Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 10/15 maq. 22-24
  • Kamoo ke Loantšang Bofuma

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo ke Loantšang Bofuma
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Sebetsa ka Kutloisiso le ho Baballa
  • Mohloli o Moholo oa Thuso
  • 2 | Boloka Chelete ea Hao le Lintho Tsohle Tseo U Nang le Tsona
    Tsoha!—2022
  • Ho Hōlisetsa Bana ba Robeli Litseleng Tsa Jehova ho ne ho le Thata Empa ho Thabisa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Bofutsana—Ho Fumana Tharollo e sa Feleng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Ho Atamela Haufi le Molimo ho Nthusitse ho Mamella
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 10/15 maq. 22-24

Kamoo ke Loantšang Bofuma

NA U mohlolohali? Le ’na ke eena. Mohlomong le uena u setse le bana bao u tlamehang ho ba hlokomela empa ho se moo u nkang teng. Monna oa ka o shoele ka 1973, a ntšiea le bara ba bararo, ba lilemo li 20, 16 le 14. Lefu la hae le ile la ’nyarosa haholo ’me ea e-ba tahlehelo e khōlō bophelong ba ka. Nakoana kamorao ho lefu la hae, ka oeloa ke koloua e ’ngoe—bara ba ka ba babeli, e moholo le oa ho fela, ba rera ho tloha lapeng. Molato? E re ke hlalose.

’Na le monna oa ka re ne re le Mahindu, le bana ba rōna re ba hōlisitse hore ba rapele Hindu. Leha ho le joalo, lilemong tse fetileng tse 10 pele ho lefu la monna oa ka, Lipaki tsa Jehova li ile tsa kopana le ’na ha li ntse li sebetsa ka ntlo le ntlo. Molaetsa oa tsona oa Bibele oa poloko ka ’Muso oa Molimo, oa ipiletsa ho ’na. Hoba ke ithute ka botebo ka likhoeli tse seng kae, ka kholoa hore Jehova ke Molimo oa ’nete le hore Jesu Kreste o khethetsoe ho ba ’Moloki oa batho ke Molimo. (Pesaleme ea 83:18; Liketso 4:12) Kahoo, ka ba paki ea Mokreste ea Jehova le ho kolobetsoa le hoja lelapa la ka le ne le sa rate ’me le monna oa ka a ne a sa ho thabele.

Motseng oa Mahindu, Bokreste ke bobe bo sa tšoareloeng, ’me monna oa ka o ne a sitoa ho bo mamella. A hanyetsa borapeli ba ka ba Bokreste ho fihlela lefung la hae. Mora oa ka e moholo le oa ho fela ba latela thato ea ntat’a bona ’me ba phehella ho phela ka mokhoa oa Mahindu. Ba nka lefu la ntate oa bona e le monyetla oa ho tloha lapeng ’me kahoo ba lokolohe bobeng ba ho ba le ’mè oa Mokreste. Leha ho le joalo, ke ne ke bile le monyetla oa ho kholisa mora oa ka oa bobeli, Jayasimman ka bonnete le ho utloahala ha Bibele le seo e se tšoereng se pholosang bophelo. Joale ke ne ke setse le Jayasimman a le mong. Re ne re tla loantša bofuma boo re leng ho bona joang?

Ho Sebetsa ka Kutloisiso le ho Baballa

Ha ke hlaphoheloa bohlokong bo boholo le ho hlokomela hore joale mofepi oa ka o ile, ka tlameha ho lula fatše le ho nahana hore na boemo ba ka ke bofe. Ho ne ho se thuso ea letho eo nka e fumanang ’musong. Ke ne ke tlameha ho iphatela. Ha e le hantle, ho fihlela morao haholo, motseng oa heso mohlolohali o ne a talingoa e le motho ea tlase haholo. Boemo ba hae bo ne bo le bobe hoo ka linako tse ling mohlolohali a neng a ikhethela ho itahlela tetemeng eo setopo sa monna oa hae se tla chesetsoa ho eona hore a shoe.

Empa re na le ntlo ea rōna e itekanetseng e likamore li tharo mona Madras, India. Bonyane re na le marulelo a re koahetseng. Ka rera hore ke mpe ke hirise kamore e ’ngoe ’me ho eona ha phakisa ha hlaha moputso o monyenyane oa ka mehla oa hoo e ka bang $7 (U.S.) ka khoeli. Hape ke na le mochine o rōkang; kahoo, ke rōka liphahlo tsa basali, haholo tsa ka hare tse aparoang ke mafumahali ka har’a mese ea bona e melelele. Kamorao ho nako ka fumana batho bao ke ba rokelang kamehla ba ’maloa, ’me moputso oa ka oa khoeli oa nyolohela ho hoo e ka bang $16 (U.S.) ka khoeli.

Leha ho le joalo, re tlameha ho phela ka mokhoa o itekanetseng. Ntlo ea ka e na le motlakase le metsi ka hare, empa thepa ea ntlo eona e nyenyane haholo. Empa hoo hase bothata ba letho; batho ba limillione ba naha ea heso ha ba na thepa ea ntlo. Re tloaetse ho robala moalong o monyenyane fatše. Ha fela fatše ho hloekile, re ho fumana ho le monate ho lula fatše re ipharile ha re e-ja. Ke pheha ka setofo sa parafine, ’me hoo hase bothata kaha ho molemo haholo ho feta ho besa mollo fatše. Re ja eng?

’Na le Jayasimman re ja lijo tse ntle. Hoseng re rata haholo ho ja seo re se bitsang idli. Ke sephaphatha se senyenyane se etsoang ka phoofo ea reisi e tsoakiloe le ‘pulse’ e sitsoeng, e apehoa ka metsi joale e jelelloa ka “chutney,” e etsoang ka ho kopanya “coconut” e sitsoeng, litlama-tlama le matsoai. Mona India, idli tse peli, banana le kopi ea kofi li nkoa e le lijo tse ntle haholo tsa hoseng.

Lijo tsa rōna tsa motšehare ke reisi le “curry,” sejo sa rōna se tloaelehileng. Molemong oa ho baballa, hangata ke lokisa meroho e kopantsoeng le “curry” ke e fapanya ka hore ke sebelise meroho e sa tšoaneng ka matsatsi a sa tšoaneng.

Ka nako e ’ngoe, hore ke loantše mathata a rōna a tsa lichelete, ka fetola kamore e ’ngoe ntlo e nyenyane eo ho pheheloang batho ho eona. Ke tsoha ka 4 hoseng ho hong le ho hong, ke ne ke etsa idli tse ngata, “chutney” le kofi, ’me ke fepa batho ba neng ba e-tla ho tla ja kamehla. Ka ho rōka ho seng hokae le ho pheha ho kopanyelletsa le chelete ea kamore e hirisitsoeng, re ne re fumana ho re lekaneng letsatsi ka leng. Leha ho le joalo, ho na le ho hong ho ekelitseng ho sebetsa ka kutloisiso le ho baballa ho re thusa ho loana le bofuma.

Mohloli o Moholo oa Thuso

Ke thuso eo ke e fumaneng Lentsoeng la Molimo, Bibele. Ke ka tsela efe Bibele e nthusitseng ho loana le bofuma? Lebaka ke hobane ho na le mohlala o motle oa banna le basali ba tšepahalang ba mehleng ea Bibele, ba kang mopatriareka Jobo ea ileng a mamella bohloki le ho kokobetsoa hammoho le ho tlatlapuoa ka nakoana. Ho nahana ka mehlala e joalo ho thusitse hore ke matlafale litekong tsa ka.—Jobo 1:13-19; 2:7-9; 21:7.

Hape, tumelo eo ke e fumaneng Bibeleng e nkhothalitse haholo. Le hoja bophelo ba ka bo le lintšing tsa bofuma, ha kea hlonama ebile ha ke bohloko pelong. ’Nete ea Bibele e ntlatsa ka pono e molemo. Ke ithutile hore haeba nka etelletsa pele lithahasello tsa ’Muso oa Molimo bophelong ba ka ’me ka utloisisa hore ke sebetsa le ho fumana chelete ka tsela e tšepahalang, Jehova Molimo o tla ’nea seo ke se hlokang bophelong, joalokaha Jesu Kreste a tiisitse: “Le se ke la belaela ka ho re: Re tla ja’ng? kapa, re tla noa’ng? kapa, re tla ikapesa ka’ng? Hobane ntho tseo tsohle ke tse batloang ke bahedene; empa Ntat’a lona ea maholimong o tseba hoba le hloka lintho tseo tsohle. Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele; ’me lintho tseo tsohle le tla li ekeletsoa.” (Mattheu 6:31-33) Ke leboha haholo hore e be ke sona seo ke se fihletseng.

Tumelo ea ka litšepisong tse joalo tsa Bibele e nthusitse hore ke khotsofalle seo ke nang le sona bophelong, ’me hangata ke nahana ka lengolo la 1 Timothea 6:8 le reng: “Ha re e-na le lijo le liaparo, a re kholoeng ke tsona.”

’Nete ea Bibele e nthusitse le ka litsela tse ling hape. Ha ke sa le Mohindu ea phelang har’a Mahindu, ke ne ke tloaetse bophelo ba ho sireletsoa ke monna oa ka haholo. Eaba ke tloaela ho ikhula har’a batho le ho tšaba ho ba har’a bona. Leha ho le joalo, hona joale ke ithutile ka Bibele hore ke etele batho le ho teana le bona malapeng a bona le ho ba bolella ka merero ea Molimo ho akarelletsa tšepiso ea oona ea ho thea Taolo e Ncha eo bofuma bo tla fela ho eona. (Pesaleme ea 72:12-14) Phetoho eo ke nang le eona bophelong ke e fumane ka lebaka la bohlale ba Molimo bo ka Bibeleng. Joalokaha Pesaleme ea 19:7 e re: “Molao oa Jehova o lokile, o khatholosa moea; bopaki ba Jehova boa tšepeha, bo hlalefisa sethoto.”

Ka ho ananela, ke lokisitse bophelo ba ka hoo hona joale ke leng ’moleli oa Evangeli ea molaetsa oa ’Muso oa Molimo oa kamehla. Ho bolela hore ha ke sa na nako ea ho sebetsa ntlo ea ka e nyenyane ea ho phehela batho. Empa hona joale ke hirisitse likamore tse peli bakeng sa moputso oa hoo e ka bang $13 (U.S.) ka khoeli, ’me ke ntse ke rōka ha nako e ntumella. Jayasimman le eena o fumana chelete e nyenyane khoeli le khoeli ka mesebetsi e fapaneng e menyenyane, ’me ka thabo o fana ka karolo ea 75 lekholong ea eona bakeng sa litšenyehelo tsa bophelo. Seo re se hlokang bophelong re etsa hore se felle cheleteng eo re e fumanang ka khoeli. Hona ho mpha nako ea hore ke be le sebaka tsatsi le leng le le leng ke etela batho malapeng a bona, ke tšelisa ba llang joalokaha le ’na ke tšelisitsoe ka Lentsoe la Molimo, Bibele.—Mattheu 5:4, 2 Ba-Korinthe 1:3, 4.

E, ho na le linako tseo ka tsona ke ileng ka thulana le mathata a lichelete—litšenyehelo tse tlileng ka tšohanyetso li bile li sa lebelloa—’me ke ipotsa hore na ke tla tsoella joang. Empa ka utloa hore Jehova o tla nthusa ka tsela e ’ngoe. Kamehla ho ne ho etsahala ho hong ho nthusang ka nako eo hore ke tsoelle. Mohlomong ke ne ke fumana chelete ka poso e tsoa ho e mong oa bara ba ka ba babeli ba tlohileng lapeng empa ba ntse ba nkhopola. Kapa ke ne ke fumana motho ea neng a re ke mo rōkele ho hong ke sa ho lebella. Kahoo, le hoja ho theosa le lilemo ke ’nile ka hloka, kaha ke ne ke utloisisa ho sebetsa ka thata le hore ke etse ho hong ho sebelisa matla leha e le afe ao ke nang le oona, ha ho mohla nkileng ka lahloa feela.—Tlatsetso.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela