Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 12/15 maq. 14-19
  • Ha Bafu ba Tla Phela Hape!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha Bafu ba Tla Phela Hape!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bafu ba Tla Kopana Hape Lefatšeng
  • Ntho Feela e ka Felisang Lefu!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Tšepo ea Tsoho e na le Matla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Re Kholisehile Hore Tsoho e Tla ba Teng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Tšepo ea Tsoho ke ea Sebele!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 12/15 maq. 14-19

Ha Bafu ba Tla Phela Hape!

“Ke ’na tsoho le bophelo; ea lumelang ho ’na, leha a shoele, o tla phela. E mong le e mong ea phelang, ’me a lumetse ho ’na, a ke ke a shoa le ka mohla o le mong.”—JOHANNE 11:25, 26.

1. (a) Hore mang kapa mang lefatšeng a ipolele hore ke “tsoho le bophelo” ho hloka eng? (b) Ke motheong ofe ea ipolelang joalo a ka khonang ho sebeletsa joalo?

RURI ho hlokahala sebete se seholo ho re mang kapa mang a re, “Ke ’na tsoho le bophelo.” Empa ke sona seo Jesu Kreste ea teng historing a ileng a ipolela hore o sona lilemong tse fetileng tse fetang makholo a 19. E mong oa baapostola ba hae ea neng a bitsoa Johanne, a utloa ha a bua Joalo ’me a ho ngola molemong oa rōna kajeno. (Johanne 11:25) Jesu o ne a bolela hore o joalo lebitsong la bafu, batho ba ntseng ba e-shoa le ba seng ba epetsoe. Koana, eena o ile a shoa lefu le sehlōhō sefateng sa kahlolo ka ntle ho marako a Jerusalema, eaba ntate oa hae, Jehova Molimo, o tlameha ho ba “tsoho le bophelo” ho eena. Ka letsatsi la boraro Jesu a shoele, Molimo o matla ’ohle oa mo tsosa bafung ’me oa mo apesa bophelo ba ho se bole lefatšeng la moea. Ka hore ka mohlolo a ikapese ka ’mele oa nama o kang oo a ileng a shoa ka oona, Jesu a itlhahisa ho barutuoa ba hae ba tsielehileng, ka lekhetlo le leng ba ka ba 500. (1 Ba-Korinthe khaolo ea 15) Kahoo ka sebele o ne a ka fetoha tsoho le bophelo ho batho bao a ba shoetseng.

2. Ke hobane’ng ha ho se ea ka latolang tsoho ea Jesu Kreste e le tšōmo e sa reng letho ea lekholong la pele la lilemo C.E.?

2 Ha ho motho ea phelang kajeno ea ka qabohang le ho latola; a re ke pale feela e se nang mabaka le bopaki e ileng ea tlalatlala lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng ea rōna hore Jesu Kreste ea khokhothetsoeng o ile a khutlela bophelong. Ntle ho ngaka Luka, ea ileng a ngola libuka tsa Bibele tsa Luka le Liketso tsa baapostola, bangoli bohle ba libuka tse ling tse 25 tsa hoo ho thoeng ke Testamente e Ncha ba bone ka mahlo Mora oa Molimo ea tsositsoeng. E mong oa lipaki tse totobetseng ke eo e neng e le mohlorisi oa Bakreste, Saule oa motse oa Tarese, ea ileng a fetoha moapostola Pauluse, le ea ileng a ngola libuka tse 14 tsa “Testamente e Ncha” ka Segerike se tloaelehileng sa mehleng eo.

3, 4. Leralleng la Mars, moapostola Pauluse o ile a re’ng ho Baathene ka letsatsi la kahlolo la Molimo le tsoho?

3 Ka lekhetlo le leng ha a ne a le motseng oa Athene o tsoetseng pele haholo le o hlalefileng, motse o tsebisahalang haholo oa Greece, Pauluse a tlisoa ka pel’a baahloli ba Lekhotla le Phahameng, le neng le kopana Leralleng la Mars, kapa Areopago.

4 Pauluse a itlhalosa ka hlompho e loketseng ho bahlalefi ba bokaneng Leralleng la Mars. E ne e se ka ho nyelisa thuto e phahameng ea bamameli ba hae ba bohlale ka mokhoa oa lefatše ha Pauluse a itšireletsa le ho bea bopaki tlhorong ’me a re:

“Molimo ha o lesitse litšiu tseo tsa ho se tsebe hore li fete, joale, o bolella batho bohle, naheng tsohle, hore ba bake. Hobane o beile letsatsi le leng leo o tla ahlola lefatše ka lona ka ho loka, ka monna eo o ’meetseng hoo, ’me o lokiselitse bohle tšepiso ea teng ka ho mo tsosa bafung.”—Liketso 17:30, 31.

5. Bamameli ba Athene ba ile ba itšoara joang, joale ho hlaha potso ka bo-mang?

5 Thuto e tsotehang ea tsoho ea bafu ea utloahala joang ho Bagerike bao ba lumelang hore moea oa motho ha o shoe? “Ba bang ba soma, ba bang ba re: Re sa tla boela re u utloe hape holim’a taba eo.” Ba ne ba utloisisa hore “o bolela melimo esele.” Leha ho le joalo, Denyse, moahloli oa Areopago, o ne a ananela seo Pauluse a se buang ka letsatsi le tlang la kahlolo ea batho bohle, ’me a tebisa taba pelong. Le mosali e mong ea bitsoang Damarise a etsa joalo. (Liketso 17:18, 32-34) Empa ho thoe’ng ka rōna ba mehleng ee e tsoetseng pele haholo mahlaleng? Hona ha se ntho e qabolang!

6. Na tsoho ea Jesu e ne e le ea pele ho tsosoeng ho joalo ha batho, ’me monyetla e tla ba ofe bakeng sa bao Jesu a tlang ho ba tsosetsa bophelong?

6 Koana, ho tsosoa ha Jesu Kreste e ne e se hona ha pele moo batho ba shoeleng ba ileng ba tsosetsoa bophelong ba ho ikutloa. Bibele e tlaleha ka litsoho tsa pele ho akarelletsa ea Lazaro, eo Jesu a mo tsoselitseng bophelong ka letsatsi la bone a shoele le ho kenngoa lebitleng. (Johanne 11:1-44) Empa taba ea tsoho ea Jesu e ne e le ea bohlokoa haholo bakeng sa batho bohle. Ha a ka a shoa hape joaloka ba bang; empa hona joale boemong ba ha a tsohile, a se a sa shoe, e ka ba “tsoho le bophelo” bakeng sa batho hore ba ee bophelong boo ho seng letho le bo khaoletsang phethehong, bo lokolohile thohakong ea lefu tlas’a borena ba bokahohleng ba Molimo.

7, 8. (a) Lilemo tse phetsoeng ke Adama le Methuselah li tiisa joang monyetla oa hore batho ba phethahetseng ba ka phela ka ho sa feleng? (b) Melkisedeke o tlalehoa a phetse nako e kae, ’me hona ho phea khang ea eng ka bophelo ba eo a neng a mo tšoantšetsa?

7 Monyetla oa bophelo bo sa feleng ba botho lefatšeng ha batho ba utloang ba khutlisoa sebeng le lefung (tsa motho oa pele Adama) o pakoa ke ’nete ea hore Adama, le hoja a ile a siteloa Molimo, o phetse lilemo tse 930, boholo ba nako eo ka ntle ho tšimo ea Edene. E mong oa litloholo tsa hae, Methuselah, o ile a phela lilemo tse 969. (Genese 5:5, 27) Ke ka selemo sa 2370 B.C.E. ha Methuselah a e-shoa, ’me hona selemong seo Moroallo oa lefatše oa mehleng ea Noe oa felisa batho bohle le liphoofolo tse ka ntle ho areka eo Noe le lelapa la hae ba neng ba tšabetse ka ho eona. Makholo a lilemo hamorao, bonyane ka 1933 B.C.E., boprista ba Melkisedeke ea amohelehang ho Molimo ba hlahella lefatšeng ha a hlohonolofatsa mopatriareka Abrahama. Ha hoa boleloa hore na o hlahile neng, a shoa neng.

8 Kahoo boprista ba hae Salema, moo e neng e le morena le moprista ho bonahala bo se na nako. (Genese 14:18-20) Monyetla oa bophelo oa Jesu Kreste ea tsositsoeng bo tšoantšoa le ba Morena le Moprista Melkisedeke, hobane Ba-Heberu 7:15-17 e re bolella hore Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng hona joale o na le “matla a bophelo bo se nang ho fela. Hobane Molimo o pakile, o itse: U moprista ka ho sa feleng, ka mokhoa oa Melkisedeke.” (Bona le Pesaleme ea 110:1-4.) Kahoo ka nako ena eohle ho tloha ha a tlotlisoa leholimong ka 33 C.E., Jesu Kreste ea entsoeng ea sa shoeng, o sebelitse e le Moprista e Moholo ho litho tsa lelapa la motho, leo a iteletseng ho ba sehlabelo se phethahetseng sa motho lebitsong la lona. Kahoo, a ka sebetsa e le Adama oa bobeli ho lelapa la motho le hateletsoeng ke lefu. Ha a tsosetsa bafu bophelong lefatšeng ka nako ea teng, e tla ba monyetla oa bona ho fumana bophelo bo se nang ho fela phethehong ea botho Paradeiseng e nammeng le lefatše lohle. Ho fapana le Adama oa pele, Jesu Kreste ea itetseng a ke ke a hlōleha boikarabelong ba hae ho lelapa la motho leo a ileng a le tšollela mali a bophelo ba hae bo phethahetseng.—1 Ba-Korinthe 15:22-45.

Bafu ba Tla Kopana Hape Lefatšeng

9. Lebitsong la bana ba shoeleng ba Adama le Eva, Molimo o ile oa leka-lekanya litaba joang, ho ea ka 1 Ba-Korinthe 15:21 le Ba-Roma 5:12?

9 Ho batho ba bangata ba kileng ba tsamaea lefatšeng, tokelo ea ho nchafatsa bophelo lefatšeng tlas’a ’Muso o tšepisitsoeng oa Molimo, ho busa Kreste, e tla itšetleha ka tsoho ea bafu. Ho tiisa matla a Molimo a ho leka-lekanya litaba ka toka le ka ho phethahetseng, moapostola Pauluse, e le paki ea tsoho ea Jesu Kreste, o ngolile: “Hobane lefu ha le hlahile ka motho, tsoho ea bafu le eona e hlahile ka motho.” (1 Ba-Korinthe 15:21) Tumellanong le lengolo la hae le eang ho Bakreste ba Korinthe, Pauluse o ile a ngola lengolong la hae le eang ho Bakreste ba Roma: “Joale ka ha sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong, ’me lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitiloe bohle.” (Ba-Roma 5:12) Ha ho talingoa seo, Jehova Molimo o ne a ka lokisetsa hore bana ba Adama le Eva ba lopolloe ka monna ea neng a tla ipaka hore ke mokhelo tabeng e ho Ba-Roma 5:12.

10. Ke motheong ofe Jesu Kreste a neng a nyehela bophelo ba hae hore bo nke sebaka ’me a fetoha Ra-bo-sa-feleng ho bana ba Adama?

10 Mokhelo oo ke Jesu, eo Molimo o entseng hore a tsoaloe ka mohlolo ke moroetsana oa Mojode Maria, morali oa Heli oa leloko la borena la Juda. (Luka 3:23-38) E le sehlabelo, botho ba hae bo phethahetseng bo ne bo ka ema sebakeng sa bophelo boo Adama a neng a bo lahletse bana bohle ba hae ka hore a siteloe ’Mōpi oa hae ka boomo tšimong ea Edene. Kahoo, Jesu Kreste ea tsositsoeng o ne a ka sebeletsa e le “Ra-bo-sa-feleng” ho bohle bao Adama oa pele a ileng a iketsa ntate oa moetsalibe. Joale ho sallana le Mora oa Molimo hore e be Ra-bo-sa-feleng oa bona.—Esaia 9:6.

11. Haeba Jesu Kreste le baapostola ba hae, ha ba sa le lefatšeng ba ne ba ka tsosa bafu, ho thoe’ng ka matla a Jesu ntlheng ee ho tloha tsohong ea hae?

11 Ha Jesu Kreste le baapostola ba hae ba tsosa batho bafung, hona ho ne ho sa ba lopolle liphellong tsa thohako ea lefu eo ba neng ba e futsitse ho Adama oa pele. Kahoo, le eena motsoalle ea ratoang oa Jesu Lazaro o ile a shoa hape ’me ha hlokahala hore a emele tsoho ea ho qetela tlas’a ’Muso o hlomiloeng oa Molimo. Empa hoo e ke ke ea e-ba bothata ba letho. Haeba Jesu, ha e ne e le motho ea phethahetseng lefatšeng, o ne a neiloe matla a ho tsosa batho ba shoeleng bonyane ka nakoana hore a nchafatse le ho lelefatsa bophelo ba bona lefatšeng, tlas’a tsamaiso ea hona joale ea lintho, na hona joale ha e le Mora oa Molimo oa moea hape, ha a na matla a maholoanyane a hore a tsose batho ba shoeleng? E, ho joalo, ka lebaka la matla ’ohle ao a a neiloeng leholimong le lefatšeng ho tloha tsohong ea hae le ho nyoloheleng ha hae leholimong ho ea ho Ntate oa hae ramaseli.

12. Na kamano ea Jesu Kreste le lelapa la hae la batho e ile ea khaoloa ke tsela eo a tsositsoeng ka eona, ’me o tla phetha morero oa sehlabelo sa hae sa botho joang?

12 Ha e mong oa barutuoa ba Kreste, moapostola Pauluse, a ne a bua ka tsoho lengolong la hae le eang ho Bakreste ba Korinthe, Pauluse o itse: “Joale ka ha ho ngoliloe, ho thoe: Motho oa pele, Adama, o entsoe moea o phelang, ’me Adama oa morao o entsoe moea o phelisang.” (1 Ba-Korinthe 15:45) Lebaka la hore ho thoe ke Adama oa morao le bontša hore ho sa ntsane ho e-na le moo a amanang le lelapa la moloko oa motho. ’Nete ea hore hona joale ke motho oa moea ea phahametseng botho ha e re letho. (Pesaleme ea 8:4, 5; Ba-Heberu 2:5-9) Ka letsatsi le tlang la kahlolo la lilemo tse sekete, o tla phetha morero oa sehlabelo sa botho ba hae bo phethahetseng ka ho khutlisa batho ba shoeleng ka monyetla oa hore ba phahamisetsoe phethehong Paradeiseng ea lefatše le hore ba be le eena e le Ra-bo-sa-feleng oa bona le Morena oa Khotso. Kahoo o tla etsolla seo Adama a ba etselitseng sona.

13. Pele Jesu a tsosa Lazaro, bafung, o ile a re’ng ho Maretha ka balumeli ba lumelang ho Eena ba phelang le ba shoeleng?

13 Pele Jesu a tsosa motsoalle oa hae ea ratehang Lazaro oa Bethania bafung, a re ho Maretha, khaitseli ea Lazaro: “Khaitseli ea hao o tla tsoha.” Maria a nahana hore Jesu o bua ka nako e tlang e hole ’me a arabela: “Kea tseba hobane o tla tsoha mohl’a tsoho, letsatsing la bofelo.” Ke ka nako eo moo joale Jesu a ileng a ipha sebaka sa ho etsa polelo ena e tsotehang: “Ke ’na tsoho le bophelo, ea lumelang ho ’na, leha a shoele, o tla phela. E mong le e mong ea phelang, ’me a lumetse ho ’na, a ke ke a shoa le ka mohla o le mong.”—Johanne 11:23-26.

