Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 8/1 leq. 13
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Ba Tla Fepuoa Kaofela?
  • Molemo oa Khalemelo
  • “Boko bo Tetekoang”
  • Lijo Bakeng sa Bohle na ke Toro Feela?
    Tsoha!—1997
  • Bibele e re’ng ka Tlala e Teng Mehleng Ee?
    Lihlooho Tse Ling
  • Lebaka Leo ka Lona ho Khaola e Leng Tokisetso e Lerato
    Tsoha!—1996
  • Khotso le Tšireletseho Lefatšeng Lohle—Tšepo e Nang le ’Nete
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 8/1 leq. 13

Ho Nyarela ka Litabeng

Na Ba Tla Fepuoa Kaofela?

Na lefatše le tla bea lijo tse lekaneng ho fepa baahi ba lona ba hona joale? E, ’me le ka fepa ba bang hape ba limillione, kamoo ho arabelang sehlooho se ngotsoeng ke Jack Cahill ho Toronto Star. O-oa ngola: “Ho latela Mokhatlo oa Lijo le Temo oa Machaba a Kopaneng (FAO) ho se ho e-na le Iijo-thollo tse lengoang tse lekaneng lefatšeng lohle hore li fepe e mong le e mong lefatšeng ka limatlafatsi tse 3 000 ka letsatsi, e leng ho fetang karolelano ea tse jeoang Amerika Leboea ’me hoo e ka bang kaholimo ho 50 lekholong tekanyetsong e hlokahalang.” Ha e le ka nako e tlang, Cahill o hlalosa hore ho ka ba ha e-ba le lijo tse lekaneng ho khotsofatsa se hlokoang habeli ke baahi ba hona joale ba lefatše.

Hona ho ka ’na ha utloahala ho makatsa ho ba hlokomelang ho lapa ha ba limillione ba lefatše. Empa sehlooho sa taba se supa hore “bothata ke ho lapa, e seng khaello, ’me mabaka ke bofuma, lipolotiki, moruo le ho ajoa ha lijo ka mokhoa o khethollang.” Mekhatlo ea boemeli e hlokomela hore ho fana ka lijo feela hase karabelo ea ka ho sa feleng. Ho hlokahala thuso “e le hore batho ba ka ithuta ho iphepa.”

Ke mokha ofe oa boemeli o ka fetang lipolotiki, oa hlokomela kabo ea lijo le ho ruta matšoele? Ke ’Muso oa Molimo feela. Har’a melemo e tla tlisoa ke puso ea Molimo ke e boletsoeng ho Pesaleme ea 146:7, ha e hlalosa ’Mopi oa motho e le ‘ea ahlolelang ba tujoang, ea fang ea lapileng bohobe.’

Molemo oa Khalemelo

Batho ba bang ba ’nile ba ikutloa hore ho khaoloa, kapa ho ntšoa setsoalleng ha bafosi, joalokaha ho etsoa ke Lipaki tsa Jehova, ke bohato bo feteletseng. Hoba e hatise sehlooho se buang ka taba, Times ea St. Petersburg, Florida, ea hatisa karabelo ea bamameli ho ba “nahanang hore Iiketso tsa lipaki e ka ’na eaba li thata haholoanyane.” ’Mali a lumela: “Ke ile ka khaoloa hona selemong sena [April 1981]. . . . Ke ne ke etsa mesebetsi eo ke tsebang hore Bibele e-ea e nyatsa, ho akarelletsa ho tlōla molao. Ka qala leshano ka tse ling tsa lintho tsena ’me ka bontša hore ha kea baka.”

’Mali a totobatsa ka Lipaki tsa Jehova. “Batho ba khaoloa ka baka la ho se khahlametse litekanyetso tse phahameng tsa Molimo tse ngotsoeng ka ho hlaka ‘Lentsoeng’ la Oona. Phoso ke ea bona.” Hona o lumela hore e ne e le ’nete tabeng ea hae. “Hoja Iiphutheho tse ling li ne li ‘tlile’ joaloka tsona batlōli ba molao ba baikhabi ba ka be ba fokotsehile haholo, ’me ka baka leo bohloko le mathata li fokola haholo lefatšeng lena.”

Empa leha ho le joalo liphutheho tse ngata tsa bolumeli ha li sebete ka ho lekaneng hore li nke bohato bo laeloang ke Mangolo ka bafosi ba sa bakeng: “Tlosang e mobe har’a lōna.’’ (1 Ba-Korinthe 5:13) Ketso ena e hlatsoa lebitso la Molimo thohako, e sireletsa botsoalle bo botle ba litho tsa phutheho ’me ka tšepo ea hore e tla etsa hore mofosi a lokise litsela tsa hae. ’Me ho fapana ho hang le hore “lerato la Kreste” ka bofofu le akarelletse motho ea joalo, joalokaha ba bang ba phea khang, Jesu ka boeena o laetsa hore motho ea sa bakeng a ‘khaoloe.’—Mattheu 18:15-17, The Living Bible.

Ka lehlakoreng le leng, molemo oa bohato bo tiileng joalo o bontšitsoe tabeng e kaholimo. Motho enoa o ile a baka ’me o khutliselitsoe joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova.

“Boko bo Tetekoang”

Ho shoa ha morao tjena ha liloani tsa litebele tse lefuoang ka lebaka la ho otloa ho lumelletsoeng ka molao ka lesakeng ho hlahisa lipelaelo tse matla mehopolong e mengata (1982 e bone ha ho shoa ba bahlano United States). Tlhakisong ea litaba e neng e re “Boko bo Tetekoang Hase Papali,” The New York Times eitse: “Batho ba bang ba shebella papali ea litebele ho bona tsebo, ba bang feela ho bona mali. Ho hobe ka ho fetisisa ho feta mali ke tšenyo e sa bonahaleng. Karolo eo e leng eona e bonang ea leihlo e tlosoa malulong, liphio lia ruruha ’me, kamor’a ho tetekoa ka makhetlo, boko bo bokella tšenyeho, hoo qetellong motho a felloang ke mohopolo, a tlatselelang ha a tsamaea; litšobotsi tsa sebapali sa litebele se tahiloeng ke ho otloa. Na batho ba tsoetseng pele ba ka lokafatsa ka mantsoe a phahameng monyaka o ka fumanoang ka papali e joalo?”

Habohlokoa haholoanyane, na “papali eo sepheo se totobetseng sa eona e leng ho ntša eo ho bapaloang le eena kotsi,” joalokaha tlhakiso e bontša, e ka lumellana le metheo ea Bokreste? Bibele e-ea eletsa: “U rate oa heno joalokaha u ithuta. Lerato ke lona feela le ke keng la ntša oa heno kotsi.”—Ba-Roma 13:9, 10, The Jerusalem Bible.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela