Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 11/1 maq. 21-26
  • Mosebetsi o Khanyang o Latelang ho Palama ha Banna ba Lipere

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mosebetsi o Khanyang o Latelang ho Palama ha Banna ba Lipere
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • PERE E KHUNONG
  • PERE E NTŠO
  • PERE E TŠEHLA
  • Tokelo e Hlomphehang
  • Ho Latela Mosebetsi o Khanyang
  • Banna ba Lipere ba Tšenolo—Kamoo ho Palama hoa Bona ho U Amang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Bapalami Ba Bane ba Lipere-ke Bo-mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Ho Rarolla Mohlolo oa Banna ba Lipere
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Bapalami ba Bane ba Lipere Baa Khemisa!
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 11/1 maq. 21-26

Mosebetsi o Khanyang o Latelang ho Palama ha Banna ba Lipere

1. Ho totobetse joang hore Mehla ea Lichaba bakeng sa ho hatakela se neng se emeloa ke motse oa Jerusalema e felile ka 1914?

“MORENA oa marena, le ’Musi oa babusi,” Jesu Kreste, o teng. (Tšenolo 19:11, 16) Re na le “pontšo” ea sena. O bile teng ’Musong oo a o filoeng ke Molimo ho tloha bofelong ba “mehla ea lichaba” ka selemo sa 1914, lilemong tse fetileng tse 69. (Luka 21:24) Ka nako eo ha hoa ka ha hlola ho hatakeloa ’Muso oa Jehova Molimo joalokaha o ne o kile oa emeloa ke ’muso oa Iseraele Jerusalema, lesikeng la borena la Morena Davida. Koana Bochabela bo Hare motseng oa Jerusalema, ha ho na morena oa lelapa la lesika la Davida empa ho na le motse-moholo oa naha e ipusang ea Iseraele, e nang le tona-kholo ea Mojode. Empa “Jerusalema oa leholimo” eona ho thoe’ng ka eona? (Ba-Heberu 12:22) E phahameng moo e phahametseng batho ba Balichaba moo ‘mora oa Davida,’ Jesu Kreste, a busitseng e le “morena oa marena, le ’Musi oa babusi” ho tloha ka 1914 ha ho fela Mehla ea Balichaba. Lichaba tsa Balichaba tse mona lefatšeng li ka ’na tsa hanyetsa ’Muso le baboleli ba oona, empa li ke ke tsa o ama. Li ke ke tsa o okamela, joalokaha ho ile ha etsa mebuso ea lefatše e mehlano ea pale ea lefatše, e leng Babylonia, Medo-Persia, Greece, Roma le ’muso oa lefatše oa Manyesemane le Maamerika oa Brithani le United States.—Tšenolo 21:1, 2.

2. Ha a arabela potso ea hore na pontšo ea hore o teng le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho e tla ba efe, Jesu o itse’ng e lumellanang le pono ea Tšenolo 6:1-8?

2 Pono e neiloeng moapostola Johanne, joalokaha e ngotsoe ho Tšenolo 6:1-8, e bontša ka boprofeta se neng se tla tsamaea le hore “Morena oa marena, le ’Musi oa babusi” a qale ho palama pere e tšoeu ea tšoantšetso a habile lebaleng la ntoa ea makhaola-khang ea Harmagedone. Se bontšitsoeng ke pono eo se lumellana le seo Jesu Kreste ka boeena a ileng a se bolella barutuoa ba hae ha a arabela potso ea bona: ‘Lintho tseo li tla etsahala neng, hona pontšo e tla ba efe ea hore u teng [parousía ka Segerike] le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho.’ (Mattheu 24:3, NW) Ka “qalo ea tlokotsi” e neng e tla tšoaea “pontšo” ea hore o teng, kapa parousía ea hae, le ea ho ‘fela ha tsamaiso ea lintho,’ Jesu o itse: “Sechaba se seng se tla tsohela sechaba se seng matla [ntoeng], ’muso o mong o loantše ’muso o mong; litšisinyeho tsa lefatše li tla ba teng ka nqa tse ngata, le litlala li tla ba teng le mefere-fere. Tseo ke qalo ea tlokotsi [li tšoaea ho tsoaloa ha tsamaiso e ncha ea lintho].” (Mareka 13:8, 9) “Joale a re ho bona; sechaba se tla tsohela sechaba se seng matla, ’muso o mong o loantše ’muso o mong. Litšisinyeho tse kholo tsa lefatše li tla ba teng, le litlala ka nqa tse ngata, le mafu a akaretsang; ’me matšabeho le mehlolo e meholo e tla ba teng e tsoang leholimong.”—Luka 21:10, 11; Mattheu 24:7, 8.

PERE E KHUNONG

3. Qaleho ea hore Kreste o teng e ne e tla tšoauoa ka eng, ’me kahoo pono qalehong ea ho manolloa ha tiiso ea bobeli e bontša eng?

3 ‘Boteng’ ba Kreste, kapa parousia, ho tloha bofelong ba Mehla ea Lichaba ka 1914 bo ne bo sa lokela ho tšoauoa ka khotso leholimong kapa mona lefatšeng. Pono e neiloeng Johanne ho Tšenolo khaolo ea 6 e tiisa ’nete ena. E be joale ho manolloa ha tiiso ea bobeli ho ne ho tla re phuthullela eng? Re shebella le moapostola Johanne: “Eitse hobane e manolle tiiso ea bobeli, ka utloa sebopuoa se phelang sa bobeli se re: Tlo. ’Me ha tsoa pere e ngoe e khunong, ’me ea e kaletseng a fuoa matla a ho felisa khotso lefatšeng, hore batho ba bolaeane, ’me a neoa lerumo le leholo.—Tšenolo 6:3, 4.

4. Pono eo ea litšoantšo e ne e bontša eng, hona hobane’ng?

4 Pono eo ea litšoantšo e ne e bolela’ng? Ho qhoma ha ntoa, le hona e le ntoa e akaretsang lefatše lohle, joalokaha mopalami oa pere e khunong a ne a tla “felisa khotso lefatšeng.”

5. Na hona ho bolela hore mopalami oa pere e tšoeu o ne a ikarabella ka ho qhoma ha ntoa ea lefatše,’ ’me Tšenolo 12 e bontša hore ke eng e neng e tla latela ho qaleha ha puso ea hae?

5 Kaha pere e khunong le mopalami oa eona ea hopotseng ntoa ba ne ba latetse mopalami oa pere e tšoeu, na hoo ho bolela hore monna oa pele oa pere o ile a qhomisa Ntoa ea I ea Lefatše hoba a roesoe moqhaka oa borena ka 1914 ’me kahoo a qala ho sebelisa seqha sa hae? Le hanyenyane! Tšenolo khaolo ea 12 e tšoantšetsa ho neng ho tla latela ho tsoaloa ha ’Muso oa monna oa pele ea palameng ka 1914: ntoa e sa bonahaleng e phahametseng matla a motho. “Joale ntoa ea e-ba teng leholimong, Mikaele le mangeloi a hae a loantša drakone. Drakone ea loana, e e-na le mangeloi a eona; empa ha ba ka ba hlōla, ’me ha ba ka ba hlola ba e-na le litulo leholimong. ’Me drakone e kholo, e leng noha ea khale, e bitsoang Diabolose le Satane, e thetsang lefatše kaofela, ea liheloa; ea lahleloa ntle, ea liheloa lefatšeng, le mangeloi a eona. Joale ka utloa lentsoe le leholo leholimong, le re: Joale, ho hlahile poloko, le matla, le ’muso oa Molimo oa rōna, le matla a Kreste oa oona; hobane monqosi oa banab’abo rōna, ea neng a ba nqosa pel’a sefahleho sa Molimo motšehare le bosiu, o lihetsoe. . . . Thabang ke hona, maholimo, le lōna ba ahileng teng. Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lōna a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.”—Re 12 Litemana 7-12.

6. Ka baka leo, litšobotsi tse ngata tse mabapi le monna oa pere oa bobeli li tšoantšetsa eng?

6 Tlaleho eo e bea molato oa ntoa ea pele ea lefatše e ileng ea bolaea batho ba fetang limillione tse 8 ho tloha ka la 28 Phupu, 1914 holim’a Diabolose le bademona ba hae qhaa. Mopalami oa pere ea bobeli ea tšoantšetso o tšoantšetsa makhotla a sesole a lefatše, ao Satane Diabolose e leng “molimo” oa oona; ’me pere e khunong e tšoanelana le bohale bo tukang le sebopeho sa ntoa eo le masisapelo a eona, Ntoa ea II ea Lefatše. “Lerumo le leholo” la monna oa ntoa ea palameng pere le ile la neoa mopalami enoa oa ntoa, hore a khabele bao a ba bolaeang. Boholo ba sehlomo sena sa ntoa bo ne bo tla boetse bo bontše boholo ba ntoa eo Joale e neng e tla nka lefatše lohle, ntoa e feletseng, ntoa tekanyong ea lefatše. Ha ho ntoa e neng e kile ea e-ba joalo pele! Libuka tsa histori li teng moo ho bokelloang libuka ho re nea lintlha tse qaqileng tsa Lintoa tsa Lefatše ea I le ea II. Bofelong ba Mehla ea Lichaba ka 1914, ruri ho ile ha qhoma ntoa e neng e nkile lefatše lohle.—Luka 21:24.

7. Ho lumellana le Tšenolo 6:1-8, ho qalehile eng ka 1914 e bontšang tumellano pakeng tsa seo Jesu a se boleletseng barutuoa ba hae ka pontšo ea ho ba teng ha hae?

7 Ea neileng moapostola oa hae Johanne litšoantšo tsa Tšenolo khaolo ea 6, ke eena eo khale koana ka 33 C.E. a ileng a fana ka boitsebiso bo neng bo arabela baapostola ba hae ba neng ba akha Johanne ka hare, potso ea bona e reng: “Pontšo ea hore u teng le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho e tla ba efe?’ Kaha tatelano ea liketsahalo tse ngotsoeng morao koo nakoana pele ho lefu la hae e lumellana le tatelano ea liketsahalo tseo a li tšoantšetsang ho Tšenolo khaolo ea 6, khaolo ea 6 e bontša hore ho fela ha Mehla ea Lichaba ka 1914 le ho qhoma ha ntoa e akaretsang lefatše ho ne ho tšoaea ‘hore o teng’ ka ’Muso oa hae oa leholimo le ho qaleha ha ‘ho fela ha tsamaiso ea lintho.’ Joalokaha Jesu a hlile a bolela ho Mattheu 24:7, 8 le Luka 21:11, sechaba sa fela sa tsohela sechaba se seng matla, ’muso oa loantša ’muso ho tšoaea qaleho ea hore ‘o teng’ a sa bonahale kapa hore joale o etse hloko litaba tsa lefatše ha joale e le mona le fetohile sebaka sa ’Muso oa hae o hlomiloeng bocha. Empa “litlala” tsona le mafu a akaretsang” ho thoe’ng ka tsona? Tsena le tsona li ile tsa tšoantšetsoa pele ponong ke ho palama ha banna ba lipere ba bane ba tšoantšetsoang ho Tšenolo 6:1-8.

PERE E NTŠO

8. Litšobotsi tsa pono e ileng ea latela ho manolloa ha tiiso ea boraro ke life?

8 Pono e re bontša eng kamor’a ho palama ha monna oa pere ea kaletseng pere e khunong? “Eare hobane e manolle tiiso ea boraro, ka utloa sebopuoa se phelang sa boraro, se re: Tlo. Eaba kea talima, ka bona pere e ntšo, ’me ea e kaletseng a tšoere sekala letsohong la hae. ’Me ka utloa lentsoe mahareng a libopuoa tse phelang tse ’ne, le re: Khala e le ’ngoe ea koro e rekoe ka denare, le khala tse tharo tsa harese ka denare; empa u se ke ua senya oli le veine.”—Tšenolo 6:5, 6.

9. Litšobotsi tsa pono eo li supa eng ka ho totobetseng, ’me ke hobane’ng ha ka nepo ’mala oa pere o ne o le motšo?

9 Ka ho hlakileng, hoo ho supa likhaello tsa lijo, ho haella ha se jeoang. ’Me na litlala tsee ha lia tla le Ntoa ea I ea Lefatše “ka nqa tse ngata”? Ka ho tlosoa ha balemi mapolasing a bona le lirapeng tsa bona e le hore ba ka kenngoa makhotleng a banna ba limillione ba loanang, na tlala e ne e ke ke ea rena libakeng tse ngata, ho fepang batho ho le honyenyane kapa ho le sieo ho hang? Ho joalo feela! Hase feela batho ba limillione ba ileng ba bolaoa ke tlala. Theko ea lijo ea nyolohela ka holimo ho moo malapa a ba lapileng a neng a ka li fihlela ka theko e phahameng hakaalo! Nahana, moputso oa letsatsi, “denare,” o reka khala ea koro! Moputso oa letsatsi o reka feela khala tse tharo tsa harese, sejo se tlase, sejo se tloaelehileng har’a mafutsana! Ba ruisitsoeng ke mosebetsi oa ntoa le ho etsoa ha lihlomo ba ne ba ka khona ho reka oli le veine ’marakeng. ’Me kahoo ho bona “oli le veine” ha lia ka tsa ameha. Meputso e phahameng e ne e ka lumellana le theko e phahameng! Hona hohle ho fifatsa litaba mabapi le ntoa ea lefatše e ileng ea tlosa banna ba bangata mesebetsing e hlahisang lintho, e kang temo, hore ba kene mesebetsing e senyang. Ka baka leo ha ho mohlolo o hlahang ka hore pere e neng e palamisitse mopalami ea neng a nkile sekala sa tšoantšetso sa lijo tse rekoang ka theko e phahameng ka ho fetisisang li bile li fanoa ka lirechene, e ne e le ntšo! Motsamaisi ea lonya le ea bonahalang a le soto oa tlala e bolaeang!

PERE E TŠEHLA

10. Paki ea boraro e fanoe joang ponong ea Johanne ho paka ho qaleha ha hore mopalami oa pere e tšoeu o teng?

10 Bapalami ba pere tse khunong le pere e ntšo e ne e le lipaki tse peli tsa ’nete ea hore Morena Jesu Kreste o roesitsoe moqhaka oa borena le hore o kaletse ho ea hlōla ho fihlela ‘ho feleng ha tsamaiso ea lintho’ ka Harmagedone. Leha ho le joalo, ho na le paki ea boraro ntlheng ena e hloellang setulong sa bopaki ho re pakela. Hoo e ka bang lilemo tse 60 pele ho pono ea Johanne, mopalami ea roetseng moqhaka oa borena ea kaletseng pere e tšoeu o ne a itse: ‘Lipolelo tsohle li tiea ka melomo ea lipaki tse peli kapa tse tharo.’ (Mattheu 18:16) Ho thoe’ng joale, ka paki ee ea boraro? Hase mopalami ea tšoantšetsang ketsahalo e ’ngoe e etsahetseng lefatšeng, litšisinyeho tsa lefatše, li haotse holim’a lefatše ho bolaea batho ba limillione tse 20 ka 1918-1919 qetellong ea Ntoa ea I ea Lefatše. Kena, he, paki ea boraro: “Hobane e manolle tiiso ea bone, ka utloa lentsoe la sebopuoa se phelang sa bone, le re: Tlo. Eaba kea talima, ka bona pere e tšehla, ’me ea e kaletseng lebitso la hae e le Lefu, a lateletsoe ke nqalo ea bafu; a fuoa matla holim’a karolo ea bone ea lefatše ho bolaea batho ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu, le ka libatana tsa naha.”—Tšenolo 6:7, 8.

11. Ke hobane’ng ha lebala la pere ena ea bone ka nepo le ne le le lesehla, ’me mopalami oa eona o ne a tšoantšetsa lefu la mofuta ofe le neng le tla fepela nqalo ea bafu?

11 Pere e tšehla e ne e tla ba phoofolo e shebahalang e kula, ’me Lefu ke lebitso le neng le tla tšoanela mopalami oa eona. Mona ho ne ho boleloa lefu le potlakileng, e seng lefu le tlelang batho ka baka la botsofali. Ke lefu le isang motho Hades, lebitleng, pele ho nako. Joang? Hobane ke lefu leo ntle ho boikhethelo le tlelang motho ka “lerumo le leholo” la ntoa e khōlō, ka litlala tse iphetolang sekoboto kapa ka “mafu a akaretsang,” mafu a tšoaetsanoang a tlalang sebaka se seholo moo batho ba ahileng, a potlakelang ho bolaea ba bangata bao a ba tšoereng. Na “ntaramane,” mokakallane oa Spania o ileng oa otla lefatše qetellong ea Ntoa ea I ea Lefatše ha o ka oa tšoanela tlhaloso e joalo? Ho joalo ka sebele! ’Me Hades ea ahlamisa molomo oa eona o lapileng ho koenya batho ba ka bang limillione tse 20. O ne o sa romeloa ke Molimo, empa Molimo oa o lumella. Ho sa senngoe mantsoe, ho ne ho ka boleloa tjena ka Lefu le nqalo ea bafu, “a fuoa matla holim’a karolo ea bone ea lefatše.” Molimo ha o ka oa kenella empa oa tlohella lintho tseo tse bolaeang hore li senye lefatšeng le patetsoeng ke ntoa, le hoja lintho tsena li ile tsa shoabiella ba bang ba bahlanka ba hae ba khabane. Ha ho tlaleho ka lefu la batho ba haroloang ke “libatana tsa naha” ba sitoa ho itšireletsa.

12. Ho palama ho senyang ha banna ba morao ba bararo ba lipere, ka hore ho etsahale ka nako eo ho etsahetseng ka eona, ho paka ’nete efe?

12 Ho palama ho senyang ha lipaki tseo tse tharo, mopalami oa pere e khunong, mopalami oa pere e ntšo le mopalami oa pere e tšehla a hatiloe lirethe ke nqalo ea bafu, ho ke ke ha hlokomolohuoa kapa ha hlakoloa historing ea mehla ea kajeno. Kaha li etsahetse bofelong ba Mehla ea Lichaba ka 1914, li tlameha ho bolela ntho e ’ngoe ea bohlokoa lefatšeng lohle. Efe? ’Muso oo barutuoa ba hae ba ileng ba rutoa ho o rapella ho Molimo Thapelong ea Morena, o hlonngoe maholimong, ha e le mona Mehla ea Lichaba “linako tsa lichaba” tsa ho hatakela ’Muso oa Molimo oa Messia (Kreste) oa hae li felile. (Luka 21:10, 11, 24) Ka hona ’Muso o teng. Morena oa oona o tlotsitsoe e le ’Musi ea beiloeng teroneng oa Molimo o roesitsoe moqhaka oa borena. ‘O se a le teng’ Musong. ‘Tsamaiso ea lintho e nakong ea bofelo.’ Jehova o se a otlolotse molamu oa matla a hae Sione oa leholimo, a re: “Busa har’a lira tsa hao.” (Pesaleme ea 110:1, 2) Kahoo, nako e ne e fihlile ea hore ’Musi a qale ho palama pereng ea hae ea ntoa e tšoeu, a kholopisa ho ea hlōla lira tsa hae lefatšeng hammoho le leholimong ka lekhetlo la ho qetela le ka ho feletseng.

Tokelo e Hlomphehang

13. Barutuoa ba mopalami oa pere e tšoeu ba lokela ho itšoara joang ka boitsebiso bona, ’me ke tokelo efe e hlileng ea boleloa ea tšebeletso e lokelang ho nahanoa hore ke tlotla ho e etsa?

13 Har’a banna ba lipere ba bane joalokaha ba tšoantšelitsoe ho Tšenolo 6:1-8, barutuoa ba mopalami oa pere e tšoeu ba lokela ho etsa joang lefatšeng ‘ho feleng hona ha tsamaiso ea lintho’? Ba lokela ho sebetsa ba kopane e le babuelli ba hae ba phethang tšobotsi e fetisisang ea “pontšo” ea hore o teng ’Musong, e le hore, “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle.” (Mattheu 24:14) Bopaki bona ba lefatše lohle bo lokela ho tsamaisoa ke ‘baboleli’ ba hae le ho phethoa pele “bofelo” bo qetellang ‘tsamaiso ena ea lintho’ e ahlotsoeng bo fihla. Hona joale e se e le lilemo tse 69 mopalami ea roetseng moqhaka oa borena oa pere e tšoeu a palame ho ea hlōla bahanyetsi ba ’Muso oa hae ka ho feletseng, le maemo a lefatše a ntse a senyeha ho ea pele ho isa mona moo a leng teng hoo “bofelo” bo qetellang bo leng haufi haholo. Kamoo ho bonahalang, ‘nako e seng kae’ e lumelletsoeng Satane Diabolose mona lefatšeng e tloha e fela. (Tšenolo 12:12) Ke bo-mang he, ba tla amohela tokelo e hlomphehang ea ho fana ka karolo ea ho qetela ea bopaki ba lefatše lohle mabapi le ’Muso o hlomiloeng oa Molimo ka Kreste oa hae? Lipaki tsa Jehova tse kopaneng lefatšeng lohle li arabela ka hore “Re tla ho etsa!” E se eka Jehova a ka li thusa ha li etsa joalo, ho tumisoeng ha hae e le Morena oa Bokahohle!

14. Ke hobane’ng ha mopalami oa pere e tšoeu a ntse a lokela ho palama?

14 Mopalami oa pere e tšoeu ea roesitsoeng moqhaka oa borena ha a s’o fihle moo a ‘phethileng ho hlōla’ ha hae, ’me a ke ke a haelloa ke ho finyella pakane ena. Ka hona o sa ntsane a lokela ho palama ho ea pele. Lintoa tse peli tsa lefatše li se li fetile historing, empa litokisetso tse khōlō haholo tsa ntoa li sa ntsane li reketlisa khotso ea batho.

15. (a) Na ho palama ha pere e ntšo le pere e tšehla ho felile? (b) Ke hobane’ng ha ho ’nileng ha etsahala ho tloha ka 1914 ebile ho thabisang le ho khanyang?

15 Batho ba limillione ba lapileng ba santsane ba tlameha ho tiisa mabanta ho loantša bohloko ba tlala, ba emetse lelea hore likhaello tsa lijo li hlōloe le hore theko e phahameng e theohele moo mafutsana a ka khonang ho itlhokomela. Thuto ea mahlale ea meriana e fumana e tsietsoe ke mefuta e mecha ea maloetse le maloetse a manganga a ntseng a itlamella ka matla ho batho ba bangata, hoo mopalami Lefu a sa emisang pere ea hae e tšehla, hore nqalo ea bafu e mo hatohe lirethe. Empa se boleloang ke sena sohle se etsahetseng ho tloha ho feleng ha Mehla ea Lichaba ka 1914 sea thabisa, e, sea khanya! Nakong ena e seng e ile re atamela ‘ho fela ha tsamaiso ea lintho’ e bileng teng ho tloha mehleng ea Moroallo oa Noe ka 2370 B.C.E., kapa lilemo tse fetileng tse 4 352. Hona ka ’nete ke litaba tse molemo.

Ho Latela Mosebetsi o Khanyang

16. Na hona ho bolela ho fela ha lefatše leo re ahileng ho lona kapa che?

16 Ho fela ha ‘tsamaiso ena ea lintho ha ho bolele ho fela ha lehae la batho la lefatše. Le hanyenyane! Ho bolela ho qaleha ha tsamaiso e ncha ea lintho, e, bakeng sa lefatše lona lena la khale leo batho ba oeleng ba le tšosang ka ho le fetola lefeella le timetseng. ’Mōpi ea lutseng teroneng o re: “Bonang, ntho tsohle ke li etsa tse ncha.”—Tšenolo 21:5.

17. Ke tokelo efe ea mosebetsi eo joale e leng tlotla ho rōna ho e ntšetsa pele le ho ea kena tsamaisong e ncha ea lintho?

17 Ke mosebetsi o khanyang hakaakang o emetseng ba tla pholoha ‘bofelo ba tsamaiso ee ea lintho’ le ba tla kena tsamaisong e ncha moo pere e khunong, pere e ntšo le pere e tšehla e latetsoeng ke nqalo ea bafu li ke keng tsa feresa baahi ba lefatše—haholo kaha ho tsosoa ha bafu ba lopolotsoeng ho le haufi haholo! Empa leha e le hona joale, pele banna ba bane ba lipere ba emisa, mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova oa ho bolela litaba tse molemo ho feta tsohle ke o khanyang. Ke litaba tsa ’Muso oa borena o matsohong a Kreste o tla ntlafatsa tsamaiso e ncha ea lintho ka Paradeise e tla pota lefatše lohle le ho le tlatsa ka batho ba lopolotsoeng ba bolokang khotso, ba hlohonolofalitsoeng ka bophelo bo sa feleng phethehong ea botho, bo bonahatsang setšoantšo sa Molimo le ho tšoana le oona. (Genese 1:26-28) Tokelo ea rōna ea hona joale ke e hlomphehang eo re e filoeng ke Molimo ea ho kopanela mosebetsing ona o khanyang!

Ke lintlha life tse amanang tsa “pontšo” e makala-kala tse hlalosoang ho

□ Tšenolo 6:3, 4?

□ Tšenolo 6:5, 6?

□ Tšenolo 6:7, 8?

Hona joale Lipaki tsa Jehova li thabela tokelo efe, ka tebello ea mosebetsi ofe o tlang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela