oa Moheberu Elia, ea neng a e-na le lilemo tse makholo a robong a shoele ka nako eo? Ke ka baka la boprofeta bo neng bo boletsoe lipakeng tsa mehla ea Elia le ho qaleha ha tšebeletso ea Johanne. Moprofeta oa Molimo Malakia o ne a hlile a bolela hore: “Bonang, ke ea le romela moprofeta Elia, ho e-so ho tle letsatsi la Jehova, le leholo, le tšabehang.” (Malakia 4:5) Ho totobetse hore Bajode ba bang ba ne ba utloisisa hore hoo ho bolela ho khutla ka nama ha Elia, mohlomong ka hore Molimo o mo tsose. Joale Johanne a hlaha a apere seaparo se boea le leqhama la letlalo ka ho tšoana le Elia. (Mattheu 3:4; 2 Marena 1:8) ’Me Johanne o ne a buella molaetsa oa Molimo a sa tšabe a biletsa pako, joaloka Elia. Eaba ba botsa Johanne kahoo hore na ke Elia.

Johanne a arabela, “ha ke eena.” Che, e ne e se moprofeta oa Moheberu Elia ka sebele, ea neng a sa robetse lefung. Ha e le hantle, lengeloi le ne le boleletse Zakaria (ntate oa Johanne) hore Johanne o tla sebeletsa ka “moea le ka matla a Elia,” ho sokollela Bajode ho Jehova. (Luka 1:17) Johanne e ne e ke ke ea e-ba Elia empa o ne a tla etsa mosebetsi o tšoanang le o entsoeng ke moprofeta Elia ea neng a ichoelle khale.

Tumellanong le sena, hamorao Jesu a bua tjena a hopotse Johanne: “Elia o se a tlile, ’me ha ba ka ba mo tseba.” (Mattheu 17:12) O ne a bolela hore Johanne o phethahalitse boprofeta ba Malakia 4:5. O ne a lekile tsela ka pel’a Messia. Leha ho le joalo, boholo ba Bajode bo ne bo sa amohele Johanne e le ea phethahatsang karolo eo. Ho feta moo ho ngoliloe ho Johanne 10:41 hore: “Johanne eena ha a ka a etsa mohlolo leha o le mong,” ha moprofeta Elia oa pele a entse lipontšo tse robeli kapa mehlolo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela