Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 10/15 maq. 16-21
  • Tokoloho ea ’Nete Tlas’a Puso ea ’Muso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tokoloho ea ’Nete Tlas’a Puso ea ’Muso
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’Muso o le Mong
  • Khotso ea ’Nete le Nala
  • Mosebetsi o Beang le o Thabisang
  • Lefu le Bohloko ha li sa Tla ba Teng
  • Ho Amohela ’Nete
  • Lefatše le Lecha le Hlokang Bohloko
    Tsoha!—1990
  • Seo ’Muso oa Molimo o Tla se Etsa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • ’Muso oa Molimo—Puso e Ncha ea Lefatše
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lefatše le Lecha le Hlollang le Entsoeng ke Molimo
    Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 10/15 maq. 16-21

Tokoloho ea ’Nete Tlas’a Puso ea ’Muso

“Tse bōpiloeng li tla holloa bohlankeng ba tšenyeho, li tle li be tokollong ea khanya ea bana ba Molimo.”—BA-ROMA 8:21.

1. Ke mang feela ea ka fanang ka tokoloho eo batho ba e hlokang hakana, hona hobane’ng?

RURI hoa hlokahala hore batho ba lokolohe maemong a mangata a tepeletsang a renneng ka lilemo tse ngata hakana. Empa, kamoo pale e bontšang, ha ho matleng a motho hore a itokolle. “Mehopolo e mengata ka pelong ea motho, empa morero oa Jehova ke oona o tieang.” (Liproverbia 19:21) “Morero” oo oa Jehova o tšepisa hore “O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba leng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.” (Tšenolo 21:4) Ke pono e susumetsang hakaakang! E tšoanela hakaakang tlhaloso ea tokoloho ea ’nete eo Bibele e reng e tla hlaha ho Jehova: “Tse bōpiloeng li tla holloa bohlankeng ba tšenyeho, li tle li be tokollong ea khanya ea bana ba Molimo.”—Ba-Roma 8:21.

2. Jehova o sebelisa boemeli bofe ho tlisa tokoloho e joalo?

2 ’Muso oo Jehova a o qapetseng ho busa lefatše lohle, ’Muso oa leholimo oa Molimo ke oona oo Molimo o tla o sebelisa ho tlisa tokoloho e joalo. Ke ka oona thato ea Molimo e tlang ho etsoa “lefatšeng joale ka ha e etsoa leholimong.” (Mattheu 6:10) Ke oona ’Muso oo haufinyane “o tla robaka o felise mebuso eo kaofela [e teng kajeno], empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”—Daniele 2:44.

3. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho thetsoa ke mano a batho a ho rarolla mathata a lefatše lee?

3 Che, Molimo o ke ke oa lokisa lefatše lena le bolileng. Ha le sa na ho lokisoa. Ka hona u se ke ua kholoa mang kapa mang ea reng haeba ho ka lateloa leano le itseng la batho, ke hona lefatše le ka rarollang mathata a lona. Ho e-na le hoo, Lentsoe la Molimo ka bonnete le bontša hore teko e bohloko ea lilemo tse 6 000 motho a ipusa ntle ho Molimo, joale e “mehleng ea qetello” ea eona.—2 Timothea 3:1-5, 13.

’Muso o le Mong

4. Puso ea ’Muso o le mong e tla bolela eng ho batho?

4 Ho busa ha ’Muso oa Molimo oa leholimo ho tla bolela ho ba le ’muso o le mong bakeng sa lefatše lohle. Molaoli e moholo oa oona etlaba Jesu Kreste, ’me o tla ba le sehlotšoana sa bahlanka ba bang ba tšepahalang ba Molimo ba nkiloeng lefatšeng ho ea busa le eena. Nahana hore na ’muso o le mong, o busoang ka melao le metheo ea Molimo e tla ba eng bakeng sa lefatše! Meeli eohle eo hona joale e arotseng lichaba ka lihlopha tse hlaha e tla oa. Batho ba tla kopanngoa ho ba lelapa le le leng le leholo la batho, ba lokolohileng ho tsamaea lefatšeng lohle ntle ho tšitiso. Ha ho sa tla ba le libukana tsa ho eta, mangolo a ho kena naheng e ’ngoe kapa balebeli ba meeli.—Ba-Filippi 2:9, 10; Tšenolo 14:4; 20:6.

5. Ho hlokomelehile joang hore ho hlokahala ’Muso o le mong bakeng sa lefatše lohle?

5 Ke khale ba bang ba hlokometse hore ho hlokahala ’Muso o le mong. Ho Bulletin Today, koranta ea Philippines, mongoli Gwynne Dyer o re: “A. J. P. Taylor, e mong oa bangoli ba lipale ba baholo ba mehleng ea rōna, o sa tsoa mpolella hore o lumela hore tšepo feela ea ho qoba koluoa ea ntoa ea lefatše e ka felisang tsoelopele eohle ke hore e mong a thee ’muso o moholo oa lefatše. . . . Ka mokhoa o mong o itseng, re tlameha ho fumana morena a le mong oa lefatše, re tsoe boemong ba rōna ba hona joale ba ho phela mebusog [e fetang 150] e hlometseng ka ho feletseng empa kaofela e le tsuong ea ho timela. . . . Le teng re ho etsa ka potlako. Boemo bo fokolang habohloko le bo arohaneng hoo bo se nang pheko ba Machaba a Kopaneng ke sekala sa hore na tsela ea rōna e boima hakae . . . Lepetjo la khale la bo-1950 e sa le ’nete le kajeno: lefatše le be leng, kapa le be sieo ho hang.”

6. ’Muso e tla ba tsamaiso ea mofuta ofe?

6 E tla ba lefatše le le leng, tlas’a ’Muso o le mong oa Molimo. Etlaba lehlohonolo le lekaakang ho ba le tsamaiso e tla sebetsana le motho e mong le e mong ka mosa, toka le ho hloka leeme! Ha e bua ka Morena oa leholimo, Jesu Kreste, Bibele ka boprofeta e re: “O tla ahlola mafutsana ka ho loka, a bue taba tsa ba banyenyane ba lefatše ka ’nete.” (Esaia 11:3, 4) E, Kreste o tla etsa se lokileng. O pakile hoo ha a sa le lefatšeng, hobane o ne a bua ’nete ’me a senola baikaketsi. O ne a phahamisa ba hataketsoeng ’me a sa baballe barui le ba matla, leha empa a ne a sa ba khese. Ka Motsamaisi ea pakiloeng le ea tšoanelehang joalo a sebetsa tlas’a tataiso ea Jehova “nete e [tla] mela lefatšeng, ’me ho loka ho talime ho le maholimong.’—Pesaleme ea 85:11, 12.

Khotso ea ’Nete le Nala

7. Ba tla bolokoa hore ba kene ba phela Taolong e Ncha ea Molimo ba tla be ba se ba entse joang?

7 Etlaba thabo e kaakang ha re se re sa phele tlas’a puso e arohaneng ea motho e beiloeng tlas’a mabotho a maholo a hlometseng le a sa phetseng ho loana! Mehloli ea tse hlahisoang ke lefatše e se e sa senngoe hore ho bolauoe ka eona. Ho e-na le hoo, mehloli eo e tla sebelisetsoa merero ea khotso e hlahisang molemo. Ha e le hantle, bao Molimo o tla ba boloka ba phela bofelong ba tsamaiso ea joale ea lintho bo tlang, ba tla be ba se ba phethahalitse boprofeta ba Mikea 4:3: “Ka lisabole tsa bona ba tla tea mehoma, ka marumo a bona ba tee lisekele; sechaba se seng se ke ke sa hlola se tsohela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.” Ke bafe har’a baahi bohle ba lefatše kajeno ba seng ba phethahalitse boprofeta boo? Tlaleho ea pale ea kajeno e bontša hore ke Lipaki tsa Jehova. Ke bopaki bo phelang ba ’nete ea hore khotso ea lefatše lohle tlas’a puso ea Molimo e tla ba ntho ea sebele hobane ho tsona khotso ea lefatše lohle e se e le ntho ea sebele hona joale!

8, 9. Khotso le nala li tla atoloha hakae tlas’a puso ea ’Muso?

8 Taolong e ncha ea Molimo khotso e tla atolosetsoa karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea lefatše. Esaia 32:17, 18 e bua ka “phomolo le boiketlo ka ho sa feleng,” e phaella: “Sechaba sa ka se tla aha moahong oa khotso le matlung a tšepehang, nqalong tsa boiketlo le phomolo.” Nahana u le tšireletsehong e joalo hoo ho sa hlokahaleng hore u notlele monyako oa hao, le hore u tla itsamaela hohle ka nako efe kapa efe motšehare kapa bosiu u sa tšoha ba khamang kapa ba betang. Ke ka lebaka le letle Bibele e reng: “Ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.”—Pesaleme ea 37:11.

9 Khotso eo e tla tlatsana le nala, ho e-na le hore batho ba limillione ba shoe selemo le selemo ka lebaka la ho haelloa ke lijo joalokaha ho le joalo kajeno. Kaha Jesu o ne a e-na le matla a ho fepa batho ba likete ka mohlolo oa hore a atise feela mahobe a ’maloa le lihlapi tse seng kae, ha a se a busa ’Musong o tla alosa batho phethahatsong ea Pesaleme ea 72:16: “Nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng holim’a lithaba, liqoapi tsa ’ona li hoase joaloka merokoli.” Kaha joale ’Muso oa Molimo o tla tlosa mekoallo eohle ea lipolotiki, hammoho le meharo ea khoebo le tlhōlisano e senyang, se beoang ke lefatše ka bongata se tla phalla ka bolokolohi molemong oa batho bohle, e seng bakeng sa ba ’maloa feela. Kahoo, mehla ea bana ba sisimosang ba omeletseng liphaka le maoto ba limpa tse makhikila e tla be e fetile.

Mosebetsi o Beang le o Thabisang

10. Mosebetsi Taolong e Ncha o tla fapana joang le oa kajeno?

10 Batho ba bangata kajeno ha ba thabisoe ke mosebetsi oo ba o sebetsang hore ba phele. Ba bang ba limillione ha ba na mosebetsi ho hang, ho se eo ba mo sebeletsang. Empa Taolong e Ncha ea Molimo batho ba tla nyakalla haholo ke mosebetsi. Ba ke ke ba e-ba kotsing ea ho bona boiteko ba bona bo fetoha lefeela, ka lebaka la maemo a mabe a moruo, koluoa e ’ngoe eitseng kapa ntoa. “Ba tla haha matlo, ba lule ho ’ona, ba tla hloma merara, ba je litholoana tsa eona. Ba ke ke ba haha matlo, osele a lula teng, leha e le ho hloma merara, osele a je tholoana tsa eona, . . . ’me bakhethoa ba ka ba tla bona mesebetsi ea matsoho a bona e tsofalla ho bona. Ba ke ke ba sebeletsa lefeela.”—Esaia 65:21-23.

11. Bafo ba ’Muso oa Molimo ba tla finyella eng mabapi le lefatše lena le bophelo holim’a lona?

11 Maemo ao ho sebetsoang tlas’a oona e le a khathollang joalo, le batho ba ratana kannete le bao ba ahisaneng le bona, bafo ba ’Muso ba tla phetha lintho tse babatsehang hasekete ho feta eng kapa eng eo lefatše lena le kileng la e bona; molemong oa ho ntlafatsa lefatše lena le bophelo holim’a lona. Ke ka lebaka leo Jesu a neng a ka supa Paradeise e tlang. (Luka 23:43) Joalokaha Esaia a boletse pele ho nako, a re: “Mahalaopa a tla nyakalla, a mele lipalesa joale ka leshoma. A tla mela lipalesa ka ho fitesa, a nyakalle, a thabe, a phokole lifela tsa hlolo; a tla fuoa khanya ea Lebanone le menono ea Karmele le ea Sharone. . . . Mahoatata a mahlabathe a tla fetoha matša a metsi, naha e omeletseng e be le liliba tsa metsi; . . . lehlohonolo le thabo li tla ho ba khahlanyetsa, bohloko le masisa-pelo li balehe.”—Esaia 35:1, 2, 6, 7, 10.

Lefu le Bohloko ha li sa Tla ba Teng

12. Jesu o bonahalitse matla a maholo a lenaneo le leholo la ho phekola leo a tla le sebelisa matleng a ’Muso joang?

12 Leha ho le joalo, ekaba ho tepeletsang ho ba le seo sohle e be joale sea lahleha ka lebaka la ho kula, ho tsofala le ho shoa. Empa se hlōtseng lingaka le bahlalefi hona joale, Molimo o tla se etsa tlas’a puso ea ’Muso. Molimo o bōpile ’mele oa motho, mohopolo le maikutlo. O tseba hore na ke eng se tla mo phekola, se mo etse hore a phethahale. Jesu ha a le lefatšeng o bonahalitse matla a ho phekola ao Molimo o mo neileng oona ao a tlang ho a sebelisa Taolong e Ncha: “Matšoele a mangata a tla ho eena, a tlisa lihlotsa, le lifofu, le limumu, le lihole, le ba bang ba bangata; ba ba bea maotong a Jesu, ’me a ba folisa. Eaba bongata boo boa makala, ha bo bona limumu li bua, le lihole li e-na le ’mele o motle, le lihlotsa li tsamaea, le lifofu li bona.” (Mattheu 15:30, 31) Ho feta moo, batho ba phahamisetsoa phethehong ea botho tlas’a puso ea ’Muso, ‘lefu le tla felisoa ka ho sa eeng kae.’ (Esaia 25:8) Lerato la Jehova le tla fetela le ho bao e leng khale ba shoele, hobane ba tla fumana monyetla oa ho phela Taolong e Ncha ea Molimo ka hore ba khutlisetsoe bophelong ka tsoho. Thabo eo joale e tla phetoa hangata, e re hopotsa ha Jesu a ne a tsosa ngoanana e monyenyane ’me ba boneng ka mahlo “ba hlolloa haholo.”—Mareka 5:41, 42: Johanne 5:28, 29.

13. Batho ba ka ’na a ikhethela ho etsa lintho life Taolong e Ncha?

13 Nahana hore na ke eng eo u ka e etsang Taolong e Ncha ea khotso le nala u e-na le mohopolo o phethahetseng le ’mele—ebile ho se mohla u shoang! Ke lintho tse ngata hakaakang tseo u ratileng ho li etsa, empa u sitoa ho fumana sebaka kapa u se na mokhoa! Nahana u se u haola har’a lithaba tse khabane ka thabo, le merung e khathollang, masimong a khabileng ka lipalesa le lirapa, bophelo bo tletseng meeka ba liphoofolo, linōkana tse phatšimang le matša li se na litšila, lijo tse hlabosang tsa batho ba sa tšoaneng. Nahana ka mahlale ao banna le basali ba tlang ho ba le oona ho betleng, ho khabiseng naha le matlo, ho qapeng le ’minong. Ntle ho pelaelo, batho ba tla susumetsoa bocha hore ba bone le ho thabela botle. Hape u nahane ka ho tloaelana hamolemo le Jehova Molimo ea entseng tsena tsohle. Tsebo e eketsehileng ea bokahohleng bona bo boholo ka maseli a bona, linaleli, le mafatše le eona e tla ipaka e hapa. E, “tse bōpiloeng li tla holloa bohlankeng ba tšenyeho li tle li be tokolohong ea khanya ea bana ba Molimo.”—Ba-Roma 8:21.

Ho Amohela ’Nete

14. Ke hobane’ng ha re ka tšepa litšepiso tsohle tsa Jehova ka ho feletseng?

14 Na kannete u kholoa litšepiso tsee tsohle tsa Molimo? Ha u rata. U ka ikutloa joaloka Joshua ea neng a tšaba Molimo ha a re: “Ha ho ntho leha e le ’ngoe ea tsohle tse molemo tsee Jehova, Molimo oa lōna, a le baletseng tsona e hlokahetseng; tsohle li etsahetse ho lōna, ha ho e ’ngoe ea tsona e hlokahetseng.” (Joshua 23:14) Ruri u ka leketlisa bophelo ba hao litšepisong tsa Molimo hobane seo o se buang ke ’nete ’me se tla phethahala leha ho ka ba joang le joang.—Esaia 46:9-11.

15. Bahlanka ba Molimo ba hana maikutlo afe a lefatše lee?

15 Bibele e bontša ka ho hlakileng hore ’nete e teng, hore na e seng, hore na e hokae le hore na ke mang ea nang le eona. Potso e talimaneng le e mong le e mong ho rōna ke ena: Na kannete u batla ’nete? Ba bang ba ka ’na ba re: ‘Na hase batho ba bangata ba batlang ’nete’? Ha ho joalo, hobane Jesu o itse tsela e isang bophelong bo sa feleng e tšesaane ’me ke ba ’maloa feela ba ho eona. (Mattheu 7:13, 14) Boholo ba batho kajeno bo ikutloa ka tsela eo Bibele e e hlalosang ho Jobo 21:14-16: “Ba re ho Molimo: Tloha ho rōna! ha re rate ho tseba litsela tsa hao; Ea matla ’ohle ke’ng, ha re tla mo sebeletsa? re tla rua’ng ka ho mo rapela.” Empa Jobo eena o re, “Maikutlo a ba bolotsana a be hole le ’na.” Monahano oa bona ha o-oa theoa ’neteng empa leshanong la Satane la hore batho ho ka ba molemo ha ba lokolohile ho Molimo.

16. Ke hobane’ng ha re ka tiisa hore e mong le e mong ea batlang ’nete ka tieo o tla e fumana?

16 Motho ofe kapa ofe ea batlang ’nete ka tieo, le ea kōpang Molimo hore o mo thuse hore a e fumane, o tla hle a lebisoe ho eona. Ha ho tsotellehe hore na o phela hokae hona e le tlas’a maemo afe. Hobane’ng? Hobane le hoja Jehova a sebelisa bahlanka ba hae ba tšepahalang ba lefatšeng ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso pele bofelo bo e-tla, mosebetsi oa ho batla ba ratang ’nete ha o-oa qaloa ke motho. Jesu Kreste morena oa leholimo le matšoele-tšoele a makhotla a matla a hae a leholimo ke bona ba tšehelitseng molaetsa o eang le lefatše lohle ka matla a ntseng a hōla.—Mattheu 25:31, 32; Tšenolo 14:6, 7.

17. Haeba motho a hlile a batla ’nete, o lokela ho etsa joang?

17 Tsamaiso e feletseng ea lintho e tloha e fela. Haeba u fela u batla ’nete ’me u batla hore u ’ne u phele, ho hlokahala hore hona u ho bontše ho Molimo le motho. Rua tsebo e nepahetseng ka Lentsoe la Molimo. Bokana le batho ba oona. ‘U mpe u batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele.’—Mattheu 6:33; Johanne 17:3; Ba-Heberu 10:24, 25.

18. Ba phelelang ’nete ba kotula melemo efe le hona joale?

18 Ha u etsa joalo, u tla kotula melemo e mengata le hona joale. Ba ithutang ’nete le ba phelang ka eona ba fumana tokoloho e khōlō kelellong le maikutlong, kaha baa tseba hore na ke hobane’ng ha mehla e le mebe hakana le hore na nako e tlang e tla le life. Hape ba lokolloa tseleng e se nang molemo ea bophelo ea batho lefatšeng lena ba loanelang ho rua feela lintho tse bonahalang, empa li tla ba lahlehela tsohle ha tsamaiso ena e fela. (1 Johanne 2:15-17) Hape tokoloho e ba matla haholo ka ho lokolloa bolumeling bo phoso.

19. U tla etsa joang haeba u rata ’nete?

19 Na u hlile u rata ’nete? Ke moo joale u tla rata le Molimo oa ’nete. U tla rata linnete tse babatsehang tseo a li senolang ka puso ea ’Muso oa hae. U tla rata phutheho ea hae e bonahalang e lefatšeng, e entsoeng ka batho bao a ba bokellang hona joale hore ba pholohe. (Esaia 2:2-4) U ke ke ua lumella eng kapa eng leholimong kapa lefatšeng e u sitise ho sebeletsa ka botšepehi Molimo oa ’nete o ka u lokollang ka ’nete ea oona.—Johanne 8:31, 32.

Na u ka arabela lipotso tsee?

◻ Jehova o tla tlisetsa batho tokoloho ea ’nete joang?

◻ ’Muso o le mong oa lefatše o tla bolela eng ho batho?

◻ Ke bopaki bofe bo teng ba hore khotso ea ’nete e tla ba teng tlas’a puso ea ’Muso?

◻ Phapang e tla ba efe pakeng tsa mosebetsi tsamaisong ena le Taolong e Ncha?

◻ Ke hobane’ng ha re ka tiisa hore ba batlang ’nete ka tieo ba tla isoa ho eona?

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Ba pholohang bofelo ba tsamaiso ena ba tla be ba se ba ‘teile marumo a bona lisekele.’

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Taolong e Ncha ea Molimo, batho ba tla nyakalla haholo ke maemo a khathollang a mosebetsi

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela