Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 11/1 maq. 16-21
  • Ho Palama ha Banna ba Lipere ba Bane—Ke Pontšo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Palama ha Banna ba Lipere ba Bane—Ke Pontšo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipere tse ’Nè le Bapalami ba Tsona
  • PERE E TŠOEU LE MOKALLI OA EONA
  • Ho Phetha Khapo ea Hae
  • Ho Rarolla Mohlolo oa Banna ba Lipere
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Mosebetsi o Khanyang o Latelang ho Palama ha Banna ba Lipere
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Bapalami ba Bane ba Lipere Baa Khemisa!
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • Bapalami Ba Bane ba Lipere-ke Bo-mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 11/1 maq. 16-21

Ho Palama ha Banna ba Lipere ba Bane—Ke Pontšo

‘Ka talima, ’me, bonang, pere e tšoeu, pere e khunong, pere e ntšo, pere e tšehla; ’me ea e kaletseng lebitso la hae e le Lefu, a lateletsoe ke nqalo ea bafu.’—TŠENOLO 6:2-8.

1. Pele a lula setulong sa hae tafoleng hoseng ka la 2 Mphalane, 1914, mookameli oa Watch Tower Bible and Tract Society o ile a etsa joang ntlo-kholo ea Brooklyn?

E NE e le Labohlano, letsatsi la bobeli khoeling ea Mphalane, selemong sa 1914. Ka ntlong eo ho jelloang ho eona ntlo-khōlō ea Watch Tower Bible and Tract Society, 124 Columbia Heights, Brooklyn, New York, U.S.A., ha kena mookameli oa Mokhatlo. Nako e ne e tloha e otla hora ea bosupa hoseng. A re khekhenene, a nto fetela sebakeng seo a lulang ho sona hloohong ea tafole. Hore mahlo ’ohle a litho tsa lelapa la Bethele tse lutseng litafoleng a lebe ho eena, a opa liatla. Eaba ka lentsoe le phahameng le tiileng, o supa mantsoeng a qalang a temana ea boraro a pina e neng e re “Our King Is Marching On!” kamoo a fumanoang leqepheng la 162 le la 163 la buka ea lipina Hymns of Millennial Dawn, a re: “Mehla ea Lichaba e felile, hobane marena a tsona a busitse.” Eaba joale o lula setulong sa hae sa kamehla, o okamela lenaneo la bolumeli le tloaelehileng la lijo tsa hoseng tsa lelapa la Bethele.

2. Ke neng mookameli a hlileng a supa selemo seo se tšoailoeng, ’me o ile a neoa monyetla oa ho phela ho fihlela ha khohlano ea lefatše e le boemong bofe?

2 Khale ka selemo sa 1876, sehloohong sa taba eo a ileng a fana ka eona hore e hatisoe ho The Bible Examiner, mookameli o ne a ile a supa 1914 e le nako eo ka eona “mehla ea lichaba” e neng e tla fela, ka liphello tse bohloko bakeng sa lefatše lohle la batho. (Luka 21:24) Mohlolo, nako eo mookameli a tsebisang lelapa la Bethele hore mehla ea lichaba e felile, ntoa ea pele ea lefatše paleng eohle ea batho e ne e e-na le matsatsi a 66 e loana. Ka nako eo ba loantšanang khohlanong eo e tšabehang ba ne ba se ba entse likhoeletso tse 14 tsa ntoa. Pele ntoa eo e tšabehang e neng e loanela puso ea lefatše le molemo oa limmaraka tsa khoebo e fela, lichaba tse 29 le mebuso e meholo li ne li kene khohlanong eo e sisimosang maikutlo. Mookmameli oa Mokhatlo, ea ileng a bua mantsoe ao a nakong, o shoele pele naha ea habo ea linaha tse Kopaneng tsa Amerika e Leboea e kena Ntoeng ea I ea Lefatše ka la 6 ’Mesa, 1917, hore e be motsoalle oa ’Muso oa Manyesemane toantšanong le Mebuso ea Europe e Hare.

3. Mookameli o ne a ile a ’na a hatisa bohlokoa ba 1914 joang, ’me o ne a ka ikutloa joang ha a re, “Mehla ea Lichaba e Felile”?

3 Ho tloha ka 1879 ho ea pele, mookameli oa Mokhatlo o ne a ’nile a hatisa bohlokoa bo boholo ba 1914 likarolong tsa makasine ea Molula-Qhooa haholo bukeng The Time Is at Hand, e hatisitsoeng ka 1889. ‘Empa ka la 2 Mphalane, 1914, o ne a bone ho lekaneng moeeng oa litaba tsa lefatše ka selemo seo se hopolehang hore a fumane tiiseho ea boemo boo a neng a bo boletse pepenene. Bonyane ntlheng ea hore e ne e le seithuti se seli le se hlokolosi sa kemiso ea linako tsa Bibele, tse neng li profeta mehla le linako tsa Molimo, o ne a ka ikutloa hore o hlōtse.

4. Pele ho lefu la hae mookameli oa Mokhatlo o ne a bone ho palama ha bo-mang, ’me hona ka nepo ho ne ho ka bitsoa “pontšo” ea eng?

4 Kahoo, pele a shoa ho sa lebelloa ka bosiu ba Labobeli, la 31 Mphalane, 1916, mookameli oa Mokhatlo o ne a bone qaleho ea ho palama ha banna ba lipere ba bane ba Tšenolo ho tloha ka selemo seo Mehla ea Lichaba e neng e fela ka sona ho ea ka nako ea Bibele. Tšenolo ke buka ea ho qetela ea Mangolo a Bakreste a Segerike, ao hangata a bitsoang Testamente e Ncha. Ho palama ha banna ba bane ba lipere ho bolela ho hong bakeng sa lefatše lohle, hobane ke karolo ea “pontšo” e tšoaeang hore na lelapa la motho le hokae kemisong ea nako. Ho bontša hore re ho seo barutuoa ba Jesu ba ileng ba se bitsa ‘ho fela ha tsamaiso ea lintho.’ (Mattheu 24:3, NW) Hore ke “pontšo” re ho bolelloa temaneng ea pele ea Tšenolo, moo re balang: “Ke ena tšenolo ea Jesu Kreste, eo a e neiloeng ke Molimo, ho tsebisa bahlanka ba hae litaba tse tšoanetseng ho hlaha kapele, tseo a li rometseng ka lengeloi, a bileng a li tšoantšetsa Johanne, mohlanka oa hae.”—Tšenolo 1:1.

5. Liphetolelo tse sa tšoaneng tsa Bibele li fapana joang ka hore na litšoantšo tsa Tšenolo li hlahisitsoe joang, ’me, ho nepahaleng ha kenyeletso ea eona, Tšenolo e tletse eng?

5 Ho palama ha banna ba lipere ba bane ho ngotsoe ho Tšenolo 6:1-8. Ho khahlisang, ha New World Translation e sebelisa poleloana “a e hlahisa ka lipontšo” ’me kahoo e lumellana le The Emphasised New Testament ea Rotherham King James Version, kapa Authorized Version ea 1611: Bibele ea Sesotho, The Emphatic Diaglott ea B. Wilson le Literal Translation of the Holy Bible ea Young, tsona li sebelisa poleloana “a li tšoantšetsa.” Ho bontša hore mantsoe ana a kenyeletso ke ’nete, buka ea ho qetela ea Bibele, Tšenolo, e tletse lipontšo, litšoantšetso tse emelang lintho tsa bohlokoa haholo paleng ea batho. Tsena li ne li tla etsahala “kapele,” nakong e tlang.

Lipere tse ’Nè le Bapalami ba Tsona

6. Ho kena thabong e hlileng ea boleloa ho Tšenolo 1:3 ho boloketsoe bo-mang, hona joalo joang?

6 Ha ho liketsahalo tsa pale tse pakang hore lintho tseo li ile tsa etsahala lilemong tse makholo a 18 kamorao ho lefu la moapostola Johanne, hoo e ka bang ka 98 C.E., ’me joale, re lebisa tlhokomelo ea rōna lekholong la hona joale la bo20 la lilemo C.E. Ka ho etsa joalo, re fumana hore ho saletse rōna ba lekholo lena la lilemo le thabisang hore re kene thabong eo moapostola ea bululetsoeng a neng a e supa, ha a ngola: “Ho lehlohonolo ea balang, le ba utloang litaba tsa boprofeta bona, ba bolokang tse ngoliloeng teng; hobane nako ea tsona e se e le haufi.” (Tšenolo 1:3) Molemong oa hore re thabe, re ke re hlahlobeng “pontšo” ea lipere tse ’nè le bapalami ba tsona. A re baleng Tšenolo 6:1-8:

7. Ho ile ha hlaha eng ha Konyana ea Molimo e manolla tiiso ea pele ea buka e letsohong la eona?

7 “Ka bona Konyana ha e manolla tiiso e ’ngoe ea tse supileng, ’me ka utloa se seng sa libopuoa tse phelang tse ’ne, se re ka lentsoe le kang sealuma: Tlo. Eaba kea talima, ka bona pere e tšoeu, ’me ea e kaletseng a tšoere seqha, a fuoa moqhaka, ’me a tloha e le ea hlōlang le ea tla hlōla.

8. Moapostola Johanne o ile a hlokomela eng ha ho manolloa tiiso ea bobeli ea buka?

8 “Eitse hobane e manolle tiiso ea bobeli, ka utloa sebopuoa se phelang sa bobeli se re: Tlo. ’Me ha tsoa pere e ’ngoe e khunong, ’me ea e kaletseng a fuoa matla a ho felisa khotso lefatšeng, hore batho ba bolaeane, ’me a neoa lerumo le leholo.

9. Johanne o ile a bona eng le ho e utloa ha ho manolloa tiiso ea boraro?

9 “Eare hobane e manolle tiiso ea boraro, ka utloa sebopuoa se phelang sa boraro se re: Tlo. Eaba kea talima, ka bona pere e ntšo, ’me ea e kaletseng a tšoere sekala letsohong la hae. ’Me ka utloa lentsoe mahareng a libopuoa tse phelang tse ’ne, le re: Khala e le ’ngoe ea koro e rekoe ka denare, le khala tse tharo tsa harese ka denare; empa u se ke ua senya oli le veine.

10. Ha ho manolloa tiiso ea bone, Johanne a lemoha eng le ho e utloa ponong?

10 “Hobane e manolle tiiso ea bone, ka utloa lentsoe la sebopuoa se phelang sa bone, le re: Tlo. Eaba kea talima, ka bona pere e tšehla, ’me ea e kaletseng lebitso la hae e le Lefu, a lateletsoe ke nqalo ea bafu; a fuoa matla holim’a karolo ea bone ea lefatše ho bolaea batho ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu, le ka libatana tsa naha.”

PERE E TŠOEU LE MOKALLI OA EONA

11-13. (a) Pere e tšoeu e tšoantšetsa eng, hona motho ea e palameng o tšoantšetsa mopalami oa mofuta ofe? (b) Mopalami ea moo o lumellana le mopalami ofe eo ho buuoang le eena ke mopesaleme, hona ho Ba-Heberu 1:8, 9 Pauluse o sebelisa mantsoe a boprofeta ho mang?

11 Pere e tšoeu e ne e tšoantšetsa pere ea borena, e jereng borena, setitimi se lokileng le se hloekileng, se potlakileng motsamaong joaloka pere ea sebele. Mopalami oa pere ena e potlakileng o ne a tšoantšetsa morena ea sa tsoa beoa boreneng, hobane o ile a neoa moqhaka oa borena. E ne e le morena oa mohlabani, hobane o ne a hlometse ka seqha. Ho feta moo, o ne a palame ho ea hlōla, ho hlōla le eena mohanyetsi oa ho qetela oa ’Muso oa hae ho mo bea tlas’a hae e le ea hlōtsoeng. E ne e tlameha ho ba tlhōlo e feletseng! Tumellanong le seo, a neoa sabole e telele, kofuto ea borena ea ntoa. E be ke mang ea phethahalitseng karolo ena lekholong la rōna la lilemo la bo20? Ho totobetse hore ke motho a le mong le Morena ea phethahatsang Pesaleme ea 45, moo re balang:

12 “Taba tse monate li bela pelong ea ka; ke re, ke qapela morena; . . . u itlamelle sabole ea hao lehlakoreng la hao; ke hlopheho ea hao le khanya ea hao! Khanyeng ea hao u hloelle koloing ea hao ea hlōlo, u loanele ’nete le molemo le ho loka; letsoho le letona la hao le ke le u rute liketso tse makatsang! Metsu ea hao e nchocho; lichaba li tla oela pel’a maoto a hao; u tla hlaba pelo tsa bao e leng lira ho morena. Terone ea hao ke terone ea Molimo; e tiile ka ho sa feleng; lere la borena ba hao ke lere la ho loka! U rata ho loka, ’me u hloile bokhopo. Ka baka leo, Molimo, Molimo oa hao, o u tlotsitse ka oli ea nyakallo ho fetisa balekane ba hao.”—Ps 45 Litemana 1-7.

13 Ho Ba-Heberu 1:8, 9 moapostola Pauluse o qotsa Pesaleme ea 45:6, 7 ’me o sebelisa mantsoe ho Mora oa Molimo, Jesu Kreste. Ka ho ke keng ha baleheloa, he, mopalami oa pere e tšoeu ea palameng ho ea hlōla e tlameha e be ke Jesu Kreste ho roesoeng moqhaka ha hae leholimong qetellong ea Mehla ea Lichaba ka 1914.

14. (a) Ke neng hona joang Jesu a ileng a kena a palame Jerusalema joalokaha eka o ile ho roesoa moqhaka, e le phethahatsong ea boprofeta bofe? (b) Ke ntate moholo ofe ea hlomphehang eo Jesu a neng a mo etsisa ka ho palama joalo ka lekhetlo leo?

14 Re hopola nako eo ka eona Jesu Kreste a neng a kena a kaletse Joaloka morena ea eang ho ea roesoa moqhaka tempeleng ea Jerusalema. Ka nako eo o ne a sa palama pere e bohale e tšoeu. O ne a palame esele. Hona e le ho phethahatsa boprofeta ba Zakaria 9:9, bo balehang tjena: “Nyakalla haholo, morali oa Sione, u tšele litlatse, morali oa Jerusalema! Bona, morena oa hao ke enoa, o tla ho uena; ke ea lokileng, ea nang le poloko, ke ea ikokobelitseng ea kaletseng esele, e leng petsana, namane ea esele e tšehali.” Tumellanong le boprofeta bona, Jesu o palama phoofolo e nang le khotso ha a kena Jerusalema a palame ka tlhōlo ka letsatsi la borobong la khoeli ea Sejode ea Nisane, 33 C.E. ho tšoaneng le konyana ea paseka e neng e kenngoa ka matlung a Bajode ka la 10 Nisane, hore e bolokoe teng ho fihlela mokete oa Paseka ka la 14 Nisane. Jesu ha a palama ka tsela e joalo o ne a etsisa ntat’ae moholo ea hlomphehang Salomone, mora oa Davida. Ha Davida a itokolla boreneng kamorao ho lilemo tse 40 a lutse teroneng ea ’muso oa Iseraele, a etsa hore Salomone a palamisoe esele ha a ea beoa teroneng. Eare ha Moprista e Moholo Tsadoke a mo tlotsitse hore a hlahlame ntat’ae, Baiseraele ba neng ba khobokane ka bongata ba hlaba litlatse, “Ha ho phele morena Salomone!”—1 Marena 1:33-40.

15. (a) Batho ba ne ba tloaetse ho itšoara joang ka ho kena ha Jesu Jerusalema a paleme esele? (b) Jerusalema ea mo amohela joang, hona hobane’ng?

15 E be joale Jesu o ne a tla amoheloa joang matsatsi a mane pele ho Paseka ha a kena a palame esele a theosa Thaba ea Mehloare ho ea motseng oa moreneng? Bongata bo ileng ba mo sala morao ba utloisisa hore na morero oa ketsahalo eo ke ofe ’me ba ikutloa hore ke morena oa Messia ea neng a tšepisitsoe oa Iseraele. Ba mo tsokoletsa makala a palema. Ba ala likobo tsa bona hore a palame holim’a tsona. “Bongata bo boholo ba ala liaparo tsa bona tseleng; ’me ba bang ba rema makala a lifate, ba a ala tseleng. ’Me bongata bo eteletseng pele le bo latelang ba hoa, ba re: Hosanna ho mor’a Davida! Ho bokoe ea tlang ka lebitso la Morena! Hosanna maholimong a holimo-limo.” (Mattheu 21:1-9) Ho ne ho tloaelehile joalo. Empa ha e le Jerusalema eona, e ne e le tlas’a tšusumetso ea baeta-pele ba bolumeli ba Bajode ba neng ba sa tsamaisoe ke ho phethahala ha boprofeta bo ka pel’a mahlo a bona. Eaba Jerusalema ha e mo amohele joaloka morena.

16. Baholo ba tempele ba ile ba tšoara Jesu joang ha ba bapisoa le kamoo ba neng ba tšoara bahoebi?

16 Eare ha Jesu a ea tempeleng, Moprista e Moholo Kaiafa ha a ka mo tlotsa hore e be morena ea lokolohileng ho ’Muso oa Roma. Baprista ba ne ba lumeIletse bahoebi ho sebelisa libaka tsa tempele bakeng sa khoebo ea bona, empa Jesu a bontša litšoaneleho tse loketseng moprista e moholo ka ho ba leleka, ’me a khalemela ba hanyetsang ka hore a re ho bona: “Ho ngoliloe, ho thoe: Ntlo ea ka e tla bitsoa ntlo ea thapelo, athe lōna, le e entse lehaha la masholu.” Bajode ba foufetseng le ba holofetseng ba tla ho eena tempeleng, ’me a ba folisa. Empa baprista ba baholo le bangoli ba nyatsa se etsoang, ’me ba hana ho mo amohela e le “mor’a Davida” le ho mo tlotsa e le morena ea loketseng oa ’muso oa Iseraele. Ha Jesu a ba furalla tempeleng ’me a ikela Bethania, ha a ka a ho etsa e le morena ea sa tsoa beoa teroneng.—Mattheu 21:1-17.

17. Ponse Pilato o bontšitse thahasello joang boipolelong ba Jesu hore ke morena, ’me o ile a fekisa litakatso tsa baprista ba baholo mabapi le borena ba Jesu joang?

17 Matsatsi a mane hamorao, ha Jesu a eme ka pel’a ’musisi oa Roma Ponse Pilato, Molichaba enoa a botsa Jesu hore na ke morena kapa che. Jesu a arabela hore ’muso oa hae hase karolo ea lefatše lena leo Pilato e leng karolo ea lona. Ka tšusumetso ea baprista ba baholo ba neng ba itse, “Ha re na morena, ha e se Cesare,” Pilato a nehelana ka Jesu hore a khokhotheloe sefateng Calvary. Empa Pilato a satalla bakeng sa ho beha ka holim’a hloho ea Jesu sefateng sa ho khokhotheloa pontšo e reng: “Jesu oa Nazaretha, morena oa ba-Jode.”—Johanne 19:15, 19-22.

18. Ke ka letsatsi lefe la bohlokoa moo Jehova a ileng a tsosa Mora oa hae bafung, ’me mantsoe a karohano a Jesu ea tsositsoeng le barutuoa ba hae ebile afe pele a nyolohela leholimong?

18 Ho ne ho sallane le Molimo o Matla ’Ohle, Jehova, hore o tsose Mora oa oona ea bolaetsoeng tumelo e le “letsibolo la tsoho ea bafu” ka la 16 Nisane, lona letsatsi leo Bajode ba neng ba hlahisa lilopotsiea tsa harese ho Jehova tempeleng. (Tšenolo 1:5) Kahoo morena oa kamoso o tsebile ho itlhahisa ho barutuoa ba hae ba khabane hona letsatsing leo. Matsatsi a seng makae hamorao, pele a nyolohela hape leholimong, a re ho bona: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang.”—Mattheu 28:18, 19; Levitike 23:10-12; 1 Ba-Korinthe 15:20.

Ho Phetha Khapo ea Hae

19. Ke setšoantšo sefe sa boprofeta seo Jesu a ileng a nolofaletsoa ho se phetha ka nako ea teng kahoo, ’me ke morena oa mofuta ofe ho tloha ka nako eo?

19 Kahoo Jesu Kreste o ile a nolofaletsoa ho phethahatsa setšoantšo sa boprofeta sa ho palama pere e tšoeu, a palama e le morena hore a phethe khapo ea hae holim’a lira tsohle tsa hae tse leholimong le lefatšeng. (Tšenolo 6:1, 2) Ho tloha ho feleng ha ‘mehla ea lichaba’ ka selemo sa 1914 C.E. ke Morena oa mohlabani, eo ho tšoanang leha a hlometse ka seqha ho tabola lira tsa hae a le hole. Ha e le hantle, ho ile ha tobisoa mantsoe a boprofeta a Pesaleme ea 45:3-8 ho morena enoa oa mohlabani:

20. Mantsoe a lebisitsoeng ho eena ke mopesaleme a mo bolella hore a etse joang?

20 “O mohale! u itlamelle sabole ea hao lehlakoreng la hao; ke hlopheho ea hao le khanya ea hao! Khanyeng ea hao u hloelle koloing ea hao ea hlolo, u loanele ’nete le molemo le ho loka; letsoho le letona la hao le ke le u rute liketso tse makatsang! Metsu ea hao e nchocho; lichaba li tla oela pel’a maoto a hao; u tla hlaba pelo tsa bao e leng lira ho morena. Terone ea hao ke terone ea Molimo; e tiile ka ho sa feleng; lere la borena ba hao ke lere la ho loka! U rata ho loka, ’me u hloile bokhopo. Ka baka leo, Molimo, Molimo oa hao, o u tlotsitse ka oli ea nyakallo ho fetisa balekane ba hao. Myrrha le aloe le kasia li arubetsa liaparo tsa hao; u thabisoa ke molumo oa liharepa matlung a borena a khabisitsoeng ka manaka a litlou.”

21. (a) Re ka tiisa joang hore mantsoe a mopesaleme a tobisitsoe ho Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng? (b) Ho nepahala ha sepheo sa hae ha a betsa lire tsa hae ho hatisoa joang ho Pesaleme ea 45:5?

21 Ho Ba-Heberu 1:8, 9 moapostola Pauluse o qotsa mantsoe a Pesaleme ea 45:3-8 ’me o a sebelisetsa Jesu Kreste, ho hlokomelisa ka setulo sa hae se phahameng hona joale. Hona ho tiisa hore “morena” eo “bara ba Kore” ba ileng ba susumetsoa ho bua ka eena e ne e le Morena Jesu Kreste ea neng a tšoaneleha ho beoa teroneng. (Bona sehlooho sa Pesaleme ea 45 sup.) Metsu ea “seqha” sa hae e tla tobisoa pelong tsa bahanyetsi ba ’Muso oa hae ka nepo e fetisang ea Baparthia ba boholo-holo ba neng ba e-na le tsebo ea ho betsa seqha le hoja ba palame lipere.

22. (a) Ke karolong efe hape ea Tšenolo moo mopalami enoa oa pere e tšoeu a bontšoang, hona e le ka lebitso lefe? (b) Mahlo a rōna a lehlohonolo joang hore a bone pono eo, ’me re arabela pono ee joang?

22 Mopalami oa pere e tšoeu ea hlalosoang ho Tšenolo 6:2 o ipaka e le mopalami oa pere e tšoeu e bontšoang ho Tšenolo 19:11-16. Pontšong ena ea morao o bitsoa “Lentsoe la Molimo,” ’me seropeng ho eena o na le tlotla e reng “Morena oa marena, le ’Musi oa babusi.” Mona o tšoantšetsoa tlhorong ea ha a khorohela bahanyetsi ba hae la ho qetela a palame “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle” lebaleng la ntoa la Harmagedone, kapa Thabeng ea Megiddo. (Tšenolo 16:14-16; 19:17-21) Joale ho tla ho tlangoa ha Satane Diabolose le bademona ba hae ka lilemo tse sekete ka sekoting ho sa bonahale mahlong a batho. (Tšenolo 20:1-3) Ho lehlohonolo mahlo a rōna a bonang ka tumelo ho palama ha Morena ea roetseng moqhaka oa “pere e tšoeu” ho tloha ho feleng ha Mehla ea Lichaba ka 1914. Re thabile ka ho feletseng ka ho hlōla ha hae ho tla fihlela mona, re hooa ka thabo: ‘Palama, u habe pele, uena mokalli oa pere e tšoeu, u habe tlhōlo e khōlō Harmagedone, ho tumisa borena ba bokahohleng ba Jehova Molimo, O faneng ka “pontšo” ena ea boprofeta.’

U Ka Arabela se latelang joang:

□ Banna ba lipere ba qalile ho palama neng?

□ Eaba ho phethahatsoa tebello efe?

□ Mopalami oa pele o ile a palama neng ka lekhetlo la pele, ’me a amoheloa joang?

□ Tšenolo 6:1, 2; 19:11-16 le Pesaleme ea 45:3-8 li bontša joang morero oa ho palama ho tlang hamorao ha mopalami eo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela