Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 10/15 maq. 10-16
  • ’Nete e ka re Lokollang e Hokae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Nete e ka re Lokollang e Hokae?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšepo e sa Theoang ’Neteng
  • Ho Leka “’Nete” ea Bolumeli
  • Ho Tšepa Molimo oa ’Nete
  • Batho ba Lokolohileng Empa ba Tla Ikarabella
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Na “Taolo ea Lefatše le Lecha” ea Motho e Haufi?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • U se ke Ua Lahleheloa ke Morero oa Tokoloho e Fanoeng ke Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lumela Hore Jehova a U Tataisetse Tokolohong ea ’Nete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 10/15 maq. 10-16

’Nete e ka re Lokollang e Hokae?

“Eaba Jesu o re . . . le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.”—JOHANNE 8:31, 32.

1. Batho ba lefatšeng lee ba ’nile ba lakatsa ho lokoloha ho eng?

TOKOLOHO! Lentsoe leo le susumelitse mehopolo le lipelo tsa batho ka makholo a lilemo! Lintoa li loannoe lebitsong la tokoloho. Batho ba limillione ba e shoela. Ba bangata ba ikutloa joaloka ramolao oa Amerika Patrick Henry lilemong tse fetileng tse fetang 200 ha a ne a re: “Le mpe le ’nee tokoloho kapa le mpolaee.” Ntoeng ea II ea Lefatše, Mookameli Franklin D. Roosevelt o ile a mema tokoloho e baloang hane”: bolokolohi ba puo, bolokolohi ba borapeli, bolokolohi bofumeng le bolokolohi tšabong.

2, 3. Tokoloho ea ’nete e lokela ho akarelletsa eng?

2 Empa, ka kutloisiso e tebileng haholoanyane tokoloho ea sebele e tlameha ho akarelletsa ho fetang moo. Ka mohlala, na tokoloho leha e le efe linthong tse boletsoeng e ka re lokolla ho se phethahaleng ha botho? Na e ka re lokolla ho kuleng? Ho feta moo, ho sa tsotellehe hore na motho o phela hantle hakae, o talimane le ’nete e bohloko ea hore nengneng batho ba ee ba tsofale ’me ba shoe. Ke eng seo motho a ka se thabelang ka lebitleng? Bibele e-ea arabela: “Bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.” Ke ka lebaka leo e boetseng e reng: “Ntja e utloang e fetisa tau e shoeleng.”—Moeklesia 9:4, 5.

3 Hore re lokolohe ka ho feletseng, re tlameha ho imolloa bohlanka ba ho se phethahale, ho kula le lefu. E, hammoho le hoo ho hlokahala re imolloe bofuma, khatello, bonokoane le ntoa, ke lintho tse tšabehang tseo pale e re tlatsitseng ka tsona. Empa ke mang ea ka re neang tokoloho e joalo? Na ho na le ngaka e ka re tiisetsang hore e ka phekola kankere, likhathatso tsa pelo le maloetse a mang ’ohle? Na ho na le mohlalefi ea ka re thibelang ho tsofala le ho shoa kapa a re tsosetsa bophelong ha re ile ra shoa? Na ho na le moeta-pele oa lipolotiki ea ka tiisang hore khotso e tla ba teng lefatšeng le ho lokoloha ntoeng ka ho sa feleng? Na ho na le hlooho leha e le efe ea sepolesa e motseng ofe kapa ofe oa lefatše e ka tlisang tokoloho e feletseng bonokoaneng? Ke tsamaiso efe ea moruo e ka lokollang bofumeng, bosieo ba mesebetsi le ho nyoloha ha theko, ’me kahoo ea hlahisetsa bohle nala ea ka ho sa feleng?

4. Tokoloho ea ’nete e lokela ho theoa ho eng?

4 Haeba tšepo e le teng ea hore maemo a mabe a mangata a aparetseng batho hona joale a tla felisoa, karabelo e tlameha e be e theiloe ’neteng. Tokoloho ea sebele e ke ke ea theoa holim’a thetso kapa mashano. Ka hona, haeba mang kapa mang, le haeba ke moeta-pele oa lefatše, mohlalefi, oa thuto ea moruo kapa moruti, a fana ka maikutlo a hore na ke eng e tla tlisa tokoloho eo e leng khale e labalabeloa, potso e tla botsoa: Na o bua ’nete? ’Me ho se ho le nako joale batho ba fuoe sebaka sa ho bona hore na maikutlo, litšepiso le boiteko ba batho li lumellana le ’nete kapa che.

Tšepo e sa Theoang ’Neteng

5. Tšepo ea ho lokoloha ho kuleng e phethahetse ho fihlela kae?

5 Ka mohlala, lilemong tse fetileng tse mashome batho ba bangata ba ne ba ikutloa hore leseli la meriana le tla lokolla batho ho kuleng. Le hoja ho bile le tsoelopele e etsoang merianeng, na e lokolotse batho ho kuleng? Che, hobane mafu a sehlōhō a kang kankere le likhathatso tsa pelo a fihlile moo e leng seoa joale. Ka nako e ’ngoe hape, ho ne ho hopoloa hore mafu a litšila a tla hlōloa ka meriana e mecha ea mohlolo. Empa buka e hlomphehang ea Brithani ea meriana The Lancet e tlaleha hore: “Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o fihletse qeto ea hore lefatšeng lohle ho na le batho ba ka bang limillione tse 250 ba tšoeroeng ke qhoshola bocha le ba ka bang limillione tse 50 ba tšoeroeng ke mokaola bocha ka selemo. Maemo a mang a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali le oona a tloaeleha haholoanyane.”—Bapisa Liproverbia 7:10, 21-23.

6. Ke hobane’ng ha ho ka thoe thuto ea mahlale le mesebetsi e meholo li soetsitse?

6 Re tla re’ng joale ka tšepo e khōlō e ileng ea susumetsoa ke thuto ea mahlale le mesebetsi e meholo ea khoebo lekholong le fetileng la lilemo kapa a mabeli? Mohlala o le mong ke ona, koloi ho ile ha boleloa hore ka eona ho finyelletsoe ho hoholo haholo, ’me ka litsela tse ling ho joalo. Empa e kentse letsoho hore metse e bupetsane, e tlale lerata le ho silafala. Lefatšeng lohle hoo e ka bang batho ba 200 000 ba bolaoa ke likotsi tsa makoloi selemo le selemo, ’me ba limillione bona ba tsoa kotsi! Liphello tse soabisang tsa mahlale a sebetsang li ile tsa hlokomeloa ke Orville Wright, e mong oa ba ileng ba qapa sefofane. Ntoeng ea II ea Lefatše o ile a ngolla Henry Ford: “’Na le Wilbur re ile ra nahana hore sefofane se tla potlakisa khotso ea lefatše. Ho tla fihlela joale ho bonahala se entse ho fapaneng. Ke lumela hore ha u ne u qala ho qaptjoa ha lintho ka bongata—e leng e ’ngoe ea lintho tse khōlō tse ileng tsa finyelloa—bophelong—ho hang u ne u sa nahane hore hona ho tla sebelisetsoa . . . ho haha litanka tsa ntoa bakeng sa ho senya lefatše. Ho bonahala eka ha ho letho le molemo le ka etsoang ho se motho ea le fumanelang bobe bo bong.”

7. Na ho na le tsamaiso leha e le ’ngoe ea moruo ea lefatše lee e ka tlisetsang bohle nala?

7 Na ka lilemo tsena tsohle tse makholo ho ntse ho lekoa litsamaiso tse sa tšoaneng tsa moruo ho hlahile e tsitsitseng le e ka tlisetsang bohle nala ea ka mehla? Che, hobane kajeno ho se tsitse ha moruo ke oona molao. Joalokaha Jack Weldon, setsebi sa moruo Univesithing ea McGill ea Montreal a itse: “Setsebi sefe kapa sefe sa moruo se bohlale le se tšepahalang se tla lumela hore ha e le hantle ha re tsebe hore na re ka sebetsana le mathata a maholo a talimaneng le boholo ba linaha tse nang le mesebetsi e meholo ea khoebo joang.” Boemo bo bile bo bobe haholo linaheng tse sa tsoelang pele. Makasine ea Time e tlaleha hore naheng e ’ngoe e joalo, “ho phela bana ba fetang limillione tse peli ba lahliloeng ke batsoali ba bona ba mekōpa-kōpa le ba bang ba limillione tse 14 ba phelang ka bofuma boo ho bonahalang ho le molemo hore ba lahloe feela.” Karolong e ’ngoe ea lefatše, Philippine Daily Express e re: “Ho e ka bang Maasia a ka bang limillione tse 500 ho hakanngoa hore a oela sehlopheng sa ‘ba futsanehileng ho hang’ ’me a tla ’ne a eketsehe.”

8. Puso ea batho ka batho e tliselitse batho tšireletseho ho fella kae?

8 Ntoeng ea I ea Lefatše ho ile ha boleloa hore ntoa e loanoa “hore lefatše e be le sireletsehileng bakeng sa puso ea batho ka batho.” Kajeno, ke linaha tse ’maloa tse busoang ka puso ea batho ka batho. Le moo ho boleloang hore ho joalo, baahi ba sireletsehile hakae? United States lelapa le le leng ho a mang le a mang a mararo le hlaseloa ka bonokoane bo bong bo itseng. Moahloli oa Lekhotla le Phahameng Warren Burger o itse: “Re haufi le boemo boo ho bona batho ba tla sitoa ho iketsetsa molemo—boo joale ho belaetsang hore na ba ka ba le matla a hore ba itšireletse litseleng, likolong le matlung a bona.” A eketsa ka hore: “Ka lilemo tse fetileng tse 10, boholo ba baeta-pele ba sechaba sa rōna le ba linaha tse ling ba ’nile ba bua ka boferekanyi lichabeng tsohle. Empa mokhoa oo litaba tsa rōna li tsamaeang ka oona, boferekanyi ba letsatsi le leng le le leng metseng e mengata e meholo ea United States likotsi tsa bona li feta tsa ‘boferekanyi ba lichaba tsohle’ leha e le ka selemo sefe kapa sefe.”—Bapisa Moeklesia 8:11.

9. Lekholong lena la lilemo, ho etsahetse joang ka lipolelo tse neng li re ntoa e tla fela?

9 Ntoa ea I ea Lefatše le eona e ile ea hlalosoa e le “ntoa ea ho felisa lintoa tsohle.” Encyclopedia Americana e-ea hlokomela: “Nakong ea ntoa mapolotiki le baphatlalatsi ba litaba ba ne ba bua ka mehla e metle e tlang, ha ho tla be ho felile lintoa, lihlomo, likhohlano pakeng tsa lichaba.” Empa ho bonahala ho bile ka ho fapaneng ho hang. Koranta ea Afrika Boroa, The Natal Mercury, e sa tsoa re: “Mookameli Woodrow Wilson o ile a hlalosa Ntoa ea I ea Lefatše e le ‘ntoa e tla felisa lintoa.’ Polelo ea hae e ka be ebile ’nete haholo hoja e ile [ea bitsoa] ‘ntoa ea ho felisa khotso.’” Taba ea phaella ka hore: “Ho tloha ka 1914 lefatše ho bonahala le bone pefo e ngata le mofere-fere ho feta neng kapa neng paleng e ngotsoeng.” Hona joale lefatše le senyeheloa ke ho fetang libillione tse makholo a mahlano tsa lidolara ka selemo sesoleng. Kajeno lichaba li na le lihlomo tse lekaneng tse kotsi hore li ka felisa metse e meholo ea lefatše e fetang millione, e leng palo e fetang metse e teng e meholo.

10. ’Nete ke efe mabapi le tsoelopele leha e le efe e entsoeng likarolong tse sa tšoaneng tsa boiteko ba motho?

10 Che, ’nete ke hore, ho sa tsotellehe hore na ho tsoetsoe pele hakae likarolong tse sa tšoaneng, tsoelopele eo ha e-ea lokolla batho tlatlapong, mahlomoleng, bofumeng, bonokoaneng, ntoeng, tšabong, ho kuleng le lefung. Kahoo, lipolelo, litšepiso le maikutlo tsa baetapele ba lefatše lena ha lia theoa ’neteng, joalokaha bopaki ba lilemo tse makholo bo bontša ka ho hlakileng. Ho joalokaha Bibele e re ho 2 Petrose 2:19: “Ba ba tšepisa tokoloho, athe bona ke bahlanka ba ho bola.”

Ho Leka “’Nete” ea Bolumeli

11. Ke teko efe e ka sebelisoang boipolelong ba hore bolumeli ke ba ’nete?

11 Ha ho hlokahale feela re lokolloe maemong a tepeletsang a tloaelehileng hakana kajeno empa hape ho hlokahala re lokolloe botlamuoeng ba kelello ba lithuto tsa bohata tsa bolumeli. Empa leha ho le joalo bolumeli ba Bojakane le ba lefatše lena ka kakaretso bo phea khang hore litumelo tsa bona ke ’nete. Ho bua ho bonolo, empa linnete tsona li bontša eng? Hopola, Lentsoe la Molimo le re: “Tumelo, ha e se na mesebetsi, e shoele.” (Jakobo 2:26) Ho feta moo, Jesu o itse: “Phemang baprofeta ba bohata, ba tlang ho lōna ba apere kobo ea nku, empa kahare e le liphiri tse hapakang. Le tla ba tseba ka ho bea ha bona.” E, litsamaiso tsa bolumeli ha li lemohehe e le tsa ’nete kapa tsa bohata feela ka hore na li ipolela hore li seng empa le ka seo li se beang. Ka tsa bohata, Jesu o lemositse: “Sefate se seng le se seng se sa beeng litholoana tse monate, se tla rengoa, se lahleloe mollong.”—Mattehu 7:15-20.

12. Boemo ba bolumeli ba lefatše lena bo senola eng?

12 Haeba bolumeli bo emela ’nete, tholoana e nyenyane ho tseo bo li beang ke ea ho ba matla a kopanyang ba bo latetseng. Jesu o itse ba nang le ’nete ba lokela ‘ba be bang.’ (Johanne 17:21) Lentsoe la Molimo le boetse le re: “Le bolele bohle taba e le ’ngoe.” “Likhaohano li se ke tsa e-ba teng har’a lōna.” “Le mpe le phethehe boikutlong bo le bong le khopolong e le ’ngoe.” (1 Ba-Korinthe 1:10) Ho lokela ho be joalo ka ba hlileng ba emelang Molimo, hobane “Molimo hase Molimo oa mofere-fere, empa e le oa khotso.” (1 Ba-Korinthe 14:33) Empa leha ho le joalo, bolumeli ba lefatše lena bo arohane ka lihlopha le lihlotšoana tse likete-kete, ka lithuto tse loantšanang le mekhoa e sa etsoeng feela bolumeling bo sa tšoaneng empa le kahare ho bolumeli bo le bong. Pherekano e joalo le phoso, ho hang ha e tsoe ho Molimo. Makasine ea kereke ea Australia, Leaders’ Vision, e lumela hore: “Ho phela ntle ho kutloano ke ho phela sebeng ho ea ka Bibele. Boemo ba litaba tsa rōna bo latola mosebetsi oa Moea o Halalelang.”

13. (a) Ho se kopane ha bolumeli ba bohata ho felletse ka eng? (b) Bolumeli bo joalo ba bohata joale bo simoloha hokae?

13 Bopaki bo bong ba hore bolumeli bo joalo bo ke ke ba emela ’nete, le hore ha bo tsoe ho Molimo, ke litholoana tsa se hlahisoang ke ho se kopane ha bona. Haeba bolumeli bo ruta ’nete, ruri ntho ea mathomo ke hore litho tsa bona li se ke tsa bolaeana. Ho seng joalo, hoo e ka ba ’nete ea mofuta ofe, ekaba boena ba mofuta ofe? Leha ho le joalo pale e bontša hore batho ba bolumeli bo le bong ba lefatše lena ba ’nile ba bolaeana nakong ea ntoa, ba bolaeana ka limillione, hobane feela ba phela linaheng tse sa tšoaneng. Ka linako tse ling, batho ba bolumeli bo le bong ba bolaeana ka hare ho naha e le ’ngoe liphutuhelanong tse eeng li hlahe naheng e le ’ngoe. Ho 1 Johanne 3:10-12 Bibele e re, ke “bana ba Diabolose” ba bolaeang ‘banab’abo bona.’ (Bapisa Genese 4:8.) Bana ba Molimo ha ba etse joalo, empa, ho e-na le hoo, lerato le har’a bona ke le sa senyeheng. Ka ho hlakileng Jesu o itse: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.”—Johanne 13:35.

14. Ho sebelisoa molao oa Jesu oa hore ‘ka litholoana tsa bona,’ ’nete ke efe ka bolumeli ba lefatše?

14 Kahoo, ka litholoana tsa bona tse mpe, ho se kopane ha bona, ho loana ha bona, hammoho le boitšoaro bo bobe le boikaketsi tse jeleng setsi bolumeling ba lefatše lena, bo ema e se bo emelang ’nete—e se bo emelang Molimo. Ruri ke lifate tse mpe, tse beang litholoana tse bolileng, tse loketseng ho ‘lahleloa mollong.’

Ho Tšepa Molimo oa ’Nete

15. Re lokela ho tšepa mang ka ho feletseng, hona hobane’ng?

15 Hore e be batho ba sitoa ho tlisa tokoloho ea ’nete linthong tsa bohlokoa tsa bophelo ho hatisa se boleloang ke Bibele ho Jeremia 10:23: “Tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” Che, Molimo ha o ka oa bōpa motho a e-na le matla kapa tokelo ea ho lokoloha tsamaisong ea Oona e be o-oa atleha. Ke le leng la mabaka ao Molimo o lumelletseng lilemo tse likete tse ngata hakana tsa hore motho a ipuse ntle ho oona, ho bontša hang le bakeng sa nako eohle hore puso e joalo e ke ke ea tlisa tokoloho ea ’nete le thabo. Kahoo, Pesaleme ea 146:3 e eletsa ka bohlale hore: “Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho ba sitoang ho pholosa motho.” E be joale re ka tšepa mang? Bibele e-ea arabela: “U tšepe Jehova ka pelo ea hao eohle, u se ke ua itšepa hlalefo ea hao. U mo kenye mererong ea hao eohle ’me o tla u tsamaisa litseleng tsohle tsa hao.”—Liproverbia 3:5, 6.

16. Re ka tšepa Jehova ka eng?

16 Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa Jehova ka ho feletseng joalo? Hobane, kamoo Pesaleme ea 31:5 e bolelang, ‘Jehova ke Molimo oa ’nete.’ Haeba re hlile ra batla ’nete ka likhang tse khōlō tsa bophelo le likarabo lipotsong tse sitang le bona baeta-pele ba lefatše, Molimo o na le tsona. Kaha ‘Molimo ha o thetse,’ o bolela se tla etsahala. “Jehova oa makhotla o hlapantse, a re: Ruri, see ke se hopotseng, se tla etsahala, le see ke se rerileng, se tla hlaha.”—Ba-Heberu 6:18; Esaia 14:24.

17. Jehova o fane ka mohloli oa ’nete joang bakeng sa ba ratang ’nete ka sebele?

17 Ruri Molimo o tla tsebisa ba batlang ’nete ka tieo linnete tsa oona, hobane, ho Johanne 8:32, Jesu o itse: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” A boela a bua tjena ha a rapela Molimo: “Lentsoe la hao ke ’nete.” (Johanne 17:17) “Lentsoe” la Molimo, ’nete ea oona, le beiloe hokae? Moapostola Pauluse o-oa arabela: ‘Lengolo lohle le bulutsoe ke moea oa Molimo.’ (2 Timothea 3:16) ’Mōpi ea matla ’ohle oa bokahohle kahoo o bolela hore ke eena moqapi oa Bibele. Ka matla a hae a maholo a sebetsang, kapa moea o halalelang, a susumetsa batho ba tšepahalang hore ba ngole mehopolo ea hae. Ka hona ha re bala Mangolo, ho tšoana leha Molimo o bua le rōna.—1 Ba-Thessalonika 2:13; 2 Petrose 1:20, 21.

18. Ke hobane’ng ha ho sa utloahale hore Molimo ha o-oa ka oa qapa Bibele?

18 Ba bang ba bolela hore Molimo ha o-oa qapa Bibele. Empa leha ho le joalo, batho ba qapa libuka, ’me Molimo o bōpile batho. Na ’Mōpi ea matla a fetisisang oa batho a ka sitoa ho etsa se etsoang ke batho ba fokolang ka ho fetisisa? Bahlalefi, ka likofuto tsa bona tsa motlakase, ba rōmela litaelo linthong tsa maiketsetso tse fofang sebakeng, ba li tsamaisa tseleng ea tsona. Seboholi sa sea-le-moea se bua ka nthong e buelang, ’me molaetsa oa sona o utloahala hole haholo. Le khoeling, ba ’nile ba nka litšoantšo tsa se etsahalang ’me ba li romela ka matlung a rōna. Empa ke Jehova ea entseng tsebe, leihlo, motlakase le molumo. Na ka matla a hae a maholo, o ne a ke ke a fetisetsa mehopolo ea hae ho bahlanka ba hae ba tšepahalang ba lefatšeng. Ke ’nete hore ’Mōpi oa bokahohleng bona bo tsotehang o ne a ka hlola buka!—Esaia 40:26.

19. Ke hobane’ng ha Molimo o qapile Bibele ka karolo e ’ngoe ea eona e le thata ho utloisisoa?

19 Ba bang ba re, ‘Empa ho thata ho utloisisa Bibele.” E, karolo e ’ngoe ea eona. (2 Petrose 3:16) Ke hobane’ng ha Molimo o qapile Bibele ka tsela e joalo? Hobane ke oona o lekanyetsang hore na ke mang ea fumanang ’nete. Moapostola Pauluse o buile tjena ka linnete tsa Molimo: “’Na, ke hlomile, Apollose eena o noselitse, empa Molimo ke oona o melisitseng.” (1 Ba-Korinthe 3:6) Pauluse a boela a bua tjena ka bohlale ba Molimo le sephiri se halalelang sa oona.” “Molimo o li senoletse rōna ka Moea oa oona.” (1 Ba-Korinthe 2:10) Kahoo Molimo o ipoloketse tokelo ea ho senola linnete tsa oona feela ho ba hlileng ba li batlang le ba utloisisang ho phela ka tsona le ho o sebeletsa ka botšepehi: “Morena Jehova ha a etse letho, a e-so ho senole morero oa hae ho bahlanka ba hae.”—Amose 3:7; Daniele 2:28, 47.

20. ’Nete e ka re lokollang e hokae?

20 E, ho na le Molimo oa ’nete. Linnete tsa oona li fumanoa ka Lentsoeng la oona le bululetsoeng, Bibele e Halalelang. O senola kutloisiso ea Mangolo a halalelang ho bahlanka ba oona ba ikokobelitseng ba kopaneng. Hona joale, ke linnete life tse ka Lentsoeng la oona tseo Molimo o li senolang ho ba batlang ’nete, haholo mehleng ea rōna? Sehlooho se latelang se tla hlahloba tse ling tsa linnete tsena.

Na u hopola lintlha tsee?

◻ Batho ba hlile ba hloka tokoloho ea mofuta ofe?

◻ Tšepo ea lefatše lee e ipakile e soabisa joang? Hobane’ng?

◻ Re ka khetholla bolumeli ba ’nete ho ba bohata joang?

◻ Mabaka a ho tšepa Jehova ka ho feletseng ke afe?

◻ Jehova o senolela bo-mang linnete tsa hae?

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Kannete batho ba hloka ho lokolloa maemong a mangata a tepeletsang

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Jesu a lemosa ka bolumeli ba bohata: “Sefate se seng le se seng se sa beeng litholoana tse monate, se tla rengoa, se lahleloe mollong”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela