Na re Phela Mehleng ea Bofelo?
Ho qala ka tokollo ena, Molula-Qhooa o hatisa letoto la likarolo tse robeli tse buang ka mehla ea bofelo
KE-MANG ea s’o kang a angoa ke ntoa? Ke mang ea s’o kang a utloa liphello tsa lintoa tse peli tsa lefatše lekholong lena la lilemo—mehla ea pefo, ho se sireletsehe le tšabo tse oetseng batho bohle? Ke mang ea pholohileng mathata a ntseng a phahama a moruo, ho eketseha ha lichelete tse sebelisetsoang liphutuho tsa sesole kapa ho lokisetsa ntoa? Ke mang ea s’o kang a tšosoa ke tšokelo ea ntoa ea “nuclear”?
Ho sa tsotellehe hore e ne e loaneloa ho hlōla kapa ho itšireletsa, ka mabaka a utloahalang kapa a sa utloahaleng, ntoa e sentse tsoelo-pele ea sechaba. Tšenyehelo ea eona bophelong ba batho e khōlō haholo. Ho ea ka Lipalo tsa Mokhatlo oa Norway oa Mahlale ka 1969, lefatše le bile le lilemo tse 292 feela tsa khotso haesale ho tloha ka 3600 B.C.E., ho loannoe lintoa tse 14 531.
Lekholo lena la rōna la lilemo, haholoholo ho tloha ntoeng ea pele ea lefatše ka 1914, le bitsoa “mehla ea pefo.” Mabapi le lona, James Reston o ngotse ho The New York Times ea May 30, 1982: “Lekholo lena ebile le tletseng mali ka ho fetisisa paleng ea moloko oa motho. Le hlokofalitsoe ke lintoa tse 59 pakeng tsa lichaba ’me batho ba 29 millione ba e-shoa, ’me ho loannoe lintoa tsa lichaba tse 64 batho ba 6 millione ba tsoa likotsi—re se re sa bolele limillione tsa baahi ba ileng ba bolaoa ba sa loane. Eo ke ntoa.”
Ka baka leo, lipolelo tsa baeta-pele ba lefatše le bahlalefi li bontša hore liphello tsa ntoa e ’ngoe ea lefatše, Harmagedone, li tšosa haholo. (Tšenolo 16:14, 16) Ba mpa ba e talima e le timetso e tlisoang ke batho, athe Bibele e amahanya Harmagedone le “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o Matla ’ohle.” Ke ntoa ea hae eo ka eona a tla tlosa bobe lefatšeng ’me a hlome Taolo e Ncha ea ho loka bakeng sa batho ba ratang ho loka, ba ratang khotso.
Tšepo ena e tsoang ho Molimo ea Taolo e Ncha ea ho loka e bolokile banna ba tumelo mehleng ea boholo-holo. (Ba-Heberu, khaolo 11) Ba ne ba lebelletse pele ka hlolohelo e kholo nakong eo Molimo o neng o tla ba hopola ho ba tsosetsa bophelong bo sa feleng. (Jobo 14:13, 14; Pesaleme ea 37:29) Batho bana ba lokileng ba ile ba tšepa matla a Molimo ho ba tsosetsa qitikoeng e hloekisitsoeng moo ho tla beng ho “felisitsoe lintoa ho isa lipheletsong tsa lefatše.”—Pesaleme ea 46:9.
Empa ba ne ba sa tsebe hore lintho tsena li tla etsahala neng. Nako eo Molimo o neng o tla nka bohato ka eona e ne e mpa feela e bitsoa ‘mehla ea qetello’ kapa ‘mehla ea bofelo.’ (Daniele 11:40; Esaia 2:2) Kahoo, ha ho makatse hore balateli ba Jesu ba ile ba tla ho eena ba ’notši ba ’motsa: “Re bolelle nako eo litaba tseo li tla etsahala ka eona, le ntho eo e tla ba pontšo ea ho tla ha hao, le ea ho fela ha lefatše?”—Mattheu 24:3.
Ntho ea pele eo Jesu a e boletseng e neng e tla ba pontšo ea ho atamela ha bofelo e ne e le: “Le tla utloa lintoa le melumo ea lintoa.” (Mattheu 24:6) Na bonnete ba hore re phela “lekholong le nkhang mali ka ho fetisisa paleng ea moloko oa batho” e phethahatsa pontšo eo Jesu a faneng ka eona? Na ka sebele re phela mehleng ea bofelo?