Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 6/1 maq. 25-31
  • Moprista o Fumana ’Nete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Moprista o Fumana ’Nete
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Qalo ea Bophelo Spain ea K’hatholike
  • Ho Kenngoa Litlamong ka Baka la Letsoalo
  • Tlhakiso e Matla ea Ho ba Moprista
  • Lipelaelo tsa ka tsa Pele
  • Phephetso Thutong ea ka ea Bolumeli ea K’hatholike
  • Ke Eteloa ke Lipaki tsa Bolivia
  • Thuto ea K’hatholike e Thulana le Thuto ea Bibele
  • Tšohanyetso ea Baokameli ba ka
  • Tokoloho Qetellong!
  • Thuto ea Bolumeli ea Batho ‘ke Lithōle Feela’
  • Kamoo ke Ileng ka Nyorolloa Kateng Moeeng
    Tsoha!—2003
  • Kereke ea K’hatholike Spain— Ke Hobane’ng ha ho na le Bothata?
    Tsoha!—1990
  • Ho Bea ‘Letsoho la ka Mohomeng ’me ke sa Hetle’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lebaka Leo Moruti a Ileng a Nyahlatsa Kereke
    Tsoha!—2015
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 6/1 maq. 25-31

Moprista o Fumana ’Nete

Kamoo ho boletseng Julio Iniesta García

HA U nahana ka baprista ba “Majesuti” u hopola eng? Ho batho ba bangata ho tla boikutlo bo potlakileng, bo qalang ka hlompho e tebileng, e fellang ka ho hloka thabo ho feletseng. Ho Mok’hatholike ea itekanetseng ba tšoana le sehlopha se lauoeng haholo sa baprista ba rutang le baromuoa. Ho ba bangata bao e seng Mak’hatholike molumo oa lentsoe ke o tšoanang le o libukeng tse ling tse hlalosang mantsoe: “mothetsi kapa ea leshano [ea teme-peli ka morero oa ho khelosa].”

Ho fihlela ka Pulungoana 1977 ke ne ke le moprista ea khethiloeng oa Mokhatlo oa Jesu, kamoo sehlopha sa boprista ba rōna se tsebisahalang kateng. Eaba kea tlohela. Mohlomong u lakatsa ho tseba hore na ke hobane’ng ha ke ile ka ba moprista le hore na ke eng e nketseng hore ke latole boprista kamorao ho lilemo tse mashome a mabeli a metso e mehlano.

Qalo ea Bophelo Spain ea K’hatholike

Ke hlahile selemo ka 1918, ke le ngoana oa boraro lelapeng le qetelletseng le e-na le bana ba leshome. Ntate o ne a e-na le bara e nang le ntlo ea lijo, lebitso la eona e le Nigeria, e le Murcia, Spain ka boroa bo ka bochabela. Joaloka motho e mong le e mong oa Spain oa mehleng eo ka rutoa ka thuto ea motheo ea bolumeli ba K’hatholike, ka Sontaha ke ea ’Miseng, maipolelong ka labohlano, joalo-joalo.

Ha ke le ngoana ke ne ke se na khotso moeeng ’me ke e-na le takatso e matla ea ho sebeletsa Molimo le oa heso. Eaba ke etsa qeto ea ho ba setho phuthehong ea Marianist ea Murcia. Sena e ne e le sehlopha sa bacha, haholo liithuti tsa univesithi le tsa likolo tsa mathomo tse phahameng, se tsamaisoang ke baprista ba mokhatlo oa Jesu. Kamorao ho nakoana ka khetheloa ho ba sebui limmishoneng ’me joale ka qala ho utloa takatso e matla ea ho sebeletsa ke le moromuoa oa K’hatholike. Nakoana kamorao ho moo liketsahalo tse bohloko tsa ntoa ea Spain ea ka lapeng tsa nkholisa haholo hore hoa hlokahala ho sebeletsa Molimo le batho ba bang.

Ho Kenngoa Litlamong ka Baka la Letsoalo

1936 ea fihla le ho qhoma ha Ntoa ea ka lapeng ea Spain. Ha ke le lilemo li leshome le metso e robeli ka biletsoa ho ea sireletsa ’muso oo ’na ke neng ke re ha o lumele hore Molimo o teng. Kaha ke ne ke nka hore hase botho ho nka lihlomo ho loantša banab’eso ba Mak’hatholike, ka hana ha ke biletsoa tšebeletsong ea sesole. Eaba kea tšoaroa ’me hamorao ka ahloleloa lilemo tse mashome a mabeli ke sebetsa ka thata. Kahoo, ha ke le lilemo li leshome le metso e robeli ke ile ka talimana le seo ho neng ho bonahala e le ho kena litlamong ka ho sa feleng. Hoba ho fete likhoeli tse seng kae ka isoa kampong ea tšebetso e thata San Pablo de los Montes, seterekeng sa Toledo, Spain bohareng.

Hoba ke hlole likhoeli tse leshome le metso e robeli moo, li shota ’me nako le nako re ntse re tšepisoa lefu, mabotho a Franco a hlōla, ’me ra lokolloa. Ke imolohile, ka khutlela hae Murcia.

Ke ne ke bile mahlomoleng a mangata ’me ka bona leha ba bang ba ba mahlomoleng, empa ha nka ka felloa ke tumelo ho Molimo. Ka bobe e le kobo-anela lefatšeng ka utloa takatso e ntseng e phahama ea ho sebeletsa ke le moromuoa. Ka baka la ho kopana ha ka le ba mokhatlo oa Jesu ka ikemisetsa sepheo sa ho tšoaneleha hore nka amoheloa ka Mokhatlong oo. Ho ne ho sa fihleloe habonolo. Taeo ea sehlopha sena e hloka likano tsa kutlo, bofuma le bohloeki. Ka amohela hore nke ke ka nyala bophelong, le hoja ke ne ke e-na le takatso ea tlhaho ea mohlankana e mong le e mong. Ho feta tsohle, ke ne ke batla ho sebeletsa Molimo ke be moromuoa.

Tlhakiso e Matla ea Ho ba Moprista

Ka 1947 baprista ba mokhatlo oa Jesu ba etsa hore ke fete liteko tse ngata tsa kutlo le boikokobetso ho bona haeba ke tla tšoanelehela ho kenela koetliso. Ka thaba ha ke amoheloa bakeng sa tlhakiso ea mathomo ho kena bophelong ba mokhatlo oa Jesu bo nang le taeo. Qetellong, ha ke le lilemo tse qetellang mashome a mabeli, ke bile tseleng ho ba moromuoa. Ka pel’a ka ho ne ho sa saletse lilemo tse leshome le metso e ’meli tsa boithuto bo matla le liteko tse matla tsa botho.

Ka mohlala, lilemo tsa pele tse peli ke le moithutoana li ne li akarelletsa matsatsi a mashome a mararo ke etsa mesebetsi e khesehang, e kang ho koropa fatše le ho hloekisa matloana. Ke hopola ka lekhetlo le leng ke qeta ho hlatsoa fatše ’me “borotoro” a tla ho tla hlahloba mosebetsi oa ka. Ho leka boikokobetso ba ka le kutlo ka boomo feela a raha nkho ea metsi a litšila e le hore nka qala fatše hape.

Matsatsi a mang a mashome a mararo ka a qeta ke etela metse le baithutoana ba bang, ’me hore re phele re ne re sebelisa lithuso tseo re li fumanang. Matsatsi a mang hape a mashome a mararo a ne a neetsoe mosebetsing oa ho sebetsa sepetlele, har’a batho ba kulang ba jeoang ke mafu a tšoaetsanoang.

Ka 1949 ka qala lithuto liseminaring San Cugat del Vallés, Barcelona, le Buenos Aires, Argentina. Ho ne ho akarelletsoa lithuto tsa “philosophy,” kelello, bolumeli, boitšoaro le boprista. Ke ka nako eo moo ke ileng ka fumana kabelo ea ka ea pele ea boromuoa, ke le tichere sekolong sa San Calixtus, La Paz, Bolivia.

Qetellong, ha ke le lilemo li mashome a mararo a metso e robong, ha fihla letsatsi leo e leng khale le letetsoe la ho khetheloa boprista ba mokhatlo oa Jesu, e ne e le la 29 Phupu, 1957. Joale, moo ho leng teng mobishopo oa sebaka, ka oa ka sefahleho fatše kerekeng ea thuto ea bolumeli ea San Cugat del Vallés, e le pontšo ea boikokobetso le kutlo.

Ka khutlela Bolivia moo ke ileng ka ikhethela ho sebetsa har’a bafumanehi ’me ka abeloa ho ba moprista oa pharishe Uncía, motse oa merafo holimo lithabeng tsa Andes. Hamorao ka sebetsa Cochabamba ke le moprista oa pharishe ea Santa Vera-Cruz. Mosebetsi oa ka oa nkenya botichereng ’me ka fumana monyetla oa ho thea likolo tse phahameng tsa mathomo tse supileng le likolo tse phahameng bakeng sa mafutsana. Ka 1972 ka boela ka isoa sebakeng se seng, ka lekhetlo lena ka ea motseng oa Sucre le pharisheng ea San Miguel.

Lipelaelo tsa ka tsa Pele

Ke ha ke ntse ke sebetsa lipharisheng tsa ba futsanehileng Bolivia ha ke qala ho belaela. Ha lia qala ka ho belaela ka Kereke empa ka baemeli ba eona. Ka mohlala, khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ke ne ke tlameha ho nea mobishopo oa sebaka seo karolo eitseng ea likoleke le litefiso bakeng sa ’Misa e khethehileng, manyalo, liphupu, le tse ling. Kaha pharishe ea ka e ne e le ea mafutsana, karolo ea mobishopo e ne e le nyenyane. Ke ne ke utloa bohloko haholo ha a tabola enfolopo ’me ka ho nyefola a re: “Ke phetho moneelo oo u ntlisetsang oona o makatsang oo?” ka ho hlakileng ‘licheletana tse peli tsa mohlolohali’ e ne e se letho ho eena.—Luka 21:1-4.

Ke ne ke sa batle ho lefisa batho ba pharishe ea ka bakeng sa litšebeletso tsa bolumeli tseo ba li etsetsoang, ’me hona ea e-ba mohloli oa khohlano. Ke ne ke le seli haholo ka seo ke se balileng mangolong a Melaetsa: “Le neiloe feela, neang feela.” (Mattheu 10:8) Empa, ka bolelloa hore bohato bona ba phetoho ha boa lumelloa, “e le hore ho se neoe lithahasello tsa baprist ba bang maikutlo a mabe” lipharisheng tse ling.

Empa leha ho le joalo lebaka le leng le neng le ntšoenya ke ho utloisisa habonolo ha bolaoli ho amohela le ho lumella maikutlo a libaka a bohedene borapeling ba Cristo de la Vera-Cruz (Kreste oa Sefapano sa ’Nete), seo e neng e le seemahale kerekeng ea pharishe ea ka. Mabakeng a mangata e ne e le pontšo e totobetseng ea ho chesehela bademona ka ho feteletseng. Ho phaella moo, mekete ena ea bolumeli e ne e tsamaea le botahoa bo bongata, empa ha ho motho ea ikarabellang ea kileng a bua ka menyaka ena ea botahoa.

Kamorao ho lilemo tse hlano ke le Sucre ka kōpa tumello ea hore ke etele ntate ea kulang Spain. Nahana hore na ke ile ka makala hakaakang ha ke fihla Barcelona ho tseba hore likhaitseli tsa ka Lola (Dolores) le Angelita (Angeles), ba ithuta Bibele le sehlopha sa Bakreste se bitsoang Lipaki tsa Jehova. Ke ile ka makatsoa haholo ke ho fetoha ha Lola kaha ha ho mohla a neng a kile a tsotella litaba tsa moea haholo, empa joale ke enoa o ithuta Bibele! Kaha ke ne kea s’o kopane le Lipaki Bolivia, ka rera hore ke tla hlahloba seo li se rutang. Likhaitseli tsa ka tsa mpha buka e nyenyane ea “Make Sure of All Things; Hold Fast to What is Fine,” eo ke ileng ka e bala kapele. Ka makala empa ke thabile ho bona hore Lipaki li thea tumelo ea tsona ho hang Bibeleng. Ho tloha bonyenyaneng ba ka ke ne ke hlompha Bibele ka mehla ’me ke e sebelisitse e le motheo oa boinahano ba ka ba letsatsi le letsatsi ho fapana le libuka tsa bo-ntate ba kereke kapa bophelo ba “bahalaleli.”

Phephetso Thutong ea ka ea Bolumeli ea K’hatholike

Joale ke ne ke batla ho bona Lipaki ketsong, ho bona hore na li sebelisa seo li se bolelang. Likhaitseli tsa ka tsa ’memela Holong ea ’Muso ea moo Lipaki tsa moo li tšoarelang liboka tsa tsona teng. Ka ba teng sebokeng seo sa pele ke tletse litaba le lekhonono le lengata. Empa ka bontša boiphapanyo haholo. Ke ile ka khahloa haholo ke ho bona banna, basali le bana ba baikokobetsi bao kaholimo ho tsohle ba neng ba batla ho etsa thato ea Molimo. Seo ke neng ke hlōlehile ho se etsa Bolivia se ne se le hona mona ka pel’a mahlo a ka—sehlopha sa Bakreste ba ’nete. Hona ka sebele e ne e tlameha e be ke mosebetsi oa moea o halalelang.

Le hoja ke ne ke lumellane le boholo ba seo ke se balileng bukeng ea tsona, ho ne ho e-na le lithuto tse ngata tseo ke sitoang ho li amohela. Ka tsebisoa e mong oa baholo ba phutheho, Enrique Lleida, monna ea lilemong tse qalang tse mashome a mahlano, ’me ka nako eo a sebetsa mosebetsi o tlase femeng ea metsoako. Kea hopola hore re ile ra buisana halelele ka koloing ea hae, ’me ke moo ke ileng ka hlahisa likhanyetso tsa ka tse matla lithutong tsa Lipaki. Ho fapana le Lipaki tsa Jehova ke ne ke kholisehile hore kannete ’Mele oa Kreste o teng (bohobeng) ’Miseng, ’me hape ke ne ke lumela hore moea oa ka o tla ea ho ea ba le Kreste, eo hape e neng e le Molimo. Lipelaelo tsa ka ha lia felisoa feela ka puisano e le ’ngoe. Leha ho le joalo, hoo e ka bang nakong eo ntate a shoa ’me ka khutlela Bolivia.

Ke Eteloa ke Lipaki tsa Bolivia

Ka ho ikopela ha ka ka neoa kabelo e ’ngoe ’me ka khutlisetsoa pharisheng ea Santa Vera-Cruz e Cochabamba. Moo ka nchafatsa boikemisetso ba ka ba ho batla ’nete le ho ‘tiisa tsohle’ e le hore ke qobe ho nka mohato o fosahetseng. (1 Ba-Thessalonika 5:21, NW) Ka eteloa ke Lipaki tse peli tsa baikokobetsi tsa Bolivia. E ne e le Ginés Navarro, motho oa Spain ea tsoang Catalonia, le Ariel Araoz, letsoalloa la Bolivia. Ka khahloa ke boikokobetso ba bona le kholiseho. Ba ne ba sa batle hore re phee khang, e leng hoo ke ileng ka ho ananela haholo; empa, ho e-na le hoo, ra fapanyetsana maikutlo hamonate.

Ho sa tsotelehe mosebetsi oa ka o mongata oa pharishe, ha etsoa litokisetso tsa hore ke qalise boithuto bo laolehileng ba Bibele, ho sebelisoa buka “Make Sure of All Things; Hold Fast to What is Fine.” Ka mantsiboea hangata, kamorao ho ’Misa, ke ne ke leba Holong ea ’Muso moo ke neng ke thabela ho utloa Lentsoe la Molimo le ho ithuta Molula-Qhooa.

Thuto ea K’hatholike e Thulana le Thuto ea Bibele

Mohlomong e ’ngoe ea lithuto tseo ke ileng ka li lahla habonolo ke ea moea o sa shoeng, ka liphello tsohle tsa eona (tlhokofatso ea mollo oa lihele, pelekatori, limbo, le tse ling). Ka hlakisetsoa tsela ke temana e bonolo haholo. Ke Genese 2:7, e reng: “Jehova Molimo a bōpa motho ka lerōle la lefatše, ’me a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea ho phela, ’me motho ea e-ba moea o phelang.” Tlaleho ha e re motho a neoa moea o phelang o neng o tla pholoha lefung, empa hore e bile moea. Kahoo, ka fihlela qeto ea hore ke moea. Hona ha lumellana hantle le phetolelo ea Spanishe ea 1 Ba-Korinthe 15:45 ea José María Bóver, e mong oa matichere a ka seminaring ea San Cugat. Temana e baleha tjena: “Ke kahoo ho ngotsoeng hape hore: ‘Motho oa pele, Adama, o ile a etsoa moea o phelang.’” Hore moea o-oa shoa ha tiisoa haholo ha ke hlahloba Numere 23:10 Bibeleng ea Spanishe ea Bóver-Cantera, hobane temana eo e re: “Moea oa ka o ke o shoe ka lefu la ba lokileng!” Ka khathala matla kannete ha ke hlokomela hore Kreste hase Molimo ’me e ke ke ea e-ba Molimo, joalokaha ho ruta thuto ea Boraro-bo-bong. Temana e ho Johanne 1:1 e ne e le tšiea eo ke itšehetsang ka eona, ho fihlela ha ke hlahloba temana ka Segerike ka mokhoa o e phenyaphenyang ’me ke hlokomela hore Kreste o na le bomolimo, ke hore, tšimoloho ea bomolimo, e ntse e se Molimo o Matla ’Ohle. Temana ena, tumellanong le litemana tse ling, ea nthusa ho utloisisa hamolemo karolo ea Jesu, e tlas’a Ntat’ae ’me ka mehla o sebeletsa ho tlotlisa Ntate oa hae.—1 Ba-Korinthe 15:28; Johanne 14:28; Mattheu 24:36.

Ka leseli lena le bonolo le tsoang Bibeleng e Halalelang le patlisiso e tsoetseng pele, ka fumana tsela ea ho tsoa lefifing la thuto ea bolumeli le neng le mphoufalitse ka lilemo tse telele. Ka hlokomela hore thuto eohle ea ka e tsoetseng pele thutong ea bolumeli le “philosophy” e ne e sa fella ka litholoana tse sebetsang tsa Bokreste ba ’nete. Ke ne ke sitoa ho bona litholoana tseo kerekeng e K’hatholike.—Mattheu 7:16, 17; Ba-Galata 5:22, 23.

Tšohanyetso ea Baokameli ba ka

Ka kholoa hore ha makholo a lilemo a ntse a feta Kereke e K’hatholike e ne e khelohile ’nete ea Bibele, e e nkela sebaka ka lineano le bohlale ba batho, le hore e ne e se batho feela, joaloka motho ka mong, ho hlōlehang. Eaba he ke hlokomela hore ha ke sa le Mok’hatholike pelong.

Ka itherela hore ke tla isa lengolo leo ke itokollang ka lona e le ’na ho Mookameli oa setereke oa Mokhatlo oa Jesu ’me ke kōpe hore ke lokolohe likanong tsa ka. O ile a makala hakaakang ha a utloa kōpo ea ka! A mpotsa hore na lebaka ke ho lakatsa ho nyala. Ka mo bolella hore che ha ho joalo, hobane ke ne ke se na khopolo e joalo ka nako eo. (Hang ho ba ke be Paki e kolobelitsoeng, leha ho le joalo, boemo boo ba fetoha ’me ka Mphalane 1978 ka nyala mohlolohali ea ratehang oa Mokreste.) Har’a lintho tse ling, a re: “Julio, ka mehla ke ne ke nka hore u motho ea leka-lekanang. Empa joale ho bonahala eka u tlameha ho ea bona ngaka ea mafu a kelello.”

Ra buisana ka nako e telele moo ke ileng ka bea taba ea ka ka boikutlo ba ka ka Kereke. Karabelo ea hae ebile ho re: “Ke lumela lintho tse ngata tseo u li bolelang, empa na ha u nahane hore ka lebaka lona lena tšoanelo ea hao ke ho lula ka Kerekeng e le hore, uena le ba bang, u ka leka ho lokisa liphoso tsa Kereke?”

Ka arabela: “Haeba liphoso tsena kaofela li theiloe thutong ea se bitsoang ho se fose, joale ho thata ho lokisa liphoso tsena, kaha ntho ea pele eo ho lokelang hore e tlosoe ke ho se fose.” Eaba ke tsoela pele: “Bona, ke inahanne haholo ka sena ’me ke lekile ho sebelisa Lentsoe. Ke bone hore ho thata hobane ba boholong ka Kerekeng ba nkōpa hore ke etse lintho tse hananang le lona. Kahoo, kaha nke ke ka lokisa kapa ka fetola Kereke, na ho ke ke ha e-ba molemo hore ke ikele kerekeng e ’ngoe? Haeba nke ke ka e lokisa, ho molemo hore ke ikele ’me ke batle kereke eo e leng ea ’nete.”

Ka boetse ka buisana le Mookameli oa Setereke ka boikemisetso ba ka ba ho itokolla. A nkōpa hore ke boele ke inahane hape. Joale ho ne ho le thata ho liehisa taba ho feta moo, ’me ka mo nea qeto: Ntumelle hore ke khutlele Spain ho ea ithuta ka botebo taba ena e amang bophelo ba ka bo sa feleng, kapa ho seng joalo ke tla nyahlatsa pharishe ea ka e be ke ea ho phela le Lipaki tsa Jehova Bolivia ho ithuta taba moo.

Tlhahiso ena ea morao ea e-ba pharela ho bona, kaha e ne e tla baka morusu o moholo lefapheng la bolumeli Bolivia. Qetellong ka lumelloa ho khutlela Spain ho ea phela le khaitseli ea ka Lola.

Tokoloho Qetellong!

Hang ha ke fihla Spain, ka Tšitoe 1976, ka lahla mekhoa eohle ea bolumeli ea K’hatholike ’me ka qala bophelo bo bocha le Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste. Phetoho ena e khōlō ea tla le mathata a eona. Ke mang ea neng a ka thabela ho hira moprista ea tsofetseng oa mokhatlo oa Jesu ea lilemo li mashome a mahlano a metso e robeli Spain? Qetellong ka fumana mosebetsi ke le tichere ea botho, hoo ntle ho hona ke nang le mosebetsi o monyenyane oa khoebo. Ke na le ho lekaneng letsatsi le leng le le leng, e leng sohle seo ke se kōpileng.

Ka 1977 Mookameli oa Setereke oa Bolivia a tla Spain tseleng ea hae ha a ea Roma. O ne a batla ho tseba hore na ke qetella ka ho re’ng. Ha ke mo bolella hore ke tiile qetong ea ka, a kōpa hore ke hlalose sepheo sa ka ka lengolo hore le eo hlahisoa ka pel’a Phutheho e Akaretsang ho Mookameli-Kakaretso oa Mokhatlo oa Jesu Roma.

Ha a khutla Italy a mpolella hore: “Ke ka lekhetlo la pele historing, ho latela seo ba mpoleletseng sona Roma, hore moprista oa mokhatlo oa Jesu a kōpe ho itokolla mokhatlong ka baka la ho ithuta ’nete. Joalokaha eka ba mokhatlo oa Jesu ha ba tsebe hore na ’nete ke eng, ka boithuto bohle ba bona!”

Thuto ea Bolumeli ea Batho ‘ke Lithōle Feela’

Ha ke hetla morao lilemong tsa lithuto tsa ka seminaring, joale ke utloisisa hore thuto eohle ea bolumeli le “philosophy” tseo ke ithutileng tsona, ha li bapisoa le bonnete ba Lentsoe la Molimo, ruri ke hlaba ea lithōle. Tsa mpatela bohlale ba ’nete bo tsoang ho Jehova ka Kreste ’me bo fetisetsoa ho ba lipelo li ikokobelitseng. Na hase moapostola Pauluse ea reng: ‘‘Na Molimo ha oa ka oa etsa bohlale ba lefatše lena bohlanya na?” (1 Ba-Korinthe 1:20) Hona joale nka bua joaloka Pauluse, ka re: “Ke fela ke lekanya hoba ntho tsohle ke tšenyehelo, ha li ka bapisoa le boholo ba ho tseba Jesu Kreste, Morena oa ka, eo ke lahlileng tsohle ka baka la hae, ’me ke li etsa lithōle, ke tle ke rue Kreste.”—Ba-Filippi 3:8.

Qetellong mangolo a ka a ho lokolloa a fihla, e le a la 11 Pulungoana, 1977. Ke isa liteboho ho Jehova, ka a tekena.

Ka la 27 Pulungoana hona selemong seo ka kolobetsoa ka ho qoelisoa ka ho feletseng metsing kopanong ea potoloho ea Lipaki tsa Jehova. Ka ketso eo ka bontša pepenene boineelo ba ka ho Jehova tumellanong le mohlala oa Jesu le thomo eo a e neileng balateli ba hae. (Mattheu 28:19, 20) Ka khotsofalo le thabo, letsatsi leo la fetisa hole ho khethoa ha ka ho ba moprista oa mokhatlo oa Jesu lilemong tse ka bang mashome a mabeli pele ho moo. Joale ke ne ke le paki ea Mokreste ea Morena e Moholo Jehova.

Hoba ke kolobetsoe ke bile le mahlohonolo a mangata a enneng. Ke kopanela ka mehla boboleling ba Bokreste ’me ke na le tokelo ea ho tsamaisa lithuto tsa Bibele tse ngata le batho ba thabelang. Ke thabile ho feta leha e le neng kapa neng, Joale ke latela mohlala oa Kreste joalokaha o thathamisitsoe ka Lentsoeng la Molimo. Ke fumane Molimo oa ’nete, Jehova, le batho ba sebelisang lerato le kang la Molimo. Ho batla ha ka ’nete ka nako e telele ho fihlile qetellong. Uena?

[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 26]

‘Mohlomong u batla ho tseba hore na ke eng e entseng hore ke lahle boprista kamorao ho tšebeletso ea lilemo ‘tse mashome a mabeli a metso e mehlano ea boromuoa’

[Lintlha tse qolotsoeng tse leqepheng la 27]

‘Ka makala feela ke thabile ha ke bona hore Lipaki le theile sohle seo li se lumelang ho hang Bibeleng’

[Lintlha tse qolotsoeng tse leqepheng la 28]

‘Kaha nke ke ka lokisa kapa ka fetola Kereke, na ho ke ke ha e-ba molemo hore ke ikele kerekeng e ’ngoe?’

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Eo e neng e le moprista Iniesta a tsoa ka letamong kamor’a kolobetso ea Bokreste ea hae

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela