Lentsoe la Molimo Lea Phela
Lebaka la Hore Batho ba Etse Bobe
MONNA ea ka pele, ea loanang haufi le lerako, ke Uria. Morena Davida oa Iseraele o ne a ngoletse Joabe, molaoli oa mabotho a hae hore: “ U ke u laolele Uria kapele moo ntoa e lohlaneng; le suthe pel’a hae, a tle a bolaoe, a shoe.”—2 Samuele 11:15.
Uria e ne e le monna ea molemo, ea tšepahalang. E be ke hobane’ng ha Davida a ne a ka laela ka morero hore Uria a bolaoe, empa Davida le eena e ne e le mohlanka oa Jehova?
Ho ka re thusang ho utloisisa sena ke ha re bala litemana tse latelang tsa Bibele: “Molimo ha o lekoe ke bobe, ’me ha o leke motho ka jona. Empa motho e mong le e mong o ee a lekoe ke ho hoheloa le ke ho chachehisoa ke takatso eo e leng ea hae. ’Me takatso hoba e emare, e tsoala sebe; ’me sebe ha se phethehile, se tsoala lefu.”—Jakobo 1:13-15.
Empa u ka ’na ua botsa hore na boitsebiso bona bo re thusa joang ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Davida a ile a re Uria a bolaoe. Hore re fumane karabo re lokela ho hlahloba maemo a entseng hore Davida a lakatse hore Uria a shoe.
Ka letsatsi le leng, Uria o ne a le sieo, ha etsahala hore Davida a shebe a le kaholimo ho ntlo ea hae ’me a bona mosali e motle oa Uria Bathe-Sheba, a hlapa. Davida a etsa joang? Eaba o shebile. Ka ho etsa joalo a hōlisa takatso ea hore a be le likamano tsa botona le botšehali le Bathe-Sheba e hōle pelong ea hae. Hase Molimo o neng o leka Davida. Che, Davida a huloa le ho ekoa ke takatso ea hae.
Qetellong, takatso e phoso e ka ho Davida ea ba matla hoo a ileng a laela hore Bathe-Sheba a tlisoe tlung ea borena. Eaba o robala le eena. Hamorao, kaha Bathe-Sheba o ile a ima ’me Davida a sitoa ho pata bofebe ba bona, a lokisetsa hore Uria a bolaoe ntoeng.
Ke ’nete, sebe sa Davida ha sea ka sa etsa hore a lahleheloe ke mohau oa Molimo ka ho sa feleng le hore a fumane kahlolo ea Oona ea lefu. Hona ke kahobane Davida o ile a baka ka sebele, ’me Jehova a mo hauhela. (Pesaleme ea 51:1-14) Leha ho le joalo, phihlelo ena e re thusa ho utloisisa hore hangata batho ba etsa bobe hobane ba ile ba lumella litakatso tse fosahetseng lipelong tsa bona. Kahoo re lokela ho ithuta ka phihlelo ea Davida ho qoba maemo, hammoho le liketso le boithabiso, tse ka tsosang ‘takatso ea botona kapa botšehali.’—Ba-Kolosse 3:5; 1 Ba-Thessalonika 4:3-5.