14. (a) Hore motho a lumele ho Jesu, ho hlokahala eng pele? (b) Haeba Molimo o khetha motho ea joalo bakeng sa lefa la leholimo, ho tla etsahala joang le hoja a tlameha ho shoa?

14 Ho lumela ho Jesu Kreste, motho o tlameha a be a phela le ho utloa kapa ho ithuta ka eena. Joale motho a ka nehela bophelo ba hae ho Molimo ka Kreste le ho tšoantšetsa qeto ena ka kolobetso ea metsing. Haeba ntate oa leholimo oa Jesu Kreste a ikhethela ho biletsa morutuoa enoa ea inehetseng le ea kolobelitsoeng oa Mora oa hae lefeng la leholimo le Jesu, o tla tsoala ea joalo ka moea oa hae. Hona ho tla bolela hore morutuoa enoa ea tsoetsoeng ka moea o tla qetella a shoele e le motho oa nama. Empa Jesu o itse: “Leha a shoele, o tla phela” hape. Ho eena e tla ba ho phela e le sebopuoa sa moea se tsoselitsoeng sebakeng sa leholimo le Jesu.

15. Tabeng ea ha ea neng a lumela ka nepo empa a sa tsoaloa ka moea oa Molimo a ka shoa, boemo ba eo e tla ba bofe tsohong?

15 Kajeno haeba morutuoa ea inehetseng a ba a kolobetsoa ea sa tsoaloang ke Jehova Molimo ho ea lefeng la leholimong le Kreste a ka shoa, joalokaha ba bangata ba se ba shoele ho tloha ho bokelloeng ha “linku tse ling” tsa Kreste, joale ho etsahala joang? (Johanne 10:16) Kaha tumelo ea hae e sebelitse ho Eo e leng “tsoho le bophelo,” o tla ba boemong bo molemo haholo mabapi le tsamaiso e ncha ea lintho ho tloha ha tsoho ea lefatšeng e qaleha ho ea pele, mohlomong qalehong ea eona. (Ba-Heberu 11:35) Joale o tla ba teng bakeng sa litokelo tsa pele tse khethehileng tsa tšebeletso tlas’a ’Muso oa leholimo. Ka tsela ena tšepo ea tsoho eo a shoeleng ka eona e tla phethahala tlotlisong ea Molimo!

16, 17. (a) Ka tsoho, ho thoe’ng ka ba mehleng ea pele ho Bokreste ba neng ba mpa ba lebelletse ho tla ha “peō” ea “mosali” oa Molimo? (b) Ke ka mantsoe afe Jesu a ileng a re tiisetsa tsoho ea bona?

16 Hase feela ba lumetseng ho Jesu Kreste ha a tlile ka lekhetlo la pele ba tla kopanela litokisetsong tsa tsoho empa le bona ba mehleng ea pele ho Bokreste bao, ka tumelo ho Jehova Molimo ba ileng ba lebella ho tla ha “peō” ea “mosali” oa tšoantšetso, joalokaha a hlile a bolela ho Genese 3:15. “Peō” eo e ipakile e le ntho e le ’ngoe le seo hamorao se ileng sa bitsoa ‘leloko la Abrahama.’ (Genese 12:1-3; Ba-Galata 3:16) Ba joalo ba ileng ba lebella ho tla ha “peō” ena ea Abrahama e moholo, Jehova Molimo, ba ne ba akarelletsa mopatriareka Abrahama le mora oa hae Isaaka le setloholo sa hae Jakobo, kapa Iseraele. Ha a tiisa bonnete ba hore ba tla tsoha, Jesu Kreste, Peō ea Abrahama, a re:

17 “Ha e le ka tsoho ea bafu, na ha lea ka la bala hoo le ho boleletsoeng ke Molimo, ha o re: ’Na, ke Molimo oa Abrahama, le Molimo oa Isaaka, le Molimo oa Jakobo; Molimo hase Molimo oa bafu, empa ke oa ba phelang.” (Mattheu 22:31, 32) “Ha e le hore bafu ba tla tsoha, hleka ha lea ka la bala bukeng ea Moshe, kamoo Molimo o buileng le eena sehlahleng, oa re: Ke ’na Molimo oa Abrahama, le Molimo oa Isaaka, le Molimo oa Jakobo? Molimo hase Molimo oa bafu, empa ke Molimo oa ba phelang.” (Mareka 12:26, 27) “Hobane ho oona batho kaofela ke ba phelang.” (Luka 20:37, 38) Ka tsela eo e sa tobang, Jehova Molimo a re tiisetsa hore bafu ba tla tsoha.

18. Ka lebaka la tlhaho ea peō e tšepisitsoeng, motsoalle oa Molimo Abrahama e ne e le tšoantšetso ea mang?

18 Tšepiso ea Molimo ho motsoalle oa hae Abrahama e ne e le hore malapa ’ohle a lefatše a tla “itlhohonolofatsa” ka “leloko” la hae. (Jakobo 2:23, Genese 12:1-3; 22:15-18) Kaha “peō” eo e fetohile ea moea, Abrahama oa nama e ne e le tšoantšetso e feletseng ea Jehova Molimo, hobane Enoa ke eena feela ea neng a ka fetoha Ntate oa “peō” ea moea, eo hona joale e leng Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng maholimong.

19. Ho Tšenolo 20:11-14, re neoa setšoantšo sa boprofeta sa eng?

19 Re neoa setšoantšo sa boprofeta sa tsoho ea nakong e tlang ea malapa ao a bafu ba lefatše. E hlalosoa ke Tšenolo 20:11-14, ka litšoantšetso tse itseng, e re: “[’Na moapostola Johanne] ka ntoo bona bafu ba banyenyane le ba baholo ba eme pel’a terone; ha phetloa libuka, ha phetloa le buka e ’ngoe e leng buka ea bophelo; ’me bafu ba ahloloa ka tse ngoliloeng libukeng tseo, e leng ka mesebetsi ea bona. Leoatle la busetsa bafu ba ho lona, lefu le lebitla tsa ntša bafu ba ho tsona; e mong le e mong a ntoo ahloloa ka mesebetsi ea hae. Lefu le lebitla tsa akheloa letšeng la mollo, ke lona lefu la bobeli.”

20. Qetellong ea letsatsi la kahlolo la Molimo la lilemo tse sekete, ho tla etsahala joang ka batho bao mabitso a bona a ngotsoeng bukeng ea bophelo le bao mabitso a bona a sa ngoloang?

20 Ka “letsatsi” la lilemo tse sekete, leo Molimo o le ‘beileng’ le leo ka lona “o tla ahlola lefatše . . . ka ho loka, ka monna eo o ’meetseng hoo,” batho ba tsositsoeng ba tla tlameha ho iketsa ba fumanehang bakeng sa litokisetso tsohle tsa Molimo tse etselitsoeng poloko ea bona ea ka ho sa feleng. (Liketso 17:31) Ke ka kutloisiso ena ba tlang ho “itlhohonolofatsa.” Ka hore ba atlehe ka ho phethahetseng ha botšepehi ba bona bo lekoa la ho qetela, ba tla fumana moputso oa bophelo bo sa feleng Paradeiseng ea lefatše lohle. Ho seng joalo? Ke “lefu la bobeli” leo ho seng tsoho ho lona. (Tšenolo 20:14) Joalokaha ho ngotsoe ho Tšenolo 20:15: “’Me e mong le e mong ea sa kang a fumanoa a ngoliloe bukeng ea bophelo, a akheloa letšeng la mollo.”

Na U sa Hopola?

◻ Ke hobane’ng ha kajeno ho se ea ka latolang tsoho ea Jesu Kreste e le tšōmo e sa reng letho?

◻ Ke motheong ofe moo Jesu a ka fetohang Ra-bo-sa-feleng ho bana ba Adama?

◻ Haeba motho ea tšepahalang ea sa tsoaloang ka moea oa Molimo a ka shoa, boemo ba hae e tla ba bofe tsohong?

◻ Tšenolo 20:11-14 e re nea setšoantso sefe sa boprofeta?

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Ho tla tlala thabo ha bao ba shoeleng hona joale ba phela hape

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela