Tataiso e Ntle bakeng sa Bacha ba Kajeno
“Mamela mor’a ka; u amohele lipuo tsa me, . . . Hobane ke u ruta tsela ea bohlale.”—Liproverbia 4:10, 11.
1, 2. (a) Ke lipotso life tse tobisitsoeng ho bacha? (b) Likarabelo tse tšepahalang li ka fumanoa hokae?
JOALOKA motho e mocha, na u amehile ka bokamoso ba hao? Na ka nako e ’ngoe ho bonahala lefatše le tšosa? Na u rata ho tseba mokhoa oa ho thulana le mathata a bophelo le hore na tataiso e tšepahalang le bohlale bo botle u ka li fumana hokae?
2 Thuso e joalo u ka e fumana bukeng ea khale haholo e ipolelang hore e ka nea “mohlankana tsebo le kelello.” Ke buka efe? Ke buka ea Pr 1-9 LIPROVERBIA, ka Bibeleng. Haeba u mocha, u lokela ho bala buka eo ea Bibele, kaha e ka u thusa hore u thabe u be u sireletsehe. Haeba u motho e moholo, haholo-holo motsoali, buka eo e ka u thusa hore u bone mokhoa oo ka oona u ka thusang bana kapa metsoalle e menyenyane hamolemo. Likhaolo tsa pele tse robong tsa Liproverbia li fana ka keletso joalokaha eka e tsoa ho ntate ea lerato e leba ho mora oa hae. O re: “Mamela mor’a ka; u amohele lipuo tsa me, . . . Hobane ke u ruta tsela ea bohlale.”—Liproverbia 1:1-4; 4:10, 11.
3. Buka ea Liproverbia e fana ka boitsebiso bofe ba bohlokoa ho bacha?
3 Koana, hase bohle ba batlang thuso e joalo. Batho ba bang ba ikhethela ho etsa lintho ka tsela ea bona. Ha ba batle keletso, leha e le e tsoang ho Molimo. Empa Liproverbia e re: “Ea bohlale a utloe, ’me o tla eketsa tsebo.” (Liproverbia 1:5) Buka ena e bontša mokhoa oa ho fumana bophelo bo thabileng haholoanyane. E sebetsana le molao oa boitšoaro. E bontša liphello tse monate tsa ho phela ka mokhoa o nepahetseng. E ka u thusa ho etsa liqeto tse bohlale. E bontša hore bohlale le tsebo lia thabisa le hore ho lula hole le ba bakang likhathatso ho ka boloka bophelo ba hao. Buka ea Liproverbia e fana ka tataiso e bohlale, bakeng sa lōna bacha le batho ba baholo ho lona.
Bohlale le Kelello
4, 5. (a) Bohlale bo fumaneha ha batsi hakae? (b) Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba sa mamele? (c) U nahana hore tsela e bohlale ke efe? Hobane’ng?
4 Molimo o bōpileng lintho tsohle hape ke mohloli oa bohlale. O batla hore tsela ea oona ea bohlale e tsejoe. O etsa hore e boleloe “mapatlelong” e le hore bohle ba utloe. Empa batho ba bangata ha ba batle ho mamela. Ba bangata ha ba batle mohloli oo e hlahang ho oona. Liproverbia e re: “Qalo ea bohlale ke ho tšaba Jehova.” Hape: “Ho tšaba Jehova ke motheo oa tsebo; empa ba maoatla ba nyelisa bohlale le thuto.”—Liproverbia 1:20; 9:10; 1:7.
5 Batho ba bangata ha ba batle ho mamela Molimo. Ba rata lintho kamoo li leng kateng, empa ‘ho tšaba Jehova e le ho hloea bobe.’ (Liproverbia 8:13) Ho tšaba Jehova ho ne ho tla ba etsa hore ba ipoloke ba sa etse lintho tse sa mo khahliseng. Tsela ea bohlale ke ho ithuta litsela tsa hae le metheo le ho mo mamela ho feta mang kapa mang. Hona ho tla u thibela ho etsa lintho tse tla u bakela lihlong, kotsi, masisa-pelo, kapa tsa ba tsa u bolaea.
6. U lokela ho etsa joang hore u hlalefe?
6 Le hoja bohlale bo fumaneha ho bohle, u tlameha ho iteka hore u bo fumane. Ho hlokahala u bo batle, u bo sebeletse ’me u bo nke e le ntho ea bohlokoa. Hona ho hloka nako le boiteko. Ho ka ba hotle hore u ipotse: ‘Hantle-ntle ke phela bophelo ba mofuta ofe? Lipakane tsa ka ke life? Na ke senya boholo ba nako linthong tseo e seng tsa molemo oa letho, kapa na ke sebelisa nako eo ke nang le eona bocheng ba ka ho rafa tsebo le bohlale?’ Bohlale ke ba bohlokoa ho feta mahakoe, “’me tsohle tse hlokolotsi ha li na le ho bapisoa le bona.” (Liproverbia 8:1, 5, 6, 11) Na u bo rafa joalokaha u ne u tla ho etsa ka silevera, kapa matlotlo a patiloeng? Liproverbia e re: “Ua e batla joale ka silevera, ua e rafa joale ka matlotlo a patiloeng mobung; ke moo u tla tseba ho tšaba Jehova, u fihlele tsebo ea Molimo; hobane Jehova ke eena ea fanang ka bohlale; tsebo le kutloisiso li tsoa molomong oa hae.” Na u ikitlaetsa ka mokhoa o joalo ha u ithuta Lentsoe la Molimo?—Liproverbia 2:4-6.
7. (a) U ka etsa joang ho nolofatsa ho ithuta le ho rua tsebo? (b) Ke hobane’ng ha hona ho lokela boikitlaetso?
7 Mohlomong u ntse u inahana: ‘Empa ha ke batle ho ithuta—ho bala hoa ntena!’ Empa ha u ntse u eketsa ho bala, ho bala ho ba bonolo haholo. Ha u ithuta haholoanyane, ho ithuta ho ba bonolo haholoanyane. U kopanya boitsebiso bo bocha le lintho tseo u seng u li tseba, ’me u li utloisisa hamolemo. Ha u ntse u iteka, Molimo o-oa u hlohonolofatsa. Ha tsebo ea hao le kutloisiso li hōla, u tla thabela ho ithuta haholo, ’me lintho tseo u ithutang tsona Lentsoeng la Molimo li tla u sireletsa lefatšeng la kajeno. Hona hase bokheleke ba puo feela kapa takatso. Ke taba, ’nete, joalokaha Liproverbia e re: ‘Ha bohlale bo kena pelong ea hao ’me tsebo ka boeona e fetoha monyaka moeeng oa hao, matla a ho nahana a tla u lebela, masene a u sireletse, ho u loela tseleng e mpe, ho motho ea buang lintho tse fosahetseng, ho ba lahlang litsela tsa ho loka ho tsamaea litseleng tsa lefifi.’—Liproverbia 2:10-13, NW.
Bokebekoa ha bo na Moputso
8, 9. Ke mathata afe, a tloaelehileng metseng e meholo ea kajeno, ao Liproverbia e buang ka oona, ’me e fana ka keletso efe ea bohlokoa ntlheng ee?
8 Buka ena (Liproverbia) ha e sebetsane feela le mathata le meleko tse neng li tloaelehile ho bacha ba mehleng ea Bibele empa le ba hona joale. Metseng e meholo ea kajeno bokebekoa, pefo, lihlopha tsa botlokotsebe tsa bacha le batho ba tlatlapang bacha li atile. Buka ena ea khale haholo e fana ka litemoso life tse tla thusa ho u sireletsa mathateng a joalo?
9 E lemosa ka ho se itsoakanye le batho ba fosahetseng. E re: “Mor’a ka, ekare ha baetsalibe ba rata ho u hoka, u se ke ua ba ua lumela. Ha ba re: Tlo le rōna, . . . re tla fumana matlotlo a bohlokoa, re tlatse matlo a rōna ka thepa e hapiloeng; u ikopanye le rōna, ’me re tla teanela lichelete mokotleng o le mong. Mor’a ka, u se ke ua ea ka tsela ea bona, u fapose leoto la hao ’mileng oa bona. Hobane maoto a bona a mathela bobeng, ba thootheletsoe ho tšolla mali.”—Liproverbia 1:10-16.
10. Liproverbia e re’ng ka litsela tsa ba khopo, ’me ke hobane’ng ha hona e le habohlokoa?
10 Haeba u ka teana le batho ba likebekoa, u balehe. Salomone o ngolile: “U se ke ua honohela ba bolotsana, u se ke ua lakatsa ho lula le bona; hobane pelo tsa bona li rera tšenyeho, melomo ea bona e bolela bobe.” (Liproverbia 24:1, 2) Hopola: Bokebekoa ha bo na moputso. Le haeba ho se motho ea u tšoarang, Molimo oona o-oa bona. Ke booatla bo bokaakang hore u lahleheloe ke bophelo bo sa feleng ka baka la melemo e ’maloana! Liproverbia e eletsa bacha, hammoho le batho ba baholo: “U se ke ua kena tseleng ea ba bolotsana, u se ke ua hata le ’mileng oa bakhopo. Sikoloha, u se ke ua ba ua leba teng, u khelohe, u iphetele. . . . u mpe u tšabise leoto la hao bobe.”—Liproverbia 4:14, 15, 27.
Jehova a Tle Pele
11. Ke mahlohonolo afe ao u tla a fumana ka ho tsamaea ka botšepehi le ka ho etsa lintho ka tsela ea Jehova?
11 Tsela ea bokhopo e fapane ho hang le tsela ea bohlale. Liproverbia e bolela hore Jehova ke “thebe” ho ba tsamaeang ka botšepehi le hore o tla “lisa tsela ea bakhethoa ba hae.” (Liproverbia 2:7, 8) Tebello ea bophelo bo sa feleng o e bea ka pel’a ba etsang se nepahetseng. “Hobane ba lokileng ba tla aha lefatšeng; ba hloekileng ba tla le rua.” (Liproverbia 2:21) Ka ho etelletsa Jehova pele, u tla hlohonolofatsoa haholo. “Tlotlisa Jehova ka moruo oa hao, le ka lilopotsiea tsa tsohle tse u atetseng. ’Me meliko ea hao e tla tlala, e phanya-phanye, mafiso a hao a tlale veine e monate.”—Liproverbia 3:9, 10.
12. Re na le mehlala efe ea bacha ba etelletsang Jehova pele, ’me ba thabela meputso efe?
12 Bacha ba bangata ba etsa joalo ka sebele kajeno. Jehova o tla pele bophelong ba bona. Bocha ba bona ba bo qeta tšebeletsong ea nako e tletseng, ba sebetsa e le basebeletsi ba bo-pula-maliboho kapa ba sebeletsa mahaeng a Bethele moo ba etsang Libibele le libuka tse thusang ba bang ho ithuta ka Molimo. Ba botse hore na e be Jehova o ba hlohonolofalitse. Ho tloha botebong ba lipelo ba tla u bolella hore o ho entse haholo le hore ba na le matlotlo a mangata haholo ka tsela ea moea ho feta lithaka tsa bona tseo sepheo sa tsona e leng pakane ea matlotlo a bonahalang.—Liproverbia 10:9; 15:16.
Meleko ea Boitšoaro
13, 14. (a) Satane o sebelisitse takatso efe e ’ngoe? (b) Na hona ke bothata bo boholo sebakeng se u leng ho sona kajeno?
13 Baphatlalatsi ba sebelisa botona kapa botšehali hore ba rekise thepa ea bona. Satane o sebelisitse likamano tsa botona le botšehali tse litšila ho leka bahlanka ba Molimo. Ka mohlala, Baiseraele ba baloang ka likete, ba neng ba hlotse lefeelleng ka lilemo tse telele ’me qetellong ba fihla meeling ea Lefatše la Pallo, ba ile ba oela bohloleng ’me ba felloa ke bophelo.—Numere 25:1-9.
14 Batho ba sa batleng ha bacha ba hlokomelisoa ka kotsi ena ba iphoufaletsa maemo a lefatše la kajeno. Limakasine tse silafetseng, libaesekopo tse litšila, mabenkele a rekisang lintho tse buang ka likamano tsa botona kapa botšehali, bootsoa le botekatse li bonoa mapatlelong a rōna. Likhaolo tsa pele tse seng kae tsa Liproverbia li na le temoso e matla ka meleko e joalo ea botšoaro bo bobe.
15. Liproverbia e fana ka temoso efe ka boitšoaro bo bobe?
15 Li bolela ka mosali oa letekatsi ea lekang bacha ba se nang tsebo. Rea bala: “Molomo oa mosali oa seotsoa o rothisa linotši, lehano la hae le boreleli joale ka mafura. Empa bofello ba taba tsa hae bo baba joale ka lengana, bo hlaba joale ka lerumo le mahale a mabeli. Maoto a hae a theohela lefung, . . . Tsela ea hao u e fetise hole le eena, u se ke ua atamela monyako oa ntlo ea hae; e se re mohlomong oa nea ba bang bokhabane ba hao, le lilemo tsa hao ua li senyetsa ho ea soro.”—Liproverbia 5:3-14; 2:16-19; 6:27-29, 32.
16. Ho ka etsahala joang ka motho ea sa baleheleng litlhahiso tsa boitšoaro bo bobe ka potlako?
16 Hape li bolela ka mohlankana ‘ea se nang tsebo,’ “ea hlokang kutloisiso,” ea mamelang likeko le litlhahiso ’me ka lihlong a felloa ke boitšoaro bohle. “A mo hlola ka molomo o qekisang. Eaba mohlanka eo o mo latela ka bonolo joale ka khomo e busoang lekaba, . . . e sa tsebe hoba se chehetsoe ho phela ha eona.” Hase eena feela ea tlosoang mohaung oa Jehova ho theohela lefung, hobane “bao a ba bolaileng ba bangata ho fetisisa.”—Liproverbia 7:6-27.
17. Bohlola bo bobe hakae ponong ea Jehova?
17 Le hoja litemoso tsena li tobisitsoe bahlankana, li sebetsa ka mokhoa o tšoanang le ho baroetsana. Ho sa tsotellehe hore na batho ba nahana joang ka phello ea bohlola, maikutlo a Jehova a hlakile. Ke tsela ea lefu. Bo ka u ntša tseleng ea lefatše la paradeise leo Molimo o tla le tsosolosa. “Ana ha le tsebe hoba bakhopo ha ba ka ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo na? Le se ke la lahleha: Ha e le ba litšila, ha e le ba rapelang litšoantšo, ha e le baboki le bafebi, leha e le basodoma . . . ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo.”—1 Ba-Korinthe 6:9, 10; Ba-Efese 5:5.
18. (a) Na keletso ea Bibele ka boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali ke moroalo? Ke hobane’ng ha u arabela joalo? (b) Liproverbia e fana ka keletso efe e ntle tabeng ee?
18 Ho se be motho ea ikutloang hore ho sebelisa keletso e bohlale ea Bibele ka boitšoaro ba botona le botšehali ke moroalo. Ho bolela tlhalano e nyenyane, malapa a fokolang a qhalanang, bana ba fokolang ba litlokotsebe, bootsoa bo theohileng, mona o fokolang, malapa a thabileng haholoanyane le bophelo bo thabisang haholoanyane. Ka puo ea bokheleke bo boholo Liproverbia e khothalletsa tsela ena e bohlale. E bolela hore ho se batloe monyaka mapatlelong, leha e le ho motho ea boitšoaro bo bobe kapa bathong ba sa tšoaneng, kahoo u qhalanyetsa seliba sa hao ka ntle. E khothalletsa hore, ha u le lenyalong, u thabe le molekane oa hao, ho e-na le hore ka ho hloka boitšoaro u ichehe ka ba bang. Mofokoli ofe kapa ofe a ka ineela takatsong ea botona kapa botšehali, empa tsela ea Mokreste oa ’nete ke hore a ikhule likamanong tsa botona le botšehali ho fihlela a kena lenyalong e be joale o li thabela feela le molekane oa hae oa lenyalo.—Liproverbia 5:15-23.
Mosebetsi le Boikhantšo
19. Liproverbia e fana ka keletso efe mabapi le mosebetsi?
19 Liproverbia li re thusa ka tsela e ’ngoe hape. E buella ntho e ’ngoe e sa khahleng bacha ba bangata—ho sebetsa ka thata. Hona ho sebetsa sekolong, mosebetsing, kapa tšebeletsong ea kamehla ea Bokreste. E-ea eletsa: “E-ea ho bohloa, u qamake mekhoa ea bona, u tle u hlalefe.” Joaloka bohloa bo maphatha-phatha, Mokreste o tla etsa mosebetsi oa letsatsi ka botšepehi ntle ho hore mong a hae a mo shebe.—Liproverbia 6:6-11; Ba-Efese 6:5; Tite 2:9, 10; Ba-Heberu 6:10-12.
20. (a) Ke eng hape e hloiloeng ke Jehova? (b) U ka sebelisa keletso ee joang bophelong ba hao?
20 Hape, ke habohlokoa hore u se be moikhohomosi kapa ea bakang likhathatso. “Ho na le ntho tse tšeletseng tse hloiloeng ke Jehova; nka re, li supile tseo e leng manyala ho eena. Ke mahlo a boikhohomoso, ke leleme le mano, le matsoho a tšollang mali a se nang molato; ke pelo e rerang merero e mebe, le maoto a lebelo ho mathela bobeng; ke paki e lehata, e bolelang mashano, le ea jalang liphapang bathong ba mofuta o le mong.”—Liproverbia 6:16-19.
Lelapa Leno
21. Liproverbia e u nea keletso efe mabapi le batsoali, ’me ke hobane’ng ha e le ea bohlokoa?
21 U se ke ua hlokomoloha thuso eo u e fumanang lelapeng leno. Liproverbia e re: “Mor’a ka, boloka litaelo tsa ntat’ao, u se ke ua furalla thuto ea ’m’ao. . . . Ha u tsamaea, li tla u tsamaisa; leha u robetse, li tla u lebela; etlare ha u tsoha borokong, li u buise.” (Liproverbia 6:20-22) Hona ke ’nete haholo haeba batsoali ba hao e le bahlanka ba Molimo. Empa le haeba ba sa lumela ba bone lintho tse ngata tseo u s’o li bone, ’me tataiso ea bona e ka u ntša khathatsong e ngata.
22. (a) Ho ka thoe’ng ka bohlokoa ba ho itšeba le batsoali ba hao bocheng? (b) U ka ithuta eng ho Ba-Heberu 12:11 le Liproverbia 4:10-13?
22 Le ka mohla u se ke ua lumella nako ea bocha e u tlose ho batsoali ba hao, joalokaha ho entse bacha ba bangata hakana. U ka ’na ua nahana hore batsoali ba hao ba fetiloe ke linako, kapa “ha ba ikamahanye.” Empa ba ka u thusa hore u tsitse nakong ena ea phetoho. Bua le bona. Leka hore ba mamele mathata a hao. Ha ba batle ho u khina kapa ho u qotetsa tseleng e sephara ea bophelo, empa ba batla ho u thusa hore tsela ea hao e be molemonyana. Ke ’nete hore bacha ba batla ho etsa lintho ka tsela ea bona ’me hangata ba hlonamela keletso; empa ha ba ikokobetsa ho tla tlosa bohloko bo bongata ba hona. Motho ea ikokobelitseng o tseba hore o-oa fosa, ’me o ananela boiteko ba ba bang ba ho thusa. Liproverbia e re: “U laee mohlalefi, eena o tla u rata.”—Liproverbia 9:8, 9; Ba-Heberu 12:11; Liproverbia 4:10-13.
23. Ho uena lintlha tsa sehlooho tsa thuto ee ke life?
23 Kahoo, bohlale ba bomolimo bo ka fumanoa ke bacha kajeno. Le haeba u se na tsebo u ka ithuta ua ba ua utloisisa. Bohlale boa u hoeletsa. Bo bua ka “tse kholo” ’me “tsohle tse hlokolotsi ha li na le ho bapisoa le bona.” (Liproverbia 8:6, 11) Ho rua tsebo le bohlale, u tlameha ho ithuta le ho rafa, joalokaha u ne u tla etsa ka letlotlo la bohlokoa haholo. “Ea mphumanang [bohlale] o fumane bophelo, ’me o tla bona mohau ho Jehova.”—Liproverbia 8:35.
Ha u balile sehlooho sena, mohlomong hape u lakatsa ho bala Liproverbia likhaolo 1 ho ea ho 9, tseo se theiloeng ho tsona.
Na u Hopola Lintlha Tsee?
◻ Buka ea Liproverbia e nea bacha ba kajeno thuso efe?
◻ Ke hobane’ng ha batho ba bangata hakaale ba hana thuso eo?
◻ Boteng ba bohlale bo lokela ho ba le phello efe bophelong ba hao?
◻ Liproverbia e lemosa ka meleko efe e tloaelehileng metseng e meholo ea kajeno?
◻ Ke hobane’ng ha keletso ea Bibele ka boitšoaro ba botona le botšehali e se moroalo?
◻ Bacha ba ka fumana thuso efe malapeng a bo bona?
[Lebokose le leqepheng la 24]
TSEBO, BOHLALE LE KUTLOISISO
Buka ea Liproverbia e bua ho hongata ka mantsoe ana a mararo. A fapana kae?
TSEBO ke ho tloaelana le linnete, tseo mohlomong u ithutileng tsona ha u ntse u ithuta, u hlokomela lintho kapa ka seo u thulaneng le sona. Motho ea bohlale “o ipokellela tsebo” ’me o e etsa seliba seo a ntseng a kha ho sona.—Liproverbia 10:14.
BOHLALE bo tsoakanya tsebo le boahloli bo botle. Ke matla a ho sebelisa tsebo ka tsela e atlehileng, ho rarolla mathata le ho qoba likotsi. E kenyelletsa bophara ba tsebo le botebo ba kutloisiso tse etsang hore motho a ahlole ka botle le ka ho hlakileng. Haeba u ne u e-na le tsebo empa u sa tsebe ho e sebelisa, u ne u tla haelloa ke bohlale. “Sehloho sa ntho tsohle ke bohlale,” hobane ha bo le sieo tsebo hase ea bohlokoa haholo.—Liproverbia 4:7.
KUTLOISISO Joale u utloisisa phapang pakeng tsa tsebo le bohlale—u ka Ii khetholla kapa oa ahlola pakeng tsa tsona. U ka ’na ua latela tsela hobane e khothalletsoa ke Molimo, empa haeba u utloisisa lebaka leo e khothalletsoang ka lona, morero o motle oo e o phethang le melemo eo e e tlisang, boikemisetso ba hao bo ba matla haholoanyane. Liproverbia li na le boitsebiso bo thusang hore u utloisise hore na ke tsela efe e nepahetseng kapa e fosahetseng empa hape le hore na ke hobane’ng ha hona e le ’nete.