Batho ba Phelang ba Tumelo ba ke Keng ba Shoa
1, 2. Barati ba Morena ’Musi, Jehova Molimo, ba limillione, ha ba na takatso ea ho ea thabela bophelo bo sa feleng hokae, hona ke mantsoe afe a Jesu Kreste a buang ka bophelo ntle ho lefu ao ba a hopolang?
HO NA le batho ba likete tsa limillione ba phelang lefatšeng kajeno. Ba limillione ho bona hona joale ba ithuta ka monyetla o babatsehang oa ho phela ka ho sa feleng holim’a lona ho se mohla ba tla shoa. Ba bangata ho bona ba ka ’na ba hopola pina ea khale ea bolumeli e neng e re, “U tlameha ho rata Morena, Ho seng joalo ha u na ho ea leholimong ha u e-shoa.” Empa ho na le ba phelang ba limillione ba ratang Morena ’Musi, Jehova Molimo, ba sa batleng ho ea leholimong ho hang. Molimo o ba tšepisitse ho khutlisetsa Paradeise lefatšeng lena le ho e atolosa hore e tlale lefatše lohle. Ke hona moo ba batlang ho phela ka mehla eohle, e le batho ba phethahetseng, tlas’a ’muso o lokileng oa leholimo. (Luka 23:43) Ba hopotse mantsoe a babatsehang ao Jesu Kreste a ileng a a bua ho Maretha ha a tla tloha a tsosa khaitseli ea hae Lazaro bafung. Ana ke mantsoe ao ho hlokahalang hore e mong le e mong ea phelang kajeno a nahane ka botebo ka oona. Ke ana:
2 “E mong le e mong ea phelang, ’me a lumetse ho ’na, a ke ke a shoa le ka mohla o le mong.”—Johanne 11:26.
3. Ke puo efe e amanang le bophelo ba botho bo sa sitisoeng e ileng ea fanoa ka la 24 Tlhakola, 1918, hona ke liketsahalo life tse ling selemong seo tse ileng tsa sitisa ho fanoa ha puo eo ka ho tsoetseng pele?
3 Banna le basali ba lekholong lena la lilemo la bo20 ba ile ba phaphamisetsoa tšepo ena e tsotehang ka Sontaha sa la 24 Tlhakola 1918, Los Angeles, California, U.S.A. Ka lekhetlo la pele moo, eo e neng e le mookameli oa Watch Tower Bible and Tract Society o ile a fana ka puo ea pontšeng e neng e re “Lefatše le Felile . . . Limillione tse Phelang Hona Joale Mohlomong ha li sa tla Shoa.”a E ne e le ka eona nako eo Ntoa ea I ea lefatše, e neng e kenyellelitse Linaha tse Kopaneng tsa Amerika, e neng e le haufi le tlhoro ea eona. Eaba ho fanoa ha puo ena ea Bibele e tšoaeang linako hoa sitisoa, haholo ha nakoana kamorao ho moo, ka la 8 Motšeanong, 1918, ho tšoaroa mookameli oa Mokhatlo oa Watch Tower le ba bang ba supileng ba sebetsang le eena ntlo-kholo ea Brooklyn, New York. Pelenyana, ka la 12 Tlhakola, 1918, ’muso oa Canada o ne o ile oa thibela buka eo Mokhatlo o neng o sa tsoa e hatisa e bitsoang The Finished Mystery, hammoho le lipampitšana tse sa lefelloeng tsa Mokhatlo tse bitsoang Bible Students Monthly. Ka la 14 Tlhakubele, ’muso oa United States oa etsisa oa Canada ’me oa thibela The Finished Mystery le tokollo e amanang le eona Bible Students Monthly, libuka tsena li saennoe ke mookameli oa Mokhatlo. Ka la 21 Phuptjane, kamor’a nyeoe e nkileng libeke ka lekhotleng, lekhotla le kopaneng la United States la ahlolela mookameli oa Mokhatlo, mongoli-ramatlotlo, bangoli ba babeli ba The Finished Mystery, litho tse ling tse tharo tsa basebetsi ba ntlo-kholo ea Brooklyn le mofetoleli oa Mokhatlo oa Setaliana nako e telele litlamong chankaneng ea nako ea ntoa ea Atlanta. Ka la 4 Phupu, 1918, ba tlosoa ka borobeli ba bona Brooklyn, New York, ba isoa chankaneng ea nako ea ntoa ea Atlanta, Georgia, ha Ntoa ea I ea lefatše e ntse e loana.
4. Ka puo ea moea, masala a batho ba Molimo a ile a tšoana joang le ba shoeleng lefatšeng, ’me ha etsahala joang ka tšepo ea oona ea leholimo?
4 Pele mariha a fihla, Mokhatlo oa ikutloa o tlamehile ho tloha Brooklyn, New York, ho khutlela Pittsburg, Pennsylvania, ho latela Tsebiso ea Phallo e hatisitsoeng ho tokollo ea makasine ea Watch Tower ea October 1, 1918, leqephe la 290. Lefatšeng lohle bacha ba liphutheho tsa Liithuti tsa Machaba tsa Bibele ba ne ba koaletsoe likampong tsa sesole, kapa hona lichankaneng. Ka puo ea moea, batho ba Jehova ba inehetseng le ho kolobetsoa ba tšoana le batho ba shoeleng tabeng ea ho bolela ka sebete molaetsa, kapa litaba tse molemo. Ba ikutloa eka ba fihlile qetellong ea mosebetsi oa bona oa lefatšeng, le hore ba tloha ba fumana khalalelo ea bona ea leholimo. Empa ho ne ho se joalo hobane ka khoeli ea Pulungoana lichaba tse neng li tšoarehile ntoeng ea lefatše li ile tsa lumellana hore ntoa e emise, khotso ea kena, ’me, bona! masala a barapeli ba Jehova e ne e le ana a ntse a phela lefatšeng le kobesitsoeng ke ntoa.
5. Boroko ba moea ba bona bo ne bo tšoana le ba bo-mang botlamuoeng ba nako e telele, empa Lentsoe la Molimo le ne le hlile la profeta eng mabapi le bona?
5 Joale? Lentsoe la Molimo la boprofeta le ne le hlile la bolela hore lipaki tsena tse neng li bonahala li shoele, li ne li tla tsosetsoa ho mo sebeletsa tšebeletsong ea hae ea borena e phelang lefatšeng. Khohlanong ea pele ea lefatše boemo ba tsona ba moea bo ne bo tšoana le ba Baiseraele kamor’a hore motse oa bona oa moreneng, Jerusalema, o senngoe ke makhotla a sesole a Babylona ka 607 B.C.E. ’me ba isoe Babylona e hole, ho ea robala teng moeeng ka lilemo tse 70.
6. Moprofeta Ezekiele o ile a sebelisoa joang ho tšoantšetsa ka boprofeta ho tsosolosoa ha sechaba sa Bajode le ho khutlisetsoa ha sona ho ea rapela naheng ea habo bona?
6 Boemo boo ba litaba bakeng sa Iseraele ea boholo-holo ka 607-537 B.C.E. bo ile ba boleloa ke moprofeta oa Jehova Ezekiele, eo ka boeena e neng e le motlamuoa Babylona. Ho e ’ngoe ea lipono tsa hae o ile a bona khohlo e tletseng masapo a omeletseng. A bolelloa hore masapo ana a lobokaneng a tšoantšetsa ntlo eohle ea Iseraele boemong ba eona ba botlamuoa. Eare ha Ezekiele a mamela taelo ea Molimo ’me a profetela masapo a hasaneng, masapo a kopana, ’me a apesoa linama. Qetellong phefumoloho ea kena ho oona, ’me ’mele eo ea ema ka maoto a eona. (Ezekiele, khaolo ea 37) Phethahatsong e tšoantšetsang ea boprofeta bona hona ha tšoantšetsa kamoo Baiseraele ba neng ba tla lokolloa Babylona kamor’a ho oa ha eona, ’me ba phele hape e le sechaba, se rapelang hape Molimo o mohau oa sona tempeleng e hahiloeng bocha motseng oa bona oa moreneng o tsositsoeng, Jerusalema.
7. Ke eng e kang ho tsosolosoa hoo ha sechaba e ileng ea boleloa pele ho nako ho Tšenolo 11:3-13?
7 Makholo a lilemo hoba sechaba se tsohe, ha profetoa ntho e kang eo ka puo ea tšoantšetso, ho Tšenolo 11:3-13:
“’Me ke tla nea lipaki tsa ka tse peli taelo, ’me li tla profeta ka matsatsi a sekete se nang le makholo a mabeli a mashome a tšeletseng, li ntse li apere lesela le mahoashe. . . . Etlare hobane li phethe bopaki ba tsona, sebata se nyolohang sekoting se tla li loantša, se li hlole, se li bolaee. Litopo tsa tsona li tla rapalla lepatlelong la motse o moholo, . . . Empa ha ho fetile matsatsi a mararo, ho isa mahareng a letsatsi le leng, moea oa bophelo o tsoang ho Molimo oa kena ho bona; ba ema ka maoto a bona, ’me tšabo e kholo ea oela ba ba bonang. ’Me ba utloa lentsoe le matla le tsoang leholimong, le re ho bona: Nyolohelang koano. Ba fela ba nyolohela leholimong ka leru, ba ntse ba bonoa ke lira tsa bona. Ka nako eo, tšisinyeho e kholo ea lefatše ea e-ba teng.”
8, 9. (a) Pitso e joalo ea hore ho nkoe bohato e ile ea tlela batho ba Molimo ba shoeleng moeeng neng mehleng ea kajeno? (b) Ke ka puo efe ea tšoantšetso moo ho ileng ha etsoa pitso ea hore ho nkoe bohato joalokaha e ngotsoe ho Esaia 26:19?
8 Ho tšoanang le hoo, ho ne ho tla memeloa masala a shoeleng moeeng a batho ba inehetseng ba Jehova, ho sebeletsa e le lipaki tse hlokomelehang lefatšeng leo ho ahiloeng ho lona. Ka selemo sa pele ntoa e letse sa 1919, a tleloa ke pitso eo hoba a hlaphoheloe ho hlokomela hore Jehova Molimo o a tlohetse a phela nameng lefatšeng ka morero oa bohlokoa. A ananela ka botebo hore ntle ho thuso ea Hae a ne a ke ke a finyella eng kapa eng hape boromuoeng ba oona lefatšeng le hlaha. (Esaia 26:18) Ka nako ea teng a fumana tiiso le taelo e tsoang ho Molimo o Matla ’Ohle joalokaha e hlile ea boleloa ho Esaia 26:19, moo mantsoe a boprofeta a neng a bolokiloe molemong oa oona a reng:
9 “Bafu ba hao a ba ke ba boele ba utloe: litopo tsa ka a li ke li tsosoe! Tsohang, lōna ba robetseng leroleng, le thabe, hobane phoka ea hao ke phoka e melisang, ’me lefatše le tla ntša bafu ba ho lona.”
10. Ka mantsoe ao Jehova a sebelisa puo e loketseng ketsahalo efe, empa ke hobane’ng ha puo e ne e le e loketseng?
10 Ka mantsoe ao Jehova a alima kapa a lata puong e loketseng bakeng sa nako ea tsoho ea sebele ea bafu ba lopolotsoeng ba batho tlas’a ’Muso oa leholimong matsohong a Molopolli oa hae, Morena Jesu Kreste ea beiloeng teroneng. Joaloka Baiseraele ba boholo-holo ba ileng ba tlosoa naheng ea bophelo ba sechaba sa bona ’me, ka puo ea moea, ba epeloa ka lilemo tse 70 Babylona, ka ho tšoanang masala a Baiseraele ba kajeno ba moea a ile a tšosoa ka hore a tla felisoa lilemong tsa 1914-1918. Ka puo oa moea, ho fela ha Ntoa ea I ea Lefatše ka 1918 ha a sia eka ke “litopo” matsohong a Jehova.
11. (a) Ke mang feela ea neng a e-na le hona ho tsoala hape ka moea, hona e le ka ho phola ho kang ha ho mela eng? (b) E ne e le nako ea hore batho ba Molimo ba tojoe ke pitso efe?
11 Jehova, e le Monehi-bophelo e moholo o ne a tla bona hore ‘bafu’ bao ba phela hape e le lipaki tse tlotsitsoeng tsa hae. O ne a ka ba tsosa. Ha menyetla e buleha kamorao ho ntoa, e ne e se nako ea hore ba bokolle le ho tšoana le batho ba shoeleng, “ba robetseng leroleng.” E ne e le nako e ke keng ea chechisoa ea Jehova ea hore ba tsohele bophelong ba moea le ho hoa ka thabo hore baa phela ’me ba tšebeletsong ea hae. (Pesaleme ea 126) Ho e-na le ho tšoana le masapo a omeletseng a litopo, joaloka ba robetseng lerōleng, ba ne ba tla ba le mongobo oa bophelo, joalokaha eka ba hlapisitsoe ka phoka e ngata e melisang meroho. Cyruse e Moholoanyane, Jesu Kreste, joale o ne a busa maholimong, ’me e ne e le nako e loketseng ea Jehova hore ba lokolloe botlamuoeng joalokaha eka ke naheng ea lefu ea Babylonia. Boemo bona ba botlamuoa bo kang naha ea Babylonia eo Baiseraele ba boholo-holo ba neng ba tlamiloe ho eona, bo ne bo se bo sa lokela ho ba tlama lefung la ho se sisinyehe ho kang ha lefu; e ne e le nako ea ho ba lokollela ho tsoaloa hape moeeng, ba le sebete le matla a ho tsoa Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Pitso ea Molimo e neng e le nakong hantle ke hore “Tlohang ho eena, lōna sechaba sa ka.” (Tšenolo 18:4) Ka ho utloa ka potlako ba qoba ho halefeloa ke Jehova ka hore ba se hlole ba ikokobeletsa Babylona e Moholo le metsoalle ea eona ea lefatše.
12. (a) Batho ba Jehova ba ne ba tla ipatela bohale ba Molimo joang, hona ka nako e kae? (b) E be joale Babylona e Moholo o ne a tla pepesoa joang, hona ka ho ikarabella hofe?
12 Esaia 26:20, 21 e tsoela pele, e re: “E-ea sechaba sa ka, kena kamoreng ea hao, u koale monyako ka mora’ hao! U ipate ho se hokae, ho fihlela khalefo e feta. Hobane bona, Jehova o se a ea tloha nqalong ea hae ho putsa ba ahileng lefatšeng ka ho lekaneng le bokhopo ba bona; lefatše le tla senola mali a momiloeng ke lona, ’me ha le sa tla pata ba bolailoeng ho lona”. Ho ne “ho se hokae” joale pele Jehova a bontša ka botlalo bohale ba hae khahlanong le Babylona e Moholo ka hore metsoalle ea hae ea lefatše e mo senye le pele eona e timetsoa “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle” lebaleng la ntoa la Harmagedone. (Tšenolo 16:14, 16) Joale mali a tšolotsoeng ao Babylona e Moholo a leng molato oa oona a tla be a pepesitsoe ’me a a lefisitsoe. Libopuoa tse batho tseo a leng molato oa ho li bolaea ka ho toba kapa ka mokhoa o sa tobang li ke ke tsa hlola li koaheloa kapa li hlokomolohua. Ho tla lokisoa litaba bakeng sa tsona ka hore ho bolaoe ea ileng a li bolaea. Li ngata lipaki tsa Jehova tse bolailoeng ke Babylona e Moholo!
Metsoalle e Phelang ea ba Pateloang Bohale ba Molimo
13. (a) Ke mahlohonolo afe a tsosoloso a ileng a roesa selemo sa 1919 sa kamorao ho ntoa moqhaka? (b) Ho latela Esaia khaolo ea 35, ke ka tsela efe ba ileng ba khutlela boemong ba thabo e sa feleng?
13 Selemo sa 1919 se ile sa roesoa moqhaka ka molemo oa Molimo. Ka la 21 Tlhakubele, pele Liithuti tsa Machaba tsa Bibele li phetha mosebetsi oa tsona oa boipelaetso, baemeli ba robeli ba Mokhatlo ba lumelloa beile, ’me ka la 25 Tlhakubele ba lokolloa chankaneng ea nako ea ntoa ea Atlanta, ba ke ke ba hlola ba khutlela. Hobane’ng? Hobane hamorao ba ile ba fumanoa hore ha ba na molato oa tlōlo efe kapa efe khahlanong le United States. Hamorao hona selemong seo ntlo-kholo ea Mokhatlo ea khutlisetsoa moo e neng e le teng pele, Brooklyn, New York. Kahoo masala a Baiseraele ba moea a itokolla botlamuoeng ho Babylona e Moholo ’me a khutlela sebakeng sa oona se a loketseng sa moea mahlong a Molimo oo a neng a o rapela. Joalokaha ho hlile ha boleloa ho Esaia 35:8-10, a khutlela bophelong ba oona ba moea le tšebeletsong ea Jehova—lepatlelong le leholo la tšoantšetso: “Tsela e bitsoang tsela ea khalalelo.” Boprofeta bo tsoela pele bo re: “Ba lopolotsoeng ke Jehova ba tla khutla, ba boele Sione ka lifela tsa hlolo, ba roetse thabo e sa feleng hlohong; lehlohonolo le thabo li tla tla ho ba khahlanyetsa, bohloko le masisa-pelo li balehe.”
14. (a) Ho ile ha tšoaroa kopano efe ka Loetse 1919, ’me ha boleloa hore ho tla hatisoa koranta efe? (b) Bahatisi ba khutlela atereseng efe, ’me ha qalisoa mosebetsi ofe oa khatiso?
14 Ka la 1-8 Loetse hona selemong seo sa kamorao ho ntoa sa 1919, ha tšoaroa kopano e akaretsang Cedar Point, Ohio, ’me moo ba tsebisoa tšobotsi e ncha ea mosebetsi oa bona oa kamorao ho ntoa, ho hatisoa ha makasine e tsoang habeli ka khoeli e maqephe a 32 e bitsoang The Golden Age, e le motlatsi oa makasine ea Molula-Qhooa. Kala 1 Mphalane, 1919, tokollo ea pele ea makasine o mocha (hona joale o bitsoa Tsoha!) ea hlaha ’me ea tsoela pele ho sebeletsa morero o nakong oa ho tsebisa ba sekametseng ho Molimo ka Lilemo tse Sekete tse tlang tse molemo ’me hape ea pepesa Babylona e Moholo e le ea ahloletsoeng timetso haufinyane. Hamorao, ka tokollo ea la 15 Tšitoe, 1919, makasine ea Molula-Qhooa ea tsebahatsa aterese e ncha ea bahatisi e le 124 Columbia Heights, Brooklyn, New York. Ha e le ka The Golden Age, tokollong ea eona ea bo15, ea la 14 ’Mesa, 1920, ea tsebisa hore e hatisoa 35 Myrtle Avenue, karolong ea Brooklyn, New York, moo ho neng ho e-na le khatiso e khōlō ea pele ea Mokhatlo oa Watch Tower. Kajeno Mokhatlo le makala a oona o na le mechine ea khatiso lefatšeng lohle.
15. Mosebetsi oo ’ohle oa ho tsosolosa o ne o phethahatsa eng, e neng e hlile ea boleloa pele ho nako ke baprofeta ba Molimo, ’me e le karolo ea “pontšo” e hlileng ea boleloa pele ho nako ke Jesu hore e tla tšoaea eng?
15 Mosebetsi oo ’ohle oa tsosoloso, o qalileng ka teko e nyenyane, e ne e le qaleho ea kamorao ho ntoa ea “mehla ea tokiso ea lintho tsohle, eo Molimo o e boletseng ka melomo ea baprofeta ba halalelang ba oona bohle, ha e sa le le tšimolohong,” ho tšoaea ho khutla ho sa bonahaleng le boteng ba Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng. (Liketso 3:21) Ho lokolloa le ho bokelloa ha batho ba inehetseng ba Jehova ho Babylona ea sebele ho ileng ha tsamaea le hona e ne e le karolo ea “pontšo . . . ea ho fela ha lefatše” eo Jesu a buileng ka eona boprofeteng ba hae bo tlalehiloeng ho Mattheu likhaolo tsa 24, 25; Mareka khaolo ea 13; le Luka khaolo ea 21.
16. E le ba neng ba tšoaea se tla etsahala kajeno, ke bafe ba ileng ba khutlela le Baiseraele naheng ea Juda ka 537 B.C.E.?
16 Hoo hohle ha lokisetsa ho hong ho holoanyane ho tla etsahala. Hofe? Re ke re hopoleng hore ha batlamuoa ba Baiseraele ba tloha Babylona ka 537 B.C.E. ka taelo ea mohapi oa Babylona, Cyruse e Moholo, batho ba bangata bao e seng Baiseraele ba ile ba ea le bona naheng ea Juda. Bana ba ne ba akarelletsa Banethinime, bahlanka ba batona le ba batšehali le libini tsa basele.—Esdrase 2:43, 58, 64, 65, 70; 3:1; 6:21, 22; 1 Likronike 9:1, 2.
17. Metsoalle eo e seng Baiseraele e ne e tšoantšetsa bo-mang kajeno, ’me ba ne ba boetse ba tšoantša bo-mang?
17 Metsoalle e joalo ea bao e seng Baiseraele e ne e tšoantšetsa ba kajeno ba utloang molaetsa oa ’muso oa Molimo o matsohong a Cyruse e Moholo oa hae, Jesu Kreste, ’me ba ikopantse le masala a Baiseraele ba moea ho tloha ha a lokolotsoe taolong ea Babylona e Moholo oa kajeno le metsoalle ea hae ea lefatše selemong sa kamorao ho ntoa sa 1919. Hape ba tšoantšetsa bao e seng Baiseraele, “letšoele le kopakaneng,” le ileng la tsamaea le Baiseraele ha ba tloha Egepeta tlas’a boeta-pele ba Moshe ka 1513 B.C.E.—Exoda 12:37, 38; bapisa Tšenolo 7:9-17.
18. Bao ba kang linku ba ile ba tsebisoa ka tokelo ea bona ea ho ‘ikhetha’ neng, ’me ebile kamorao ho ho tsebahatsoa hofe ho eang pele ha bana Washington, D.C. moo ba makholo ho bona ba ileng ba tšoantšetsa ‘khetho’ ea bona?
18 Hape ba lumellana le “linku tse ling” tseo Molisa ea Molemo, Jesu Kreste, a itseng o sa ntsane a tla li tlisa, hore qetellong a li kopanye ho ba ‘mohlape o le mong’ le linku tseo tsa moea tse ‘lesakeng lena’ le nang le majalefa a ’Muso ao Molimo oa leholimo. (Johanne 10:16)b Tokollong ea la 6 Phuptjane, 1934, The Golden Age, leqephe la 574, tlas’a sehlohoana “Sehlopha sa Jonadabe,” “linku tse ling” tsa tšoantšetso tsa tsebisoa ka tokelo ea tsona ea ho “ikhethela” Jehova Molimo ka Kreste le ho fana ka bopaki ba pontšeng ba sena ka kolobetso ea metsing. Ka la 31 Motšeanong, 1935, mookameli oa Mokhatlo a bua Kopanong ea Washington ’me a re “linku tse ling” ke ntho e le ’ngoe le “bongata bo boholo” bo hlileng ba bonoa ho Tšenolo 7:9-17. Ka letsatsi le hlahlamang la kopano ha kolobetsoa metsing ba 840, boholo e le ba nang le tšepo ea bophelo ba lefatšeng tlas’a ’Muso oa Molimo.
19. (a) Ho Johanne 11:26, Jesu o ile a re’ng ka ho se shoe le ka mohla? (b) Lichaba li kopanngoa ke ketso efe, pele li latsoa eng Harmagedone?
19 Mona ke sebaka sa ho nahana ka mantsoe a Jesu Kreste a ho Johanne 11:25, 26: “Ea lumelang ho ’na, leha a shoele, o tla phela. E mong le e mong ea phelang, ’me a lumetse ho ’na, a ke ke a shoa le ka mohla o le mong.” Ho latela bopaki bohle ho tloha selemong seo ntoa e qhommeng ka sona sa 1914, re iphumana re phela ‘nakong ea bofelo,’ e, ‘ho feleng ha lefatše.’ (Daniele 12:1-4; Mattheu 24:1-3) Le hoja Lipaki tsa Jehova li boletse ‘litaba tsena tse molemo tsa ’muso’ lefatšeng lohle ho tloha ka 1919, lichaba, le tsona tsa Bojakane, li hanne ho ikokobeletsa ’Muso oa Messia o hlomiloeng maholimong ho tloha ka 1914. Lichaba li kopanngoa ke ho hanyetsa ’Muso o loketseng oa Molimo le baboleli ba oona, ’me kahoo li bokelleloa “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle” Harmagedone. “Ntoa” eo ea lefatše lohle e tla bolela ho timetsoa ho feletseng ha lichaba tse se nang tumelo. Hona ho tla tšoaea bofelo ba tsamaiso ena ea lintho.—Tšenolo 16:14-16; Mattheu 24:14.
20. (a) Ke phihlelo efe e thabisang eo ba kang linku ba lefatšeng ba tla ba le eona? (b) Ba tla rata ha mabitso a bona a ngolisoa bukeng efe, ’me hona ho tla ba tiisetsa eng?
20 Joale ke feela batho ba kang linku ba tumelo, ba ‘mohlape o le mong,’ oa Molisa ea Molemo, ba tla pholoha lefu. Hona ho akarelletsa “bongata bo boholo” ba “linku tse ling.” Ho Tšenolo 7:9-17 bana ba ile ba bonoa e sa le pele e le ba tlang ba phela ba tsoa “mahlomoleng a maholo” ’me ba kena tsamaisong ea lintho e lefatšeng ea lilemo tse sekete. (Mattheu 24:21, 22) Baa ba ka rata ho shoa hape lefatšeng ka lebaka lefe? Tlas’a puso ea Kreste ba tla neoa monyetla oa ho fumana bophelo bo sa feleng Paradeiseng e tsositsoeng lefatšeng. (Tšenolo 20:1-6) Hore na ke ba bakae ho lipaki tsena tse fetang 2 000 000 tse inehetseng le ho kolobetsoa tsa Jehova tsa kajeno tse phelang, ba tla bolokoa ba phela ho feta ‘mahlomola a maholo’ a kopelang lefatše lohle, ke hona ho tla bonahala. Empa etlaba “bongata bo boholo” bo se nang palo bo tsoang lichabeng tse ngata le lipuo. Ho batho ba joalo ba tumelo e tla ba thabo e fetisisang ho kena tsamaisong e ncha ea lintho ea kamorao ho Harmagedone ho feta ha Noe le lelapa la hae ba kena ka arekeng ho kena lefatšeng le hloekisitsoeng kamor’a Moroallo oa lefatše. Tabeng ea batho bao ba kajeno ba tumelo, mantsoe a Jesu e tla ba ’nete ka sebele: “E mong le e mong ea phelang, ’me a lumetse ho ’na, a ke ke a shoa le ka mohla o le mong.” (Johanne 11:26) Baphonyohi bao ba Harmagedone ba tla rata hore mabitso a bona a lule a ‘ngotsoe bukeng ea bophelo’ eo Molimo o fanang ka bophelo o tla e boloka. (Tšenolo 20:7-15) Ho ngoloa hona ha mabitso a bona ho tla tiisa hore ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise.
21. Bana ba phonyohileng Harmagedone ba ke ke ba khahloa ke ho latsoa eng Lilemong tse sekete, joale e tla ba lipaki tsa mang bakeng sa hore ebile Lipaki tsa Jehova tse tšepahalang.
21 Ha ho pelaelo, ha “nako ea bofelo” e le haufi hakana le ho fela ho tloha ho feleng ha Mehla ea Lichaba ka 1914, ho na le banna le basali ba bangata ba tumelo ba phelang le ba tšepahalang ba ke keng ba shoa holim’a lefatše, bonamelo ba maoto a Molimo. Ba emetsoe ke monyetla o sa tloaelehang hakaakang! Kaha ba ke ke ba shoa le ho epeloa, ho ke ke ha hlokahala hore ba tsohe nakong ea puso ea Jesu Kreste ea lilemo tse sekete. Ha e le hantle, ba tla pholoha ho amohela bafu ba khutlang borokong lerōleng la lefatše bao Morena Jesu Kreste a ileng a tela bophelo ba hae ba botho bo phethahetseng e le sehlabelo sa topollo bakeng sa bona. Baphonyohi ba Harmagedone ba tla neoa tokelo ea ho pakela libillione tseo tsa batho ba tsositsoeng sohle seo Jehova Molimo a ileng a se etsa ka Jesu Kreste ‘bofelong ba tsamaiso ea lintho.’ Kahoo, he, ka nako ena eohle e bohloko ho feta tsohle batho bana ba hauhetsoeng ba ke ba ipake e le lipaki tse tšepahalang tsa Jehova Molimo ho tumisoeng ha borena ba hae ba bokahohleng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona The Watch Tower tokollo ea la 1 March, 1918, leqephe la 80, tlase ho lona, tlas’a “Conventions to Be Addressed by J. F. Rutherford”; le, Jehovah’s Witnesses in the Divine Purpose, leqephe 76, serapa sa ho qetela; le The Watch Tower tokollo ea September 15, 1924, leqephe 280, tlas’a sehlohoana “Why Millions Will Never Die.”
b Bona leqephe 345, lirapa 577, 578, la buka The Harp of God, e hatisitsoeng ka 1921; le Watch Tower tokollo ea October 15, 1923, leqephe 310, serapa 33, la sehlooho “The Parable of the Sheep and the Goats.”
Na U sa Hopola?
◻ Masala a tlotsitsoeng a ne a tšoana leha a shoele joang?
◻ Jehova a tsosetsa lipaki tsa hae tse tlotsitsoeng menyetleng efe ea kamorao ho ntoa?
◻ Tsosoloso ena e ne e phethahatsa boprofeta bofe?
◻ Ha ho hlokahale hore ba tla pholoha Harmagedone ba latsoe eng lilemong tse sekete?
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ka pelo eohle lipaki tse tlotsitsoeng tsa Jehova le metsoalle ea tsona e kang linku li sebelisana ho jala molaetsa oa ’Muso